Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
JEHOVA ke Molimo o thabileng. (1 Timothea 1:11, NW) O batla hore ba mo sebeletsang le bona ba thabe. Ka baka leo, ha e mong oa bahlanka ba hae a tepelletse maikutlo, Jehova o tla mo thusa ho mamella bohloko ’me ka linako tse ling esita le ho mo thusa ho fumana hape moea o thabileng. Phihlelo e latelang e tsoang Uruguay e bontša sena.
Khaitseli o ne a letile kliniking Montevideo ho fumana sephetho sa tlhahlobo ea X-ray. Mosali ea neng a lutse pel’a hae o ne a tšohile haholo hore na ebe ngaka e ne e tla ’molella eng e le sephetho sa tlhahlobo eo a neng a fetile ho eona. Khaitseli o ile a ’molella hore haesale e e-ba Paki ea Jehova, ha a e-s’o ka a tšoha letho. Leha ho le joalo, mosali eo, a bolela hore o ne a sa rate Lipaki hobane li lebelletse hore batho ba be le litekanyetso tse phahameng haholo tsa bophelo.
Eaba khaitseli o ’molella kamoo tsebo ea ’nete ea Bibele e ileng ea mo thusa ka teng. O ne a ile a lahleheloa ke morali ea lilemo tse 18 ka lefu ’me o ile a ba boemong ba ho tepella maikutlo ka ho tebileng ka lilemo tse robeli. Lingaka tsa mafu a kelello kapa mekhoa ea phekolo e theko e boima ha lia ka tsa mo thusa ho hlōla ho tepella maikutlong hoo. O re, ka linako tse ling, o ne a robatsoe sepetlele, empa o ne a sa ntlafale ho hang. Lelapa la hae le ne le hlokomeloa ke basebetsi ba hae hobane eena ka boeena a ne a sa khone ho hlokomela letho. O ile a leka ho ipolaea hobane a ne a lahlehetsoe ke thahasello ea ho phela. Ha ho letho le neng le bonahala le ka thusa.
Eaba o bolella mosali eo hore, ka tsatsi le leng Lipaki tsa Jehova li ile tsa mo etela ’me tsa mo siela lingoliloeng tse ling tsa Bibele. Hona ho ile ha tsosa thahasello ea hae Lentsoeng la Molimo, ’me a qala ho bala Bibele kaofela. Ntho e ’ngoe e ile ea qala ho fetoha ka hare ho eena. O ile a qala ho tsoha hoseng le ho thahasella lelapa la hae. Qetellong o ile a rera ho itlhokomella ntlo ka boeena ’me a fumana hore o ne a khona ho etsa joalo. E ne eka le ka mohla ha a e-s’o kule! Hona ho ile ha etsa hore a ikutloe a thabile haholo.
Ha a ka a khutlela ho ngaka ea mafu a kelello. Takatso ea hae ea ho phela e ile ea susumetsoa ke tsebo ea hae ea Lentsoe la Molimo, ’me sena se ile sa ipaka ho ba moriana o molemohali. O ile a batla Lipaki tsa Jehova, ’me li ile tsa qala thuto ea ka mehla le eena. Hape o ile a qala ho ea libokeng, ’me kapele-pele o ile a kolobetsoa. A se a sa hlole a khathatsoa ke ho tepella maikutlo, joale o fumana thabo ka ho sebeletsa Jehova.
Mosali ea ka phaposing ea ho emela ngaka o ne a mametse ka hloko. Eaba joale o re ho khaitseli: “Ka linako tse fetileng, re ’nile ra teana le Lipaki tsa Jehova; empa haeba ka nako e ’ngoe e tlang, nka ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, e tla ba ka lebaka la seo u sa tsoa mpolella sona. Ho u mamela ho tšoana le ho qala ho bona khanya sebakeng se lefifi.”
Batho ba bangata lefatšeng ka bophara ba bona ho hloka thuso ha ho leka ho rarolla mathata a bophelo ka bobona, ’me ba retelehela ho Jehova Molimo. Ba thaba hakaakang ho ithuta ka lefatše le lecha le tlang la Molimo moo e mong le e mong a tla thaba, ’me le ho tepella maikutlong e tlang ho ba ntho e fetileng!—Liproverbia 16:20.