Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 2/8 maq. 12-14
  • Hobane’ng ha ke Lokela ho Etsa Mesebetsi eo Kaofela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hobane’ng ha ke Lokela ho Etsa Mesebetsi eo Kaofela?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo Thuso ea Hao e Leng ea Bohlokoa
  • Ho Hōlisa Matla a Botho
  • Ho Fihlela Kutloisiso e Tšoanang
  • Ho Thabisa Molimo ka Mosebetsi oa Hao
  • Bohlokoa ba Mosebetsi oa Lapeng
    Tsoha!—2017
  • “Ke Hobane’ng ha ke Hlōleha ho Phetha Seo ke se Qalang?”
    Tsoha!—1991
  • Ho ba le Boikarabello
    Tsoha!—2019
  • Ba Hlomellele ho Phurusetsa
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 2/8 maq. 12-14

Bacha Baa Botsa . . .

Hobane’ng ha ke Lokela ho Etsa Mesebetsi eo Kaofela?

“Ke hloekise kamore ea ka? Hobane’ng? Ha ke batle ho khathatsoa. Leha ho le joalo, e ntse e tla ba litšila ka mor’a matsatsi a seng makae.”—Stéphanie, ea lilemo li 15.

“Ha mosebetsi oo ’mè a mphang ’ona o nkuka letšeare lohle, kea ikutloa hore ke sebelitse ka thata haholo. ’Me ke eme ke nahane. ’Mè o sebetsa a sa phomole letsatsi le leng le le leng. Kea hlokomela hore ha ho bonolo bakeng sa hae.”—Steven, ea lilemo li 15.

MAIKUTLO a bacha ka ho etsa mesebetsi ea lapeng a tloha boikutlong ba ho sebelisana ka boithatelo ho isa ho ba ho itsoafela. U ka ba ua ikutloa u halefa ha u kōptjoa ho sebelisa nako ea hao eo u sa etseng letho ka eona hore u etse ntho e “tenang” joaloka ho hloekisa kapa ho hlatsoa. Leha ho le joalo, ebang u talima mesebetsi e le ho phomola ho thabisang mesebetsing ea kamehla e tloaelehileng kapa e le mokenelli ea halefisang, e bohlokoa bakeng sa tsamaiso e phollatsi ea lelapa. Haeba litho tsa lelapa li sa sebelisane ka boithatelo litabeng tse joalo, ho hlaha mathata le lintoa.

Lebaka Leo Thuso ea Hao e Leng ea Bohlokoa

U ka fumana ho le thata ho lumela hore ntho e tenang joaloka ho tšolla matlakala e ka bolela ho hoholo. Leha ho le joalo, ekasita le mesebetsi ea ka mehla ke ea bohlokoa, hobane e sebeletsa lelapeng le thabileng ’me e thusa ho boloka lintho tsa bohlokoa li le boemong bo botle. Bukeng ea hae Moi, ta mère (’Na, ’Mè oa Hao) mongoli oa Lefora Christiane Collange o hlalositse ntlha ena ka tsela e tšehisang: “Hoa khathatsa ho bea lintho le ho li hlokomela. Empa haeba u sa li tsotelle, li tla iphetetsa ka ho ba litšila, ho thubeha, kapa ho lahleha.”

Tšebelisano ea hao e lerato e ka boela ea tlosa khatello ho batsoali ba hao, bao ka mehla ba sebetsang ka linako tsohle kapa ka nakoana. Ka ho thusa ho sebetsa lapeng, u ka utloisisa batsoali ba hao hamolemonyana. Joang? Dominic ea lilemo li 16, ea lulang haufi le Paris, o hlalositse: “Ke ka ho thusa batsoali ba hao u qalang ho utloisisa lebaka leo ba khathalang ka lona. Ha u sebelitse lihora tse seng kae, u ka ipea boemong ba bona ’me ua hlokomela hore ba khathetse e le ka ’nete.” Hape, tiiseha hore batsoali ba ananela tšehetso ea hao!

Ho Hōlisa Matla a Botho

Mesebetsi ea hae e ka boela ea talingoa e le thuto bophelong, koetliso ea ka mehla ea boikemisetso bo mafolofolo. Ke ’nete, ha se ka mehla melemo e leng ea ka potlako. Empa hopola, boiteko ba hao ba ho jara boikarabelo bo tla tlisa moputso hamorao bophelong. Ho joaloka ha Bibele e bolela: “Ho hotle ho motho hore a jare joko ho tloha lilemong tsa bocha.”—Lillo 3:27, The New Jerusalem Bible.

E, u lokela ho hōlisa matla a botho, botho bo tsebang ho loantša likhatello tsa bophelo ba ho ba motho e moholo. Kahoo u lokela ho qala e sa le pele ho hlaolela litloaelo tse ntle tsa ho sebetsa tse tla u thusa ho ikemela—leha hoo ho ka bolela ho fokotsa nako ea ho phomola.

Stéphanie o lumetse: “Ke ne ke sa rate ho etsa mesebetsi ea lapeng. Ke ne ke ipolella: ‘Ha ke sa batle ho e etsa, ha ke e etse.’ Empa pono ea ka e fetohile. Ha joale ke hlokomela hore ho thusa ka lapeng ho tla nthusa ho ba motho ea nang le boikarabelo, ’me hoo ho tla mpea boemong bo botle hamorao.”

Haeba u le moshanyana, u se ke ua halefa ha batsoali ba hao ba u kōpa ho etsa mesebetsi eo ka mehla e etsoang ke banana, kapa ha u le ngoanana, ba u kōpa ho etsa mesebetsi eo ka mehla e etsoang ke bashanyana. Batsoali ba hao ba ka nahana hore ho bohlale ho atolosa thupelo ea hao. Hamorao, ha u se u le mong u le motho e moholo, u ka thaba ha u ena le tsebo ea mesebetsi e fapaneng ea ka tlung. Ntle ho moo, ha se ho soabisang ho moshanyana ho tseba ho rokella konopo kapa ho ngoanana ho tseba ho otlella sepekere leboteng! Ka ho thahasellisang, tlaleho ea Bibele ho Johanne 21:9-12 e bontša hore Jesu Kreste o ile a phehela barutuoa ba hae lijo, mosebetsi oo ka mehla o neng o khethetsoe basali mehleng ea boholo-holo.—Bapisa Liproverbia 31:15.

Ho Fihlela Kutloisiso e Tšoanang

“Leha nka leka ka thata hakae, ha ho le ka mohla batsoali ba ka ba khotsofalang,” ho tletleba bacha ba bang ba khathatsehileng maikutlong. Leha ho le joalo, bothata e ka ba hore, batsoali le bana ha ba bue puo e tšoanang. Bukeng ea hae L’autoritè des parents dans la famille (Matla a Motsoali!), John Rosemond o entse tlhaloso ena e utloahalang: ” ‘Ho hloekisa’ kamore ho bolela’ng? Batsoali ba nahana hore bana ba bona baa tseba, empa khopolo ea ngoana ea ho ‘hloekisa’ ha ho le ka mohla e tšoanang le ea motsoali . . . Haeba mesebetsi e itseng e lokela ho etsoa ka mehla, lethathamo la mesebetsi e lokelang ho kenyelletsoa le ka thibela likhang tse ngata tse sa thuseng letho. Ho bonolo ho mamela molao o hlalositsoeng ka ho hlaka ka mehla.”

Thuso eo batsoali ba hao ba e hlokang ka kakaretso eka aroloa ka manane a mabeli: (1) mesebetsi ea lelapa ka kakaretso, ka mohlala, ho teka tafole le ho e hloekisa, ho hlatsoa lijana, ho hloekisa ntlo, ho pheha, ho reka, ho tšolla moqomo oa matlakala, ho lokisa serapa; (2) mesebetsi ea botho, joaloka ho alola bethe ea hao, ho lokisa kamore ea hao, ho beha liaparo tsa hao, le ho hloekisa lieta tsa hao. Haeba u sa kholiseha ka seo batsoali ba hao ba se lebelletseng ho uena haeba ba u kōpa ho etsa o mong oa mesebetsi e boletsoeng ka holimo, kōpa litaelo tse tobileng, le lethathamo la lintho tse lokelang ho etsoa haeba ho hlokahala. Hopola hore hangata ho qetoa nako ho tsekisanoa ka mesebetsi ho f eta e lokelang ho senngoa e etsoa! Joaloka ha bacha ba babeli ba Mafora, Come le Dominic, ba bolela: “Ha ho ena le mosebetsi o monyenyane oo re o etsang, ha re batle ho o etsa, ’me rea tletleba ha re o etsa.” Kahoo ha u etsa mesebetsi ea hao kapele, u ikutloa u thabile haholoanyane.

Empa ke eng se ka etsoang haeba u nahana hore batsoali ba hao ba batla ntho e ke keng ea etsahala ho uena ’me ba sa batle letho ho baena ba hao le likhaitseli? U na le boikutlo bo nepahetseng ba toka ’me u ikutloa u halefa. Kahoo ke hobane’ng ha u sa khethe nako e loketseng ea ho ba le puisano e bulehileng le batsoali ba hao? U ka fumana hore baena ba hao le likhaitseli ha ba na nako e ngata joaloka uena, eo ba e sebelisetsang mosebetsi o mongata oa sekolo o etsoang hae le lihora tse telele tsa sekolo, kapa hore ke uena ea phetseng hantle haholo ’meleng le ea matla haholo ho feta bana ba bang. Na ntho ena ke eona e ka etsang hore u se ke ua thaba?

Ho thoe’ng haeba u nahana hore mesebetsi ea lapeng e nka nako ea hao e ngata? Joale bala lihora tseo u li senyang u shebile thelevishine, u mametse ’mino oa hao oo u o ratang haholo, kapa u bala! Mohlomong seo u se hlokang ke ho hlophisa hape tsela eo u senyang nako ea hao ka eona.

“Tsohle li qalile ha batsoali ba ka ba nkōpa ho hlokomela kamore ea ka le ho hlatsoa lijana,” ho boletse Steven. Steven o ne a fumana hona e le moroalo. Empa o ithutile hore ka ho hlophisa nako ea hae ka tsela e loketseng, o ne a ka etsa mesebetsi ea hae ha bonolo.

Ho Thabisa Molimo ka Mosebetsi oa Hao

Ka ho thusa ka lapeng, u hlompha batsoali ba hao joaloka ha bana ba Baiseraele le bacha ba mehleng ea Bibele ba entse. Ka mohlala, morali oa Labane Ragele, o ne a lebela mehlape ea ntat’ae. Ka ho tšoanang, barali ba Bethuele, kapa Jethro, ba ne ba ikarabella ka ho khella mohlape metsi—mosebetsi o tenang, le o khathatsang. (Genese 29:9; Exoda 2:16) Bashanyana le bona ba ne ba fumana thupelo e sebetsang, ha ho pelaelo hore Jesu o ithutile mosebetsi oa ho betla ho ntat’ae oa mohlokomeli, Josefa.—Mattheu 13:55; Mareka 6:3.

Joaloka mehleng ea boholo-holo, tlhohonolofatso e ka hlaha ka ho tšehetsa batsoali ba hao ka thabo. Nahana ka tlaleho ea Bibele ka Rebeka. Ha mohlanka oa Abrahama a ne a kōpa metsi, Rebeka o ile a arabela hang-hang. Ha a ka a mo f a metsi feela empa o ile a boela a hlahisa ka boithatelo ho khella likamele tsa hae metsi. Bibele e tlalehile hore a “boela a mathela selibeng ho ea kha, a khella likamele tsa hae kaofela.” (Genese 24:15-21) Koloi e ne e huloa ke likamele tse leshome. Ha motho a nahana hore kamele e ka noa lilithara tse 19 ho ea ho tse 26 tsa metsi ka letsatsi, hoa utloahala hore Rebeka o ile a tlameha ho kha lilithara tse ngata tsa metsi e le hore a ka noesa likamele tsohle. Leha ho le joalo, ho sebetsa ha hae ka boithatelo, ho ile ha mo tlisetsa mahlohonolo. O ile a khethoa ho ba mosali oa Isaaka le ho kopanela ho phethahatsa merero ea Jehova ea ho hlahisa Peō e neng e tla hlohonolofatsa batho!—Genese 22:18.

Tiiseha hore ha u kopanela mesebetsing ea hae, Molimo ka ho tšoanang o khahlisoa ke boiteko ba hao bo khothetseng ba ho ‘hlompha batsoali ba hao.’—Ba-Efese 6:1, 2.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Hangata, nako e ngata e qetoa ho tsekisanoa ka mesebetsi ho feta e lokelang ho senngoa e etsoa!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela