Ho Hōlisa Bana Lefatšeng Lohle—Ka Khōliso e Lerato, Taeo, Mohlala, le Litekanyetso tsa Moea
BATSOALI ba leng linaheng tse ngata ba rometse litlaleho tsa kamoo ba ileng ba atleha ho hōlisa bana ho tloha boseeng ho pholletsa le lilemo tsa bohlankana kapa boroetsana. Kaofela ha bona ke Lipaki tsa Jehova, kahoo litlaleho tsa bona li hatisa tlhokahalo ea ho ela hloko likarolo tse ’nè tse thathamisitsoeng sehloohong se ka holimo. Likarolo tsena tse hlahisitsoeng mona li bontša feela likarolo tse seng kae tse fapaneng tsa koetliso ea bana tseo ba ileng ba sebeletsa ho tsona.
E Tsoang Hawaii
“Joalokaha Bibele e re bolella, lerato ke tšoaneleho e ‘khōlō ka ho fetisisa.’ Lerato ka likarolo tsohle tsa lona tsa bohlokoa le lokela ho khanya ka har’a lelapa. ’Na le Carol re ’nile ra bontša tšoaneleho ena ea bomolimo lenyalong la rōna. Re atamelane haholo. Re rata ho ba ’moho. Ho bolela hore senotlolo se seholo sa katleho ea ho hōlisa bana ke banyalani ba thabileng hase ho fetelletsa taba.
“Le kajeno ke sa hopola maikutlo a matla a neng a phalla ka pelong ea ka matsatsing le libekeng tse latelang ho hlaha ha ngoana oa rōna oa pele. Ke ne ke hloletsoe ke ho qaleha ha bophelo ba sebōpuoa se secha. Ke hopola ke bona Carol a thabile haholo a bile a khotsofalitsoe ke ho anyesa Rachel oa lesea. Ke ne ke mo thabetse, empa hape ke ile ka ikutloa ke batla ke hloname, ke e-na le mōnanyana. Carol o ne a tlamahane le Rachel, empa ’na ke ne ke le kae? Ke ne ke utloa eka ke qheletsoe ka thōko—ka tsela e mosa empa leha ho le joalo ke ne ke qheletsoe ka thōko—ka thōko ho ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ka hare ho lelapa la rōna. Ka thuso ea Jehova ke ile ka bolella Carol maikutlo a ka le kameho, ’me o ile a nkutloela bohloko le ho ntšehetsa.
“Ka mor’a moo ke ile ka ba le kamano e haufi le lesea la rōna le sa tsoa hlaha ka ho thusa ka mesebetsi eohle ea ho hlokomela lesea la rōna, ho akarelletsa le e sa rateheng—ho hlatsoa leleiri le litšila ke phihlelo e ikhethang, ha ke etsa mohlala feela! Re ile ra ba le bana ba bang ba bahlano ka mor’a Rachel. Rebecca ke oa ho fela, eo joale a seng a le lilemo li robeli. Re ile ra khanna lithuto tsa Bibele tsa botho le bana ba rōna ka bomong.
“Ho na le ntlha e ’ngoe hape tabeng ena ea ho qalella ho hōlisa bana. ’Na le Carol re ne re thabela ho buisana le bana ba rōna ho tloha ha ba hlaha. Re ne re bua litaba tsa mefuta eohle le bona. Ka linako tse ling re ne re bua ka Jehova le mesebetsi ea hae e metle le e hlollang. Ka linako tse ling re ne re bua ka lintho tsa bosoasoi, tsa papali, tse qabolang. Ho hlakile hore, re ne re leka ho ba ruta ho hong, empa ho feta moo re ne re e-ba le nako e monate, ea ho phomola, le ho khatholoha. Ke lumela hore lipuisano tse joalo li ile tsa tlatsetsa haholo tlamahanong ea rōna le bona. Ha ho pelaelo hore li ile tsa thusa ho bōpa puisano e ntle eo re neng re e-na le eona ka lapeng la rōna.
“Jehova o re rutile bohlokoa bo boholoanyane ba lintho tsa moea, tabeng ea ho fana ka rōna ka borōna. ’Na le Carol le ka mohla ha re e-s’o be le lintho tse ngata tse bonahalang, empa le ka mohla ha rea ka ra li lelekisa kapa ho li lakatsa. Hoja re ile ra senya nako ea rōna e ngata re sebeletsa maruo, re ka be re sa ka ra ba le nako e lekaneng eo re nehelanang ka eona ho Jehova le ho hlokomeleng lelapa la rōna. Re ile ra etsa khetho e nepahetseng.” (Litlhaloso tsa Carol lia latela.)
“Ke nahana hore ho anyesa masea a hao ho u thusa haholo tabeng ea ho tlamahanya masea le bo-’m’a oona. U qeta nako e ngata u kopile lesea la hao u bile u le sikile hoo u sa khoneng ho ba hōle le lona. Le ka mohla ’mè a ke ke a siea lesea la hae ka nako e fetang lihora tse peli ho isa ho tse ’nè. Ka mehla ’na le Ed re ’nile ra ema re tiile tabeng ea hore re se siee bana ba rōna le batho ba salang le bana. Ka mehla ke ne ke batla ho ruta masea a ka le ho a hlokomela ha a ntse a hōla. Kahoo nakong ea ha a sa le manyenyane, ha kea ka ka sebetsa ka ntle ho lehae la rōna. Ke nahana hore sena se ile sa a thusa ho elelloa hore na ke a bohlokoa hakae ho rōna. Mokhoa o ka sehloohong oa ho atamelana le bana ba hao ke ho qeta nako e itseng u e-na le bona. Ha ho ntho e ka nkang sebaka sa boteng ba hao ka lapeng. Lintho tsohle tse bonahalang li ke ke tsa nka sebaka sa hao.
“Lilemo tsa boroetsana kapa bohlankana li ne li le thata feela hobane ke ne ke lokela ho itloaetsa ho hōla ha bana ba ka. Ho ile ha ba thata haholo ho mamella seo, ho hlokomela hore ba ne ba sa ntlhoke hakaalo ’me ba ne ba ka khona ho ikemela. Ke nako e tšosang, ’me e beha mosebetsi ’ohle oa hao oa ho ruta tekong, oa ho laea, le oa ho koetlisa oo u o entseng. E se e le morao haholo hore u ka qala ha e se e le baroetsana kapa bahlankana. Joale e se e le morao haholo hore u ka ba ruta litekanyetso tsa boitšoaro, ho rata batho ba bang, ’me ka ho khethehileng ho rata Jehova. Lintho tsena li lokela ho hlaoleloa ho tloha ha ba hlaha ho ea pele.
“U na le lilemo tse 12 tseo u ka phethang mosebetsi oa hao ka tsona pele lilemo tse mahlonoko tsa bohlankana kapa boroetsana li fihla. Empa haeba u sebelitse ka thata ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, eo ke nako ea ho kotula thabo le khotso ha ba etsa qeto ea hore ba batla ho sebeletsa Jehova ho tloha lipelong tsa bona.”—Edward le Carol Owens.
E Tsoang Zimbabwe
“Bana ke ‘lefa la Jehova.’ Ke kamoo Bibele e bolelang ka teng ho Pesaleme ea 127:3. Joaloka batsoali, ho hopola sena ho re nolofallelitse hore re etse sohle seo re ka se khonang ho hlokomela lefa lena. Boiteko bo bong ba sehlooho boo re ’nileng ra bo etsa e ne e le ho etsa lintho re le ’moho—ho rapela hammoho, ho ithuta Bibele hammoho, ho etsa litšebeletso tsa borapeli hammoho, ho sebetsa hammoho, ho etela metsoalle re le ’moho, ho bapala hammoho.
“Taeo e ne e hlokahala ka linako tse ling. Ka nako e ’ngoe ha mora oa rōna a le lilemong tsa hae tse qalang tsa bohlankana, o ile a lieha ho fihla hae. Re ne re tšoenyehile. O ile a qoba ho kopana le rōna. Re ile ra hlokomela hore ho na le ho hong ho phoso, empa ra etsa qeto ea ho tlohela taba ena ho fihlela hoseng ha letsatsi le latelang. Hoo e ka bang har’a mpa ea bosiu re ile ra utloa hore ho na le motho ea kokotang lemating la kamore ea rōna. E ne e le mora oa rōna, a sekisitse meokho.
“‘Ntate, ’Mè, ha kea ka ka khona ho robala lihoreng tse ’nè tse fetileng, feela hobane ha kea ka ka le mamela ha le ne le ntaea ka taeo e tsoang Bibeleng e mabapi le litloaelano tse mpe. Ka mor’a sekolo kajeno liithuti tse ling li ile tsa nqobella hore ke e’o sesa le tsona, ’me e mong oa bashemane o ile a nkhulela ka tlas’a metsi. Hoja moshemane e mong a se ke a nthusa, nkabe ke ile ka qoela. Ba ile ba ntšeha ba ba ba mpitsa lekoala. Ke ile ka tla hae ka ho toba, empa ke ile ka lula ka ntle ho ntlo hobane ke ne ke ikutloa ke le molato. Ke soabile hore ebe ha kea ka ka le mamela ha le ne le ntlhokomelisa ka litloaelano tse mpe, joalokaha li bontšoa ke Bibele.’—1 Ba-Korinthe 15:33.
“O ile a lla eaba le rōna rea lla. Re ne re thabetse hore e be ho na le thuto eo a ithutileng eona, empa re ile ra mo laea ka morero oa ho hatisa taba ena haholoanyane. Exoda 34:6, 7 e bontša hore Jehova o mohau ebile o tšoarela liphoso, empa ho ntse ho le joalo ha ‘a latole molato oa motho ea nang le oona.’”—David le Betty Mupfururirwa.
E Tsoang Brazil
“Ke mohlolohali ’me ke lokela ho hōlisa moshemane oa ka ka bonna. Ka nako e tšoanang, ke tichere. Ha ho bonolo ho koetlisa le ho laea bana. Se hlokahalang ke koetliso e lumellanang le liketso, taeo e leka-lekaneng, mohlala o motle oa batsoali. Ho ne ho le boima ho ’na hore ke tiee ’me ka nako e tšoanang ke bontše kutloelo-bohloko. Ke ile ka tlameha ho ithuta ho mamela, haholo-holo ho mamela ka pelo ea ka eohle. Ho buisana ke habohlokoa, eseng feela ho bua, empa ho etsa hore ngoana a kopanele puisanong, ho etsa hore a arabele ka boikutlo. Ke ile ka leka ho etsa hore a ikutloe hore ke setho sa lelapa ka ho etsa hore a kopanele le ’na tabeng ea ho rera se tla rekoa ka chelete ea lelapa. Ha lengolo la molato oa motlakase kapa oa metsi le fihla, kapa theko ea liaparo kapa lieta e phahama, re ne re buisana ka lintho tsena re le ’moho.
“Ke habohlokoa hore u mo babatse ka tieo bakeng sa lintho tseo a li entseng hantle. Ha menyetla e ntse e hlaha, ke ne ke mo bontša bohlokoa ba ho latela melao-motheo le melao ea Molimo. Ka nako e ’ngoe, ka mor’a hore ke mo khalemele ka makhetlo a mangata, ke ile ka tlameha ho sebelisa thupa ea sebele. Ho ne ho le thata haholo bakeng sa ka, empa liphello e ile ea e-ba tse molemo hakaakang! Lilemong tsa hae tsa bohlankana re ba le linako tse monate le tse bohloko, empa re ka bona bohlokoa ba koetliso le taeo. O mpolella mathata a hae a botho le likhopolo tsa hae.
“Ke lokela ho ba hlokolosi hore re be le puisano e molemo. Kahoo ke leka hore ke se ke ka tšoareha haholo mosebetsing oa ka oa boipheliso e le hore ka mehla ke be le nako bakeng sa mora oa ka. Ha re e-na le mathata, ke leka ho mamela ka hloko, ’me ka thuso ea Jehova, rea a hlōla. Ke etsa hore a tsebe hore le ’na ke etsa liphoso. Ka nako e ’ngoe ke ne ke utloile bohloko haholo, ’me ke ile ka mo bolella hore a ‘koale molomo oa hae.’ O ile a mpolella hore ho bolella motho e mong hore a ‘koale molomo oa hae’ ho bontša ho hloka lerato. O ne a nepile. Mantsiboeeng ao re ile ra ba le puisano e telele.”—Yolanda Moraes.
E Tsoang Rephabliking ea Korea
“Ke ile ka sebelisa melao-motheo ea Bibele ka thahasello bophelong ba lelapa la ka. Ka ho khethehileng Deuteronoma 6:6-9 e ne e kene ka ho teba pelong ea ka. Kahoo ke ile ka leka ho ba ’moho le bana ba ka ka nako e telele kamoo nka khonang, ho ba haufi le bona, ho kenya melao-motheo ea Lentsoe la Molimo ka likelellong le lipelong tsa bona. Hape ke ne ke memela baromuoa le litho tsa lelapa la Bethele lelapeng la rōna e le hore bana ba ka ba tsebe hore na tšebeletso ea nako e tletseng e joang.
“Ntho ea pele eo batsoali ba lokelang ho e etsa ha bana ba baka mathata ke ho bonahatsa litholoana tsa moea. Ho bonolo hore bana ba u ferekanye le ho u halefisa. Leha ho le joalo, rōna batsoali, re lokela ho ba le mamello le ho itšoara ka tsela e behang mohlala. Ho hlompha bana le ho ba neha monyetla oa ho hlalosa boemo ke habohlokoa. Haeba ho se na bopaki bo hlakileng ba hore ba entse phoso, ba tšepe ’me ka mehla u ba matlafatse. Ha ho hlokahala hore u khalemele ngoana, behelana mabaka le eena pele, mo bontše hore na ke hokae moo a entseng phoso, ’me u ’montše hore na ketso ea hae ke e sa thabiseng Jehova le batsoali ba hae hakae. Ke feela ka mor’a hore u etse sena u ka mo khalemelang. Hangata ka mor’a hore ke ba khalemele, bara ba ka ba ne ba ee ba re: ‘Ntate, ha ke ikutloisise, hore na ke hobane’ng ha ke sa ka ka u mamela. Ke ile ka ba sethoto se sekaakang.’ Ba ananela batsoali ba ba tsotellang ho isa bohōleng ba ho ba khalemela.
“Batsoali ba lokela ho hlokomela ha bana ba bona ba qala ho itšoara hampe. Ha mora oa ka oa pele a ne a le sehlopheng sa borobong sekolong se phahameng, ke ile ka utloa ’mino o lerata oa rock ka kamoreng ea hae. Ke ile ka fumana hore e ne e se e le setho sa sehlopha sa liithuti tse hōlileng le tse behang mohlala tse khethetsoeng ho khalemela tse ling, ’me o ne a pepeselitsoe litšusumetso tsa lefatše. Ke ile ka ithuta hore ka tlas’a khatello e tsoelang pele ea litho tsa sehlopha sena le ka baka la bohele-hele, o ile a tsuba. Re ile ra behelana mabaka le eena ka likotsi tsa ho tsuba, ’me mora oa ka o ile a etsa qeto ea hore o tla tlohela ho ba setho sa sehlopha sena ka boeena, e leng seo a ileng a fela a se etsa. Ho koala sekheo sena sa ho tlohela mesebetsi ea sekolo e sa lokang, re ile ra lokisetsa boikhathollo bo hahang ba lelapa le litho tsa phutheho.
“Qetellong, ke rata ho bolela hore ntho ea bohlokoa eo batsoali ba ka ba e etsang ke ho beha mohlala o motle. Ke ne ke bolella bashemane ba ka ba babeli ka mehla hore ke rata ho sebeletsa Molimo ka nako e tletseng ke le mosebeletsi ea bolelang litaba tse molemo. Ha mora oa ka oa bobeli a qeta sekolong, ke ile ka tlohela mosebetsi fekthering ea silika eaba ke fetoha mosebeletsi oa nako e tletseng. Bashemane ba ka ba babeli ba ile ba bona boikemisetso ba ka ’me ba latela mohlala oa ka. Ka mor’a ho sebeletsa ka nako e itseng teronkong ka baka la ho se nke lehlakore, bobeli ba bona ba ile ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng ’me ba ntse ba tsoela pele ho fihlela kajeno.”—Shim Yoo Ki.
E Tsoang Sweden
“Re hōlisitse bana ba supileng, bashemane ba bahlano le banana ba babeli. Hona joale ba hōlile, kaofela ba mafolo-folo mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ho tloha bonyenyaneng, ba ne ba kopanela libokeng tsa phutheho ba bile ba tsamaea le rōna tšebeletsong ea tšimo. Ba ile ba ithuta ho etsa mosebetsi oa boboleli mohato ka mohato—ho letsa tšepe ea monyako, ho lumelisa, ho bolela mabitso a bona, le ho fana ka sememo, pampitšana, kapa makasine. Ba ile ba qala ho fana ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ba sa le banyenyane haholo.
“Ka linako tse ling ho ne ho e-ba le mathata a tebileng a hlokang tlhokomelo e khethehileng. Ho bontša lerato le mamello ke habohlokoa linakong tse joalo—ho se likomang kapa khang. Mathata a ne a rarolloa ka ho behelana mabaka le ho hatisa pono ea Jehova. Re ile ra ba koetlisa litabeng tsa chelete. Ha ba se ba hōlile, ba ile ba sebetsa mosebetsi oa ho aba likoranta, ho fothola litlama-tlama bakeng sa ho etsa manyolo le libeso, ho sebetsa jareteng, le mesebetsi e meng e joalo. Ho etela bo-nkhono oa bona le bo-ntate-moholo ba lulang libakeng tse hōle le lehae la rōna ho ile ha etsa hore ba elelloe mathata a batho ba hōlileng le ho ba utloela bohloko.
“Nakong eo re neng re ikhopotsa lechato la rōna ka lekhetlo la bo30, re ile ra fumana lengolo lena:
“‘Ho batsoali ba rōna ba ratehang:
“‘RE LE LEBOHA KA TSOHLE! Lerato le mofuthu leo le re bontšitseng lona, tumelo ea sebele eo le e hlaoletseng ka ho rōna, tšepo e babatsehang eo le re fileng eona—tsena li ke ke tsa lekanngoa ka mantsoe kapa chelete. Leha ho le joalo, re tšepa hore ka se senyenyane sena se reretsoeng hore le tle le ’ne le re hopole, le tla utloisisa hore na re le nahanela hakae, ntate oa rōna le ’mè ba ratehang. [Motekeno] Bana ba lōna.’
“Ha re hetla morao ‘mosebetsing ona ’ohle oa lilemo tse 20,’ re leboha Jehova ho tloha botebong ba lipelo tsa rōna, Ntate oa rōna oa leholimo, ea bileng mosa hakana ho rōna.”—Bertil le Britta Östberg.
Litaba tse Monate tse Akaretsang tse Tsoang ho Batsoali
“Ho anyesa lesea ha ’mè ke tsela ea Jehova ea ho tlisa lesea kamanong e haufi-ufi le ’mè, empa ntate a ka tlatsetsa ka ho le robatsa ka setulo se koieetsang. ’Na ka bonna ke ne ke thabela ho nka bana ba rōna ka matsoho le ho ba koieetsa hoo e ka bang bosiu bo bong le bo bong.”
“Joaloka ntate oa bona, ke ne nke ke ka anyesa bana ba rōna, empa ke ile ka ba le kamano e haufi le bona ka ho ba tolisa bosiu bo bong le bo bong. E ne e le monyaka ho ’na le ho bona!”
“Nako le nako, ke ’nile ka nka e mong le e mong oa bana ba rōna ka bomong, hore ke e’o ja le eena moo re leng babeli feela. Ba rata nako ena ea ho ba ’moho le Ntate oa bona ka bomong.”
“Ha lilemo li ntse li feta, hanyane ka hanyane re ile ra ba tšepela bolokolohi le boikarabelo bo eketsehileng. Seporing se petelelitsoeng ka har’a letsoho se tlameha ho tlohelloa butle e le hore se se ke sa qhomela hōle se sa laolehe.”
“Bontša lerato le lengata. Ha ho ngoana ea kileng a bolaoa ke ho koptjoa kapa ho akoa—empa maikutlo a bona a ka bolaoa ke ho se koptjoe le ho se akoe.”
“E-ba ea mamellang, u se ke ua ba nyahamisa. U se ke ua ba hobella ka ntho e le ’ngoe ka linako tsohle. Etsa hore ba hōlise boikutlo ba hore ke batho ba bohlokoa. Bakeng sa phoso e ’ngoe le e ’ngoe eo u ba ntšang eona ba rorise hane!”
“Etsa boiteko bo felletseng, ho etsa hore ebe ba molemohali ka hohle kamoo ba ka khonang.”
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Bana ba banyenyane joaloka Rebecca ba hloka lerato la sebele
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Ho ipha nako ea ho etsa lintho hammoho ho tla tlatsetsa tlamahanong e matla ea lelapa