Ho Phahama le ho oa ha Khoebo ea Lefatše
Karolo 3—Khoebo e Meharo e Bontša Sebōpeho sa Eona sa ’Nete
HA LEKHOLO la lilemo la bo16 le simolla, ka leboea khoebo ea Europe e ne e laoloa ke Mokhatlo oa Bo-rakhoebo oa Hansa e leng mokhatlo oa bahoebi oa litoropo tsa Jeremane Leboea; ka bophirima e ne e laoloa ke Engelane le Netherlands; ’me ka boroa e ne e laoloa ke Venice.
Ka makholo a lilemo Venice e bile eona e laolang khoebo ea linōko. Litumellano tse ileng tsa etsoa le Maarabia le Maturk a Ottoman, hamorao li ile tsa atleha ho thiba litsela tsa khoebo tsa Bochabela hore li se ke tsa sebelisoa ke batho ba neng ba ka ’na ba hlōlisana le ’ona. Haeba linaha tse ling li ne li ka phephetsa taolo ena, li ne li tla tlameha ho fumana litsela tse ncha tse eang Bochabela bo Hōle. Letšolo le ile la simolla. Phello e ’ngoe ea letšolo le joalo e bile ho sibolloa ha Amerika Leboea le Amerika Boroa le ho busoa ha tsona.
Lilemong tsa bo-1490 mopapa o ile a neha Portugal le Spain tumello ea bopapa ea ho tsoela pele ka letšolo la ho hapa lefatše le neng le sa tsejoe nakong eo. Empa mebuso ena e ’meli ea K’hatholike e ne e sa susumetsoe ke lipakane tsa bolumeli feela. Moprofesa Shepard Clough oa hlalosa: “Hang feela ha litokelo tsa ho aha likarolong tsa lefatše le sa tsoa sibolloa bocha li se li hlomamisitsoe, bakōpi ba ile ba etsa lehlapha-hlapa la ho fumana melemo ea moruo ho seo ba se sibollotseng.” Oa phaella: “Basibolli ba bo-pula-maliboho ba ne ba hlile ba e-na le takatso e matla haholo ea ho potlakela ho rua. Ena e ne e le tlhaloso e thahasellisang mabapi le lipakane tsa letšolo lena le likhopolo tse neng li rena lefatšeng la Bophirima.” Takatso e matla ea ho fumana khauta le basokolohi li ile tsa susumelletsa baeta-pele ba khapo ba Spain ho inkela Lefatše le Lecha ka likhoka.
Ho sa le joalo, Netherlands e ne e ntse e hōla ho ba ’muso o matla o laolang khoebo e leng tšekamelo eo ho seng mokhatlo o mong o moholo oa khoebo o neng o ka e thibela. Ha e le hantle, lekholong la bo17 la lilemo, ho ne ho hlakile hore ke Engelane feela e neng e le matla ka ho lekaneng ho phephetsa Madutche. Phehisano ea moruo e ile ea e-ba matla haholoanyane. Nakong ea lilemo tse 30, ho ea qetellong ea 1618, Manyesemane a ile a eketsa palo ea likepe tsa oona habeli; ho ea bohareng ba lekholo la bo17 la lilemo, khoebo ea likepe tsa Madutche e ne e feta palo ea likepe tsa Italy, Portugal le Spain ka makhetlo a mane ha li kopane ’moho.
Kahoo setsi sa khoebo sa Europe se ile sa tlosoa Mediterranean sa isoa lebōpong la Atlantic. Ha a bitsa sena “phetoho e khōlo khoebong” le “e ’ngoe ea liphetoho tse khōlō tsa sebaka historing,” Clough o bolela hore se ile sa hlahisa “boiketlo ba moruo bo nolofallelitseng Europe Bophirima ho etella pele ntlafatsong ea bophelo ba sechaba le lipolotiking bophelong ba sechaba Bophirima.”
Mebuso e sa Thehoang Holim’a se Molemo Feela
Ka 1602 Madutche a ile a kopanya lik’hampani tse ngata tsa khoebo tse laoloang ke bahoebi ba ona ’me a theha se bitsoang Dutch East India Company. Mashomeng a lilemo a ileng a latela, ka ntle le ho ba le katleho e itseng khoebong Japane le Java, e ile ea ntša Mapotoketsi ho seo hona joale e leng Malaysia Bophirima, Sri Lanka le Moluccas (Lihleke-hleke tsa Linōko). Clough o re: “Joaloka Mapotoketsi le Maspanishe, [Madutche] a ne a batla ho ipolokela melemo ea khoebo ea Bochabela hore e be ea ’ona feela.” Seo hase se makatsang! Khoebo e ne e etsa phaello hoo lekholong la bo17 la lilemo Netherlands e neng e se e fetohile naha e ruileng ka ho fetisisa Europe Bophirima. Amsterdam e ile ea e-ba setsi sa lichelete le sa khoebo bakeng sa lefatše la Bophirima.—Bona lebokose, leqephe 32.
Denmark le Fora li ile tsa etsa lik’hamphani tse tšoanang. Empa ea pele e bileng le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa, e leng English East India Company e ile ea thehoa ka 1600. E ile ea nka sebaka sa k’hamphani ea Mafora le Mapotoketsi India. Hamorao Manyesemane a ile a fumana taolo ea khoebo esita le Chaena.
Ho sa le joalo, Karolong e ka Bophirima ea Lefatše, Dutch West India Company e ne e hoeba ka tsoekere, koae, boea le matlalo. ’Me ka mor’a ho hokahanya k’hamphani ea ’ona le Hudson’s Bay Company ea Canada ka 1670, Manyesemane a ne a tšoarehile ka ho leka ho fumana tsela e tsamaeang ka leboea-bophirima e eang Pacific ha a ntse a hoeba le linaha tse haufi le Hudson Bay.
Moqolotsi oa litaba Peter Newman o bolela hore qhoebeshano mahareng a Hudson’s Bay le North West Company e hlōlisanang le eona, “e ne e le tlhōlisano ea khoebo bakeng sa ’maraka le matlalo le boea, empa ka ho panya ha leihlo e ile ea fetoha takatso ea ho batla matla le naha. . . . Mahlakore ana ka bobeli a ile a lokisa litaba tsa ’ona ka tšollo ea mali.” Bahlaseluoa ba sebele e bile Maindia ao lik’hamphani tsena ka bobeli li neng li hoeba le ’ona. O re: “Joala bo ile ba fetoha chelete bakeng sa khoebo ea boea le matlalo.” O phaella ka hore “khoebo ena ea joala e ile ea senya malapa esita le bophelo ba sechaba ba Maindia.”a
Kahoo ho ile ha hlaha mebuso e ’meli e nang le tšusumetso e khōlō e neng e sa thehoa ho se molemo feela—eo hape e neng e thehiloe holim’a tšollo ea mali! Khoebo e meharo e ne e bontša sebōpeho sa eona sa ’nete. Joalokaha The Columbia History of the World e bolela: “Madutche le Manyesemane a ile a tsamaea maoatleng a lefatše ka mabaka a moruo . . . Lik’hamphaning tsena takatso ea ho etsa phaello e ne e le eona ea bohlokoa ka ho khethehileng.”—Mongolo o tšekalletseng ke oa rōna.
Ho Hahela ka Litšiba tsa e ’Ngoe Bakeng sa ho Fumana Phaello
Ho tloha lekholong la bo16 la lilemo ho ea lekholong la bo18 la lilemo, tsamaiso ea moruo e bitsoang mercantilism (tsamaiso ea moruo e laoloang ke ’muso) e ile ea susumetsa monahano oa Maeurope ka matla. The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “[Tsamaiso ea moruo e laoloang ke ’muso] e ne e tsitlella hore ho fumana leruo, haholo-holo leruo la khauta, ke habohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa leano la naha. . . . Leano la thekiso le neng le buelloa haholo ke filosofi ea tsamaiso ea moruo e laoloang ke ’muso le ne le le bonolo haholo: ho khothalletsa hore thepa e romeloe linaheng tse ling, ho se khothalletse ho kenya thepa e tsoang linaheng tse ling ka har’a naha le ho nka kakaretso ea phaello ea chelete e boemong ba khauta e tlisitsoeng ke thepa e romelloang linaheng tse ling.”
Hangata ho sebelisa leano lena ho ne ho fella ka leeme le leholo. Likolone li ne li sebelisoa hampe ha ho nkoa litone tsa khauta ka mahahapa bakeng sa ho ruisa naha eo molemo. Ka mantsoe a bonolo feela, tsamaiso ea moruo e laoloang ke ’muso e ne e emela boikutlo ba boithati le ba meharo boo lefatše la khoebo le bo khothallelitseng ho tloha qalong feela, e leng moea o sa ntseng o le teng kajeno.
Tsamaiso ea moruo e laoloang ke ’muso e ne e e-na le ba e tšoaeang liphoso, bao e mong oa ba hlahelletseng har’a bona e neng e le monna oa Lescot ea bitsoang Adam Smith. Ka 1776 rafilosofi ea tsebahalang oa litaba tsa sechaba eo e neng e bile e le setsebi sa litaba tsa lipolotiki le tsa moruo, Smith o ile a hatisa phuputso ea litaba tsa moruo e nang le sehlooho se reng An Inquiry Into the Nature and Causes of the Wealth of Nations. Le hoja Smith a ne a hanyetsa tsamaiso ea khoebo e laoloang ke ’muso ha aa ka a bua se leng khahlanong le ho phehella phaello e neng e susumetsoa ke boithati. Ho e-na le hoo, o ile a bolela hore batho ba tsamaisoa ke “letsoho le sa bonahaleng” le ba susumelletsang ho itšunya tlhōlisanong ea moruo ha motho a phehella boithati ba botho; o boetse a bolela hore bona boithati boo ba botho bo ka tsoela sechaba sohle molemo.
Smith o ile a buella khopolo ea laissez-faire (ka Sefora: “lumela ho etsa”) e leng khopolo ea hore mebuso e lokela ho itšunya hanyenyane feela kamoo ho ka khonehang litabeng tsa batho tsa moruo. Kahoo, ka ho hlakileng o ne a buella khopolo ea tsamaiso ea moruo oa sechaba e sa laoloeng ke ’muso (capitalism).
Kajeno, tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso, eo e leng eona e hlahelletseng ka ho fetisisa, le eo joalokaha ba bang ba bolela, e leng tsamaiso ea moruo e atlehileng ka ho fetisisa, e khetholloa ka thepa ea motho e sa laoloeng ke ’muso, theko le thekiso e lokolohileng mahareng a batho kapa lik’hamphani tse qothisanang lehlokoa bakeng sa ho etsa liphaello. Histori ea kajeno ea tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso e simolohile lekholong la bo16 la lilemo litoropong tse bohareng le tse ka leboea tsa Italy, empa metso ea eona e tloha morao haholo. Moprofesa oa Histori ea seng a le Phomolong Elias J. Bickerman o hlalosa hore “tšebeliso ea [lentsoe la Senyesemane] ‘capital’ moruong e tsoa lentsoeng la Selatine caput, le bolelang ‘hlooho,’ e tloha lentsoeng la Babylona leo ka ho tšoanang le neng le bolela ‘hlooho’ ’me le na le moelelo o tšoanang oa moruo.”
Khoebo e bontša sebōpeho sa eona sa ’nete ka ho phehella ha eona boithati ba botho kapa ba sechaba. Ka mohlala, ha ea ka ea tsila-tsila ho pata ’nete. The Collins Atlas of World History e re: “Motho ea etsang limmapa o ’nile a nka karolo maqiting a khoebo, ’me ka linako tse ling o ’nile a laoloa ke maqiti ao a sa rate. Litšibollo li senola mehloli e meholo ka ho fetisisa ea leruo. Na motho ea etsang limmapa a ka lumelloa ho senolela lefatše boitsebiso boo? Na mohlomong ha aa lokela ho patela bao ba bonahalang e ka ’na ea ba ba hlōlisanang le eena boitsebiso boo? . . . Lekholong la bo17 la lilemo, Dutch East India Company ha e-ea ka ea hatisa litokomane tse neng li ka neha bao e hlōlisanang le bona boitsebiso.”
Khoebo e entse ho hobe ho feta moo. Ho tloha lekholong la bo17 la lilemo ho fihlela lekholong la bo19 la lilemo, e ’nile ea etsa phaello ka ho rekisa Maafrika ao ho hakahanngoang hore a limillione tse leshome hore ebe makhoba, ao a likete-kete har’a ’ona a ileng a shoa ha a ntse a isoa Amerika. Buka Roots e ngotsoeng ke Alex Haley, le tšoantšiso ea eona e ileng ea bontšoa thelevisheneng ka 1977 e ile ea bontša setšoantšo se sisimosang sa tlokotsi ena.
Litene tsa ho Haha—Li ne li Tla Sebelisoa Joang?
Ho tloha qalong ea histori ea batho, batho ba sa phethahalang ba ile ba leka lintho tse ngata ho bona hore na ke efe e atlehang. Ka ntle ho tšenolo ea bomolimo empa ka ho etsa liphuputso ba sa khathale kapa mohlomong ka kotsi ba ile ba sibolla linnete tsa motheo tsa saense tse ileng tsa sebelisoa ke litšibollo tse ncha. Ka 1750, ha Great Britain e qala ho fetoha ho tloha moruong o itšetlehileng ka temo ho ea moruong o laoloang ke mesebetsi e meholo le tšebeliso ea mechine, tse ling tsa litšibollo tsena—joaloka litene tsa ho haha—li ile tsa fumaneha bakeng sa ho haha lefatše le lecha.
Leloala le tsamaisoang ke moea, le neng le se ntse le tsejoa Iran le Afghanistan ho tloha mathoasong a lekholo la botšelela kapa la bosupa la lilemo C.E., le ile la betla khoro bakeng sa tšibollo le tsoelo-pele ea mehloli e meng ea matla. Empa na khoebo e meharo e ne e tla ikemisetsa ho tela phaello e ngata haholo bakeng sa ho etsa bonnete ba hore mehloli ee e ne e tla ba e se nang kotsi, e hlokang tšilafalo le e tšepahalang? Kapa na e ne e tla sebelisa qaka ea khaello ea matla molemong oa eona—mohlomong le ho e baka—molemong oa ho ithuisa?
Metsoako ea lik’hemik’hale e sebelisoang bakeng sa lithunya e qapiloeng Chaena lekholong la leshome la lilemo e bile tlhohonolofatso mosebetsing oa kaho le merafo. Empa na khoebo e meharo e ne e tla ba le boikemisetso bo loketseng ba ho qoba ho e sebelisa hampe bakeng sa ho etsa libetsa ho ruisa beng ba khoebo ea libetsa ka ho bolaea batho?
Motsoako oa tšepe oo mohlomong o neng o fumaneha Chaena ho tloha mathoasong a lekholo la botšelela la lilemo C.E., e ne e le selelekela sa tšepe ea steel eo lefatše la mehleng ea joale le neng le tla thehoa holim’a eona. Empa na khoebo e meharo e ne e tla ikemisetsa ho fokotsa liphaello tsa eona molemong oa ho thibela tšilafalo, likotsi le sepenya seo mehla ea lifeme e neng e tla se tlisa?
Nako ke eona e neng e tla senola lintho. Leha ho le joalo, litene tsena tsa ho haha hammoho le tse ling li ne li tla tlisa phetoho e khōlō lefatšeng lohle, ’me hamorao phetoho ena e ne e tla thusa ho lebisa lefatše nthong e ’ngoe eo le neng le e-s’o ka le e bona. Bala ka sena tokollong ea rōna e latelang: “Phetoho e Khōlō ea Mesebetsi ea Lifeme—E Ile ea Tlisa Phello Efe?”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlaseluoa e mong ea se nang molato oa khoebo e meharo Lefatšeng le Lecha Amerika Leboea e bile mohlape oa linare tse limillione tse 60 tseo ha e le hantle li neng li bolaeloa lefeela, ’me hangata li bolaeloa matlalo le maleme a tsona.
[Lebokose le leqepheng la 32]
Khoebo ea ho Banka
B.C.E.: Litempele tsa boholo-holo tsa Babylona le tsa Greece li ne li boloka chelete ea babeheletsi bakeng sa polokeho; kaha hase motho e mong le e mong ea neng a tla hloka chelete ea hae ka nako e tšoanang, e ’ngoe ea chelete ena e ne e ka alingoa ke batho ba bang.
Mehla e Bohareng: Mekhoa ea joale ea ho banka e simollotsoe le ho hōlisoa ke bahoebi ba Mataliana ba ’nileng ba sebelisa baruti ba nkang maeto joaloka manģosa bakeng sa ho tsamaisa mangolo a mokitlane ho tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe; Engelane batho ba etsang mesebetsi ea khauta ba ile ba qala ho alimana ka ho batla phaello cheleteng e neng e behiloe ho bona bakeng sa polokeho.
1408: Mokhatlo oo batho ba bang ba o bitsang motheo oa libanka tsa mehleng ea joale o ile oa thehoa Genoa, Italy, ’me o ile oa lateloa ke mekhatlo e tšoanang Venice (1587) le Amsterdam (1609). Rahistori e mong o bolela hore “litšebeletso tse atlehileng tseo Banka ea Amsterdam e neng e fana ka tsona li ile tsa tlatsetsa ho etseng hore Amsterdam e be setsi sa lefatše sa lichelete.
1661: Banka ea Stockholm, eo e leng lehlomela la Banka ea Amsterdam, e ile ea qala ho ntša chelete ea lipampiri (tseo ka tsona banka e tšepisang ho fana ka chelete ho ea tla li hlahisa), e leng mokhoa oo hamorao Manyesemane a ileng a o ntlafatsa.
1670: Moaho oa pele oa libanka o ileng oa buloa London e ne e le moaho oa banka bakeng sa ho lefa likoloto tsa botho; e bile qaleho ea ho sebelisa cheke ea mehleng ea joale, hape hona selemong seo, ho ile ha lumelloa ’meheletsi ho isa chelete ea hae eo a e amohetseng libankeng tse ling kapa hore karolo e setseng ea chelete ea hae e fetisetsoe ho batho ba bang.
1694: Ho thehoa ha Banka ea Engelane, e leng banka e ka sehloohong e ntšang chelete ea lipampiri (ke eona pula-maliboho ea ho etsa chelete ea pampiri).
1944: Ho thehoa ha Banka ea Machaba ea Tsosoloso le Ntlafatso eo hape e bitsoang Banka ea Lefatše, e leng mokhatlo o amanang haufi-ufi le Machaba a Kopaneng ’me o reretsoe ho fana ka thuso ea chelete ho linaha tseo e leng litho bakeng sa merero ea kaho le ntlafatso.
1946: Letlole la Machaba la Chelete le ile la thehoa ka morero oa “ho hōlisa tšebelisano-’moho ea lichelete, ho laola ho phahama le ho theoha ha litheko, ho atolosa khoebo; le ho hlōla mathata a tšebelisano ea naha le linaha tse ling.”—The Concise Columbia Encyclopedia.
1989: Morero oa Delors e ne e le hore Lichaba tsa Europe li sebelise chelete e tšoanang le ho theha Banka e Bohareng ea Europe ka 1990.
1991: Ho buloa ha Banka ea Europe ea Tsosoloso le Ntlafatso e leng mokhatlo o ileng oa thehoa ke lichaba tse fetang 40 ka 1990 bakeng sa ho fana ka thuso ea chelete e le ho tsosolosa moruo o fokolang oa Europe Bochabela.