Ho Tšehetsoa ke Melao ea Boitšoaro e sa Siuoeng ke Nako
LICHABA tsohle li phela ka melao e itseng ea boitšoaro. Na ha u lumele hore litšobotsi tse kang botšepehi, mosa, kutloelo-bohloko le ho hloka boithati ke litšobotsi tse ratoang ke batho lefatšeng ka bophara le tse ipiletsang ho batho ba bangata?
Melao ea Boitšoaro ea Mang?
Lekholong la pele la lilemo C.E., monna e mong oa serutehi ea neng a bitsoa Saule o ne a lula har’a batho ba litso tse tharo tse hlaheletseng tse neng li e-na le melao ea tsona ea boitšoaro—Bajuda, Bagerike le Baroma. Ho phaella meetlong le melaong e rarahaneng eo litso tsena li neng li re e lateloe, Saule o ile a elelloa hore batho ka kakaretso ba tataisoa ke boikutlo ba bona ba tlhaho litabeng tsa boitšoaro. Boikutlo boo ke letsoalo la rōna. Ka mor’a hore Saule e be Mokreste ’me a bitsoe moapostola Pauluse, o ile a ngola tjena: “Neng kapa neng ha batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho [“ho ea ka tšekamelo ea tlhaho,” ho latela The New Testament in Modern Speech] lintho tsa molao, batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ka bobona. Ke bona ba bontšang hore boitsebiso ba molao bo ngotsoe ka lipelong tsa bona, ha matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me, menahanong ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.”—Baroma 2:14, 15.
Leha ho le joalo, na ho lekane hore re tataisoe ke “tšekamelo ea tlhaho” feela ha re leka ho etsa qeto ea se nepahetseng le se fosahetseng? Joalokaha e ka ’na eaba u hlokometse, historing ea moloko oa batho ho bile le batho le lihlopha tse ngata tse ’nileng tsa hlōleha ka makhetlo-khetlo. Sena se kholisitse batho ba bangata hore re hloka tataiso e tsoang mohloling o phahameng e le hore o etse melao ea boitšoaro e metlehali eo re ka phelang ka eona. Ba bangata baa lumela hore ke Moetsi oa moloko oa batho ea tšoanelehang ka ho fetisisa hore a ka fana ka melao e joalo e sa siuoeng ke nako. Bukeng ea hae e bitsoang The Undiscovered Self, Dr. Carl Jung o ile a re: “Motho ea sa tšehetsoeng ke Molimo a ke ke a hlōla litakatso tsa nama kapa tsa boitšoaro tsa lefatše lena ka matla a hae.”
Qeto eo e tsamaisana le seo moprofeta oa mehleng ea boholo-holo a ileng a se ngola ha a re: “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) ’Mōpi oa rōna o re: “Ke u ruta se molemong oa hao, ’me ke u tsamaisa tseleng e nepahetseng.”—Esaia 48:17, Contemporary English Version.
Mohloli oa Sebele oa Melao e Tšepahalang ea Boitšoaro
Mantsoe a qotsitsoeng ka holimo a hlaha bukeng ea melao ea boitšoaro e abuoang haholo—e leng Mangolo a Halalelang. Lefatšeng ka bophara, batho ba limilione esita le batho bao e seng Bakreste le ba sa rateng bolumeli, ba ’nile ba batla kutloisiso le bohlale ka Mangolong. Seroki se seng sa Lejeremane se bitsoang Wolfgang von Goethe se ile sa ngola tjena: “Ha e le ’na, ke rata [Bibele] ebile kea e hlompha, hobane ke eona e nthusitseng hore ke ntlafatse boitšoaro ba ka.” Ho tlalehoa hore moeta-pele oa Mohindu ea bitsoang Mohandas Gandhi o ile a re: “Ka hohle-hohle noang ka ho feletseng lilibeng tseo le li fuoeng Thutong ea Thabeng [karolo ea lithuto tsa Jesu Kreste tse fumanoang ka Bibeleng] . . . Hobane se rutoang ke Thuto eo se ne se reretsoe e mong le e mong oa rōna.”
Moapostola Pauluse eo mantsoe a hae a qotsitsoeng ka holimo, o ile a totobatsa hore na Mangolo a Halalelang a phetha karolo ea bohlokoa hakae tabeng ea ho fana ka melao ea boitšoaro e ka tšeptjoang ha a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta.” (2 Timothea 3:16) Na ehlile ho joalo?
Re kōpa hore u inoese ka nkho. Hlahloba melao-motheo e thathamisitsoeng leqepheng le latelang. Ela hloko hore na e na le melemo efe. Nahanisisa kamoo mehopolo e akarelitsoeng lithutong tsena e nang le matla a ho ntlafatsa bophelo ba hao kateng le likamano tsa hao le batho ba bang.
Na U Tla Rua Molemo?
Melao-motheo e thathamisitsoeng ka holimo ke mehlala e seng mekae feela ea likeletso tse molemo tse ka Mangolong a Halalelang. Ntle ho tsona, Lentsoe la Molimo le na le litemoso tse ngata tse khalemelang menahano e kotsi, lipuo le liketso tse mpe tse ka senyang bophelo ba rōna.—Liproverbia 6:16-19.
Ka sebele lithuto tsa Bibele li fana ka ntho e ’ngoe eo ho hang moloko oa batho ka kakaretso o se nang eona—e leng keletso e thusang batho ho etsa melao ea boitšoaro e molemohali. Ba lumelang lithuto tsena ’me ba phela ka tsona ba etsa liphetoho tse khōlō. Tsela eo ba nahanang ka eona ea ntlafala. (Baefese 4:23, 24) Ba etsa lintho ka sepheo se molemo. Ho ithuta melao ea Molimo ea boitšoaro e ka Bibeleng ho thusitse batho ba bangata ho ntša khethollo ea morabe, leeme le lehloeo lipelong tsa bona. (Baheberu 4:12) Melao ea boitšoaro e khothalletsoang ke Mangolo e susumelitse batho hore ba tlohele mefuta eohle ea pefo le bokhopo ’me e ntlafalitse botho ba bona haholo.
Ruri melao ea boitšoaro ea Bibele e thusitse batho ba limilione ho tlohela mekhoa le litloaelo tse joalo tse tebileng tse sentseng bophelo ba batho ba bang. (1 Bakorinthe 6:9-11) Lithuto tsa Bibele li ’nile tsa fetola batho ba mofuta oo—eseng mekhoa ea bona feela empa le lipelo tsa bona, tšepo ea bona le malapa a bona. Ho sa tsotellehe hore na lefatše le senyeha hakae, lefatšeng ka bophara batho ba ntse ba ntlafatsa bophelo ba bona. ’Me sena se ke ke sa khaotsa. “Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne; empa ha e le lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Esaia 40:8.
Leha ho le joalo, na uena u tla rua molemo ‘lentsoeng la Molimo oa rōna’? Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u bontša tsela ea ho phela ka melao ea boitšoaro e ka Bibeleng e tla u tsoela molemo. Ho phela ka melao ena ea boitšoaro ho tla etsa hore u fumane mohau oa Molimo hona joale ’me u phele nako e telele u tataisoa ke melao-motheo ea Molimo e sa siuoeng ke nako.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]
Melao-motheo E Sa Siuoeng Ke Nako
Tsela ea ho tšoara batho ba bang. “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona; ha e le hantle, sena ke se boleloang ke Molao le Baprofeta.”—Matheu 7:12.
Rata moahelani oa hao. “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:39) “Lerato ha le hlahisetse moahelani oa motho bobe; ka hona lerato ke phethahatso ea molao.”—Baroma 13:10.
Hlompha batho ba bang. “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.”—Baroma 12:10.
Phehella khotso. “Le boloke khotso mahareng a lōna.” (Mareka 9:50) “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” (Baroma 12:18) “A re phehelleng lintho tse tlisang khotso.”—Baroma 14:19.
Tšoarela batho ba bang. “U re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna.” (Matheu 6:12) “Le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi.”—Baefese 4:32.
Tšepahala. “Tšepahalla mosali oa hao ’me e be eena feela eo u mo bontšang lerato. . . . Thaba le mosali oa hao ’me u thabele kharebe eo u e nyetseng . . . E se eka botle ba hae bo ka u thabisa; e se eka a ka u likaliketsa ka lerato la hae. . . . Ke hobane’ng ha u ka bontša mosali e mong lerato la hao? Ke hobane’ng ha u ka khahloa ke botle ba mosali oa monna e mong?” (Liproverbia 5:15-20, Today’s English Version) “Motho ea tšepahalang ho se senyenyane o tšepahala le ho se seholo, ’me motho ea sa lokang ho se senyenyane ha aa loka le ho se seholo.” (Luka 16:10) “Se batloang ho batsamaisi ke hore motho a fumanoe a tšepahala.” (1 Bakorinthe 4:2) “Na nka ba ea hloekileng boitšoarong ka sekala se khopo le ka mokotla oa majoe a ho bekha a thetsang?” (Mikea 6:11) “Re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.
E-ba motho ea buang ’nete, ea hlokang leeme. “Hloeang se sebe, le rate se molemo, ’me le fe toka sebaka hekeng.” (Amose 5:15) “Bolellanang ’nete. Le etse kahlolo ea lōna lihekeng tsa lōna ka ’nete le ka kahlolo ea khotso.” (Zakaria 8:16) “Kaha joale le lahlile leshano, e mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.”—Baefese 4:25.
E-ba mahlahahlaha, u ikitlaetse. “Na u bone motho ea nang le tsebo mosebetsing oa hae? O tla ema ka pel’a marena.” (Liproverbia 22:29) “Le se ke la ba botsoa mosebetsing oa lōna.” (Baroma 12:11) “Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova, eseng batho.”—Bakolose 3:23.
E-ba bonolo, u be le qenehelo, u be mosa. “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”—Bakolose 3:12.
Hlōla bobe ka botle. “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Matheu 5:44) “U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.”—Baroma 12:21.
Fa Molimo se molemohali. “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele.”—Matheu 22:37, 38.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ho phela ka melao ea boitšoaro ea Bibele ho ka etsa hore re atlehe manyalong, re be le kamano e ntle le litho tsa malapa a rōna le botsoalle bo khotsofatsang