Ho Hoholoa ke Melao ea Boitšoaro e Feto-fetohang
PALE e ’ngoe e tummeng e re rafilosofi e mong ea neng a lula Athene lekholong la bone la lilemo B.C.E., o ile a tsamaea a tšoere lebone la khalase motšehare oa lengeta, a ikemiselitse ka hohle ho batla motho ea hloekileng boitšoarong, empa a se ke a mo fumana. Lebitso la hae e ne e le Diogenes.
Ho ke ke ha tiisoa hore na pale ena ke ea ’nete kapa che. Empa haeba kajeno Diogenes o ne a ntse a phela, ha ho tikatiko hore o ne a tla sokola le ho feta ho fumana batho ba itšoereng hantle. Ho bonahala batho ba bangata ba sa lumele hore batho ba lokela ho latela melao leha e le efe ea boitšoaro. Nako le nako mecha ea litaba e bua ka mahlabisa-lihlong a etsahalang—ebang ke bophelong ba motho ka mong, ’musong, mesebetsing, lipapaling, likhoebong le likarolong tse ling. Melao e mengata ea boitšoaro eo meloko e fetileng e neng e e nka e le ea bohlokoa ha e sa hlomphuoa ho hang. Melao ea boitšoaro e tloaelehileng e hlahlojoa bocha ’me hangata e qheleloa ka thōko. Melao e meng ea boitšoaro e hlomphuoa ka molomo feela empa e latoloa ka liketso.
Setsebi sa likamano tsa batho bolumeling Alan Wolfe se re: “Mehla e fetile ea ha melao ea boitšoaro e ne e amoheloa ke batho ba bangata.” O ile a boela a re: “Historing ha ho mohla maikutlo a hore batho ba ke ke ba itšetleha ka lineano le melao e ba tataisang boitšoarong a kileng a ata hakana.” Ha Los Angeles Times e bua ka lilemo tse fetileng tse 100 e ile ea tšohla seo rafilosofi ea bitsoang Jonathan Glover a ileng a se hlokomela, e leng hore ho felloa ke matla ha bolumeli le melao e akaretsang ea boitšoaro ho phethile karolo e khōlō tabeng ea hore ebe lefatše lohle le tetebetse pefong.
Leha ho le joalo, hore ebe ho na le pherekano mabapi le melao ea boitšoaro e amoheloang ke batho ba bangata, ha hoa thibela batho ba bang ho batla melao ea boitšoaro e nepahetseng. Lilemong tse seng kae tse fetileng, Federico Mayor, e leng motsamaisi-kakaretso oa mehleng oa UNESCO, o ile a re “ho feta leha e le neng pele, lefatše le amehile haholo ka melao ea boitšoaro.” Empa taba ea hore lefatše le hlōlehile ho phela ka melao e nepahetseng ea boitšoaro ha ho bolele hore ha ho na melao ea boitšoaro e lokileng eo batho ba ka phelang ka eona le eo ba lokelang ho phela ka eona.
Leha ho le joalo, na batho bohle ba ka lumellana tabeng ea hore na ba lokela ho phela ka melao efe ea boitšoaro? Ho hlakile hore seo se ke ke sa etsahala. Haeba ho se na melao eo ho lumellanoeng ka eona ea se nepahetseng le se fosahetseng, motho a ka hlahloba joang hore na melao leha e le efe ea boitšoaro e nepahetse kapa che? Kajeno ho atile boikutlo ba hore melao ea boitšoaro e itšetlehile ka maikutlo a motho ka mong. Empa ho hlakile hore boikutlo bona ruri ha boa ntlafatsa boitšoaro ba batho ka kakaretso.
Rahistori oa Lebrithani ea bitsoang Paul Johnson o lumela ka tieo hore filosofi ena ea hore melao ea boitšoaro e itšetlehile ka maikutlo a motho ka mong e entse hore batho ba “khelle fatše . . . boikarabelo bo boholo boo batho ba nang le bona le tšoanelo ea bona ea ho khomarela melao ea boitšoaro e tsitsitseng le e nepahetseng” e neng e bonahala e sebetsa ka matla pele lekholo la bo20 la lilemo le qala.
Joale, na hoa khoneha hore re fumane ‘melao ea boitšoaro e nepahetseng’ kapa ho phela ka “melao e akaretsang ea boitšoaro”? Na ho na le mohloli o tšepahalang o ka fanang ka melao ea boitšoaro e sa siuoeng ke nako, e sa fetoheng e ka etsang hore re tsitse haholoanyane bophelong ’me re be le tšepo ea bokamoso? Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tsena.