Nako eo ea Bocha e Ferekanyang
BACHA ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba pota-potiloe ke melaetsa e tsosang takatso ea likamano tsa botona le botšehali. Likamano tsa botona le botšehali li sebelisoa bakeng sa ho phatlalatsa ntho leha e le efe ho tloha lieteng ho ea marikhoeng. ’Mino oa sejoale-joale o na le tšusumetso e ngata ea botona le botšehali. Thelevisheneng batho ba baholo ba ikhabisitseng ka mokhoa o fetelletseng ba tloha ho molekane e mong oa likamano tsa botona le botšehali ho ea ho e mong. Empa na see se loketse?
Koranta e ka sehloohong ea Amerika e boletse hore “ho kenngoa ha mananeo a mangata a bontšang botona le botšehali” mananeong a thelevishine a bontšoang ka nako eo ka eona batho ba bangata ba e shebelletseng ke “tšekamelo ea ho hlophisa mananeo e ferekanyang le e se nang boikarabelo ka mokhoa o tebileng.” The Journal of the American Medical Association e ile ea e bitsa “tšebeliso e mpe ea bacha ka mecha ea boithabiso le ea phatlalatso.”
U tlameha ho kholiseha hore bana ba hao baa tseba hore hase motho e mong le e mong ea phelang ka tsela eo. Le haeba ho boleloa hore halofo ea banana ba Maamerika ba lilemo li 17 e se e kile ea kopanela likamano tsa botona le botšehali, hona ho ntse ho bolela hore halofo e ’ngoe ha e e-s’o etse sena. Joalokaha William J. Bennett eo e kileng ea ba letona la Thuto U.S. a ile a re: “Hase ‘motho e mong le e mong’ ea ho etsang, ’me mohlomong re ka rata ho fa bacha bao—e leng halofo e ’ngoe ea ba lilemo li 17—tšehetso le khothatso.”
O ile a bontša hore phuputsong e ileng ea etsoa Sepetleleng sa Grady Memorial se Atlanta, Georgia, U.S.A., banana ba 9 ho ba 10 ba ka tlaase ho lilemo tse 16 “ba ne ba batla ho ithuta hore na ke joang ba ka reng ‘che.’” Na u ka thusa bana ba hao ho kholiseha hore hase feela karabelo e fokolang le e bontšang ho se kholisehe, empa ke che e tiileng le e bontšang kholiseho feela eo e leng karabelo e nepahetseng tšusumetsong leha e le efe ea boitšoaro bo bobe? Na u ka ba thusa ho hlokomela hore batho ba bohlokoa ba tla ba hlompha bakeng sa see? Joalokaha mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Emily a ile a bolella baqolotsi ba litaba ba koranta ea California, U.S.A.: “Batho ba hlomphuoang ka ho fetisisa ha ba kopanele likamano tsa botona le botšehali.”
U lokela ho thusa bana ba hao ho hlokomela hore likamano tsa botona le botšehali li na le tšusumetso e matla—e matla hoo li hlahisitseng moloko ’ohle oa motho. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore li ke ke tsa laoloa. Ho e-na le hoo, ho bolela hore joaloka koloi ea reisisi e nang le matla a maholo, e lokela ho sebelisoa ka tsela e loketseng, ho latela melao ea tsela. Ho hlokomoloha melao ena tseleng ea thaba e matsoelintsoeke ho ka fella ka mahlomola. Ho hlokomoloha melao ea likamano tsa botona le botšehali eo Molimo o faneng ka eona ho tla ba le liphello tse tšoanang. Ke joang u ka thusang bana ba hao, bao u ba ratang hakana, hore ba hlokomele ’nete ena?
Ba Rute Hore Bohloeki ke Ntho ea Bohlokoa
Buisana le ngoan’a hao ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ka mohlala oa Bibele oa moroetsana e motle e mocha oa Mosulame. Ka sebete o ne a ka re: “’Na, ke tla ba lerako, matsoèlè a me a tla ba joale ka litora.” Boitšoarong o ne a le joaloka lebota la qhobosheane leo ho neng ho ke ke ha hloelloa holim’a lona, le nang le litora tseo ho neng ho ke ke ha atameloa ho tsona. ’Me mahlong a molekane oa hae oa kamoso, o ne a le joaloka ea “fumaneng khotso.” E, khotso ea kelello e sa senngoeng ke ho utloa bohloko ka baka la ho ikoahlaea ke moputso o moholo oa bohloeki.—Sefela sa Lifela 8:10.
Empa ke joang mocha a ka lulang a tiile boitšoarong, joaloka lebota? Le pele ho hlaha litaba tse joalo, u tlameha ho tiiseha hore ngoan’a hao e monyenyane ea ntseng a hōla o tseba tlhokahalo ea ho nka mehato ea ho itšireletsa ka ho qoba maemo ao hangata a isang boitšoarong bo bobe. Ka mohlala, ba lokela ho tseba hore joalokaha motho ea khannang a tahiloe a ipakela mahlomola, ka mokhoa o tšoanang moketjana oa bacha oa boithabiso moo ba bang ba tlileng le lino tse tahang kapa moo ho se nang motho e moholo ea nang le boikarabelo o ka baka mahlomola.
Ka mokhoa o tšoanang, ba thuse ho hlokomela hore ho ba mong ka tlung (kapa ka kamoreng) le mocha e mong e motona kapa e motšehali ho fapana le bona ke ho ipepesetsa teko. Ho hlokahala hore bacha ba bone ka ho hlakileng kotsi ea boitšoaro ea ho lumella motho ofe kapa ofe eo ba sa nyalanang le eena hore a tšoare litho tsa bona tsa botona kapa tsa botšehali, ho akarelletsa le matsoele. Ba hlalosetse hore ho tsosa litho tsa botona kapa tsa botšehali ho qala ka ho tšoara litho tse joalo tsa ’mele ka tsela e tsosang takatso ea likamano tsa botona le botšehali.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 7:1.
U tlameha ho thusa bana ba hao ba ratoang ho hlokomela hore lerato la sebele le bolela ho fetang feela likamano tsa botona le botšehali le hore ho kopanela likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo ke phoso. Bacha ba bang ba kopanela likamano tsa botona le botšehali pele ba kena lenyalong. Ba ka ’na ba kopanela likamano tsa botona le botšehali le balekane ba bangata ba sa nyalane le bona. Joale, ha lilemo li ntse li feta ’me ba hlokomela hore ba hlile ba hloka molekane oa lenyalo, ba iphumana ba jeoa ke bolutu ba bile ba lahliloe. Ke ’nete hore ha ho le ea mong ea kileng a batla hore ba itlame, empa joale le ka mohla ha ho ea kileng a itlama ka bona.
Bara le barali ba hao ba lokela ho tseba hore boroetsana kapa bohlankana ba bona ke ba bohlokoa haholo hore bo ka qhaloa joaloka metsi a litšila. Thusa ngoan’a hao hore a bone hore ho thabela likamano tsa botona le botšehali ka ho felletseng ho ka ba teng feela ka har’a tokisetso e hloekileng ea lenyalo. Ka puo e ntle ea lithothokiso, Bibele e re: “U noe metsi a sekoti see u se chekileng, metsi a phallang meeling ea seliba see e leng sa hao. Na liliba tsa hao li ka kollela sebakeng joang? Melatsoana ea tsona e ka phallela mabaleng a motse na? Seliba sa hao se ke se hlohonolofale; u thabele mosali oa bocha ba hao.”—Liproverbia 5:15, 16, 18.
Joaloka batsoali ba lerato, le tlameha ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho ruta linnete tsena. Ena ke phephetso e khethehileng kajeno, hobane ho ima ha batho ba seng lenyalong hoa amoheleha ho batho ba bangata. Lillian, mooki eo e leng ’melehisi, o re ha a sa makatsoa ke ho bona mahlo a bontšang ho tšoenyeha a ntate ea seng lenyalong ea lilemo li 15 ha motsoali oa hae ea motlōtlō a mo neha ngoana oa moshemane ea sa tsoa hlaha eo a sa itokisetsang, a sa ikemisetsang, leha e le hona ho khona ho mo amohela.
Motlalehi e mong oa litaba oa thelevishine o ile a bontša hore hangata “bo-’mè [ba bangata] ba banyenyane haholo ba seng lenyalong ba nang le bana empa ba se na banna” ha ba khone ho qeta sekolong, ho sebetsa, kapa ho hōlisa bana ba bona ka tsela e loketseng. O ile a re, bo-’mè bana ba ka tlaase ho lilemo tse 20, ba “tšoasitsoe mahlomoleng a bona ka bobona. . . . Ba ke ke ba qoba bofutsana ’me ho bonahala hore le ngoana ea hlahileng e ka ’na ea ba mofutsana bophelo bohle ba hae.”
Mohlala oa Hao
Boitšoaro ba hao bo tla ba le tšusumetso e matla baneng ba hao. Ka linako tse ling sena e ka ba ’nete ka litsela tse potelletseng haholoanyane ho feta kamoo u hlokomelang ka teng. Ke’ng se etsahalang ha ntate a lemalletse ho sheba basali ba batle? Kapa ha ’mè a re, “Ke senatla se sekaakang!” Ha monna ea khahlehang a feta? Na batsoali ba joalo ba khothalletsa bana ba bona ba ka tlaase ho lilemo tse 20 hore ba hloeke? Haeba sebōpeho sa ’mele e le sona se u khahlang ka ho khethehileng, na u lokela ho makala haeba bana ba hao ba etelletsa pele litšoaneleho tsa nama ka pele ho boitšoaro, mosa, lerato la ’nete, kapa boinehelo ba motho ho Molimo?
Kahoo ho ruta bana ba hao ba bacha seo ho hlokahalang hore ba se tsebe ka botona le botšehali ho akarelletsa ho hongata haholo ho feta kamoo u neng u nahana ka teng. Ho akarelletsa boikutlo ba hao, moea oo o u kenyang ka lapeng, boikemisetso ba hao ba ho ruta bana ba hao ba bacha ba sa le banyenyane, esita le mohlala oo o u behang. Ho totobetse hore sena sohle se hloka nako le boiteko, empa moputso o moholo!
Na u Ntse u e-s’o ba Rute?
Ho thoe’ng haeba bana ba hao ba se ba batla ba hōlile, ’me u ntse u e-s’o buisane le bona ka lintho tsena? U ne u ka ’na ua re: “Ruri ke entse phoso ka ho ema nako e telele hakana pele ke bua le lōna ka lintho tsena, empa ke rata haholo hore le ka ba le bophelo bo molemohali ka hohle kamoo ho ka khonehang ka teng ke kahoo ke ratang ho leka hona joale.”
Ruri, ho molemo ho buisana le bana ba hao ka lintlha tsena ha ba se ba hōlile ho e-na le hore ho hang u se ke ua bua le bona ka tsona. Thuto ea boitšoaro ea bana ba hao ba bacha ke boikarabelo ba bohlokoa le tokelo. Ron Moglia oa Univesithi ea New York o itse: “Motsoali leha e le ofe ea hlokomolohang tokelo ea ho buisana le ngoan’a hae ka botona le botšehali u tela e ’ngoe ea liphihlelo tse hlollang ka ho fetisisa tseo a ka bang le tsona.”
Haeba u sa tsoa ananela litlhoko tsa Molimo bakeng sa boitšoaro ’me bana ba hao ba tseba hore ha ua ka ua phela ka tsona nakong e fetileng, kholiseha hore ba utloisisa hore na ke hobane’ng ha hona joale u fetohile. U ka ’na ua etsa tlhahiso ea hore ba bale makasine ona ’me u lokisetse hore u buisane le bona ka boitsebiso bo ho ’ona. Le ka mohla u se ke ua nyahamisoa ke mocha ea reng: “Ke tseba lintho tsena kaofela!” Likhopolo tse nkiloeng ho liithuti-’moho kapa lipale tsa methaka esita le ho ba le phihlelo ea likamano tsa botona le botšehali ha li nkele tataiso e lekanyelitsoeng hantle mabapi le boitšoaro sebaka. ’Nete ke hore ho hloka tsebo ho ka fella ka mahlomola.
Ho koetlisa bana ba hao ho ka ’na ha hloka boiteko bo matla, empa moputso e ka ba o hlollang! Joalokaha Bibele e bolela, ka tsela e bonolo le e hlakileng: “Ha motho a lokile, ’me a tsamaea ho lokeng, ho lehlohonolo bana ba hae ba mo latelang.”—Liproverbia 20:7.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ke’ng seo thelevishine e se rutang ka botona le botšehali?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Hangata ho hlokomoloha melao ea ho khanna ho ka fella ka mathata a tebileng, ho joalo le ka ho hlokomoloha melao ea Molimo mabapi le boitšoaro