Basali—Na baa Hlomphuoa Kajeno?
BANNA ba bang ba ka makala le ho ipotsa, Ke hobane’ng ha potso ena e lokela ho botsoa? Empa ha re hlahloba tsela eo basali ba ileng ba tšoaroa ka eona historing eohle, le mehleng ea joale hohle lefatšeng, lipotso tse ’maloa li re neha leseli la karabo.
Likamanong tsa batho, ke bo-mang bao e bileng bahlaseluoa ba ka sehloohong ’me bahatelli ke bo-mang? Ke bo-mang bao haholo-holo ba ileng ba shapuoa lenyalong? Na ke banna kapa ke basali? Ke bo-mang ba ileng ba betoa linakong tsa khotso le tsa ntoa? Ke bo-mang bao e bileng bahlaseluoa ba ka sehloohong ba ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali? Na ke bashemane kapa ke banana? Ke bo-mang bao hangata ba ileng ba angoa ke melao e entsoeng ke batho e etsang hore ba tšoaroe joaloka baahi ba boemo bo tlaase? Ke bo-mang ba ileng ba haneloa ho ba le tokelo ea ho khetha? Ke bo-mang ba bileng le monyetla o fokolang oa ho ruteha? Na ke banna kapa ke basali?
Letoto lena la lipotso ke le tsoelang pele ka ho sa khaotseng, empa linnete li senola boemo ba sebele. Elisabeth Bumiller bukeng ea hae May You Be the Mother of a Hundred Sons o ngola a itšetlehile ka liphihlelo tseo a bileng le tsona India: “Mosali oa Moindia ea ‘tloaelehileng’, ea emelang hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea basali le bana le banana ba limillione tse makholo a mane India, o lula motsaneng. . . . Ha a tsebe ho bala le ho ngola, le hoja a ne a rata, ke ka seoelo a tsamaeang sebaka sa [lik’hilomithara tse fetang 30] ho tloha sebakeng seo a hlahetseng ho sona.” Ho se lekane hona ho leng teng thutong ke bothata bo jeleng setsi eseng India feela empa lefatšeng lohle.
Japane, joaloka linaheng tse ngata, phapang ena e sa ntse e le teng. Ho latela The Asahi Yearbook ea 1991, lenane la liithuti tsa banna lithutong tsa univesithi tse nkang lilemo tse ’nè ke 1 460 000 ha lenane la liithuti tsa banana e le 600 000. Ka ntle ho pelaelo, lefatšeng ka bophara basali ba ka fana ka bopaki ba ho fumana ha bona menyetla e fokolang ea thuto. Ba tlameha ho talimana le maikutlo a reng: ‘Thuto ke ea bashemane.’
Susan Faludi bukeng ea hae ea morao-rao tjena Backlash—The Undeclared War Against American Women o botsa lipotso tse loketseng mabapi le boemo ba basali United States. “Haeba basali ba Maamerika ba lekana le banna, ke hobane’ng ha ba emela likarolo tse peli ho tse tharo tsa batho bohle ba baholo ba futsanehileng? . . . Ke hobane’ng ha bona, ho fapana le banna ba sa ntse ba lokela ho lula matlong a boemo bo tlaase ’me ba sa fumane insurance ea bophelo bo botle, le hore ho be le menyetla e imenneng habeli ea hore ba se fumane chelete ea penshene?”
Basali ke bona ba ileng ba utloisoa bohloko ka ho fetelletseng. Ke bona bahlaseluoa ba ka sehloohong ba leeme, ho hlekefetsoa, ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali le ho se hlomphuoe ho bakiloeng ke banna. Tšoaro ena e mpe ha ea lekanyetsoa feela linaheng tseo ho boleloang hore li tsoetse pele moruong. Haufinyane Komiti ea Boahloli ea Senate ea U.S. e hlophisitse tlaleho e mabapi le pefo khahlanong le basali. E senotse litlaleho tse tšosang. “Metsotso e meng le e meng e 6 mosali oa betoa; metsotsoana e meng le e meng e 15 mosali oa shapuoa. . . . Ha ho mosali eo e leng mokhelo tlōlong ea molao e mabifi naheng ena. Ho basali ba Maamerika ba phelang kajeno, ba bararo ho ba bane bonyane e tla ba bahlaseluoa ba tlōlo ea molao e mabifi.” Selemong se le seng, basali ba limillione tse tharo ho isa ho tse ’nè ba ile ba hlekefetsoa ke banna ba bona. E bile boemo bona bo hlobaetsang bo entseng hore ho kenngoe molao o bitsoang Molao oa Pefo Khahlanong le Basali oa 1990 (Violence Against Women Act of 1990).—Tlaleho ea Senate, The Violence Against Women Act of 1990.
Joale ha re ke re hlahlobeng a mang a maemo ao ho ’ona basali ba ’nileng ba mamella ho hloka tlhompho ho bontšoang ke banna ho pota lefatše. Joale, lihloohong tse peli tse qetellang letotong lena la lihlooho re tla tšohla kamoo banna le basali ba ka hlomphanang litšobotsing tsohle tsa bophelo.