Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 2/8 maq. 26-29
  • Karolo 2—Ho Atolosa Mesebetsi Bakeng sa ho Kopanya Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 2—Ho Atolosa Mesebetsi Bakeng sa ho Kopanya Matla
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khoebo e Fetoha ea Machaba
  • Matla a Moruo—Mohahi oa Mebuso
  • Karolo 3—Khoebo e Meharo e Bontša Sebōpeho sa Eona sa ’Nete
    Tsoha!—1992
  • Karolo 1c—Seo e Leng Motso oa Matšoenyeho a Bakoang ke Chelete
    Tsoha!—1992
  • Karolo 1b—Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlahloba Lefatše la Khoebo?
    Tsoha!—1992
  • Ebe Baromuoa ba ne ba ka Bolela ho ea Fihla Hokae ka Bochabela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 2/8 maq. 26-29

Ho Phahama le ho oa ha Khoebo ea Lefatše

Karolo 2—Ho Atolosa Mesebetsi Bakeng sa ho Kopanya Matla

PELE-PELE, tsoelo-pele ea khoebo ea lefatše e ne e sitisoa haholo ke ho se fumanehe ha lipalangoang, ho lieha ha tsona, mekhoa ea puisano, le litšenyehelo tsa tsona tse boima. Khoebo ea lintho tse neng li tsamaisoa ka sekepe e ne e senya nako e ngata haholo. Litsela tse neng li tsamaea naheng li ne li tletse likotsi. Empa kapele-pele sena sohle se ne se tla fetoha.

Khoebo e Fetoha ea Machaba

Nakong ea tšusumetso ea Magerike ho tloha ka 338 B.C.E. ho ea ho 30 B.C.E., metse ea Mediterranean e ile ea fetoha litsi tse khōlō tsa khoebo. Litsi tsena li ne li kopanyelletsa Alexandria, e Egepeta, e neng e thehoe ke Alexander e Moholo ka 332 B.C.E. Moprofesa oa histori Shepard B. Clough o bolela hore empa “qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo B.C.[E.], tšusumetso ea Magerike Bochabela e ile ea qala ho bontša matšoao a ho se tsoele pele ha moruo; lekholong la pele la lilemo B.C.[E.], khoebo e ne e hlile e bonahala e ntse e theoha.” Greece e ile ea nkeloa sebaka ke Roma joaloka ’muso oa lefatše. Hamorao, tlas’a taolo ea Roma, Alexandria e ile ea fetoha motse-moholo oa profensi, o neng o fetoa ke Roma feela ka boholo.

’Muso oa Byzantium o ka Bochabela o neng o tšoana le ’Muso oa Roma o ka Bophirima o ileng oa fetoha mohlahlami oa oona, o ile oa finyella tlhōrō ea bophahamo ba ’ona mahareng a lekholo la bo9 le la bo11 la lilemo. Motse-moholo oa ’ona, Constantinople (oo kajeno o bitsoang Istanbul), o ne o e-na le baahi ba millione, e ne e hlile e le motse o moholohali lefatšeng. E le sebaka sa ’maraka oa silika, linōko, li-dye le litebela-lephoka tse tsoang Bochabela le matlalo le boea, li-amber, lehong le tšepe e tsoang Bophirima, o ile oa sebeletsa joaloka borokho bo matla ba moruo mahareng a Europe le Asia.

Empa ka 1204, nakong ea Ntoa ea Bone ea Bokreste, ’muso ona o ile oa hlōloa hampe. Motse-moholo oa ’ona o ile oa hapuoa hammoho le thepa ea ’ona, ’me ea ba mohlaseluoa oa meharo ea khoebo. Joang? Ho latela The Collins Atlas of World History, “tšusumetso ea Bophirima ea ho batla leruo Bochabela ke oona mohloli oa lintoa tsa Bokreste.” Ka ho hlakileng sena se bontša hore le hoja ho ne ho nahanoa hore kereke e susumetsoa ke cheseho e matla ea bolumeli, e ne e boetse e na le lipakane tse ling.

Ho sa le joalo, Mehleng e Bohareng Europe, bahoebi ba ne ba hlophisa lipontšo tsa khoebo moo ba neng ba tla bontša thepa e tsoang linaheng tse fapaneng litseleng tseo ba tsamaileng ka tsona. The New Encyclopædia Britannica e bolela tjena ka lipontšo tse atlehileng tseo ka ho khethehileng li neng li tšoaretsoe Champagne sebakeng se ka leboea-bochabela ho Fora: “Hangata lithekisetsano tsa bahoebi lipontšong tsena li ne li etsoa ka mangolo a neng a tšepisa ho lefa chelete lipontšong tsa nakong e tlang a neng a ka fetisetsoa ho motho e mong. Lithekisetsano tse joalo e ne e mpa feela e le qalo ea ho reka ka sekoloto. Ho ea bofelong ba lekholo la bo13 la lilemo lipontšo tsena li ne li se li sebeletsa joaloka setsi sa libanka sa ka mehla bakeng sa Europe.”

Lekholong la bo15 la lilemo, litlhaselo tse neng li etsoa ke Maturk a Ottoman li ne li tlisa tšokelo ea hore li tla khaola maqhama a khoebo litseleng tse mahareng a Europe le Asia. Kahoo bahahlauli ba Europe ba ile ba qala ho batla litsela tse ncha. Vasco da Gama, mosesisi oa Lepotoketsi o ile a etella pele leetong le atlehileng la ho potoloha Cape of Good Hope ea Afrika ho tloha ka 1497 ho fihlela ka 1499, ’me ka ho etsa joalo a sibolla tsela e ncha ea leoatle e eang India e ileng ea thusa ho etsa hore Portugal e be ’muso oa lefatše. Tsela ena e ncha e bile ea amoha Alexandria le likou tse ling tsa Mediterranean bohlokoa ba tsona ba khoebo joaloka litsi tse khōlō tsa khoebo.

Ho sa le joalo, moahisani oa Portugal e leng Spain, o ne a ntse a tšehetsa boiteko ba mosesisi oa Italy Christopher Columbus ba ho ea India ka ho sesa a lebile karolong e ka bophirima ho potoloha lefatše. Ka 1492—ka October ea selemong sena e tla be e le lilemo tse 500 hantle tse fetileng—ka tšohanyetso Columbus o ile a fihla Karolong e ka Bophirima ea Lefatše. Ka lehlakoreng le leng, ho e-na le hore a batle ho fihla Bochabela ka ho sesa a lebile boroa joaloka Vasco da Gama kapa a sese a lebile bophirima joaloka Columbus, Manyesemane ’ona a ile a tsoela pele ho batla tsela ka leboea-bochabela kapa leboea-bophirima. Letšolo lena lohle le ile la thusa hore khoebo e fetohe ea machaba. Ka baka la hore e ile ea e-ba eona thuso e ka sehloohong bakeng sa ho sibolloa ha Amerika, lefatše la khoebo le ile la bontša tšusumetso ea lona e matla litabeng tsa lefatše.

Matla a Moruo—Mohahi oa Mebuso

Lefatše la khoebo le hahile mekhatlo e matla. Ho latela buka By the Sweat of Thy Brow, mohlala oa seo ke “e ’ngoe ea litlhahiso tsa lintho tse ncha tse bileng le phello e batsi le e ileng ea tšoarella ka nako e telele litabeng tsa sechaba le tsa moruo lefatšeng la boholo-holo: mokhatlo oa mosebetsi oa matsoho kapa mokhatlo oa batho ba nang le morero o tšoanang.” Ho phaella linthong tse molemo tseo e li finyelletseng, ka linako tse ling mekhatlo ena ea batho ba nang le morero o tšoanang e re hopotsang mekhatlo e matla joaloka eona kajeno, e ne e sebelisa matla a eona hampe hoo ho boleloang hore lekholong la bo14 la lilemo mofetoleli oa Bibele John Wycliffe o ile a nyatsa e meng ea eona joaloka “bahlohlelletsi ba bohata ba bobe . . . ba rohakiloeng ke Molimo le motho.”—Bona lebokose leqepheng la 28.

Lefatše la khoebo le bile le hahile mebuso, ’me ka ntle ho pelaelo ’Muso oa Brithani ke o mong o atlehileng ka ho fetisisa. Pele o qala ho hlahella lekholong la bo16 la lilemo, mekhatlo e meng ea khoebo Europe e ile ea qala ho batla matla a moruo bakeng sa ho etsa hore lefatše le tsoele pele. O mong oa mekhatlo ena e bile Mokhatlo oa Bo-rakhoebo oa Hansa.

Lentsoe la boholo-holo la Sejeremane Hanse, le bolelang “lihlopha,” butle-butle le ile la sebelisoa ho mokhatlo leha e le ofe oa mekhatlo ea batho ba nang le morero o tšoanang kapa mekhatlo ea bo-rakhoebo e ileng ea hlaha. Ho ea bofelong ba lekholo la bo12 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo13 la lilemo, Hanse e neng e thehiloe motseng oa Jeremane o ka leboea oa Lübeck, e ile ea tseba ho laola khoebo ea linaha tse mathōkong a leoatle la Baltic ’me ea hokahanya Jeremane le Russia le linaha tse ling tse leng moeling oa leoatle la Baltic. Ho sa le joalo, ho ea ka bophirima, motseng oa Jeremane oa Cologne, Hanse e ne e ntse e matlafatsa likamano tsa eona tsa khoebo le Engelane le Netherlands, Belgium le Luxembourg.

Mekhatlo ena ea bo-rakhoebo e ne e etsa melao bakeng sa ho itšireletsa esita le ho sireletsa thepa ea eona, ka kakaretso e ne e laola khoebo molemong oa bohle. E ile ea boela ea etsa boiteko bo kopaneng ba ho loantša bosholu leoatleng kapa naheng. Ha khoebo e ntse e hōla, ho ile ha hlaka hore ho hlokahala tšebelisano-’moho e khōloanyane mahareng a lihlopha tse fapaneng. Kahoo, ho ea bofelong ba lekholo la bo13 la lilemo, metse eohle e meholo ea Jeremane leboea e ne e ikentse khokanyana-phiri e ileng ea tsebahala joaloka Mokhatlo oa Bo-rakhoebo oa Hansa.

Ka baka la sebaka seo mokhatlo ona o neng o le ho sona, o ne o laola tsamaiso ea khoebo karolong e ka leboea. Karolong e ka bophirima o ne o hoeba le linaha tse tsoetseng pele haholo moruong tsa Engelane, Netherlands, Belgium le Luxembourg ’me hamorao linaha tsena li ile tsa ba le likamano tsa khoebo le linaha tse mathōkong a leoatle la Mediterranean le Bochabela. Ka bochabela mokhatlo ona o ile oa kena habonolo feela Scandinavia le Europe Bochabela. Ntle le ho hoeba ka boea le Flanders, mokhatlo ona o ne o laola khoebo ea ho tšoasa litlhapi Norway le Sweden haesita le ho hoeba ka boea le matlalo le Russia.

Le hoja mokhatlo ona e ne e se oa bopolotiki, o bile o se na sehlopha se busang sa ka mehla kapa baeta-pele ba ka mehla, ho ntse ho le joalo, sehlohlolong sa tšebetso ea ’ona o ne o e-na le matla a maholo. E ’ngoe ea lintho tse khōlō ka ho fetisisa tseo mokhatlo ona o ileng oa li finyella ebile ho hōlisa tsamaiso ea khoebo leoatleng esita le melao ea khoebo. Ha mokhatlo ona o ntse o hōla ’me o fetoha ’maraka e mecha, o ne o potlakela ho sireletsa ’maraka ea khale ’me o ne o sebelisa likhoka ha ho hlokahala. Maemong a mangata lebotho la ’ona le leholo la bo-rakhoebo ba leoatleng le ne le tseba ho hlōla khanyetso ka ho thibela likepe tsa khoebo ho tsamaea kapa ka lithibelo tsa moruo.

Mokhatlo oa Bo-rakhoebo oa Hansa o ile oa finyella sehlohlolo sa tšebetso ea ’ona hoo e ka bang bohareng ba lekholo la bo14 la lilemo. Matla a ’ona a ile a qala ho fokotseha lekholong la bo15 la lilemo ha Manyesemane le Madutche a qala ho ba le matla le ho laola khoebo ea lefatše. Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Mararo e ile ea etsa hore Mokhatlo ona o hlōlehe. Litho tsa oona li ile tsa bokana ka lekhetlo la ho qetela ka 1669. Ke Lübeck, Hamburg le Bremen feela tse sa ntsaneng li le motlōtlō ka ho ba metse ea Hansa, ’me ha ho bapisoa e se e le litho tse se nang matla tsa seo e kileng ea e-ba mokhatlo o moholohali oa khoebo.

Mekhatlo e meng e meholoanyane ea khoebo le e matla haholoanyane e ne e emetse ho nkela Mokhatlo oa Bo-rakhoebo oa Hansa sebaka. Ithute ka eona Karolong 3 letotong lena: “Khoebo e Meharo e Bontša Sebōpeho sa Eona sa ’Nete.”

[Lebokose le leqepheng la 28]

Matla a Mekhatlo ea Batho ba Nang le Morero o Tšoanang

Ho ea bofelong ba lekholo la bone la lilemo B.C.E., metse e meng ea Mediterranean e ne e tsebahala ka ho hlahisa thepa e tšoanang, ’me bahlahisi ba sehlahisoa se itseng ba ne ba bokana sebakeng se tšoanang hona metseng ena. Ka ho hlakileng qalong mekhatlo ena ea batho ba etsang mosebetsi o le mong oa matsoho e ne e na le sebōpeho sa bolumeli le kahisano. By the Sweat of Thy Brow e re bolella hore “mokhatlo ka mong o ne o e-na le melimo le melimotsana ea oona e o sireletsang ’me litho tsa oona li ne li tšoara litšebeletso tsa tsona tsa bolumeli.”

Mekhatlo ea batho ba nang le morero o le mong ea Mehleng e Bohareng e ne e reretsoe ho thusa litho tsa eona tse hlokang le ho sireletsa mokhatlo ’ohle ka ho laola tlhahiso ea lintho le ho beha litekanyetso, mohlomong le ho laola theko ea lintho le meputso. E meng e ne e na le taolo e felletseng, e fetola litheko ka litumellano tsa sekhukhu, e ikemiselitse ho sireletsa ’maraka oa bo-rakhoebo le ho thibela tlhōlisano ea bona e leeme.

Joaloka e latelang mekhatlo ea boholo-holo ea batho ba etsang mosebetsi o le mong oa matsoho, mekhatlo ea bahoebi e ile ea qala ho ba teng lekholong la bo11 la lilemo ha bahoebi ba tsamaeang ba ne ba e hlophisa molemong oa ho itšireletsa likotsing tsa tseleng. Empa butle-butle mekhatlo ena e ile ea lahleheloa ke sebōpeho sa eona sa pele. E itokiselitse ho ntšetsa pele khoebo ea sebaka ka seng, matla a eona le botumo li ile tsa fela ha ’maraka ea mabatooa, ea lichaba, le ea machaba e e-ba e ka sehloohong le ha bahoebi ba qala ho eketseha ho feta batho ba etsang mosebetsi oa matsoho.

Bofelong ba lekholo la bo18 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, e le phello ea Phetoho e Khōlō ea Mesebetsi ea Lifeme, mekhatlo ea basebetsi e ile ea simoloha Brithani le United States joaloka mekhatlo ea basebetsi ba etsang mesebetsi e tšoanang. E qalile joaloka li-club tsa sechaba ’me ea hōla ho ba mekhatlo ea boipelaetso khahlanong le tsamaiso ea sechaba le lipolotiki e leng teng. Kajeno, mekhatlo e meng ea basebetsi e loanela feela ho lekanyetsa meputso, lihora, maemo a mosebetsi le tšireletso ea mosebetsi bakeng sa litho tsa eona ’me e finyella sena ka tumellano kapa ka ho etsa literaeke. Leha ho le joalo, e meng e na le sebōpeho sa bopolotiki ka ho felletseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela