Ke Mang ea ba Rutang Thuto ea Botona le Botšehali?
LESEA le lenyenyane le tlisa thabo e kaakang! Batsoali baa le thabela, ba bapala le lona, ’me ba bolella metsoalle ea bona ka hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang. Empa kapele ba qala ho hlokomela hore le boetse le ba tlisetsa boikarabelo bo bongata bo bocha. Boikarabelo bo bong ba bohlokoa ke ba ho le ruta ho itšireletsa lefatšeng lena le ntseng le oa boitšoarong ka ho eketsehileng.
Ke joang batsoali ba ka thusang ngoana e monyenyane ea ratoang hore ebe motho e moholo ea tla thabela ho ba le lelapa le mofuthu le le thabileng ’me mohlomong a be le bana ba tšabang Molimo? Batsoali ba bang ba ka ’na ba nka sena e le mosebetsi o khathatsang, kahoo ha ho pelaelo hore litlhahiso tse itseng li tla ananeloa.
Mohlomong u ruta bana ba hao ka mokhoa oo batsoali ba hao ba ileng ba u ruta ka ’ona. Empa batsoali ba bangata ba rutiloe ho honyenyane, haeba ho e-na le hoo ba ho rutiloeng ka thuto ea botona le botšehali. Le haeba u ne u rutiloe hantle, lefatše le fetohile, ’me ho joalo le ka litlhoko tsa bana. Ho phaella moo, babali ba bangata ba makasine ona ba sebelisa litekanyetso tse phahameng haholoanyane le mokhoa o molemonyana oa bophelo. Kahoo, u lokela ho ipotsa: ‘Na tsela eo ke rutang bana ba ka ka eona e tumellanong le pono eo ke nang le eona hona joale le litlhoko tse hōlang tsa bana ba ka?’
Batsoali ba bang ba lumella bana ba bona ba banyenyane hore ba iphumanele boitsebiso bo joalo ka bobona. Empa ho etsa sena ho phahamisa lipotso tse tšosang: Ba tla ithuta eng? Neng? Ho mang, le tlas’a maemo afe?
Seo Likolo li ba Rutang Sona
Batsoali ba bangata ba re: “Ba tla ithuta seo sekolong.” Likolo tse ngata li ruta bana thuto ea botona le botšehali, empa ke tse seng kae feela tse ba rutang ka boitšoaro. William J. Bennett eo e kileng ea ba Letona la Thuto la U.S. ka 1987 o ile a bolela hore likolo li bontša “boiphapanyo ba ka boomo mabapi le ho etsa hore boitšoaro e be ntho ea bohlokoa.”
Tom, eo e leng ntate oa banana ba babeli ba ratehang, o ile a botsa moemeli oa sekolo sa bona: “Ke hobane’ng ha le sa bolele feela hore likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo li fosahetse?” O ile a re a ka rata ho bolela seo empa sekolo se ke ke sa utloisa bo-’mè ba bana bana ba seng lenyalong le balekane bao ba phelang le bona bohloko. Kahoo, likolo li bolella liithuti hore li na le boikhethelo empa ke ka seoelo li ba bolellang hore na khetho e nepahetseng ke efe.
‘Ke Tla Reka Buka’
Batsoali ba bang ba ka ’na ba re: “Ke tla ba rekela buka.” Mohlomong buka e ntle e ka ’na ea thusa, empa u lokela hore ka hloko u tiisehe hore u lumellana le seo e se buang. Ke libuka tse seng kae feela tse sebetsanang le boitšoaro kapa esita le ho bolela se nepahetseng le se fosahetseng mabapi le taba ena. Tse ling li hlile li khothalletsa liketso tsa boitšoaro bo bobe. ’Me ke ka seoelo ho ka bang le buka e ka bolelang hore likamano tsa botona le botšehali li lokela ho lekanyetsoa lenyalong.
Kahoo, boikarabelo ba ho ruta bana litaba tsa boitšoaro bo moo Molimo o neng o bo beile teng pele—ho batsoali ba ba ratang. Bibele e bolella bo-ntate: “U tlo u li [melao ea Molimo] rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.”—Deuteronoma 6:7.
Ha e le hantle, batsoali e ka ba matichere a molemo ka ho fetisisa a bana ba bona. Ha ho buka kapa sekolo tseo le ka mohla li ka nkelang matla a tšusumetso ea bona kapa mohlala o motle oa lelapa sebaka. Joalokaha William Bennett a bolela: “Liphuputso li bontša hore ha batsoali e le bona mohloli o ka sehloohong oa thuto ea botona le botšehali, ho na le monyetla o fokolang oa hore bana ba ka kopanela likamano tsa botona le botšehali. . . . Batsoali, ho feta motho leha e le ofe, ba phetha karolo ea bohlokoa.”
Leha ho le joalo, batsoali ba bang ba tšohile hore ho tseba ho ka ’na ha susumetsa bana hore ba leke ho kopanela likamano tsa botona le botšehali. Ho totobetse hore sena se itšetlehile haholo ka se rutoang le mokhoa oo se rutoang ka ’ona. ’Nete ke hore batho ba bacha ba tla ithuta ka botona le botšehali. Na ha ho molemo haholoanyane hore ba ithute tsona ka mokhoa o nepahetseng le o nang le seriti ho batsoali ba nang le boitšoaro le ba ba ratang ho feta ho motho e mong seterateng kapa sekolong kapa ho batho ba baholo ba itšoereng hampe?
Empa potso ea sala: Ke joang u ka ba rutang lintho tsena ka tsela ea bomolimo le e hlomphehang? Ha bacha ba utloa hore “e mong le e mong oa ho etsa,” ke joang u ka ba kholisang hore batho ba molemohali le ba thabileng ka ho fetisisa ha ba ho etse? U ka ba thusa joang hore ba hlokomele hore ho phela tumellanong le molao oa Bibele oa ho “tela bohlola” ha ho ise bophelong bo molemo le bo thabileng ka ho fetisisa feela empa hape ke eona feela tsela ea ho thabisa Molimo? Lihlooho tse latelang li tla fana ka likarabelo tse molemo lipotsong tsena tsa bohlokoa.—1 Ba-Thessalonika 4:3.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
“Litekanyetso tseo batsoali ba li kenyang ka ho bana ba bona li bonahala li sa ntsane li le bohlokoa ka ho fetisisa.”—U.S.News & World Report