Mekhoa e metle e tšoana le sesupa-tsela ka hore e ka thusa ngoana oa hao ho tseba tsela e nepahetseng
BAKENG SA BATSOALI
7 Mekhoa E Metle
E BOLELA’NG?
Mohlomong ho na le lintho tse ntle tseo u le motsoali u tloaetseng ho li etsa. Mohlala, e ka ’na eaba u sebetsa ka thata hore u tšepahale ka linako tsohle ’me u ka rata hore bana ba hao ba u etsise.
Ho tloha ba sa le banyane u lokela ho ba ruta hore ba sebetse ka thata, ba se ke ba ba leeme le hore ba nahanele batho ba bang.
MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.
KE HOBANE’NG HA E LE BOHLOKOA?
Mehleng ena ho thata ho ba le mekhoa e metle. ’Mè e mong ea bitsoang Karyn o re: “Ho se ho le bonolo ho shebella lintho tse fosahetseng lifonong. Re tla be re lutse le bana ba rona re sa tsebe hore ba ntse ba li shebeletse lifonong tsa bona.”
MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: ‘Batho ba hōlileng . . . matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoe ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’—Baheberu 5:14.
Ke hantle ho tsotella batho ba bang. Mehleng ena kaha batho ba se ba rata lifono ho feta batho, ha ba sa tsotella batho ba bang. Empa u ka ruta ngoana oa hao ho tsotella batho le hore a tloaele ho bua lintho tse kang “kea kopa” le “kea leboha.”
MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.”—Luka 6:31.
U KA ETSA’NG?
Hlalosetsa bana ntho e ntle le e mpe. Mohlala, ho fumanehile hore haeba bacha ba hlaloselitsoe hantle hore thobalano pele ho lenyalo e fosahetse, ho ka ba bonolo hore ba e qobe.
KELETSO: Ha u batla ho bua le ngoana oa hao ka mekhoa e metle, u ka etsa mohlala ka ntho e sa tsoa etsahala. Mohlala, haeba litabeng ho buuoa ka tlolo ea molao, u ka re: “Oa tseba batho ba etsa lintho tse tšosang. U nahana hore ke hobane’ng ha ba li etsa?”
“Haeba bana ba sa tsebe hore na ntho e ntle le e mpe ke efe, ba tla thatafalloa ho ba le mekhoa e metle.”—Brandon.
Ruta bana ho nahanela batho ba bang. U ka ruta bana ba hao ho tloha ba sa le banyane hore ba re “kea kopa” le “kea leboha” le hore ba tsotelle batho ba bang. Buka e bitsoang Parenting Without Borders e re: “Ha bana ba rutoa ho nahanela batho, ho tla ba bonolo hore ba etsetse batho ba bang lintho tse molemo, ba sa ichebe bobona feela.”
KELETSO: Tsela e ’ngoe eo u ka thusang bana ba hao ho ithuta ho nahanela batho ba bang ke ka hore u ba fe mosebetsi oa lapeng.
“Ha bana ba tloaela ho etsa mosebetsi oa lapeng, leha ba se ba le baholo ba ke ke ba e-ba le bothata hobane ba tla be ba se ba o tloaetse.”—Tara.