Bacha Baa Botsa . . .
Nka Ikamahanya Joang le Boemo ha e le Mona Nkhono le Ntate Moholo ba Lula le Rōna?
U’NILE oa ba le kamano e ntle le nkhono le ntate moholo oa hao. Nako eo u neng u e qeta u na le bona e ne e le e thabisang, e khethehileng. Empa joale ba lula le lelapa leno.
Ha nkhono le ntate moholo ba lula le lelapa, ho ka bolela hore e mong le e mong a etse liphetoho.a Bohle ba lokela ho fetola bophelo ba bona hore bo lumellane le litsela tsa ba bang. Empa boemo bona hase boo ho hang bo se nang tšepo. Ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, u ka thusa lelapa leno hore le sebelisane hammoho, le se ke la arohana.
Matla a Lerato
Tsela e ’ngoe ea ho fokotsa likhohlano tsa lelapa ke ho sebelisa molao-motheo o ho 1 Ba-Korinthe 16:14: “Litaba tsohle tsa lōna li etsoe ka lerato.” Lerato la Bokreste “le apesa libe tse ngata.” (1 Petrose 4:8) ’Me joalokaha patlisiso e leng koranteng ea Family Relations e bontšitse, lerato la sebele le ho thahasella beng ka rōna ba hōlileng ke la bohlokoa bo sebetsang; le fokotsa khatello le boima ba tlhokomelo.
Ka bomalimabe, hase bacha bohle ba nang le boikutlo bo joalo ba ho rata bo-nkhono le bo-ntate moholo ba bona. Ba bang baa ba nyelisa, ba ba talima e le ba tsofetseng le ba se nang thuso. Empa bacha ba Bakreste ha ba talime batho ba hōlileng ka tsela ena. Ba hopola mantsoe a Liproverbia 20:29 a reng: “Mokhabo oa maqheku ke moriri o moputsoa.” E, nkhono le ntate moholo oa hao ba hōlile ba bile ba na le phihlelo. E ka ba mohloli o molemohali oa keletso le tataiso, haholo-holo haeba ke Bakreste. ’Me joaloka bo-nkhono le bo-ntate moholo ba bangata, mohlomong ba u hlokomela haholo ho feta kamoo u nahanang ka teng.—Liproverbia 17:6.
Haeba kamano ea hao le bona ha e e-s’o be e haufi ho fihlela hona joale, ke hobane’ng ha u sa leke ho fetola boemo? Ngoanana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o ile a etsa qeto ea ho etsa lipontšo tsa botsoalle. Oa hopola: “Ke ile ka rekela nkhono para ea likausi tse mebala-bala tseo ke neng ke tseba hore oa li rata. O ne a li bontša motho e mong le e mong ea etelang lapeng!” Ka ho tšoanang, u ka leka ho nka metsotso e seng mekae letsatsi ka leng u buisana le bona. Kapa u ka ithaopela hore ba o rome sebakeng se itseng. Ho etsa joalo ho tla etsa hore u atamelane le bona.
Hoa utloahala hore maemo a ka beha lerato la e mong le e mong tekong. Ho ka ba thata hore bophelo ba batho ba hōlileng bo lumellane le tikoloho e ncha. Ba ka ’na ba kula ’me ba se ke ba ikutloa hantle ka mehla. Le hoja u ka tlameha ho etsa liphetoho mokhoeng oa hao oa bophelo—mohlomong esita le ho intša sehlabelo—hlokomela hore boemo bona ha bo bonolo esita le ho nkhono le ntate moholo oa hao. Ka sebele, ana e ka ba “matsatsi a tlokotsi” ho bona. (Moeklesia 12:1, NW) Ananela hore ke bona ba ileng ba hlokomela batsoali ba hao ha ba sa le bacha. Molimo o talima tlhokomelo eo u e fang nkhono le ntate moholo oa hao e le “puseletso e loketseng” hape e le pontšo ea boinehelo ba hao ho oona.—1 Timothea 5:4, NW; Jakobo 1:27.
Bohlale ba ho Sekisetsa
Leha ho le joalo, hangata mathata a ka qojoa haeba u nahanela nkhono le ntate moholo oa hao ka tsela e se nang boithati. (Ba-Filippi 2:4) Ka mohlala, u ka hopola hore batho ba hōlileng hangata ba tšaba lerata haholo; ’mino o lerata u ka ba khopisa. (Moeklesia 12:4) Hape ba ka khopiseha ha u etsa lerata neng le neng ha metsoalle ea hao e le teng. Litaba tse joalo li ka fetoha mohloli oa likhohlano habonolo. Empa Bibele e re hopotsa hore “bohlale bo tsoang holimo bo . . . na le khotso, bo lekanya lintho hantle.”—Jakobo 3:17, NW.
Motho ea nang le khotso o hōlisa khotso. U ikemisetsa ho etsa boiteko bo khethehileng—esita leha ho kena-kenana le boiketlo ba hae—e le hore a ka boloka likamano tse molemo le ba bang. Ka ho tšoanang, motho ea lekanyang lintho hantle ha a phehelle hore lintho li etsoe ka tsela ea hae ka linako tsohle empa u ikemisetsa ho lumellana le pono ea motho e mong. U hopotse lintlha tsena, leka ho atamela nkhono le ntate moholo oa hao ka boikokobetso. Ho e-na le ho loanela “litokelo” tsa hao, leka ho sekisetsa.
Mohlomong metsoalle ea hao e ka u etela matsatsing ao nkhono le ntate moholo oa hao ba eang mabenkeleng ka ’ona. Kapa mohlomong ba ka mamella lerata haeba metsoalle ea hao e u etela lihoreng tsa hoseng. Ho hlakile hore, hase ka mehla le ka lumellanang, ’me ho ka ba molemo haholo ho inehela ho seo ba se khethang. Mohlomong u ka kopana le metsoalle ea hao sebakeng se seng kapa oa roala li-headphone ha u batla ho mamela ’mino. Na see sea setisa? Ha ho pelaelo ho joalo. Empa ka ho etsa joalo u boloka khotso.
Matla a ho sekisetsa le ’ona a ipakile a le molemo haeba nkhono le ntate moholo oa hao ba na le litloaelo tse u tšoenyang. Ka mohlala, ho ka bonahala eka ha ba hlomphe boinotši ba hao. Mohlomong ba ka rata ho buisana le uena ha u ntse u etsa mosebetsi oa hao oa sekolo. Ho e-na le ho khopeha, hlokomela hore mohlomong ba jeoa ke bolutu ’me ba lakatsa ho ba le uena. Ho itšehla thajana kapa ho ba hlokomoloha ho ka mpefatsa boemo ’me ha bontša hore ha u ba hlomphe. (Liproverbia 18:1) Chris ea lilemo li 19 o ile a sekisetsa. O re: “Ke nka bohato ba pele ho buisana le nkhono ka linako tseo hona ho leng bonolo bakeng sa rōna re le babeli.”
Boloka ho Leka-lekana
Ho thoe’ng haeba nkhono le ntate-moholo ba hloka tlhokomelo ea botho e ngata? Ho rata nkhono le ntate moholo oa hao ha ho bolele hore u tlameha ho jara boikarabelo bona kaofela o le mong. Ka sebele, Bibele e bontša hore ‘bana le litloholo’ tseo e leng Bakreste ba lokela ho arolelana mesebetsi e joalo. (1 Timothea 5:4) Kahoo batsoali ba hao ba na le boikarabelo bo ka sehloohong tabeng ena ’me ba ka rera hore na karolo ea mosebetsi e o lekaneng ke efe. Ho feta moo, 1 Petrose 1:13, (NW) e phehella Bakreste ho “boloka likelello [tsa bona] ka ho felletseng,” kapa joalokaha phetolelo e mongolong o botlaaseng ba leqephe e beha taba, ho “boloka ho leka-lekana.” Ho etsa karolo e khōlō haholo ea mosebetsi ho ka u khathatsa ’me, qetellong hoa fehla lehloeo.
Ho leka-lekana ha Bokreste le hona ho tla u thusa hore u sebetsane le mefokolo ea hao esita le ea litho tse ling tsa lelapa leno. Ke ’nete hore bohle ba lokela ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho bonahatsa ‘tholoana ea moea oa Molimo.’ (Ba-Galata 5:22, 23) Empa ho sa tsotellehe boikemisetso bo molemohali, litho tsa lelapa li ka felloa ke mamello. Ho e-na le ho halefa, amohela ’nete ea hore “bohle re khopjoa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa khopjoe lipuong, eo ke monna ea phethehileng, ea ka tsebang ho busa le ’mele kaofela.” (Jakobo 3:2) Likhohlano tsa lelapa tse hlahang ka seoelo ehlile hase sesosa sa ho tšoha ka ho tebileng.
Ho Buisana le Motho eo u mo Tšepang
Ho ka ba molemo haholo haeba habonolo feela u buisana le batsoali ba hao. “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.” (Liproverbia 15:22) Ka mohlala, na u ikutloa u ferekane u bile u halefile hobane u se u se na phaposi eo e leng ea hao? Na u amehile hobane u nahana hore u phetha karolo e khōlō ea mosebetsi oa ho hlokomela nkhono le ntate-moholo oa hao? Ho e-na le ho khutsa ka pelo e bohloko kapa ho tepella maikutlong, tsebisa batsoali ba hao hore na u ikutloa joang.
Mohlomong, e ka ’na eaba batsoali ba hao ka bobona ba tlas’a khatello ’me ba na le matla a fokolang a ho fetola boemo bona. Kahoo fumana nako e loketseng ea ho buisana le bona ka molumo oa lentsoe o bontšang boikokobetso, o sa bontšeng ho laela, u sebetsane le bothata bona joaloka boo le bo kopanetseng kaofela. (Liproverbia 15:23) Bua ’nete u be u bolele se u tšoenyang. (Ba-Efese 4:25) Hang ha litaba li senolehile, ba ka u mamela ka tsela e bontšang kutloelo-bohloko. ’Me ho ka etsahala hore ba fumane tharollo e sebetsang.
Mohlomong ho ka ba le sebaka seo u ka se bolokeloang ka tlung seo u ka se sebelisang ha u batla ho ba boinotšing bakeng sa ho bala le ho ithuta. Kapa mohlomong mesebetsi e eketsehileng e ka arolelanoa haeba u e-na le bana beno. Lelapa le leng le ile la etsa qeto ea hore mora ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o tla balla nkhono oa hae—e leng ntho eo ka bobeli ba neng ba e thabela le eo ba neng ba e lebella ka thahasello e khōlō. Likhaitseli tsa hae tse peli li ne li abetsoe ho thusa ka ho mo apesa le ho mo hlatsoa.
Phihlelo e Putsang
Ha ho pelaelo hore ho lula le nkhono le ntate moholo lapeng e ka ba phihlelo e ncha bophelong—ho bona le ho uena. Empa haeba bohle ba bonahatsa mamello, lerato, ba bile ba ikemiselitse ho sekisetsa, e ka ipaka ho ba phihlelo e putsang haholo. U ka ba le monyetla oa ho hōlisa tlamahano e mofuthu le e lerato le batho ba babeli ba bohlale le ba nang le phihlelo ba u tsotellang e le ka ’nete. Setsoalle se joalo se ka ipaka e le se khotsofatsang haholo ho feta kamano ea nakoana eo u ka bang le eona le thaka ea hao. ’Me se ka u thusa hore u hōle joaloka motho. Moroetsana e mong ea bitsoang Beverly o re: “Ke talima ho thusa nkhono e le monyetla oa ho ithuta litšoaneleho tsa ho itela tseo ke tla li hloka hamorao bophelong.”
Mocha ea bitsoang Aaron u ile a hlokomela taba e tšoanang. O re: “Ho qeta nako e itseng ke na le nkhono ho ile ha nthuta ho bua le batho ba hōlileng phuthehong. Ke ne ke tloaetse hore ke ba lumelise feela. Hona joale ke nka metsotso e seng mekae ke buisana le e mong le e mong oa bona. Ke thabela sena! ’Me ke se ke talima batho bana ba hōlileng e le metsoalle ea ka.”
Kahoo etsa ho fetang feela ho mamella boemo bona; etsa hore e be phihlelo e molemo! Qetellong u ka ’na ua bua hamolemo ka letsatsi leo nkhono le ntate moholo oa hao ba neng ba qala ho lula le lōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Ke Hobane’ng ha Nkhono le Ntate Moholo ba Lula le Rōna?,” se hlahang tokollong ea rōna ea July 8, 1992.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Botsoalle boo u bo thabelang le nkhono le ntate moholo oa hao bo ka ipaka e le bo khotsofatsang haholo