Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 12/15 maq. 4-7
  • Keresemese—Na Kannete e Lumellana le Bokreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Keresemese—Na Kannete e Lumellana le Bokreste?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohloli oa Bohetene oa “Keresemese”
  • Ketsahalo e Thabisang
  • Limpho tsa Keresemese
  • Hlompha Kreste e le Morena!
  • Na ho Fana ka Limpho tsa Keresemese ho na le Kelello?
    Tsoha!—1993
  • Na Bakreste ba Lokela ho Keteka Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Seo e Leng ’Nete ka Keresemese
    Tsoha!—2010
  • Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa keteke Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 12/15 maq. 4-7

Keresemese—Na Kannete e Lumellana le Bokreste?

HO EA ka The World Book Encyclopedia, “Keresemese ke letsatsi leo ka lona Bakreste ba ketekang letsatsi la tsoalo ea Jesu Kreste.” Leha ho le joalo, encyclopedia ena e boetse e re: “Bakreste ba pele ha baa ka ba keteka tsoalo [ea Jesu] hobane ba ne ba talima ho keteka tsoalo ea motho ofe kapa ofe e le mokhoa oa bahetene.”

The Making of the Modern Christmas, ea Golby le Purdue, ea lumela: “Bakreste ba pele ha baa ka ba keteka tsoalo ea Kreste. Matsatsi a tsoalo ka booona a ne a amahanngoa le mekhoa ea bahetene; Kosepele ha e bue letho ka letsatsi le tobileng la tsoalo ea Kreste.”

Haeba mekete ea matsatsi a tsoalo e se na semelo sa Bokreste, ho ile ha tla joang hore letsatsi la tsoalo ea Kreste le fetohe mokete “oa Bokreste” o hlahelletseng hakaale?

Mohloli oa Bohetene oa “Keresemese”

“E mong le e mong o ne a keteka a bile a thaba, mosebetsi le khoebo li ne li emisoa ka ho feletseng ka nakoana, matlo a ne a khabisoa ka lifate tsa laurel le tse lulang li le tala ka linako tsohle, metsoalle e ne e etelana ’me e fapanyetsana limpho, ’me litsebi tse sebeletsang li fuoa limpho ke ba sebeletsoang. Nako ena kaofela e ne e le ea thabo le botsoalle, ’me batho ba ne ba ikakhela ka setotsoana boithabisong ba mefuta eohle.”—Paganism in Christian Festivals, ea J. M. Wheeler.

Na tlhaloso ee e tšoanela boithabiso ba Keresemese boo u bo tsebang? Ho makatsang ke hore sena e ne e se Keresemese! Ho e-na le hoo, ena ke tlhaloso ea Saturnalia—mokete oa bahetene oa beke kaofela oa Baroma o amanang le nako ea ha letsatsi le kena tlung mariha (setšoantšo se leqepheng le latelang). Tsoalo ea letsatsi le sa hlōloeng e ne e ketekoa ka la 25 December, e leng letsatsi la sehlooho la mokete oa bolumeli ba Mithra ba Roma.

Ho ea ka The New Encyclopædia Britannica, “La 25 December, letsatsi la tsoalo ea Mithra, molimo oa Iran oa leseli le . . . letsatsi le neheloang ho letsatsi le sa hlōloeng, hammoho le letsatsi ka mor’a Saturnalia, le ile la amoheloa ke kereke e le Keresemese, tsoalo ea Kreste, e le ho etsolla moelelo o ka sehloohong oa mekete ena.” Ka hona mokete oa bahetene oa letsatsi la tsoalo o ile oa tsoela pele ka ho fetola lebitso feela, ho tloha ho Mithra ho ea ho Kreste!

Leha ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa hore tsoalo ea Mor’a Molimo, Jesu, e ne e le ntho e khethehileng, e lokelang ho hopoloa. Ho talima seo Bibele e se bolelang ka sena e tla ba ho behang leseling haholo.

Ketsahalo e Thabisang

Khaolo ea bobeli ea Kosepele ea Luka e fana ka boitsebiso bo hlokahalang. Luka o re phetela kamoo mangeloi a leholimo, balisa ba ikokobelitseng, bahlanka ba inehetseng ba Molimo, le Maria ka boeena ba ileng ba itšoara kateng ketsahalong ena e khethehileng.

Nahana pele ka “balisa ba phelang metebong” ba neng ba “lebela mohlape oa bona bosiu,” e leng seo ba neng ba ke ke ba se etsa har’a mariha. Ha “lengeloi la Morena” le hlaha ’me khanya ea Molimo e ba pota-pota, balisa bana ba ile ba tšoha qalong. Khothatso e ile ea tla ha lengeloi le hlalosa: “Se tšabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo oa thabo e kholo, eo e tla ba ea batho bohle. Kajeno, motseng oa Davida, le tsoaletsoe Mopholosi, e leng Kreste Morena.” Ha “lebōthohali la leholimo” la mangeloi le hlaha ka tšohanyetso, balisa ba ile ba tseba hore tsoalo ena e ne e fapane le tse ling tsohle. Ho thahasellisang, mangeloi ha aa ka a tlisetsa lesea le sa tsoa tsoaloa limpho. Ho e-na le hoo, mangeloi a ile a rorisa Jehova, a re: “Tlōtla e be ho Molimo maholimong a holimo-limo, khotso e be lefatšeng ho batho ba mo khahlang!”—Luka 2:8-14, Bibele Phetolelo e Ncha.

Joalokaha ho ka lebelloa, balisa ba ne ba batla ho bona lesea lena ka bobona, hobane e ne e le Jehova ea neng a tsebahalitse ketsahalo ena e thabisang. Ha ba fumana lesea le robetse ka sejelong, ba ile ba bolella batsoali seo mangeloi a se buileng. Eaba balisa baa tloha, “ba ntse ba tlotlisa Molimo, ba mo roka,” ba sa tlotlise lesea leo.—Luka 2:15-18, 20, BPN.

Maria, ’mè oa Jesu, ha ho pelaelo hore o ile a thabela ho beleha ngoana oa hae oa letsibolo ka katleho. Empa hape o ne a “nahana pelong ea hae.” Joale, ka lebaka la ho mamela Molao oa Moshe, o ile a nka leeto la ho ea Jerusalema a e-na le monna oa hae Josefa. Hona e ne e se mokete oa letsatsi la tsoalo. Ho e-na le hoo, e ne e le nako ea ho hlahisa lesea lena ho Molimo, “joalo ka ha ho ngoliloe molaong oa Morena, ho thoe: Ngoana e mong le e mong e motona oa letsibolo o tla bitsoa mokhethoa oa Morena.”—Luka 2:19, 22-24.

Tempeleng Jerusalema, Maria le Josefa ba ile ba teana le Simeone, eo Luka a mo hlalosang e le ‘monna ea lokileng, ea hlonephang Molimo, ea lebeletseng tšeliso ea Iseraele.’ Tlas’a pululelo, o ne a ile a bolelloa hore a ke ke a shoa pele a bona “Kreste oa Morena [Jehova, NW].” Se latelang se ileng sa etsahala le sona e ne e le ‘ka moea [oa Molimo].’ Simeone o ile a nka lesea ka matsoho, ho hang e se hore a le fe mpho, empa, ho e-na le hoo, hore a rorise Molimo, a re: “Joale, Monghali, u lese mohlanka oa hao, a ee ka khotso, ka polelo ea hao; hobane mahlo a ka a bone poloko ea hao, eo u e lokisitseng pontšeng ea lichaba kaofela, hore e be leseli le tla bonesa lichaba.”—Luka 2:25-32.

Se latelang, moprofeta ea hōlileng oa mosali Anna o ile a atamela. Le eena “a boka Morena, ’me a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.”—Luka 2:36-38.

Maria, Simeone, Anna, balisa, esita le mangeloi a leholimo, kaofela ba ile ba thabela tsoalo ea Jesu. Leha ho le joalo, ak’u hlokomele hore, ha baa ka ba ikakhela ka setotsoana moketjaneng leha e le ofe o lerata oa letsatsi la tsoalo, leha e le hore ba ile ba kopanela ho faneng ka limpho. Ho e-na le hoo, ba ile ba tlotlisa Jehova, Molokisetsi oa leholimo oa mokhoa oa poloko ea bona.

Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba beha lebaka, ‘Ka sebele ho fana ka limpho nakong ea Keresemese e ke ke ea e-ba phoso, hobane na “banna ba bohlale ba bararo” ha baa ka ba hlompha Jesu ka limpho?’

Limpho tsa Keresemese

A re boeleng re hlahlobeng tlaleho ea Bibele. U tla fumana e tlalehiloe Kosepeleng ea Mattheu, khaolo ea 2. Ha ho na moo ho buuoang ka mokete leha e le ofe oa letsatsi la tsoalo, leha e le hore ho na le nako leha e le efe e tobileng e fanoeng, le hoja ho hlakile hore e bile neng-neng ka mor’a tsoalo ea Jesu. Temaneng ea 1, Mattheu o bitsa baeti bana “ba-bohlale [maʹgoi, ka Segerike] ba Bochabela,” kahoo e ne e le bahetene ba sa tsebeng Jehova Molimo. Naleli eo banna bana ba ileng ba e latela ha ea ka ea ba isa ka ho toba sebakeng seo Jesu a tsoaletsoeng ho sona Bethlehema, empa e ile ea ba isa Jerusalema, moo ho neng ho busa Morena Heroda.

Ha ’musi enoa ea khopo a utloa ba botsa ka “ea tsoetsoeng morena oa ba-Juda,” o ile a iteanya le baprista ho fumana hantle “moo e ka khonang Kreste a tsoalloe teng” e le hore a ka etsa hore ngoana eo a bolaoe. Baprista bao ba ile ba araba ka ho qotsa boprofeta ba Mikea bo neng bo supa sebaka seo Messia a tla tsoalloa ho sona e le Bethlehema. (Mikea 5:2) Ka boikaketsi Heroda o ile a laela baeti ba hae: “E-eang le botsisise litaba tsa ngoana haholo; ’me etlare ha le mo fumane, le ntsebise, le ’na ke tle ke ee, ke mo khumamele.” Ba bohlale ba kena tseleng, ’me naleli ‘ea ba etella pele, ea fihla, ea ema holim’a moo ngoana a leng teng.’ Hlokomela hore o hlalosoa e le “ngoana” eseng e le lesea le sa tsoa tsoaloa.—Mattheu 2:1-10.

Joalokaha ho ne ho tšoanela batho ba phahameng ba Bochabela ba etetseng ’musi, bahetene bana ba bohlale ba ile ba oa ka mangole ’me “ba mo [ngoana e monyenyane] ntšetsa limpho tsa khauta, le libano, le mira.” Mattheu oa eketsa: “Eitse ha ba senoletsoe ke Molimo ka toro, hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba khutlela lefatšeng la bona ka tsela esele.”—Mattheu 2:11, 12.

Tlalehong ena e khutšoanyane ea Mangolo, batho ba bang ba ka ’na ba leka ho fumana se tšehetsang ho fana ha bona ka limpho ka Keresemese. Leha ho le joalo, Discovering Christmas Customs and Folklore e hlalosa hore mohloli oa mokhoa oa hona joale oa ho fana ka limpho ke limpho tsa Saturnalia tseo Baroma ba neng ba li fa baahisani ba bona ba mafutsana. “Kereke ea pele . . . ka bohlale e ile ea fetola moelelo oa eona ho e etsa mokete oa sehopotso sa moetlo oa limpho tsa Magi.” See se fapane hakaakang le barapeli ba ’nete—ba kang balisa ba ikokobelitseng—bao ka bonolo feela ba ileng ba rorisa Molimo tsoalong ea Jesu!

Hlompha Kreste e le Morena!

Kajeno Jesu ha e sa le lesea. Ke ’Musi ea matla, Morena oa ’Muso oa leholimo oa Molimo, ’me o lokela ho hlomphuoa e le ea joalo.—1 Timothea 6:15, 16.

Haeba hona joale u motho e moholo, na u kile ua ikutloa u soabile ha moo u leng teng, batho ba ntša lifoto tsa ha u sa le ngoana? Ke ’nete hore litšoantšo tse joalo li hopotsa batsoali ba hao ka thabo ea bona tsoalong ea hao. Empa kaha joale u motho ea ikemetseng, na hangata ha u khethe hore ba bang ba u bone kamoo u leng kateng hona joale? Ka ho tšoanang, nahana hore na ke ho hloka tlhompho hakaakang ho Kreste Jesu ha bao ba bolelang hore ke balateli ba hae ba tšoareha ka ho feletseng selemo ka seng lineanong tsa bahetene tsa Keresemese le ho hlompheng lesea hoo ba hlōlehang ho mo hlompha e le Morena. Ka sebele, esita le lekholong la pele la lilemo, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a beha mabaka mabapi le hore hoa lokela hore ho nahanoe ka Kreste kamoo a leng kateng hona joale—e le Morena leholimong. Pauluse o ile a ngola: “Esita le eena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, joale ha re sa mo tseba ka mokhoa oo”! (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—2 Ba-Korinthe 5:16.

Kreste, e le Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla tloha a netefatsa tšepiso ea boprofeta ea ho tlosa bohloko, masoabi, ho kula, le lefu. Ke Eena ea tla tiisa hore ho ba le matlo a lekaneng le mosebetsi o putsang bakeng sa bohle tlas’a maemo a Paradeise mona lefatšeng. (Esaia 65:21-23; Luka 23:43; 2 Ba-Korinthe 1:20; Tšenolo 21:3, 4) Ka sebele, ana ke mabaka a lekaneng a ho qoba ho hlompholla Jesu!

Ha ba latela mohlala oa Kreste, Bakreste ba ’nete ba loanela ho fa baahisani ba bona e ’ngoe ea limpho tse khōlō ka ho fetisisa eo mang kapa mang a ka fanang ka eona—kutloisiso ea morero oa Molimo, e ka isang bophelong bo sa feleng. (Johanne 17:3) Mofuta ona oa ho fana ka limpho o ba tlisetsa thabo e khōlō, feela joalokaha Jesu a ile a re: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35; Luka 11:27, 28.

Bakreste ba thahasellanang kannete ha ba thatafalloe ke hore ka mokhoa oa tlhaho feela ba bontše lerato la bona ka nako leha e le efe ea selemo. (Ba-Filippi 2:3, 4) Ho etsa mohlala o bonolo, e ne e tla ba thabo e kaakang ho amohela setšoantšo se tsoang ho Mokreste e monyenyane eo, ka mor’a ho mamela puo ea Bibele, a ileng a se etsa ho bontša teboho! Ho khothatsang ka mokhoa o tšoanang ke mpho e sa lebelloang e tsoang ho mong ka motho e tlang e le pontšo ea lerato la hae. Ka ho tšoanang, batsoali ba Bakreste ba fumana thabo e khōlō ha ba khetha menyetla e loketseng selemo kaofela hore ba fe bana ba bona limpho. Mofuta ona oa ho fana ka seatla se bulehileng oa Bokreste ha oa silafatsoa ke hore motho a nahane hore o tlameletsoe ho fana ka limpho ka matsatsi a mekete kapa ke neano ea bahetene.

Ka lebaka leo, kajeno Bakreste ba fetang limilione tse ’nè le halofo ba tsoang lichabeng tsohle ha ba keteke Keresemese. Bana ke Lipaki tsa Jehova, tseo ka mehla li lulang li tšoarehile ka ho pakela baahisani ba tsona ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mattheu 24:14) Ho ka etsahala hore u kopane le tsona ha li etela lapeng ha hao, mohlomong haufinyane. E se eka ho amohela ha hao ka cheseho seo li u tlisetsang sona ho ka isa lelapa la hao thabong e khōlō, ha u ithuta kamoo u ka rorisang Jehova Molimo ka letsatsi le leng le le leng la selemo.—Pesaleme ea 145:1, 2.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bakreste ba fa baahisani ba bona e ’ngoe ea limpho tse khōlō ka ho fetisisa—kutloisiso ea morero oa Molimo o isang bophelong bo sa feleng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

Culver Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela