Easter e Bolela’ng ho Molimo?
EASTER—“mokete o moholo ka ho fetisisa!” festum festorum!—ho boleloa hore ke ho keteka tsoho ea Kreste. Empa Jesu o ile a re’ng ka ho keteka tsoho ea hae? Na baapostola ba ile ba re laela hore re e keteke? Na ho keteka Easter ke taelo eo Molimo o faneng ka eona kapa ke moetlo oa batho? U ka fumana likarabo tsa lipotso tsena habonolo feela ka ho hlahloba mehloli e ’meli ea boitsebiso—histori le Bibele.
Histori ea Bua
Pele, histori e re’ng? Ha rahistori Socrates Scholasticus a ngola ka sena lekholong la bohlano la lilemo C.E., o ile a bolela tjena bukeng ea hae Ecclesiastical History: “Ho ’na ho bonahala hore mokete ona oa Easter o kenyellelitsoe kerekeng ho tloha tšebelisong e itseng ea boholo-holo, joalokaha meetlo e meng e mengata e na le tšimoloho e joalo.”
Buka Curiosities of Popular Customs e hlalosa hore e ne e le tloaelo ea “Kereke ho fana ka tlhaloso ea Bokreste litšebeletsong tsa bohetene tsa hona joale tseo ho sa tsejoeng tšimoloho ea tsona. Ho bile bonolo hore sena se etsoe tabeng ea Easter. Ho thabela ho chaba ha letsatsi ha tlhaho, le ho tsoha ha tlhaho ka mor’a ho shoa nakong ea mariha, e bile thabo tsohong ea Letsatsi le lokileng, ho tsoha ha Kreste lebitleng. Mekete e meng ea bohetene e ileng ea ketekoa hoo e ka bang ka May 1 le eona e ile ea fetoloa hore e lumellane le ho ketekoa ha Easter. Ho ile ha eketsoa ka litšobotsi tse ngata tse ncha.”
Robert J. Myers bukeng ea hae Celebrations oa lumela, ’me o bolela hore “mekete e mengata ea bohetene ea ho tsoaloa hape, e neng e ketekoa ha khoeli e thoasitse, e ile ea fetoha karolo ea mokete.” Lipolelo tsena li tiisoa ke The New Encyclopædia Britannica e reng: “Joaloka nakong ea Keresemese le nakong ea Easter, meetlo e tloaelehileng e bontša mesaletsa e mengata ea meetlo ea boholo-holo ea bohetene—’me tabeng ena e amana le mekete ea selemo ea tsoalo, e kang letšoao la lehe la Easter le ’mutla oa Easter.”
Na e Simolohile Boheteneng?
Ka ho hlakileng, Easter joalokaha e ketekoa kajeno e tletse meetlo le litloaelo tsa bohetene. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore ho ketekoa ha Easter ha ho amane le liketsahalo tse ling tsa Bibele.
Ka mohlala, Easter e ’nile ea bitsoa mohlahlami oa Paseka ea Bajode, e leng ketsahalo ea Bibele. Buka Curiosities of Popular Customs e re bolella hore “mehleng ea pele ea Kereke, Easter e ne e tšoana le letsatsi la Paseka joalokaha mekete ena e ’meli e na le tšimoloho e tšoanang.” Ha ho makatse hore lipuong tse ngata tse kang Sefora, Segerike, Setaliana, Sepanishe le tse ling, lentsoe Easter le lentsoe Paseka (Passover) aa tšoana.
Leha ho le joalo, Bakreste ba pele ba ne ba sa keteke mokete oa selemo le selemo ho keteka Paseka ea Bajode e fetotsoeng ea Bokreste. Mabapi le Easter, Abingdon Dictionary of Living Religions e re: “Mokete o ne o hlile o ketekoa haholo bakeng sa ho ikhopotsa ho thakhisoa ha Jesu (la 14 Nisane ho latela almanaka ea Sejode) letsatsing la Hlekelo la Paseka.”
Bibele e re bolella hore bosiung ba pele ho lefu la hae, Jesu o ile a kopana le barutuoa ba hae ka kamoreng e khōlō ho keteka Paseka ea Bajode. (Mareka 14:12-16) Ke ka mor’a mona, Pasekeng ea ho qetela moo, Jesu a ileng a theha se tsejoang e le Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Joale o ile a laela barutuoa ba hae: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.”—Luka 22:19.
Sejo sena sa Morena sa Mantsiboea se ntse se tla ketekoa hanngoe ka selemo ho hopola lefu la Jesu. Moapostola Pauluse o boletse tjena ka mokete ona oa selemo le selemo: “Efela ka mehla eohle, ha le e-ja bohobe boo, le ho noela senoelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena.”—1 Ba-Korinthe 11:25, 26.
Ho Silafatsoa ha Thuto ea Bibele
Tumellanong le taelo ena ea Mangolo, Bakreste ba ’nete ba ikhopotsa sena selemo le selemo ka la 14 Nisane. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e tsamaea, batho ba ile ba qala ho keteka tsoho ea Jesu. The New Encyclopædia Britannica e hlalosa hore “Bakreste ba pele-pele ba ile ba keteka Paseka ea Morena ka nako e tšoanang le Bajode, bosiung ba pele ha Khoeli e tolokile (paschal) khoeling ea pele ea selemo (14-15 Nisane). Ho ea bohareng ba lekholo la bo2 la lilemo, likereke tse ngata li ile tsa fetisetsa mokete ona hore o be ka Sontaha ka mor’a mokete oa Bajode.”
Buka Seasonal Feasts and Festivals e re: “Kamoo ho bonahalang ka teng, ha ea ka eaba ho fihlela bofelong ba lekholo la bone la lilemo Jerusalema moo Paseka (Good Friday) le Letsatsi la Easter li ileng tsa bolokoa joaloka mekete ea sehopotso e arohaneng.”
Litsebi tse ling li lumela hore ka baka la bora bo neng bo ntse bo eketseha mahareng a batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste le Bajode, baeta-pele ba bang ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba sa batle hore letsatsi la bona la phomolo le bohlokoa ka ho fetisisa le tsamaisane hantle le letsatsi le khethehileng la phomolo ea Bajode. Boikutlo bona bo ile ba tlisa phetoho. Ha nako e ntse e tsamaea karolo e khōlō ea Bokreste-’mōtoana e ile ea qala ho keteka tsoho ea Jesu ka Sontaha sa pele ka mor’a hore khoeli e toloke ho neng ho lateloa ke ha bosiu bo lekana le motšehare ka bolelele ’me sena se ile sa fetoha mokete oa bohlokoa oa bolumeli. Bonneteng ba ile ba nyenyefatsa boemo ba mokete oa lefu la Jesu.
Ho latela mehloli ena, ha e le hantle nakong ena, Easter ea Bokreste-’mōtoana e ile ea inkela sehopotso sa mathomo sa lefu la Jesu ka mahahapa.
Bibele ea Bua
Bibele e re’ng ka Easter? Ha e le hantle, Mangolo a fana ka bopaki bo bongata bo tiisang hore Jesu o ile a tsosoa. Tsoho ea Kreste ke thuto ea motheo ea Bokreste ba ’nete. Ka ho hlakileng moapostola Pauluse o ne a lumela sena. O ile a re: “’Me ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, thuto ea rōna ke lefeela, le tumelo ea rōna ke lefeela. ’Me ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, tumelo ea lōna ke lefeela, ’me le sa le libeng tsa lōna.”—1 Ba-Korinthe 15:14, 17.
Leha ho le joalo, ha ho moo Bibele e buang ka ho keteka tsoho ea Jesu selemo le selemo. Rahistori Socrates Scholasticus o ile a lumela: “Mopholosi le baapostola ba hae ha ba re laela hore re keteke mokete ona: kapa hona hore Testamenteng e Ncha re tšosoa ka ho fuoa kahlolo leha e le efe kapa kotlo, kapa hona ho fuoa thohako ka baka la ho o hlokomoloha.” Haufinyana tjena makasine oa The Christian Century o ile oa bolela tjena sehloohong se buang ka Easter: ‘Bakreste ba pele ba ile ba qala ho keteka tsoho lekholong la bobeli la lilemo.’ Kahoo, Easter e ile ea kenyelletsoa nako e telele ka mor’a lefu la baapostola kaofela le ka mor’a hore Bibele e qetoe ho ngoloa. Ha se lekunutu hore moetlo oa Easter ke o entsoeng ke motho eseng o fanoeng ke Molimo.
Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Phoso ke efe ka ho ikhopotsa tsoho ea Jesu?’ Ke ’nete hore Bibele ha e hloke hore Bakreste ba keteke Easter. Na ho na le ntho leha e le efe ka Bibeleng e e thibelang?
Borapeli bo Hloekileng le bo sa Silafalang
Ka ho utloahalang, ha ho lithibelo tse tobileng ka Bibeleng tse thibelang ho keteka tsoho ea Jesu. Leha ho le joalo, Bibele e hlokomelisa Bakreste mabapi le ho silafatsa borapeli bo hloekileng ka meetlo ea batho. Sena se hlile se sebetsa haholo moetlong o kang Easter o tletseng litloaelo tsa bohetene le meetlo ea boholo-holo ea malumeli a bohata.
Selelekeleng sa buka ea hae e maqephe a 123 ea Easter, Alan W. Watts o itse: “Pale e felletseng ea Easter ke motsoako o rarahaneng ka ho fetisisa oa histori le litšomo—ke mosebetsi o thata ho khetholla mahareng a lintho tsena tse peli tse neng li ka tlala bukana.” Haeba ho joalo ka Easter, na Molimo o tla amohela borapeli ba rōna haeba bo kopanyelletsa metsoako e joalo ea meetlo ea bohetene? Che. Molimo o amohela feela “mofuta oa borapeli bo hloekileng le bo sa silafalang.” Sena se bolela ho “ipoloka motho a se na letheba lefatšeng,” e leng se kopanyelletsang meetlo ea lefatše e amanang le Easter.—Jakobo 1:27, NW.
Moapostola Pauluse o ile a hlokomelisa Bakreste mabapi le ho kenngoa ha meetlo e entsoeng ke batho phuthehong ha a re: “Hlokomelang, esere e mong a le tšoasa, a le thetsa ka mafeela a bohlale ba botho, bo ipapisitseng le meetlo ea batho, boo e leng moea o busang lefatše, e seng ba Kreste.”—Ba-Kolosse 2:8, BPN.
Jesu ka boeena o ile a nyatsa meetlo e joalo ea Bajode e neng e sotha linnete tsa Mangolo le ho silafatsa borapeli ba ’nete. Ho Mareka 7:6-8, ho tlalehiloe mantsoe a Jesu a lebisitsoeng ho baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Esaia o na a profete hantle bakeng sa lōna, lōna baikaketsi, kamoo ho ngoliloeng, ho thoe: Sechaba sena se ntlhonepha ka melomo, empa lipelo tsa bona li hole le ’na. Empa ba ntšebelletsa lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho. Hobane le tlohela molao oa Molimo, le tle le boloke mekhoa eo batho ba neanang ka eona.”
Ho 2 Ba-Korinthe 6:14-17, Bibele ea re hlokomelisa: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale? Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang? . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena [Jehova] le se ke la ama sesila.”
Sehopotso sa Lefu la Hae
Ho phaella moo, ho latela thuto ea Bibele, tokisetso ea topollo ea rōna e kopanyelletsa sehlabelo sa Jesu sa bophelo ba hae bo phethahetseng, tsoho ea hae le ho nehelana ka bohlokoa ba sehlabelo sa hae ho Molimo leholimong. Litšobotsi tsena kaofela li bohlokoa. (Ba-Heberu 7:25; 9:11-14) Jesu o ile a laela balateli ba hae ho ikhopotsa lefu la hae. Ke eona feela taelo ea Mangolo eo Bakreste ba lokelang ho ikhopotsa eona.
Selemong sena Lipaki tsa Jehova tse limillione li tla kopana ka shoalane, ka April 17 (Nisane 14), 1992, ho ikhopotsa lefu la Jesu. Mokete ona o tla kopanyelletsa puo e hlalosang se boleloang ke lefu la Kreste la sehlabelo. E tla u thusa ho ananela botebo ba lerato la Jehova Molimo bakeng sa batho ka ho nehelana ka Mor’a hae ea tsoetsoeng a notši e le hore u ka thabela litebello tsa bophelo bo sa feleng. Kopanela le rōna letsatsing la bohlokoa ka ho fetisisa la 1992!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Mekete ea bohetene e ile ea fetoloa ho lumellana le ho ketekoa ha Easter
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Ha ho moo Bibele e buang ka ho keteka tsoho ea Jesu selemo le selemo
[Lebokose le leqepheng la 6]
Lentsoe “Easter” le Simolohile Kae?
▪ “Lebitso lena le tloaelehileng ho sebelisoa har’a batho ba buang Senyesemane le Sejeremane, mohlomong le tsoa ho melimotsana ea bohetene ea Saxons, Ostara, Osterr, kapa Eastre. Molimotsana ona e ne e le mothofatso ea East [Bochabela] ea hoseng, ea selemo.”—Curiosities of Popular Customs, ea William S. Walsh.
▪ “Rahistori oa Lenyesemane o re bolella hore Mohlomphehi Bede, e leng lentsoe bakeng sa ‘Easter’ pele-pele e ne e le lebitso la melimotsana ea Anglo-Saxon ea mafube e tsejoang e le Eostre kapa Ostara, eo mekete ea eona e meholo e neng e ketekoa ha khoeli e tolokile. Re na le lentsoe Bede feela bakeng sa ’ona hobane ha ho litlaleho moo melimotsana e joalo e fumanoang teng, empa ho ka etsahala hore Bede, joaloka Mokreste ea inehetseng, o ile a etsa boiteko bohle ho qapa Easter e nang le motso oa bohetene. Empa hore na melimotsana e joalo e kile ea e-ba teng kapa che, ho bonahala hore mohlomong likamano tsa histori li bile teng mahareng a mantsoe ‘Easter’ le ‘East’, [Bochabela] moo letsatsi le chabang teng.”—Easter—Its Story and Meaning, ea Alan W. Watts.
▪ “Tšimoloho ea lentsoe bakeng sa mokete oa Tsoho ea Kreste ho nahanoa hore ka ho tsebahalang le tsoa ho Eastre ea Anglo-Saxon e leng molimotsana oa selemo. Leha ho le joalo, liphuputso tsa haufinyana tjena tse entsoeng ke Knobloch . . . li fana ka tlhaloso e ’ngoe.”—New Catholic Encyclopedia.
▪ “Lebitso la Senyesemane Easter, joaloka la Sejeremane Ostern, mohlomong le tsoa ho Eostur, e leng lentsoe la Norse bakeng sa nako ea selemo, eseng le tsoang ho Eostre e kang lebitso la melimotsana ea Anglo-Saxon.”—The Encyclopedia of Religion.
[Chate e leqepheng la 8]
EASTER PASEKA
Sedenishe påske påske
Seduche Pasen joods paasfeest
Sefinnish pääsiäinen pääsiäinen (juutalaisten)
Sefora Pâques La Pâque
Sejeremane Ostern Passah
Segerike Paskha Paskha
Setaliana Pasqua Pasqua ebraica
Sepanishe Pascua florida Pascua
Seswahili Pasaka Pasaka
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Mekete ea bohetene e ile ea fuoa bohlokoa ba Bokreste ’me e ile ea kenyelletsoa meketeng ea “Easter”
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Jesu o ile a theha Sejo sa Morena sa Mantsiboea le barutuoa ba hae