Selemo ‘Naheng e Ntle’
KA 1908 ho ile ha sibolloa ntho e ’ngoe e thahasellisang sebakeng seo e neng e le motse oa Gezere oa mehleng ea Bibele, o thoteng e lebōpong la leoatle ka bophirimela ho Jerusalema: e leng letlapa le lenyenyane la mokoetla, leo ho lumeloang hore ke la lekholong la leshome la lilemo B.C.E. Ho lona ho ile ha fumanoa seo ho nahanoang hore ke almanaka e nolofalitsoeng ea linako tsa temo, e bontšang mesebetsi e fapa-fapaneng e etsoang ka linako tseo, ’me eona e ne e ngotsoe ka mongolo oa Seheberu sa mehleng ea boholo-holo. Letlapa lena le ile la qetella le bitsoa Almanaka ea Gezere.
Letlapa leo le na le lebitso la Abija. Le hoja e se baepolli bohle ba lintho tsa khale ba lumellanang ntlheng ena, ba bangata ba lumela hore ona e ne e le mosebetsi oa moshanyana oa sekolo o ngotsoeng ka tsela ea thothokiso.a Na u ka rata ho utloisisa hore na moshanyana oa mehleng eo ea boholo-holo o ne a talima linako tsa selemo tsa Naha e Tšepisitsoeng joang? Ho etsa joalo ho ka ’na ha u hopotsa liketsahalo tse ling tsa Bibele.
Likhoeli Tse Peli Tsa ho Bokella
Mongoli oa almanaka ena ea mehleng ea boholo-holo o qalile ka nako e tloaelehileng ea ho bokella. Le hoja e behiloe ka holimo lethathamong lena, u ka utloisisa lebaka leo ka lona Baiseraele ba neng ba nka nako ea ho bokella e le sehlohlolo, kapa qetello ea mosebetsi o moholo oa nako ea temo. Khoeli ea Ethanime (eo hamorao e ileng ea bitsoa Tishri) e tsamaisana le September/October almanakeng ea rōna ea kajeno. Kaha nakong ena boholo ba mosebetsi oa kotulo bo isitsoe ka ’moho, ke nako ea nyakallo e khōlō eo ho neng ho ka etsahala hore ebe Abija ea sa ntseng a le monyenyane o ne a kopanela ho eona. Ak’u inahanele hore na o ne a thaba hakaakang ha a ntse a thusa ntate oa hae ho etsa lephephe leo ba neng ba tla lula ho lona beke kaofela ha ka thabo ba ntse ba leboha Jehova ka litholoana tsa masimo a bona!—Deuteronoma 16:13-15.
Hoo e ka bang ka nako ena, mehloaare e ne e batla e butsoitse hoo lelapa labo Abija le neng le ka e kotula ka ho hlohlora makala a sefate, e leng mosebetsi o neng o ka ’na oa e-ba boima haholo ho Abija ea sa ntseng a le monyenyane empa a thabela ho o shebella. (Deuteronoma 24:20) Joale lelapa le ne le thonaka mehloaare ebe le e isa leloaleng le haufinyane la lejoe e le ho ea etsa oli. Kapa mohlomong le ne le ka fumana oli ka tsela e ’ngoe e bonolo ho feta eo—ea ho kenya mehloaare e potsoeng kapa e petsotsoeng ka metsing ebe le okola oli leha e le efe e phaphametseng ka holimo. Ho sa tsotellehe mokhoa o neng o sebelisoa, mokelikeli ona oa bohlokoa o ne o sa sebelisoe lijong feela. O ne o boetse o sebelisetsoa ho bonesa mabone le ho tlotsa matetetso le maqeba ao moshanyana ea kang Abija a neng a ka ba le ’ona ha a ntse a bapala.
Likhoeli Tse Peli Tsa ho Jala
Ha lipula tsa pele li ne li qala ho na, e ka ’na eaba Abija o ne a thaba ha mafafatsane a pholileng a mo kolobisa. Mohlomong ntat’ae o ne a ile a mo bolella hore na pula ke ea bohlokoa hakae naheng. (Deuteronoma 11:14) Mobu o bataotsoeng ke letsatsi ka likhoeli-khoeli, o ne o tla be o le bonojoana e le hore o lokele temo. Molemi oa mehleng ea boholo-holo o ne a tšoara mohoma oa lehong ka tsebo, mohlomong e le oa sekara sa tšepe o huloang ke phoofolo. Sepheo sa hae e ne e le ho etsa tema e otlolohileng. Mobu e ne e le ntho ea bohlokoa, kahoo lihoai tsa Baiseraele li ne li bile li lema liratsoaneng le methipoloheng. Mohlomong li ne li tlameha ho sebelisa mehoma ea letsoho methipoloheng.
Hang ha mobu o bonolo o lenngoe, ho ne ho ka jaloa koro le harese. Ho thahasellisang ke hore ntlha e latelang lethathamong lena la Almanaka ea Gezere, ke likhoeli tse peli tsa ho lema. Mojali o ne a ka phuthela peō lemenong la seaparo ebe o e jala ka ho e hasa ka letsoho.
Likhoeli Tse Peli Tsa ho Jala Peō ea Morao
‘Naha ena e ntle’ e ne e beha lijo mocha-o-chele. (Deuteronoma 3:25) Khoeling ea December, ho ne ho e-na lipula tsa litloebelele ’me naha e ne e e-ba talana. E ne e le nako ea ho jala lijo-thollo tsa morao tse kang lierekisi tsa mefuta e sa tšoaneng, hammoho le meroho e meng. (Amose 7:1, 2) Letlapeng leo, Abija o ile a re ke “makhulo a nako ea selemo,” kapa ho ea ka phetolelo e ’ngoe, “temo ea peō ea morao,” e leng nako ea lijo tse hlabosang tsa meroho e mengata.
Ha ho qala ho futhumala, sefate sa almonde, e leng letšoao la nako ea selemo, se qala ho ba le lithunthung tse tšoeu le tse pinki. Se qala ho thunya khoeling ea January ha ho batla ho futhumala.—Jeremia 1:11, 12.
Khoeli e le ’Ngoe ea ho Kotula Folaxe
Ho tloha moo Abija o ile a bua ka folaxe. Sena se ka ’na sa u hopotsa se etsahetseng ka bochabela ho maralla a Judea makholo a lilemo pele ho mehla ea Abija. Motseng oa Jeriko, Rahaba o ile a pata lihloela tse peli ‘har’a mahlaka a folaxe a neng a kolokisitsoe’ a anehiloe ka ntle hore a omele marulelong a ntlo ea hae. (Joshua 2:6) Folaxe e ne e le ea bohlokoa bophelong ba Baiseraele. E le hore ho ntšoe likhole tsa folaxe, e ne e lokela ho bola pele. E ne e tla bola butle ha e ntse e kolobisoa ke phoka kapa e bole ka potlako haeba e behoa ka letamong kapa molapong. Hang ha likhole tsa folaxe li ntšitsoe, ho ne ho etsoa line ka tsona, eo joale e neng e ka sebelisetsoa ho etsa liseile, litente le liaparo. Folaxe e ne e boetse e sebelisetsoa ho etsa likhole tsa mabone.
Ba bang ha ba lumele hore folaxe e ne e lengoa Gezere, moo metsi a neng a batla a fumaneha ka thata. Ba bang ba re folaxe e ne e lengoa ho elella bofelong ba selemo feela. Ke ka lebaka leo ba bang ba lumelang hore Almanakeng ea Gezere, lentsoe “folaxe” le na le moelelo oa “joang” bo feptjoang liphoofolo.
Khoeli e le ’Ngoe ea ho Kotula Harese
Selemo le selemo, ka mor’a khoeli ea ho kotula folaxe, Abija o ne a bona liqoapi tse tala tsa harese, e leng semela se latelang seo a buang ka sona almanakeng ea hae. Ka Seheberu khoeli eo ke Abibe, e bolelang “Liqoapi Tse Tala,” e leng seo e ka ’nang eaba se bolela nako eo ka eona liqoapi li butsoitseng empa li sa le bonojoana. Jehova o ile a laela a re: “Ho bolokoe khoeli ea Abibe, ’me u etsetse Jehova . . . mokete oa paseka.” (Deuteronoma 16:1) Abibe (eo hamorao e ileng ea bitsoa Nisane) e tsamaisana le likarolo tse itseng tsa khoeli ea March le ea April. E ka ’na eaba nako ea ho butsoa ha harese e ne e le ea bohlokoa tabeng ea hore ho hlokomeloe hore na khoeli ena e thoasa neng. Esita le kajeno, Bajuda ba Makaraite ba ntse ba sebelisa nako ena ea ho butsoa ha harese e le hore ba tsebe hore na selemo se secha se thoasa neng. Ha re khutlela tabeng ea rōna, harese e kotutsoeng pele, e ne e lokela ho tsokoa ka pel’a Jehova ka la 16 khoeling ea Abibe.—Levitike 23:10, 11.
Harese e ne e le sejo sa bohlokoa haholo bophelong ba letsatsi le letsatsi ba Baiseraele ba bangata. Kaha theko ea harese e ne e le ka tlaase ho ea koro, hangata mafutsana ka ho khetheha a ne a rata ho etsa bohobe ka eona.—Ezekiele 4:12.
Khoeli e le ’Ngoe ea ho Kotula le ho Metha
Haeba u nahana ka mehla ea Abija, u ka ’na ua hakanya hore mohlomong hoseng ho hong o ile a bona maru a teteaneng a apoha—’me pula e sa ne ka nako e itseng. Joale, limela li ne li nosetsoa ke phoka naheng e ntle. (Genese 27:28; Zakaria 8:12) Lihoai tsa Baiseraele li ne li elelloa hore mefuta e mengata ea lijalo tse neng li kotuloa likhoeling tsa ha letsatsi le chesa haholo, li ne li hloka meea e fokang hasesaane ho fihlela ka Pentekonta. Mohlomong moea o batang, o mongobo o tsoang ka leboea o ne o le molemo bakeng sa lijo-thollo tse ntseng li hōla, empa meea eo e ne e baka tšenyo ha e fihla lifateng tsa litholoana tse sa tsoa thunya. Moea o chesang, o ommeng o tsoang ka boroa o ne o thusa lithunthung hore li bulehe ’me li hase peō ea tsona.—Liproverbia 25:23; Sefela sa Lifela 4:16.
Jehova, Setsebi se Seholo sa boemo ba leholimo, ke eena ea neng a qapile kamano e ntlehali pakeng tsa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona. Mehleng ea Abija, ka sebele Iseraele e ne e le “naha ea koro le harese le lifate tsa morara le lifeiga le likharenate, naha ea oli ea mehloaare le mahe a linotši.” (Deuteronoma 8:8) E ka ’na eaba ntate-moholo oa Abija o ne a ee a mo phetele ka nala e khōlō e neng e le teng pusong ea Morena Solomone ea bohlale—e leng bopaki bo totobetseng ba tlhohonolofatso ea Jehova.—1 Marena 4:20.
Ha almanaka ena e qeta ho bua ka kotulo, e na le lentsoe leo ba bang ba lumelang hore le bolela “ho metha.” E ka ’na eaba le bolela ho metha lijo tse kotutsoeng e le ho fa beng ba masimo le basebetsi ba bona liabo tsa bona kapa esita le ho lefa lekhetho ka tsona. Leha ho le joalo, litsebi tse ling li nka hore lentsoe lena la Seheberu le bolela “ho keteka” ’me li nka hore mantsoe ao a bua ka Mokete oa Libeke, o neng o ba khoeling ea Sivane (May/June).—Exoda 34:22.
Likhoeli Tse Peli Tsa ho Kha Makhasi
Ho tloha moo Abija o ile a ngola ka likhoeli tse peli tsa ho hlokomela lifate tsa morara. Mohlomong o ne a thusa ha ho khuoa makhasi a mangata a lifate tsa morara a omeletseng e le hore morara o ka chabeloa ke letsatsi. (Esaia 18:5) Ka mor’a moo e ne e e-ba nako ea ho kotula morara, e leng nako e neng e le monate ho bacha ba mehleng eo. Monate oa morara oa pele o butsoitseng o ne o tsoa ka litsebe! Ho ka etsahala hore Abija o ne a ile a utloela ka lihloela tse 12 tseo Moshe a ileng a li romela Naheng e Tšepisitsoeng. Li ile tsa ea matsatsing a ha litholoana tsa pele tsa morara li butsoitse e le hore li bohe botle ba naha. Ketsahalong eo lesihla le le leng la morara le ne le le leholo hoo le neng le lokela ho nkoa ke banna ba babeli!—Numere 13:20, 23.
Khoeli e le ’Ngoe ea Litholoana Tsa Lehlabula
Ntlha ea ho qetela almanakeng ea Abija ke e mabapi le litholoana tsa lehlabula. Tikolohong ea Bochabela bo Hare ea mehleng ea boholo-holo, lehlabula e ne e le nako ea temo ha lihoai li ne li sebetsana le litholoana ka ho khetheha. Ka mor’a mehla ea Abija, Jehova o ile a sebelisa poleloana e reng “baskete ea litholoana tsa lehlabula” e le ho bontša hore ‘bofelo bo tlile ho batho ba hae ba Iseraele,’ a bapala ka mantsoe a Seheberu a bolelang “litholoana tsa lehlabula” le “bofelo.” (Amose 8:2) E tlameha ebe poleloana ena e ile ea hopotsa sechaba sa Iseraele se sa tšepahaleng hore se fihlile bofelong ba sona le hore kahlolo ea Jehova e fihlile. Ho ka etsahala hore ebe tse ling tsa litholoana tsa lehlabula tseo Abija a neng a bua ka tsona e ne e le lifeiga. Lifeiga tsa lehlabula li ne li ka ’na tsa khotloa eaba ho etsoa bohobe ka tsona kapa tsa sebelisoa e le moriana oa mathopa.—2 Marena 20:7.
Kamoo Almanaka ea Gezere e U Amang Kateng
Ho ka etsahala hore ebe Abija ea sa ntseng a le monyenyane o ne a tloaelane haholo le mesebetsi ea temo ea naheng ea habo. Mesebetsi e amanang le temo e ne e tloaelehile har’a Baiseraele ba mehleng eo. Esita le haeba ha u amehe hakaalo mesebetsing ea temo, seo ho buuoang ka sona letlapeng lena le tsoang Gezere se ka u thusa hore u hlakeloe ke ’malo oa hao oa Bibele, sa u thusa hore u o utloisise haholoanyane u be u bone kamoo o sebetsang kateng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha ho na tumellano e feletseng tabeng ea hore na lethathamo le Almanakeng ea Gezere le tšoana hakae le likhoeli tseo ka tloaelo li neng li sebelisoa ka Bibeleng. Ho feta moo, mesebetsi e itseng ea temo e ne e ka etsoa ka linako tse batlang li sa tšoane libakeng ka ho fapana tsa Naha e Tšepisitsoeng.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 11]
TSELA Eo ALMANAKA EA GEZERE E KA FETOLELOANG KA EONA:
“Likhoeli tsa kotulo ea morara le mohloaare; likhoeli tsa ho jala;
likhoeli tsa makhulo a selemo;
khoeli ea ho kotula folaxe;
khoeli ea ho kotula harese;
khoeli ea ho kotula koro le ho e metha;
likhoeli tsa ho faola lifate;
khoeli ea litholoana tsa lehlabula.”
[e na le lebitso:] Abijab
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Ho ea ka Textbook of Syrian Semitic Inscriptions, Volume 1, ea John C. L. Gibson, 1971.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Archaeological Museum of Istanbul
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 9]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
NISANE (ABIBE)
March—April
IYYARE (ZIVE)
April—May
SIVANE
May—June
TAMUZE
June—July
ABE
July—August
ELULE
August—September
TISHRI (ETHANIME)
September—October
HESHVANE (BULE)
October—November
KISLEVE
November—December
TEBETHE
December—January
SHEBATE
January—February
ADARE
February—March
VEADARE
March
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Farmer: Garo Nalbandian
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Sebaka seo ho epolloang ho sona Gezere
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© 2003 BiblePlaces.com
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Sefate sa almonde
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Folaxe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Dr. David Darom
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Harese
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. Department of Agriculture