Bacha Baa Botsa . . .
Nka Atamela Haufi-ufi le Nkhono le Ntate-moholo Joang?
“Bo-ntate-moholo ba ka ka bobeli ke batho ba ratang ho pheta lipale. Lipale tsa bona li nthusa hore ke utloisise maikutlo a ka.”—Joshua.
HO KILE ha e-ba le nako eo ka eona ho neng ho tloaelehile hore meloko e ’maloa ea litho tsa malapa e lule hammoho—hangata e le lelapeng le le leng. Botsoalle bo haufi-ufi le bo-nkhono le bo-ntate-moholo e ne e le tsela ea bophelo.
Mehleng ea kajeno, bohōle ba libaka bo khaohanya bana ba banyenyane le bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bona. Ho feta moo, palo e ntseng e eketseha ea malapa e ’nile ea senngoa hampe ke tlhalo. The Toronto Star e ile ea tlaleha hore “bo-nkhono le bo-ntate-moholo le bona e ka ’na ea e-ba mahlatsipa a tlhalo ’me ba thibeloa ho bona litloholo tseo ba li ratang.” Maemong a mang, bothata ke hore bacha ba bangata ba na le pono e fosahetseng ka ba hōlileng, ba ba nka joalokaha eka ha ba kheme le linako, ’me ba na le pono, melao-motheo, le lithahasello tse fapaneng le tsa bona. Phello e bile efe? Ka ho hlakileng bacha ba bangata ha ba atamelane ka ho lekaneng le bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bona.
Ena ke tlokotsi. Joalokaha sehlooho se fetileng letotong lena se bontšitse, ho ba le kamano e haufi-ufi le nkhono le ntate-moholo oa hao—haholo-holo haeba ba tšaba Molimo—ke ntho e monate, e ruisang molemo le e thabisang.a Ha a bua ka nkhon’oae le ntat’ae-moholo, mocha ea bitsoang Rebekah o re: “Re khona hore re tšehe hammoho kamehla.” Mocha e mong ea bitsoang Peter ka mokhoa o tšoanang o re: “Ha ke tšabe ho ba bolella hore na ke ikutloa joang kapa ho ba bolella merero ea ka. Ka linako tse ling ke ikutloa ke phutholohile ha ke e-na le bona ho feta ha ke e-na le batsoali ba ka. Ke nahana hore nka buisana le Nkhono le Ntate-moholo ka ntho leha e le efe.”
Ho thoe’ng ka uena? Mohlomong ha u ne u sa le monyenyane u ne u atamelane le batsoali ba batsoali ba hao. Empa kaha joale u se u le lilemong tsa bocha, e ka ’na eaba morao tjena ha u e-s’o etse letho ho atolosa kamano eo. Haeba ho joalo, molao-motheo oa keletso ea Bibele o ho 2 Bakorinthe 6:11-13 o ka sebelisoa hantle tabeng ena, oa hore ‘u atolosetse’ kameho ea hao e lerato ho bona. Potso ke hore na, Joang?
Ho Nka Bohato ba Pele
‘Ho atoloha’ ho bolela ho nka bohato ba pele tabeng ena. Ha e le hantle, Bibele e re: “U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.” (Liproverbia 3:27) Mohlomong ha u ne u sa le monyenyane u ne u se na ‘matla’ a makaalo a ho etsa ntho leha e le efe ka kamano ea hao le bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba hao. Empa kaha joale u se u hōlile, mohlomong u kena lilemong tsa batho ba baholo, u ka ’na ua hlokomela hore ho na le lintho tse ngata tseo u ka li etsang hantle.
Ka mohlala, haeba bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba hao ba lula haufi, u ka itloaetsa ho ba etela khafetsa. Na seo se ka u bora? Mohlomong, haeba u lula moo u khutsitse. Kahoo qala moqoqo! U ka bua ka’ng? Molao-motheo oa Bibele o ho Bafilipi 2:4 oa thusa. O re bolella hore re se ‘hlokomele lithahasello tsa litaba tsa rōna feela, empa hape re hlokomele lithahasello tsa ba bang.’ Ka mantsoe a mang, e-ba le thahasello ho bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba hao. Etsa hore ba bue ka lintho tseo ba li ratang. Ba ikutloa joang? Ba ne ba ntse ba etsa’ng? Ba ka ’na ba thabela ho bua ka nako e fetileng. Kahoo ba botse hore na bophelo bo ne bo le joang mehleng ea bona. Kapa hore na ’mè kapa ntate oa hao o ne a le joang ha a sa le monyenyane? Haeba batsoali ba batsoali ba hao ke Bakreste, ba botse hore na ke eng se entseng hore ’nete ea Bibele e ipiletse ho bona.
Hangata bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba tseba lintho tse ngata ka histori ea lelapa, ’me ho ka etsahala hore ebe ba ikemiselitse ho u bolella litaba tse qabolang. Ka sebele u ka ’na ua batla ho etsa hore ena e be ntho e thabisang. Leka ho ba le puisano ka lipotso le bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba hao, mohlomong u ntse u ngola lintlha fatše kapa u rekota ka k’hasete kapa video. Haeba u sa tsebe hore na u ba botse eng, kōpa batsoali ba hao hore ba u thuse ho fumana lipotso tse loketseng. Ho ka etsahala hore u ithute lintho tse ngata tse tla etsa hore u tsebe batsoali ba batsoali ba hao, batsoali ba hao, haesita le ho itseba hamolemo. Joshua oa hlalosa: “Bo-ntate-moholo ba ka ka bobeli ke batho ba ratang ho pheta lipale. Lipale tsa bona li nthusa hore ke utloisise maikutlo a ka.”
Leha ho le joalo, u se ke ua lebala hore bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba hao ba boetse ba thahasella bophelo le mesebetsi ea hao. Ha u ba bolella seo u se etsang, u ba etsa karolo ea bophelo ba hao. Ntle ho pelaelo sena se tla le atametsa haufi-ufi haholoanyane. Mocha e mong oa Fora ea bitsoang Igor o re: “’Na le Nkhono re rata ho phoka tee hammoho lebenkeleng la lijo, re bua ka lintho tseo re neng re li etsa.”
Re ka Etsa’ng Hammoho?
Hang ha le se le qalile ho buisana, le ka hatela pele ka ho etsa lintho tse ling hammoho. Ka ho nahana esale pele, u ka fumana lintho tseo le ka kopanelang ho tsona hammoho. Dara e monyenyane oa hopola: “Bo-nkhono ba ka ka bobeli ba nthutile ho pheha, ho kenya lijo makotikoting kapa libotlolong hore li se ke tsa senyeha, ho baka, ho hōlisa limela le ho sebetsa serapeng.” Amy o ile a ba ’moho le bo-nkhono oa hae le bo-ntate-moholo oa hae meketjaneng ea lelapa le linakong tsa phomolo. Ho itšetlehile ka lilemo tsa bona, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bang ba batla ba le mafolofolo. Aaron o rata ho bapala kolofo le nkhon’oae. Joshua o tšoasa litlhapi le ho etsa mesebetsi e hlokahalang ntlong le bo-ntat’ae moholo.
Haeba batsoali ba batsoali ba hao ke barapeli ba Jehova, e ka ba ntho e thabisang haholo ho arolelana le bona litšobotsi tsa tšebeletso ea Jehova, joaloka ho buisana le ba bang ka Bibele. Igor o ile a ea le nkhon’oae kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova Poland. O re: “Eo e bile phihlelo e sa lebaleheng eo re kileng ra khona ho e arolelana, ’me re ntse re thabela ho buisana ka eona.” Ke ’nete, hase bo-nkhono le bo-ntate-moholo bohle ba khonang ho ea koana le koana joaloka nkhon’oa Igor. Leha ho le joalo, ke ho loketseng ho qeta nako le bona.
Letlotlo la Moea
Mehleng ea Bibele mosali ea bitsoang Loise o ile a phetha karolo ea bohlokoa ea ho ruta setloholo sa hae, Timothea, ho ba monna ea hlahelletseng oa Molimo. (2 Timothea 1:5) Ha ho makatse hore ebe bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bangata ba Bakreste kajeno ba phetha karolo e tšoanang. Ha a bua ka batsoali ba batsoali ba hae Joshua o re: “Ba sebelelitse Jehova halelele ho feta nako eo ke e phetseng, kahoo ke ba hlompha haholo, eseng feela hobane e le bo-nkhono le bo-ntate-moholo empa hobane e le baboloki ba botšepehi.” Amy o re: “Kamehla batsoali ba batsoali ba ka ba mpolella kamoo ba khothatsoang ke ho mpona ke sebeletsa Jehova ka botšepehi kateng. Leha ho le joalo, ho bona mohlala oa bona o motle le cheseho ea bona ho Jehova e le bo-pula-maliboho [baevangeli ba nako e tletseng] ho nkhothalelitse ho tsoela pele tšebeletsong ea ka ea bopula-maliboho.”
Chris o bitsa nkhon’oae “motho ea ntšusumelitseng haholo hore ke ithute le ho hōla.” Oa phaella: “Le ka mohla nke ke ka lebala mantsoe a hae a reng ‘re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna bakeng sa Jehova.’” Ka ho khetheha nkhon’oa Petro le ntat’ae-moholo ba phethile karolo e khōlō tsoelo-peleng ea hae ea moea. O re: “Phihlelo ea bona e nthusitse haholo. Kamehla nkhono le ntate-moholo ba ne ba e-ea le ’na mosebetsing oa boboleli, ’me ke ananela seo haholo.” E, ho atamela haufi-ufi le bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba tšabang Molimo ho ka u thusa hore u sebeletse Molimo ka botlalo.
Bo-Nkhono le Bo-Ntate-moholo ba Libakeng Tse Hōle
Ho thoe’ng haeba batsoali ba batsoali ba hao ba lula sebakeng se hōle? Haeba ho khoneha, leka ho ba etela khafetsa. Nakong ea ha u sa khone ho ba etela, etsa seo u ka se khonang ho boloka mocha oa puisano o bulehile. Hornan o etela nkhon’oae le ntat’ae-moholo hararo feela ka selemo, empa o re: “Ke ba letsetsa mohala Sontaha se seng le se seng.” Dara eo le eena a lulang hōle haholo le batsoali ba batsoali ba hae, o re: “Ba thahasella bophelo ba ka, ebile rea letsetsana kapa re ngollana li-E-mail hoo e batlang e le beke e ’ngoe le e ’ngoe.” Le hoja ho ngollana li-E-mail le ho letsetsana mehala e le lintho tse loketseng, se halale matla a lengolo le ngotsoeng ka letsoho ka mokhoa oa khale. Bacha ba bangata ba makalitsoe ke ho fumana hore bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bona ba bolokile lengolo le leng le le leng leo ba ba ngoletseng lona ho tloha bongoaneng. Mangolo a ka baloa ka makhetlo a mangata—le ho baballoa. Etsa bonnete ba hore ua ngola!
Hangata bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba na le lerato le khethehileng bakeng sa litloholo tsa bona. (Liproverbia 17:6) Ho na le litsela tse ngata tsa ho haha le ho boloka kamano e haufi-ufi le bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba hao, ho sa tsotellehe hore na ba lula haufi kapa hōle hakae. Etsa boiteko ka hohle-hohle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng, “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Tseba Nkhono le Ntate-moholo Haholoanyane?” tokollong ea rōna ea May 8, 2001.