Bacha Baa Botsa . . .
“Ke Hobane’ng ha ke Hlōleha ho Phetha Seo ke se Qalang?”
“Haeba mosebetsi e le o sa thahaselliseng le o tenang, mamello ea ka ea fela.”
“Litšitiso. Ke bothata ba ka. Thelevishene, metsoalle.”
“Ka linako tse ling ke mpa ke imeloa ke lintho tse ngata tseo ke tlamehang ho li etsa!”
“Ka mehla ho bonahala ke tlohella lintho bakeng sa motsotso oa ho qetela. Ka nako eo, e se e le ka morao ho nako haholo.”
“Ke phetha seo ke se qalang. Empa ha ho mohla se bonahalang se khahlisa batsoali ba ka!”
BACHA bana ba hlalosa bothata bo tloaelehileng nakong ea bocha: ho se phethe seo ba se qalang. Hase hore bacha bohle ba botsoa kapa ba na le boikutlo bo bobe ka boikarabelo. Ka sebele, ha sehlopha se seng sa bacha se ne se botsoa: “Ke mesebetsi efe eo le nahanang hore bacha ba ka e etsa lapeng?” ba bangata ba ile ba thathamisa mesebetsi e kang ho boloka likamore tsa bona li hloekile, ho alola libethe tsa bona, le ho qhala moqomo oa matlakala.
Ho sa tsotellehe boikemisetso bo botle, hangata mesebetsi ea bohlokoa e tloheloa e sa phethoa, ’me e baka litletlebo tse etsoang khafetsa tse hlahang ho batsoali, matichere le ba bang. Kahoo ipotse: ‘Ke eng e nthibelang ho phetha seo ke se qalang?’ Ho hlahlobisisa lisosa tsa bothata bona ho tla u thusa ho bo lokisa.
Ho Hlahlobisisa Lisosa
Buka I Hate School—How to Hang In and When to Drop Out e re neha khopolo e ntle ea se sitisang bacha ba bangata hore ba se phethe mosebetsi oa bona oa sekolo o etsoang lapeng. “Ha re lula fatše bakeng sa ho ngola, hangata re iphumana re ntse re phahama khafetsa bakeng sa ho fumana lijo kapa ho leotsa lipotloloto. Ebe re se re tlameha ho letsetsa motho e mong thelefono kapa mohlomong ho shebella lenaneo la TV leo re neng re ntse re le letetse. Kapele e se e le nako ea ho fepa katse ’me ha ho letho leo re le entseng.”
Bafuputsi Claudine G. Wirths le Mary Bowman-Kruhm ba boletse hore “ho shebella TV nako e telele ho thatafallelitse batho ba bang hore ba bale kapa ba ithute ka mafolo-folo. TV e na le mofuta o mong oa ho koietsa o u sieang u ikutloa u fokola ’me u tšoeroe ke boroko. Ua tseba hore ka linako tse ling mahlo a hao a qetella a khomaretse TV ka lihora tse ’maloa empa u ne u ikemiselitse ho shebella lenaneo le le leng feela.” Wirths le Bowman-Kruhm ba ile ba boela ba fumana hore liithuti tse ling li itloaetsa mekhoa e fokolang ea ho ithuta nakong ea lilemo tsa tsona tsa pele sekolong, le hoja li ntse li tseba ho fumana matšoao a matle a thuto ka nakoana lithutong tsa sekolo. Leha ho le joalo, “ha li fihla sekolong poraemari kapa se phahameng, li hlile ha li tsebe ho lula fatše, ho sebetsa, le ho ithuta ntho e thata kapa e tepelletsang.”
Ho sa tsotellehe lebaka la hao la ho se phethe seo u se qalang, bothata boo bo ke ke ba itsamaela ka bobona. Haeba u hlile u batla ho phetha seo u se qalang, laola bophelo ba hao ka tsela e nang le boikarabelo ’me u etse liphetoho tse hlokahalang.
Rera Esale Pele!
Haeba u le mocha oa Mokreste, ha ho pelaelo hore u tšoarehile. (1 Ba-Korinthe 15:58) Ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa u imeloa ke boikarabelo ba Bokreste, mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng, mesebetsi ea lelapa, le mesebetsi ea botho. Ho hlakile hore ha ho motho e mong ea nang le mosebetsi o mongata ho feta ’Mōpi oa rōna. Leha ho le joalo, ka mehla o phetha mesebetsi ea hae. Sena hase feela ka baka la hobane a re phahametse ka matla le ka bohlale empa hape ke ka baka la hore “hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso.” Le uena u ka phetha mesebetsi ea hao ka ho etsa hore lintho “tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka tlhophiso.”—1 Ba-Korinthe 14:33, 40, NW.
Jesu o kile a re: “Hobane ke mang har’a lōna, ha a rata ho haha tora, a ke keng a lula pele ho bala se tla ntšetsoa eona, a tle a bone ha a e-na le seo a ka e phethang ka sona? E se re mohlomong, ha a theile motheo, ’me a sitoa ho phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma, ba re: Motho enoa o qalile ho haha, ’me o sitiloe ho phetha.”—Luka 14:28-30.
Mona re fumana thuto ea ho rera esale pele. Dr. Janet G. Woititz o ngotse: “Batho ba phethang mesebetsi ha ba e etse ka seoelo. Ba na le seo re se bitsang ‘morero oa papali.’” Kahoo leka ho ba le pono ea sebele ka mesebetsi ea hao hore u utloisise hantle se tla hlokahala bakeng sa ho e phetha. Na ho hlokahala hore u etse morero o tla sebetsa bohato ka bohato? Na ho tla ba molemo ho arola mosebetsi ka likaroloana tse nyenyane? Ho tla nka nako e kae bakeng sa ho phetha mosebetsi oo?
Batho ba bang ba rata ho boloka letoto la “mesebetsi e lokelang ho etsoa,” ’me mesebetsi e ngotsoe ka tlhahlamano ho latela bohlokoa ba eona. Joale mesebetsi e phethiloeng ea hlakoloa letotong ha e phethiloe. Bakeng sa ho loantša mokhoa oa ho tlohela mesebetsi u sa e phetha, leka ho laola nako ea hao. Haeba mosebetsi oo u o etsang o lokela ho o phetha ka nako e itseng, etsa bonnete ba hore mesebetsi e joalo u e ngola ka holimo letotong la mesebetsi ea hao ho latela matsatsi ao u lokelang ho e phetha ka ’ona.
Ho laola nako ka bohlale ke habohlokoa. Ka lehlakoreng le leng, u batla ho lekanyetsa nako bakeng sa lintho tseo eseng tsa bohlokoa hakaalo tse kang ho shebella TV. Ka lehlakoreng le leng, u tlameha ho ba kelo-hloko hore u se fokotse lintho tse hlokahalang, joaloka ho fumana nako e lekaneng ea ho robala. Buka I Hate School e hlokomela hore batho “baa fapana ka nako e lekaneng ea ho robala eo ba e hlokang, empa batho ba bangata ha ba tsebe ho sebetsa ha ba robetse lihora tse ’nè kapa tse hlano. . . . Ho thata haholo ho tsepamisa kelello likhopolong tse thata haeba u tšoeroe ke boroko ’me u khathetse.” Ho ithuta ho sebelisa nako ea hao ka bohlale ho tla ipaka ho le molemo lilemong tse tlang.
Tsoela Pele ho Batlela ba Bang Molemo
Leha ho le joalo, bacha ba bang ba bolela hore ho laola nako ka bohlale le tlhophiso ea botho ho bonahala e le lintho tsa bohlokoa bo fokolang haeba mesebetsi e etsoang e le e sa thahaselliseng le e tepelletsang. Ho sebelisa keletso ea Bibele ea 1 Ba-Korinthe 10:24 ho tla u thusa ho hlaolela tšusumetso e hlokahalang. E re: “Ho se ke ha e-ba motho ea batlang tse tšoanelang eena a ’notši, empa motho ka mong a ke a batle le tse tšoanelang ba bang.” Mohlomong ke mesebetsi ea lelapa e ’maloa haholo e phephetsang kapa e khotsofatsang ka boeona. Empa haeba u e etsa bakeng sa ho thusa kapa ho thabisa motho eo u mo ratang, joale u fumana bohlale le takatso ea ho e etsa hantle. Kahoo lekhetlong le tlang ha u iphumana u se u batla ho tlohela mosebetsi o itseng, nahana ka batho ba ruang molemo ka seo u se etsang, ’me u be motlotlo ka ho etsa mosebetsi oa boleng bo botle.
Hangata le uena u rua molemo mesebetsing e bonahalang e sa thabise. Ka mohlala, nahana ka mosebetsi oo hangata u o tlohelang u sa o phetha. Na ke ho hlatsoa lijana? Kapa ke ho hloekisa kamore ea hao? Joale ipotse, ‘Ke lijana tsa mang tseo?’ Na le uena hase lijana tsa hao? Na hase kamore ea hao le lehae la heno? Boikemisetso ba hao ba ho amohela boikarabelo bona le ho bo phethahatsa ka botlalo bo tla u ruisa molemo le nakong e tlang. Ha e bua le batsoali, buka Simply Organized! e re: “Haeba re sa rute bana ba rōna ho hlokomela mahae a habo bona, ba tla thatafalloa ke ho sebetsa ha ba tloha lapeng.”
Bua!
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u sebetsa ka thata ho phetha mosebetsi, empa batsoali ba hao ba ntse ba tletleba ka hore ha e le hantle ha ua o phetha? Hangata bothata ke puisano. Ka mohlala, mohlomong u abetsoe ho qhala moqomo oa matlakala. Hoo ho utloahala ho le bonolo haholo. Ho ntse ho le joalo, ke bohlale ho fumana litaelo tse tobileng. Etsa bonnete ba hore u tseba hore na ke joang, neng le kae. Na mosebetsi o akarelletsa ho arola matlakala joaloka lintho tse kang ligalase, makoti-koti, lintho tse chang le tse sa cheng? Na o akarelletsa ho tsokotsa meqomo ea matlakala?
Puisano e ntle e tla thusa le batsoali ba hao hore ba utloisise kamoo u ikutloang ka teng. Na u nahana hore mohlomong tsela eo mesebetsi ea lelapa e abiloeng ka eona e leeme? Na u iphumana u imeloa ke seo batsoali ba hao ba se lebelletseng ho uena? Joale batla nako e loketseng ’me u ba bolelle kamoo u ikutloang ka teng!
Batsoali ba bang ba mema bana ba bona hore ba nke karolo ha ho etsoa liqeto ka ho abjoa ha mesebetsi ea lelapa. Dr. Jeffrey Rubin le Dr. Carol Rubin, bangoli ba buka When Families Fight, ba eletsa batsoali ho ba le lipuisano tse tsoelang pele ka mesebetsi ea lelapa, ho arola boikarabelo, le ho lumella bana ho ikhethela mesebetsi ea bona ea lelapa. Haeba u rata keletso ena, ke hobane’ng ha u sa e hlahise ho batsoali ba hao?
Mohloli o mong oa boitsebiso o khothalletsa hore u lule fatše le batsoali ba hao ’me “u etse kemiso e tla u lumella ho etsa mosebetsi ua hao oa sekolo o etsoang lapeng ka nako e loketseng. Motho e mong le e mong o na le nako motšehare kapa bosiu eo ka eona a ka tsebang ho tsepamisa mohopolo nthong e itseng hamolemonyana. . . . Tsebisa batho hore joale ke nako ea hao le hore ba khaohane le uena. Haeba u sa sebelise nako eo bakeng sa ho shebella TV kapa ho bua ka thelefono, ba tla tseba hore u tiile.” Ka ho buisana ka khutso le batsoali ba hao ka litaba tsena, ka ntle le ho beha motho e mong molato, u ka tseba ho etsa tlhophiso e molemo ho bohle.
Empa hopola, ke takatso ea hao ea ho khahlisa ’Mōpi, Jehova Molimo, eo qetellong e tlang ho u tlisetsa thabo le botumo bo botle. Bibele e re: “’Me seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang joale ka hoja le etsetsa Morena, e seng batho; le tsoe le tseba hobane le tla fuoa ke Morena moputso oa lefa.” (Ba-Kolosse 3:23, 24) Latela keletso ena ’me u thabele ho ba le botumo ba ho ba motho ea sebetsang ka thata, le ea nang le boikarabelo hobane u phetha seo u se qalang!
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho bonolo ho qala mosebetsi, empa ha ho bonolo ho o phetha