Mohloli oa Litekanyetso tsa ’Nete tsa Boitšoaro
Ho Sebelisoa ha Tsona ho Tla Felisa ho Hlepha ha Boitšoaro
MOTHO o talima sepaka-paka se tletseng linaleli bosiu, ’me o tlala boikutlo ba ho hlolloa le ho makala. Ha a talima leholimo lena le tletseng linaleli le hōle holimo-limo, o ikutloa e se letho. A ka ba a hopola mantsoe a neng a buuoe ke mopesaleme khale-khale: “Ha ke boha leholimo la hao, mosebetsi oa menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li bōpileng, ke re: Na motho ke’ng, ha u tla mo hopola? le mor’a motho ke’ng, ha u tla mo hlokomela?” (Pesaleme ea 8:3, 4) Mopesaleme o ile a bona linaleli tse likete tse seng kae ’me o ile a ikutloa e se letho; hona joale motho oa tseba hore ho na le melala e libillione e nang le linaleli tse libillione ka har’a molala ka mong, ’me o ikutloa a fokola haholo. A ka ’na a ipotsa lipotso tse ngata: ‘Ke joang nka bang oa bohlokoa ba letho? Ke hobane’ng ha ke le moo? Hona ’na ke mang?’
Empa ha ho phoofolo e nahanang lintho tse joalo.
Motho o talima mefuta e fapa-fapaneng ea bophelo e mo potolohileng ’me o hlokomela boqapi bo hlollang bo etselitsoeng ho finyella merero ea sebele. O bona linonyana tse fofang sebaka sa lik’hilomithara tse likete-kete ha li fallela sebakeng se seng, liphoofolo tse khaotsang ho tsamaea e le hore li ’ne li ipatele mariha a batang, le mefuta e meng e mengata ea bophelo e ’nileng ea sebelisa matla a ho elelloa boteng ba lintho tse hōle ka thuso ea maqhubu a molumo, ho fehla moea bakeng sa ho boloka mocheso le mohatsela o lekaneng, ho itsamaisa ka ho hula metsi le ho a ntša ka matla, ho tlosa letsoai ’meleng, ho etsa hore metsi a se ke a etsa leqhoa, lintho tse kang tse thusang motho ho phefumoloha ka metsing, lintho tse qhotsisang mahe, li-thermometer, pampiri, khalase, li-clock, li-compass, motlakase, lintho tse phikolohang joaloka mabili a mochine, le lintho tse ling tse ngata tse makatsang nako e telele pele motho a ka nahana ho li etsa. Batho ba nahanang baa ipotsa: ‘Lintho tsena tsohle tse qapiloeng ka morero tse hlollang, tse rarahaneng, li bile teng joang? Ea bohlale haholo ea li entseng ke mang?’
Ka ho tšoanang, ha ho phoofolo e nahanang ka sena ka tsela leha e le efe.
Empa motho eena o nahana sena. Ke hobane’ng ha motho, har’a limiriade tsohle tsa libōpuoa tse teng lefatšeng, e le eena feela ea tsotang ka ho hlolloa le ka ho makala maholimo le liphiri tsa bophelo tse teng lefatšeng moo? Lebaka ke lefe? Lebaka ke hore motho o fapane.
Ke Hoban’eng ha Motho a Fapane Hakaale?
Ke ka baka la hore ke eena feela ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo le ka ho tšoana le oona: “Molimo oa ntoo re: A re etseng motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna.” (Genese 1:26) Sena se hlalosa lebaka leo ka lona ho nang le lekhalo le ke keng la koaleha pakeng tsa motho le phoofolo. Se hlalosa lebaka leo ka lona ho seng sebōpuoa se seng lefatšeng se batlang se le haufi le motho esita le hanyenyane feela. Se hlalosa lebaka leo ka lona motho e leng sebōpuoa se nahanang, a botsang lipotso ka lefatše le mo potolohileng, a bileng a amehang ka litekanyetso tsa boitšoaro.
Ke ka tsela efe motho a entsoeng ka setšoantšo sa Molimo le ka ho tšoana le oona? Ke ka hore o na le tse ling tsa litšobotsi le litšoaneleho tsa Molimo, tse kang lerato, mohau, toka, bohlale, matla, mosa, molemo, mamello, botšepehi, ’nete, botšepehi bo sa sekisetseng, ho sebetsa ka thata, le boqapi. Tsena ke litšoaneleho tse ntle tse ileng tsa kenngoa ho motho qalong, empa ha batho ba babeli ba pele ba sebelisa hampe tokelo ea ho ikhethela, e leng ho ileng ha lebisa bofetoheling ba bona, litšobotsi tsena li ile tsa senyeha eaba li fetisetsoa ho litloholo tsa bona li se li le boemong ba ho se phethahale. Litšobotsi tsena li ile tsa fetoha tse sa leka-lekanang ’me ka baka la ho se sebelisoe tse ling tsa tsona li ile tsa hlakoha mohopolong. Leha ho le joalo, Ba-Kolosse 3:9, 10 (NW) e bontša hore ka ho fumana tsebo e nepahetseng ea Molimo le ho e sebelisa, re ka apara botho bo bocha ’me ra boela ra bonahatsa ‘setšoantšo sa Molimo le ho tšoana le oona.’
Ha Jehova Molimo a fa Baiseraele Molao oa Moshe, o ne o e-na le litekanyetso tsa ’nete, tseo tse ling tsa tsona e neng e le Melao e Leshome hammoho le keletso ea hore motho a ‘rate oa habo joale ka ha a ithata.’ (Levitike 19:18; Exoda 20:3-17) Litekanyetso tsena li ne li lokela ho fetisetsoa melokong e tlang e le lefa. Moshe o ile a laela Iseraele hore e utloe Molao ona, ’me o ile a tsoela pele ho re: ‘Le laele bana ba lōna, hore ba itise ho etsa ka lipolelo tsohle tsa molao oo. Hobane hase lentsoe la lefeela leo le le beeloang, empa ke bophelo ho lōna.’ (Deuteronoma 32:46, 47) Makholo a lilemo hamorao, Liproverbia 8:18 (NW) e ile ea li bitsa “litekanyetso tseo e leng lefa.”
Litekanyetso tse ka Lokisang ho Hlepha ha Boitšoaro
Leha ho le joalo, ba bangata ba pheha khang ea hore hona joale mokhatlo oa batho o se o tletse batho ba nang le botho bo fapa-fapaneng hoo ho seng litekanyetso tse tšoanang tse ka akarelletsang litlhoko tsa e mong le e mong. Ba pheha khang ea hore limelo le bophelo ba sechaba bo sa tšoaneng li hloka hore ho be le litekanyetso tse fapaneng haholo. Empa ke bothata bofe ba kajeno bo ke keng ba rarolloa ke ho sebelisa taelo ea Jesu ea hore u rate moahisani oa hao joalokaha u ithata? Kapa hore u tšoare ba bang kamoo u neng u tla rata hore ba u tšoare ka teng? Kapa ka ho phela ka melao-motheo e leng Melaong e Leshome? Kapa ka ho ipehela pakane ea ho hlahisa litholoana tsa moea tse boletsoeng ho Ba-Galata 5:22, 23: “Tholoana ea Moea ke lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro. Ha ho molao o hanang tse joalo.” Ha ho le e ’ngoe ea litaelo tsena e batlang se ke keng sa etsahala; e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e ne e tla felisa karolo e khōlō ea lintho tse bohloko tse aparetseng mokhatlo oa batho oa kajeno.
U ka ’na ua re: ‘Empa batho ba ke ke ba phela ka tsela eo!’ Leha ho le joalo, haeba u nahana hore litharollo tse joalo li thata haholo, u se ke ua lebella hore mathata a tla rarolloa ka litharollo tse bonolo tse ka nkelang tseo sebaka. Ho matleng a mokhatlo oa batho ho sebelisa lipheko tsena, le hoja ho bonahala eka ha o batle ho etsa seo. Moloko ona o sitoa ho tiisetsa lithibelo tse behoang bolokolohing ba oona, ho akarelletsa bolokolohi ba ho etsa se fosahetseng le ho hlokofatsoa ke liphello.
Koranta Bottom Line/Personal ea botsa: “Ho Etsahetse’ng ka Ho Ithiba?” Ka mor’a ho hlalosa hore “batho ba bangata ba tšosoa ke liphello tsa mehla ea rōna e lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe litabeng tsa botona le botšehali,” e tsoela pele: “Leha ho le joalo batho ba tsoela pele ho talima ho inehela litakatsong tsa botona le botšehali ka ho felletseng e le ntho ea bohlokoahali. . . . Ho lebelletsoe hore batho ba lekanye lijo tseo ba li jang, ba ikoetlise ’meleng, ba khaotse ho tsuba, ba ikhalemele mabapi le tsela eo ba phelang ka eona molemong oa bophelo ba bona bo botle ba ’mele. Ke ho khotsofatsa litakatso tsa botona le botšehali feela ho bonahalang ho behiloe boemong ba bohlokoahali e le hore batho ba ’ne ba tsoele pele ho inehela ho tsona ka ntle ho moeli.” Hase hore ba ke ke ba khona ho sebelisa litekanyetso tsa boitšoaro; ho teng ke hore ha ba batle ho li sebelisa. Kahoo mokhatlo oa batho oa jala o bile oa kotula.
Kajeno litekanyetso tsena tsa boitšoaro li se li fetohile tse nyelisehang. Ba bangata ba re botle ke bobe le bobe ke botle, joalokaha ho ile ha boleloa esale pele hore ba tla etsa sena: “Ho malimabe ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi leseli, le leseli ba le etsa lefifi; ba etsang ho baba monate, le monate ba o etsa ho baba!” (Esaia 5:20) Leha ho le joalo, ba bang ba ntse ba tsoela pele ho tšoenyeha. Ba bona litholoana tse mpe tse tlisoang ke filosofi ea ho etsa seo u se ratang ’me ba batla hore ho hlepha ho teng ha boitšoaro ho lokisoe.
Na Bolumeli le Lelapa li ka Thusa?
Ho hlahisoa mananeo a mangata bakeng sa ho tsosolosoa ha litekanyetso tsa boitšoaro. Lenaneo le leng ke bolumeli. Ho boleloa hore bo tla fana ka matla a moea. Empa matla a joalo a ke ke a fumanoa malumeling a tloaelehileng a Bokreste-’mōtoana. A mang a ’ona a khutletse boheteneng ho ea tsosa linyefolo tse kang Boraro-bo-bong, tlhokofatso e sa feleng, le sephefumolohi se sa shoeng. A mang a lahlile thekollo le pōpo ’me a rapela bolumeli ba saense ba ho iphetola ha lintho. A amohela tlhahlobisiso e phahameng e hanyetsang botšepehi ba Lentsoe la Molimo, Bibele. A fana ka “Bokreste” bo hlapollotsoeng le bo silafalitsoeng hoo ho seng ho se letho la bohlokoa le setseng, ’me moloko o mocha o bona boikaketsi le bosaoana feela. Che, ha rea lokela ho talima malumeling a thekeselang joalo bakeng sa ho fumana matla a moea empa re lokela ho talima feela borapeling bo le bong ba ’nete bo thehiloeng Bibeleng bo tsebahatsang ’Muso oa Jehova e le eona tšepo feela ea lefatše.
Leha ho le joalo, ho sa ntsane ho e-na le mohloli o mong oa thuso bakeng sa batho ba tšoenyehileng, ’me mohloli oo ke lelapa, e leng hona moo batsoali ba ka kenyang litekanyetso tsa boitšoaro ka hare ho bana ba bona. Tlamahano e bileng teng ho tloha tsoalong e tlameha hore e ’ne e tsoele pele. Bana ba ratang batsoali ba bona le ba ba tšepang ba batla ho tšoana le bona, ho etsisa tsela eo ba buang le eo ba etsang lintho ka eona, ho ba etsisa kamoo ba itšoarang ka teng maemong a fapaneng, le ho ba le boitšoaro bo kang ba bona, ’me ka mor’a nako litekanyetso tsa boitšoaro tsa batsoali li fetoha karolo ea tsamaiso ea litekanyetso tsa boitšoaro tsa bana. Litlhaloso tse bonolo, eseng lithuto tse telele tsa taeo; puisano, e seng litaelo tse hatellang maikutlo, ke tsona litsela tse atlehang.
Batsoali ba sa bolelleng bana litekanyetso tsa ’nete tsa boitšoaro feela empa ba bileng ba li sebelisang ba tla ba le bana ba tla nka litekanyetso tseo tsa boitšoaro ’me ba li fetole karolo ea bona. Bana ba joalo ba ke ke ba behoa kotsing ke likhalala tse nang le tšusumetso e mpe tseo ba kenang sekolo le tsona kapa tse hlahang libakeng tse ling. Ho joalokaha Liproverbia 22:6 e re: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” Fana ka koetliso ka keletso e molemo. Habohlokoa haholoanyane, fana ka koetliso ka mohlala o motle.
Matla a Litekanyetso tsa Boitšoaro a Kentsoe Liphatseng tsa Rōna tsa Lefutso
Jesu o ile a re: “Ho thabile ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Mattheu 5:3, NW) Ke tlhoko ea tlhaho e kentsoeng ka hare ho rōna, joalokaha lingaka tse ling tsa mafu a kelello li boletse. Ke ’nete hape hore ke ka matla a moea feela re ka khonang ho loantša litekanyetso tsa bohata tse buelloang kajeno.
Tumellanong le ’nete ea hore re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo le ka ho tšoana le oona, re e-na le matla a ho sebelisa litekanyetso tsa boitšoaro a hahelletsoeng ka hare ho rōna, moprofesa oa thuto Thomas Lickona o re: “Ke nahana hore matla a ho etsa se molemo a teng ho tloha qalong.” Empa o phaella ka hore “batsoali ba tlameha ho hōlisa litšekamelo tseo tsa tlhaho feela joalokaha ba thusa bana ba bona hore ebe babali kapa limathi kapa libini tse molemo.”
Motsamaisi oa tlhahiso ea mananeo a thelevishene Norman Lear e ne e le sebui se etileng sebokeng sa sechaba sa Mokhatlo oa Sechaba oa Thuto. Ka mor’a ho lumela hore ho na le “bothata ba batho ba tsoetseng pele, ba rutehileng haholoanyane har’a rōna—ba qheletseng ka thōko taba ea ho batla morero o moholoanyane ho feta bophelo ba nama feela ka hore ke e sa utloahaleng le e sa hlokahaleng,” o ile a re: “Ho tsoa historing ea batho, ke fumana ho le bonolo ho etsa qeto ea hore tsela ea ho arabela bophelong, Ho Beng Teng Joaloka Motho ea Ikutloang, tšekamelo ea ho lumela ho ho hong ha bohlokoa haholoanyane ho feta motho ka boeena, ke e matla le e ke keng ea hatelloa hoo e leng karolo ea bohlokoa ea tsela eo liphatsa tsa rōna tsa lefutso li entsoeng ka eona.”
Lear o beha molato holim’a khoebo e khōlō le lilemo tse mashome a mane tseo ka tsona thelevishene e ’nileng ea fetisa “tsamaiso e ncha ea litekanyetso tsa boitšoaro” e bileng le tšusumetso e matla boitšoarong ba batho ka kakaretso le litekanyetsong tsa batho ka bomong tsa boitšoaro hoo ho hlahileng litlokotsi tse ngata bophelong ba sechaba: likolo le likoleche tse fanang ka mangolo ho batho ba sa khoneng ho bala le ho ngola; keketseho ea tšebeliso ea lithethefatsi; basetsana ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba sa nyaloang ba bang le bana; le malapa a se nang lipolokelo tsa chelete a ntseng a tetebela ka ho eketsehileng molatong. Joale Lear oa phaella: “Ha re bua ka litlokotsi tse ngata tse teng bophelong ba sechaba—ke nahana hore e ka ’na eaba re bua ka litlokotsi tse teng bophelong ba sechaba tse ’nile tsa neheletsanoa ho tloha melokong e fetileng hoo, ka thuso ea thelevishene, li seng li khukhunetse bophelo bohle ba sechaba.” O ile a boela a re o “lumela hore liphatseng tsa rōna tsa lefutso ho na le tumelo ea hore ho na le matla a maholoanyane le lekunutu le sephiri se fetolang bophelo ba rōna, tseo re lokelang ho li ela hloko.”
Ngaka e tummeng ea mafu a kelello C. G. Jung o ile a re bolumeli “ke boikutlo ba tlhaho bo khethollang motho, ’me ho ka fumanoa litsela tseo bo ’nileng ba iponahatsa ka tsona historing eohle ea batho.” Ka hare ho rōna ho boetse ho na le letsoalo le khethollang se nepahetseng le se fosahetseng: “Hobane balichaba ba se nang molao, ha ba etsa, ka ho itsebela ha bona, taba tseo e leng tsa molao, bona ba se nang molao ba na le molao ka ho bona. Ba bonahatsa hobane mosebetsi oa molao o ngoliloe lipelong tsa bona, ba ntse ba pakeloa ke letsoalo le ke mehopolo ea bona e ba khalemelang, kapa e ba emelang.” (Ba-Roma 2:14, 15) “Letsoalo” ke “tsebo e ka hare ho motho” e kang lekhotla le phuthehileng ka hare ho rōna bakeng sa ho fana ka liqeto boitšoarong ba rōna, ho re nģosa kapa ho re emela. Leha ho le joalo, haeba re bonahatsa “nyeliso ea lekhotla” letsoalong la rōna, le tla cha ’me le khaotse ho sebetsa.
Bo-rasaense ba Bona Liphiri tse ka Hlalosoang ke Molimo Feela
Ho hong ho thahasellisang haholo ke ’nete ea hore ha saense e ntse e ithuta ho eketsehileng ka lefatše le bokahohle, bo-rasaense ba bang ba sekamela khopolong ea hore e tlameha ebe sena sohle se entsoe ke ea bohlale ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, ba hanyetsa khopolo ea ho amohela Molimo le Bibele.
Bukeng ea hae The Symbiotic Universe, setsebi sa saense ea bolepi ba linaleli George Greenstein se ile sa etsa qeto ea “ho hlalosa ka lintlha tse hlakileng se ka bonahalang feela e le tatellano e hlollang ea likotsi tse makatsang le tse sa lebelloang tse ileng tsa betla tsela bakeng sa ho hlaha ha bophelo. Ho na le lethathamo la liketsahalo tseo ho bonahalang eka li etsahetse ka tsietsi, tseo kaofela ha tsona e leng tse hlokahalang hore re be teng.” Greenstein o ile a re lethathamo leo le ntse le eketseha, e ke ke eaba liketsahalo tseo tse bonahalang eka li etsahetse ka tsietsi li hlahile ka kotsi, ’me khopolo ea hore kofuto e ’ngoe e phahametseng motho ke eona e sebetsang e ntse e hōla. O ile a ipotsa: “Na ho ka etsahala hore ka tšohanyetso, re sa ikemisetsa, re thulane le bopaki ba saense bo pakang ho ba teng ha Boleng bo Phahameng? Na ebe ke Molimo o ileng oa kenella ’me oa etsa bokahohle ka tsela e bohlale molemong oa rōna?” O ile a ikutloa a e-na le “boikutlo bo matla bo nyatsang” khopolo e joalo eaba o se a hatella taba ka maikutlo a hae feela ka ho re: “Molimo hase eona tlhaloso.” Leha ho le joalo, lethathamo le ntseng le eketseha la “liketsahalo tseo ho bonahalang eka li etsahetse feela ka tsietsi” le ile la mo qobella ho botsa lipotso tseo.
Bukeng ea sona The Intelligent Universe, setsebi se seng sa saense ea bolepi ba linaleli, Fred Hoyle ea ileng a hapa khau ea Nobel, se ile sa hlalosa liketsahalo tsona tseo tse bonahalang eka li etsahetse ka tsietsi tse neng li tšoenya Greenstein tse bonahalang e le sephiri: “Ho bonahala litšobotsi tse joalo li fohla lefatše la tlhaho joaloka tšoele ea likotsi tse thabisang. Empa liketsahalo tsena tse makatsang tse bonahalang eka li etsahetse ka tsietsi tse hlokahalang bakeng sa bophelo li ngata haholo hoo ho bonahalang ho hlokahala hore ho fanoe ka tlhaloso e itseng bakeng sa tsona.” Hoyle le eena o lumellana le Greenstein ka hore e ke ke eaba li etsahetse ka kotsi. Ka baka leo, Hoyle o re, ‘tšimoloho ea bokahohle e hloka hore bohlale bo be teng,’ ‘bohlale bo phahameng haholoanyane,’ ‘bohlale bo bileng teng pele ho rōna bo ileng ba lebisoa ketsong e reriloeng ea pōpo ea lintho tse hlokahalang bakeng sa bophelo.’
Einstein o ile a bua ka Molimo empa o ne a sa bue ka oona ka khopolo ea bolumeli bo tloaelehileng. Khopolo ea hae ka Molimo e ne e le e mabapi le “moea o phahameng ka tsela e ke keng ea lekanngoa” oo a neng a bona o senoloa pōpong. Tabeng eo a ileng a e ngola e reng “Einstein e Mong,” Timothy Ferris o ile a qotsa mantsoe a Einstein a latelang: “Seo ke se bonang pōpong ke kaheho e babatsehang eo re ka e utloisisang ka tsela e sa phethahalang feela, le e tlamehang ho tlatsa motho ea nahanang boikutlo ba ‘boikokobetso.’ Bona ke boikutlo boo e hlileng e leng ba bolumeli boo ho seng moo bo amanang teng le bolumeli ba mehlolo. . . . Ho ba molumeli ha ka ho tlisoa ke ho tsota ka boikokobetso moea o phahameng ka tsela e ke keng ea lekanngoa o iponahatsang ho se senyenyane seo rōna, ka kutloisiso ea rōna e fokolang esita le ea nakoana, re ka se utloisisang mabapi le boemo ba sebele ba lintho. . . . Ke batla ho tseba hore na Molimo o bōpile lefatše lena joang. Ke batla ho tseba mehopolo ea oona, tse ling kaofela ke makolopetso.”
Hoba a hlalose tse ling tsa liphiri tsa bokahohle tse ke keng tsa utloisisoa, Guy Murchie, oa hlalosa bukeng ea hae The Seven Mysteries of Life: “Ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha litsebi tsa kajeno tsa physics, tse ’nileng tsa etella pele tsebong ea se sa tsejoeng mohlomong ka tsela e tebileng ho feta bo-rasaense leha e le bafe ba bang ba makholong a moraonyana tjena a lilemo, e le tsona tse etelletseng bo-mphato ba tsona pele ho amoheleng sephiri seo se akarelletsang tsohle sa bokahohle seo ka tloaelo se bitsoang Molimo.”
Batla Molimo, Ithuise Molemo, Phela ka ho sa Feleng
Motho oa phopholetsa. Seo a se phopholetsang ke Molimo. Ba bang ba ne ba etsa sona sena mehleng ea Pauluse. O ile a re: “E le hore [ba] batle Molimo, haeba [ba] ka mo phōphōletsa, [ba] mo fumana, le hoja ruri a se hōle le e mong le e mong oa rōna.” (Liketso 17:27, BPN) Ha ho phoofolo e phopholetsang Molimo. Ha ho le e ’ngoe e nang le khopolo leha e le efe ka Molimo. Motho eena o na le khopolo e joalo, o entsoe ka ho tšoana le Molimo, ’me ho na le lekhalo le ke keng la koaleha le mo arolang esita le ho phoofolo e boemong bo tsoetseng pele haholo. ’Me joalokaha temana ena e re bolella, Molimo ‘ha o hōle le e mong le e mong oa rōna.’
Re bona bopaki ba ho ba teng ha oona ho sohle se re potolohileng bo bonahatsoang linthong tseo o li bōpileng, joalokaha Ba-Roma 1:20 e re: “Hobane tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa, ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona, e le hore ba tle ba hloke meitatolo.” Ha bo-rasaense ba ntse ba bona liketsahalo tse eketsehileng tseo ho bonahalang eka li etsahetse ka tsietsi tse ke keng tsa hlalosoa hammoho le lintho tse rarahaneng ’me ba nahanisisa ka meeka e hlollang e teng bokahohleng, mohlomong ba eketsehileng har’a bona ba tla elelloa Bohlale bo Phahameng ka ho fetisisa bo entseng lintho tse joalo ’me ba hlokomele ’Mōpi oa bona, Jehova Molimo.
Lefatše hammoho le lintho tsohle tse tletseng ho lona ke tsa Jehova. O behela ba tla phela ho lona litekanyetso. O fane ka litekanyetso tsa ’nete tsa boitšoaro e le lintlha tse tataisang bakeng sa ho fumana thabo le bophelo. O boetse o file batho boikhethelo. Ha baa tlameha ho mo utloa. Ba ka jala seo ba ratang ho se jala, empa neng-neng ba tla boela ba kotule seo ba se jalang. Molimo ha o songoe. Ha oa fana ka litekanyetso tsa ’nete tsa boitšoaro molemong oa oona, empa molemong oa bafo ba oona ba lefatšeng. Esaia 48:17, 18 e bolela sona seo: “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona. Oho! hoja u ka lemoha litaelo tsa ka! khotso ea hao e ka ’na ea phalla joale ka nōka; ho loka ha hao ho ka tlala joale ka maqhubu a leoatle.”
Ka ho utloa boipiletso ba Jehova bo tiileng, ka nako eo lichaba tsohle li tla tsamaea ka tsela eo li lokelang ho tsamaea ka eona ’me li tla ela hloko litaelo tsa ’Mōpi oa tsona. Bohle ba tla ithuisa molemo ka khotso e joaloka nōka le ho loka ho joaloka maqhubu a leoatle. Bohle ba tla sebelisa litekanyetso tsa boitšoaro tseo e leng lefa ’me ba ke ke ba hlola ba hlokofatsoa ke ho hlepha ha boitšoaro. Sena sohle se tla etsahala neng? Haufinyane, ha ho arabeloa thapelo e reng: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:10.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ho itsamaisa ka ho hula metsi le ho a ntša ka matla
Ho tlosa letsoai ’meleng
Ho etsa pampiri
Ho elelloa boteng ba lintho tse hōle ka maqhubu a molumo