Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 9/1 maq. 16-17
  • Na U Tla Ithuta ho Hong Linakong Tsa Selemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tla Ithuta ho Hong Linakong Tsa Selemo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • B15 K’halendara ea Seheberu
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Na U ne U Tseba?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Selemo ‘Naheng e Ntle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Thuto ea 2—Nako le Mangolo a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 9/1 maq. 16-17

Lintho Tse ka Bonoang Lefatšeng la Pallo

Na U Tla Ithuta ho Hong Linakong Tsa Selemo?

JEHOVA o kile a re: ‘Ha feela lefatše le sa ntse le le teng, nako ea ho jala le ea ho kotula, lehlabula le mariha, li ke ke tsa phetsa ho ba teng.’ (Genese 8:22, BPN) Kahoo o ile a hatisa linako tsa selemo tsa temo.

Ke’ng seo u se tsebang ka linako tsa selemo le kamano ea tsona le temo? Esita le haeba u phela motseng o moholo kapa ha u leme, u lokela ho ithuta ka linako tsa selemo tsa Iseraele le mesebetsi ea temo. Hobane’ng? Hobane ha u tseba haholoanyane ka linako tsena tsa selemo, u tla utloisisa Lentsoe la Molimo hamolemonyana.

Balemi ba lema mobu, ba jala peō, e be joale baa kotula ebile ba pola lijalo tsa bona. Empa ho utloisisa ka ho hlakileng haholoanyane seo Bibele e se bolelang, re lokela ho tseba ho eketsehileng, ho kopanyelletsa le nako eo mesebetsi eo e neng e etsoa ka eona. Nahana ka mohlala oa ho lema, ho kang hoo re ho bonang ho etsoa ka holimo mona sebakeng se entsoeng makorota seo e neng e le Judea ea boholo-holo.a U nahana hore setšoantšo sena se nkiloe khoeling efe? Ho tseba nako eo ho lengoang ka eona sebakeng sa heno ho ka ’na ha u lahla. Nako ea ho lema Karolong e ka Leboea ea Lefatše le Karolong e ka Boroa ea Lefatše ha e tšoane; e boetse e fapana ka bophahamo ba libaka le ho ea ka nako ea lipula.

Sena se ka ’na sa ama pono ea hao ka liketsahalo tsa Bibele. U ka ’na ua bala ka ho khetha ha Elia mohlahlami oa hae: “A fihlela Elisha, mor’a Shafathe, a lema ka joko tse leshome le metso e ’meli.” (1 Marena 19:19) U nahana hore seo se etsahetse khoeling efe, ’me e lokela e be sebaka seo se ne se shebahala joang? Hape ho Johanne 4:35, Jesu o itse: “Ana ha le re, khoeli li sa le ’ne, ’me etlaba e se e le kotulo? . . . Emisang mahlo a lōna, le talime masimo, hobane a se a soeufaletse ho kotuloa.” Le hoja a boletse nako ka ho toba, na ua utloisisa hore na nako eo ke efe?

Chate e fana ka kakaretso e ntle haholo ea linako tsa selemo le mesebetsi ea temo Lefatšeng la Pallo. Selika-likoe se ka ntle se fana ka likhoeli tsa almanaka e halalelang ea Bajode.b Ha u bapisa likhoeli tsena le likhoeli tsa rōna, u hlokomela ho kenellana ha tsona, joaloka Nisane (kapa, Abibe) e akarelletsang karolo e qetellang ea March ’me e kenella mathoasong a April. Lesakana le latelang le haufi le bohare ba selika-likoe le bontša nako eo lijalo li neng li butsoa ka eona, e leng ho u thusang ho hlokomela nako eo mesebetsi e itseng ea temo, e kang ho kotula le ho pola, e neng e etsoa ka eona. Bohare ba chate bo etsa hore u khone ho bapisa liphetoho tsa boemo ba leholimo nakong ea selemo.

Sebelisa chate ho tebisa kutloisiso le kananelo ea hao ea litlaleho tsa Bibele, tse kang mehlala e ’meli e seng e boletsoe.

Elisha o ne a kenelletse mosebetsing o moholo oa ho lema ha a ne a bitsetsoa ho ba moprofeta. E ka ’na eaba seo se beha nako eo ho Tishri (September-October), ha mocheso o moholo oa lehlabula o se o fetile. Lipula tsa pele li ne li se li qalile ho nolofatsa mobu, li etsa hore o khone ho lengoa, ho latele ho jala.

Empa Jesu o buile mantsoe a ho Johanne 4:35 neng? Kotulo e ne e etsoa likhoeli tse ’nè hamorao. Hlokomela hore kotulo ea harese e ne e qala ka Nisane (March-April), hoo e ka bang nakong ea Paseka. Bala likhoeli tse ’nè ho ea morao. Seo se u tlisa ho Kisleve (November-December). Lipula li ne li eketseha, ’me lipula tse matla le boemo ba leholimo bo batang haholoanyane li ne li sa ntsane li e-tla. Kahoo ka ho hlakileng Jesu o ne a bua ka kotulo ea tšoantšetso ha a ne a re: “Emisang mahlo a lōna, le talime masimo, hobane a se a soeufaletse ho kotuloa.”

Lipotso tse ling tse latelang ke tsena tse ka sebelisoang thutong ea hao ea botho kapa tse ka sebelisoang nakong ea thuto e khathollang ea lelapa la hao:

▪ Kotulo ea flax haufi le Jeriko e ne e etsoa khoeling ea Adare; kahoo, linnete tse ho Joshua 2:6 (NW) le 3:15 li tiisa ho nepahala ha Bibele joang.—Joshua 4:19; 5:11.

▪ Ho pola ho ne ho latela kotulo ea koro, kahoo tšepiso e ho Levitike 26:5 e hlalosa nala e khōlō joang?

▪ 2 Samuele 21:10 e bontša joang hore e ka ’na eaba Ritspa o ile a lula a lebetse bara ba hae ba babeli, bao ho ileng ha lumelloa hore ba bolaoe ho tlosa molato oa mali ho batho ba Molimo?

▪ Ke hobane’ng ha lialuma le pula tse boletsoeng ho 1 Samuele 12:17 li nkoa e le karabelo ea Molimo?—Liproverbia 26:1.

▪ Ruthe o ne a e-na le lebaka lefe la ho etsa qeto ea hore tšoaro eo Boaze a neng a mo tšoere ka eona e ne e se ketso ea nakoana feela?—Ruthe 1:22; 2:23.

Ke hobane’ng ha u sa behe chate ena haufinyane ha u etsa ’malo oa Bibele?

KISLEVE NISANE

25 Mokete oa Nehelo 14 Paseka

15-21 Mahobe a sa Lomosoang

16 Nyehelo ea lilopotsiea

IYYARE ADARE

14 Bofelong ba Paseka 14, 15 Purime

(Numere 9:10-13)

SIVANE TISHRI

6 Mokete oa Libeke 1 Ho lla ha terompeta

(Pentekonta) 10 Letsatsi la Lipheko

15-21 Mokete oa Metlotloane

22 Kopano e khethehileng

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona le 1990 Almanaka ea Lipaki tsa Jehova.

b Khoeli e ka thōko, kapa e kenngoang pakeng tsa likhoeli tse ling, (Veadare) e ne e eketsoa ka makhetlo a supileng nakong ea potoloho ea lilemo tse 19.

[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 17]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

NISANE (ABIBE)

March-April

Harese

IYYARE (ZIFE)

April-May

Koro

SIVANE

May-June

Lifeiga tsa Pele

TAMMUZE

June-July

Merara ea Pele

ABE

July-August

Litholoa- na tsa Lehlabula

ELULE

August-September

Litholoa- na tsa palema, Merara, Lifeiga

TISHRI (ETHANIME)

September-October

Ho lema

HESHVANE (BULE)

October-November

Mehloare

KISLEVE

November-December

Mehlape Mariha

TEBETHE

December-January

Lijalo lia Hōla

SHEBATE

January-February

Amanda ea Thunya

ADARE

February-March

Mefuta ea lilamunu

VEADARE

March

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]

Garo Nalbandian

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela