Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 4/1 leq. 23
  • Ho Amohela Litaba Tse Molemo Belgium

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Amohela Litaba Tse Molemo Belgium
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • “Ka Melomo ea Bana”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Ikemisetsa ho Phela ka Melao ea Jehova ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 4/1 leq. 23

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ho Amohela Litaba Tse Molemo Belgium

OFISI ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Belgium e re: “Ke mang ea boneng lintho tse kang tsena?” (Bapisa le Esaia 66:8, NW.) Naha ena e ntle e tlaleha tlhōrō ea bahoeletsi ba 24 464 bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1989. Ho ile ha boela ha e-ba le keketseho ea 4 lekholong palong ea karolelano ea ba kopanelang mosebetsing oa ho bolela khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.

◻ Litaba tse molemo tse boleloang ke Lipaki tsa Jehova li ile tsa buelloa ke moprista e mong oa K’hatholike ea ileng a re ho batho ba parishe ea hae ’Miseng oa Sontaha: “Haeba Lipaki tsa Jehova li tla menyakong ea lōna, le li bulele eona ka ho felletseng. Li na le ’nete!” Sena ke sona seo mosali e mong a ileng a se etsa. Ha Lipaki li e-tla, o ile a bula monyako oa hae ka ho felletseng ’me a amohela buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Hamorao o ile a kōpa buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena, empa monna oa hae ha aa ka a kopanela ho eona. Kahoo moena e mong o ile a letsetsa monna oa hae ’me a ’motsa hore na o ne a ka rata ho phela le mosali oa hae lefatšeng le molemonyana? Ka baka leo, o ile a kopanela thutong. Banyalani bao ba babeli ba ne ba lula ’moho ba sa nyalana ka molao, empa ba ile ba etsa hore kopano ea bona e be ea molao ’me kapele ba kolobetsoa.

◻ ’Nete e ile ea fetola bophelo ba mosetsana e mong. Le pele a e-ba lilemo li 14, o ile a siuoa a le mong. O ile a teana le moshemane e mong ’me a phela le eena botekatseng, a sebelisa lithethefatsi ’me a bontša moea oa pefo. Eaba moshanyana eo o lahleheloa ke bophelo ba hae kotsing ea koloi. Sena se ile sa siea ngoanana eo a tepelletse kelellong haholo, ’me o ile a nahana ho ipolaea. O ile a ipotsa: ‘Ke hokae moo nka fumanang tharollo mathateng a ka?’ O ile a teana le motho e mong ea sebelisanang le meea ea ileng a etsa hore a lumele hore o ne a ka teana le motsoalle oa hae ea shoeleng. Ba ile ba etsa teko ka mekhoa ea ho phomotsa kelello ka ho koieetsoa le bonohe boo ho thoeng basali ba na le bona ka tlhaho. A sa fumane matšeliso ao a neng a a lebelletse ho sena, o ile a boela a oela ho tepelleng maikutlo ho tebileng. Ka likhoeli tse ’maloa o ile a itšehla thajana ka ho felletseng. Eaba e mong oa Lipaki tsa Jehova o teana le eena ’me a leka ho mo thusa moeeng. Ka nako e telele hona ho ne ho etsoa ka lengolo, ’me ka mor’a nako lintho li ile tsa loka ka mor’a boiteko bo boholo le sebete ho eena. Joale o ile a lokoloha tšusumetsong ea bodemona, a lokoloha tloaelong ea ho sebelisa koae, le maikutlong a ho ba molato ka ho teba. Ha nako e ntse e feta, tsebo e eketsehileng ea Bibele le moea oa Jehova li ile tsa mo thusa haholo. Hape, liboka li ile tsa mo matlafatsa, kaha o ne a li lokisetsa ka tieo. Hona joale o kolobelitsoe ’me o na le moea oa bopula-maliboho. O se a ntse a tsamaisa lithuto tsa Bibele tse ’maloa, e ’ngoe ea tsona o e tsamaisa le ’mè oa hae, eo hona joale a bang teng libokeng tse ling. Ka ’nete, Jehova o mo thusitse!

◻ Ba sebelisang menyetla sekolong ba thabela katleho e ntle ho phatlalatseng litaba tse molemo. Khaitseli e mong e mocha ea leng sekolong Belgium o ile a abeloa ho fana ka puo sehloohong seo a ikhethetseng sona. O ile a etsa qeto ea ho bua ka Lipaki tsa Jehova le lintho tseo li li lumelang, a theile boitsebiso ba hae bukaneng e lekanang le makasine Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo. Moprofesara oa hae o ile a hlolloa. Ka mor’a hore a fane ka puo ea hae sehlopheng, barutoana ba ile ba lumelloa ho botsa lipotso. Ka mor’a moo barutoana ’moho le eena ba ile ba botsa hore na ba ne ba lokela ho etsa eng e le hore ba ka phela Paradeiseng ea Molimo eo ho buuoeng ka eona puong ea hae. Ba bangata, ho akarelletsa le moprofesara, ba ile ba kōpa likopi tsa libukana tse fapaneng tseo khaitseli a neng a e-na le tsona tse lekanang le makasine. Lihlopha tse ling li ile tsa kōpa libukana tse lekanang le makasine le boitsebiso bo eketsehileng, ’me moprofesara e mong oa bolumeli o ile a hlahlobisisa libukana tseo tse lekanang le makasine ’me a li buella ho sehlopha sa hae.

Khato eo e sebete ea khaitseli oa rōna e ile ea hlohonolofatsoa. Ho ile ha abuoa libukana tse mashome a mabeli a metso e meraro tse lekanang le makasine ho liprofesara tse peli le barutoana ba bangata; morutoana e mong, hoba a utloe ka puo eo, o ile a kōpa boitsebiso boo hore a hlalose mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova sehlopheng sa habo.

Ba bangata ba amohela litaba tse molemo Belgium. Ba amohela Lentsoe la Molimo, “e seng joalo ka hoja e le lentsoe la batho, empa [ba] kholoa hore ke lentsoe la Molimo, joalo ka ha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lōna ba lumetseng.”—1 Ba-Thessalonika 2:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela