Easter e Bolela’ng ho Uena?
NAKO ke 8:30 mantsiboea. Kerekeng e lefifi ea Afrika leboea e lilemo li 300, badiakone ba ka bang 20 ba apereng liaparo tse tšoeu baa bina le ho tilinya meropa ea bona. Monko o monate oa libano o tsoa lipitsaneng tsa ho chesetsa libano. Joale sehlopha sa baprista se kopanela moketeng, se bala Bibele ka Segeez e leng puo ea boholo-holo ea moetlo. Barapeli baa mamela. Ke ba ’maloa feela ho ba leng teng ba utloisisang mantsoe ao. Tšebeletso e tsoela pele ho fihlela ka hora ea boraro hoseng.
Mopapa o tšoere ’Misa o khethehileng Vatican City. Bamameli ba hae ba leng teng sebokeng sena se khethehileng ba kopanyelletsa lenane le felletseng la sehlopha sa babuelli ba likamano tsa tšebelisano-’moho mahareng a lichaba la Vatican hammoho le bak’hadinale ba makholo, babishopo, baprista, baitlami le batho ba likete ba etelang libaka tse halalelang.
Ka mose ho Atlantic, Motseng oa New York, mapolesa a behile mekoallo e thibelang makoloi ho kena Fifth Avenue e hohelang. Mokoloko oa batho ba New York ba apereng hantle—banna ba roetseng likatiba tse khabisitsoeng le libaki tse mehatla le basali ba roetseng likatiba tse mebala-bala—ba tsamaea butle seterateng ba apere mebala e fetelletseng ka ho sa tloaelehang.
Ke mokete oa eng? Ho ketekoa Easter. Hohle lefatšeng ho sa ntse ho e-na le batho ba hlomphang mokete ona oa bolumeli ka hlompho e khōlō. Ba bang ba o bitsa mokete o moholo ka ho fetisisa le festum festorum—e leng lentsoe la Selatine bakeng sa “mokete oa semetletsa.”
E Bohlokoa Hakae ho Uena?
U nahana eng ka Easter? Na u tseba lebaka leo e ketekoang ka lona? Ba bangata ha ba le tsebe. Phuputso e entsoeng Brithani e senotse hore motho a le mong ho ba bararo Brithani ha a tsebe lebaka leo ho ketekoang Easter ka lona. Leha ho le joalo, Brithani, joaloka linaheng tse ling tse ngata lefatšeng, Easter e sa ntse e le mokete oa bohlokoa ka ho fetisisa oa bolumeli ba Bokreste-mōtoana.
Ho latela The New Encyclopædia Britannica, Easter ke “mokete o moholo oa Selemo oa Kereke ea Bokreste, moo ho ketekoang Tsoho ea Jesu Kreste letsatsing la boraro hoba a Thakhisoe.” Buka Easter—Its Story and Meaning e hlalosa hore Easter ke “mokete o moholo ka ho fetisisa oa Selemo oa Bakreste, o ketekoang ka thabo e khōlō ka ho fetisisa, hobane o tšepisa tsoho e tšoanang ho bohle ba amohetseng Tumelo ea Kreste.” Na le uena u nka ho keteka Easter ka ho teba hakaalo? Na u hlile u lumela hore Easter e amana le litebello tsa bophelo ba hao nakong e tlang?
Batho ba bangata ba talima Easter ka hlompho e joalo. Ha koranta e ’ngoe e bua ka ho ntšetsa pele khoebo ha Easter, e e bitsitse “Pale e Khōlō ka ho Fetisisa e Kileng ea Rekisoa.” E ile ea phaella ka hore: “Baetsi ba libapalisoa tsa bana ba re Easter, e leng letsatsi la bohlokoa ka ho fetisisa la phomolo ho Bakreste, le fetohile letsatsi la bobeli le leholo ka ho fetisisa bakeng sa ho fana limpho.” Ha e le hantle, letsatsi le leholo ka ho fetisisa ke Keresemese ’me bahlanka ba bang ba kereke ba ikutloa hore ho qhela bolumeli ha Easter ho latetse mohlala oa ho qhela bolumeli ha Keresemese.
Ka mohlala, ka 1989 nakong ea Easter, baetsi ba lipompong United States ba ile ba lula ba le malala-a-laotsoe bakeng sa thekiso e phahameng ea liranta tse likete tse 2,2. Ke nako ea bobeli e khōlō ka ho fetisisa ea ho etsa lipompong United States ka mor’a Keresemese. K’hamphani e ’ngoe e ile ea etsa mefuta e fetang lekholo ea mebutlanyana ea Easter.
Ho latela The Detroit News, Jack Santino, moprofesa oa meetlo le lifeshene tsa bophelo ba sechaba Univesithing ea ’Muso ea Bowling Green Ohio, o ile a lumela hore maikutlo a ho qhela Easter ‘ke “tšobotsi e tšoanang hantle” le maikutlo a kajeno a batho ba tšoarehileng le ho sekamela tabeng ea ho reka le ho rekisetsa baahi lihlahisoa.’ Koranta ena e ile ea phaella ka hore “libanse tsa Easter—eseng tsoho—ke eona ntho ea bohlokoa ka Easter.”
Ke Letsatsi le Leng Feela la Phomolo
Karolong e ka Leboea ea Lefatše, Easter e tšoaea ho thoasa ha nako ea selemo ’me ka kakaretso sena se tsamaisana le matsatsi a phomolo ea beke bakeng sa likolo le likoleche. Moo ho leng bonolo teng, bacha ba subuhlellana ka bongata libakeng tsa phomolo tse futhumetseng bakeng sa liphathi tse hlaha lebōpong la leoatle. Ba bang ba talima nako ea Easter e le monyetla oa bona oa ho qetela bakeng sa ho thellisa leqhoeng.
Norway, hoo e batlang e le karolo ea 88 lekholong ea baahi e kenang kereke ea ’muso ea Lutheran Evangelical, ke feela hoo e ka bang karolo ea ba 14 lekholong ea bao ho buisanoeng le bona phuputsong ea haufinyane ba boletseng hore ba nahana ho ea kerekeng ka Easter. Hoo e ka bang karolo ea ba 75 lekholong ba lumetse hore ha ba sa talima Easter e le letsatsi la bolumeli la phomolo. Ba boletse hore ho molemo ba mpe ba e’o thellisa leqhoeng.
Ho batho ba bangata litšoantšo tsa bohlokoa tsa Easter li fetohile lintho tse tšehisang. Ka mohlala, mohlomong lehe ke setšoantšo se tloaelehileng ka ho fetisisa sa Easter linaheng tse ngata. Setšoantšo sa lehe lena ke sa bolumeli. Ho nahanoa hore tsoho ea Jesu Kreste e emeloa ke bophelo bo bocha bo tsoang leheng le bonahalang le sa phele. Kahoo, moetlo oa ho khabisa mahe ka mebala e hohelang ke tšobotsi ea bohlokoa ea mokete oa Easter.
Empa ho batho ba bang, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ka lehe la Easter ke ho thabisa bana. Toropong e ’ngoe papali ea ho batla lehe la Easter kerekeng ea sebakeng seo e fella ka hore ba nkileng karolo ba otlane ka mahe ana! Robert J. Myers o hlokometse sena bukeng ea hae Celebrations: “Ho bana, Easter e bolela nako ea monyaka, nako ea lintho tse sa lebelloang, ’me mohlomong lipompong tse lekaneng ho fihlela mokete oa Halloween o fihla!”
Ho nahanoa hore Easter e tsoela pele ho nka boemo bo phahameng ka ho fetisisa har’a matsatsi a phomolo a bolumeli ba Bokreste-’mōtoana. Leha ho le joalo, ka tsela ea sebele ho bonahala batho ba eketsehileng ba e nka e se ea bohlokoa, ba e nka e le letsatsi le leng la phomolo feela. Ho thoe’ng ka uena? Easter e bolelang ho uena? Leha ho le joalo, pele u arabela potso ena, u lokela hore u ipotse sena pele: ‘Easter e bolela’ng ho Molimo? Na mokete oo oa u thabisa? Na ka sebele ho hlile hoa hlokahala hore Bakreste ba keteke Easter?’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Litšoantšo tsa Easter li fetohile litšoantšo tsa monyaka le papali