Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 12/8 maq. 12-13
  • Lebaka Leo ka Lona Keresemese e sa Lokelang Bakreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ka Lona Keresemese e sa Lokelang Bakreste
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha e le Hantle Keresemese e Tsoa Kae?
  • Na ho Fetola Bahetene Bakreste?
  • Jesu Kreste o Talima Keresemese Joang?
  • Na U Lokela ho Keteka Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ratoa Hakaale Japane?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Semelo sa Keresemese ea Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Meetlo ea Keresemese e Simolohile Kae?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 12/8 maq. 12-13

Pono ea Bibele

Lebaka Leo ka Lona Keresemese e sa Lokelang Bakreste

‘KERESEMESE e thibetsoe ka molao! E mong le e mong ea e ketekang kapa esita le ho lula lapeng a sa ee mosebetsing ka Letsatsi la Keresemese o tla fumana likotlo!’

Le hoja ketsahalo ena e ka utloahala e makatsa, e hlile ea fetoha molao morao lekholong la bo17 la lilemo. Mapuritan a ile a thibela mokete oo Engelane. Ke’ng se bakileng boemo bo tiileng hakaalo khahlanong le Keresemese? ’Me ke hobane’ng ha ho e-na le batho ba limillione kajeno ba ikutloang hore Keresemese ha ea lokela Bakreste?

Ha e le Hantle Keresemese e Tsoa Kae?

U ka ’na ua makala ho utloa hore Keresemese ha e-ea hlomamisoa ke Jesu Kreste leha e le hore eena kapa barutuoa ba hae ba lekholo la pele la lilemo ba ile ba e keteka. Ha e le hantle, ha ho na tlaleho ea ho ketekoa ha Keresemese ho fihlela ka mora lilemo tse 300 hoba Kreste a shoe.

Batho ba bangata ba neng ba phela mehleng eo ba ne ba rapela letsatsi, joalokaha ba ne ba ikutloa ba itšetlehile haholo ka ho potoloha ha lona ha selemo le selemo. Ho ne ho etsoa mekete e meholo ea borapeli ba letsatsi Europe, Egepeta, le Persia. Sehlooho se seholo sa mekete ena e ne e le ho khutla ha letsatsi. Hobane letsatsi le bonahala le fokola nakong ea mariha, le ne le koptjoa hore le khutle ho tsoa ‘libakeng tse hōle.’ Mekete ena e ne e akarelletsa ho ithabisa, ho tantša, ho khabisa mahae ka mabone le ka mekhabiso e meng le ho fana ka limpho. Na liketso tsena li utloahala joaloka tse tloaelehileng?

Barapeli ba letsatsi ba ne ba lumela hore lehong le sa chesoang la sefate se besoang pele ho letsatsi la Keresemese le ne le e-na le matla a boloi, hore mollo o ne o fa molingoana oa letsatsi matla le ho o khutlisetsa bophelong, hore ho khabisa matlo ka lijalo tse lulang li le tala ho tla leleka bademona, hore sefate sa holly se lokela ho rapeloa joaloka tšepiso ea ho khutla ha letsatsi, le hore makala a setlama-tlama sa mistletoe a ka tlisa lehlohonolo haeba a roaloa joaloka khoeetsa. Ke mokete ofe oo lintho tsena li amanang le ’ona kajeno?

December e ne e le khoeli ea mokete o moholo sebakeng sa Roma ea bohetene nako e telele pele Keresemese e e-ba teng moo. Mokete oa beke eohle oa Saturnalia (o nehetsoeng ho Saturn, molingoana oa temo) le oa Dies Natalis Solis Invicti (Letsatsi la Tsoalo la Letsatsi le sa Hlōloeng) o ne o etsahala ka nako ena. Hape, December 25 e ne e talingoa e le letsatsi la tsoalo la Mithras, molingoana oa letsatsi oa Persia.

Na ho Fetola Bahetene Bakreste?

Boitekong ba ho fetola bahetene bana, ke moo ho ileng ha qala ho tsoakoa litumelo tsa Bokreste le tsa bohetene hoo e seng ha mangolo, ’me kahoo kereke e ile ea khetha letsatsi bakeng sa Keresemese le tsamaisanang le letsatsi la mokete oa bohlokoa ka ho fetisisa oa bohetene. ’Me ho thoeng ka mekhoa ea Keresemese? Encyclopedia of Religion and Ethics ea lumela hore mekhoa e mengata ea Keresemese “hase mekhoa ea ’nete ea Bokreste, empa ke mekhoa ea bohetene e ileng ea amoheloa kapa ea lumelloa ke Kereke.” Ho bonahala ho bile le boikutlo ba hore ka ho neha mekhoa ena ponahalo ea Bokreste feela, ba kopanelang ho eona ba tla fetoha Bakreste.

Leha ho le joalo, ho e-na le ho fetola bohetene Bokreste, mekhoa ena e ile ea fetola Bokreste bohetene. Lilemong tsa bo-1600, Mapuritan a ile a khathatseha haholo ke sebōpeho se totobetseng sa bohetene sa Keresemese hoo letsatsi leo la phomolo le ileng la thibeloa ka molao Engelane le likoloneng tse ling tsa Amerika. Batho ba ne ba fumana likotlo ka baka la ho keteka feela kapa ho lula lapeng ba sa ee mosebetsing ka Letsatsi la Keresemese. New England (U.S.), Keresemese ha ea ka ea lumelloa ka molao ho fihlela ka 1856.

Empa ho na le lebaka le leng ka Keresemese le bohlokoa ho feta kamoo kereke, bahetene, kapa Mapuritan a neng a e talima ka teng nakong e fetileng. Taba ea bohlokoa ho Bakreste ba ’nete ke . . .

Jesu Kreste o Talima Keresemese Joang?

Haeba ho ne ho ka etsoa mokete ho u hlompha, na qeto ea hao mabapi le sebōpeho sa ’ona e ne e ke ke ea e-ba ea bohlokoa? Kahoo, re etsa hantle ha re botsa: Na Bibele e bontša kamoo Jesu a talimang lineano tse metseng ka metso boheteneng?

Jesu o ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba neng ba sekisetsa borapeli bo hloekileng bakeng sa ho sokolla batho. Ho baeta-pele ba joalo, o itse: “Le [tsamaea] leoatleng le lefatšeng ho sokolla motho a le mong, ebe le mo etsa ea loketsoeng ke timetso habeli ho feta kamoo lōna le leng ka teng.”—Mattheu 23:15, Phillips.

Ho sokolla batho ho ne ho ke ke ha finyelloa ka ho tsoaka litumelo tsa bohetene le tsa Bokreste. Pauluse, moapostola oa Jesu, o ile a ngolla Bakreste ba Korinthe: “Le ke ke la noela senoelong sa Morena le senoelong sa batemona.” (1 Ba-Korinthe 10:21) Lengolong la hae la bobeli le eang ho bona, Pauluse o ile a phaella: “Le se ke la ikopanya le batho ba sa lumelang le ho leka ho sebetsa le bona. . . . Kutloano e ka ba teng joang mahareng a Kreste le diabolose?”—2 Ba-Korinthe 6:14, 15, Phillips.

Haeba ’mè ea seli a bona ngoana oa hae a thonaka pompong peiping e tletseng likhoere-khoere, o ne a tla mo phehella hore a e lahle hang-hang. Khopolo ea ho e ja—esita le ho e ama—e ea mo nyontša. Le hoja Keresemese e le monate ho batho ba bang, e thonakiloe libakeng tse sa rateheng. Maikutlo a Jesu a tšoana le a moprofeta Esaia, ea ileng a phehella barapeli ba ’nete ba mehleng ea hae ka hore: “Tsamaeang! Tsamaeang le tlohe mona! Le se ame letho le silafetseng.”—Esaia 52:11, BPN.

Ka hona, Bakreste ba ’nete kajeno ha ba keteke Keresemese. Le hoja boemo ba bona bo ka bonahala bo makatsa batho ba bang, ba talima lineano kamoo Jesu a neng a li talima ka teng. Ha a botsoa: “Barutuoa ba hao ba tlōlelang mokhoa oa baholo?” o ile a arabela: “Le lōna, le tlōlela’ng molao oa Molimo ka mokhoa oo le o neanang na?” ’Me o ile a phaella: “Le fetotse molao oa Molimo lefeela ka mokhoa oo le o neanang.”—Mattheu 15:2, 3, 6.

Kajeno Bakreste ba ’nete ba bontša bonngoe ba bona le Jesu ha ba sebelisa “borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli,” bo sa silafatsoang ke lineano tsa batho tsa bohetene.—Jakobo 1:27.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

“Le lōna, le tlōlela’ng molao oa Molimo ka mokhoa oo le o neanang na?”—Mattheu 15:3

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela