Boemo ba AIDS bo Bobe Hakae Afrika?
Ka mongolli oa Tsoha! Afrika
MOHLOMONG u ile oa utloela ka maemo ana a ileng a boleloa esale pele. A ne a tšosa. Batho ba limillione kontinenteng ea Afrika ba tla tšoaetsoa AIDS. Metsoako e sireletsang ’mele mafung e tla felloa ke matla, ’me ka ho etsa joalo e etse hore ho itšireletsa ha ’mele ha tlhaho ho hlaseloe ke mafu a tšosang. Joalokaha e le ’nete ka seoa sa bubonic se ileng sa hlasela Europe lekholong la bo14 la lilemo, ho tla latela lefu le tšenyo e khōlō ka ho fetisisa.
Joale ho bile le khefu ea nakoana litabeng tsa AIDS. Mecha ea litaba e ne e tletse litaba tsena ’me batho ba ile ba bolelloa esale pele ka letsatsi la timetso. Na ka sebele boemo bo ne bo tla ba bobe hakaalo? Ha e le hantle, ke eng se boleloang ka seoa sa AIDS Afrika?
Mofuputsi oa AIDS Dr. Andre Spier o re: “Ha ho motho ea tsebang hore na lipalo-palo tsa nakong e tlang e tla ba life.” Empa ha a na tšepo. “Lenane lena le tla ba leholo ’me e tla ba le bolaeang ka ho fetisisa sechabeng sohle.” Ka ho tšoanang, sebokeng sa machaba sa AIDS se neng se tšoaretsoe Stockholm, Sweden, ka 1988, Dr. Lars Kallings o ile a lekanyetsa hore “nakong ea lilemo tse seng kae feela . . . [ho tla ba le] palo e tšosang ea batho ba bolailoeng.”
Nako e fetang “nako ea lilemo li se kae” e se e fetile haesale maemo ao a boleloa esale pele. Hona joale maemo a mangata a ileng a boleloa esale pele a nepahetse ka tsela e tšosang. Seo pele e neng e le lipalo-palo joale ke manane a sebele a batho ba ileng ba shoa. Tlokotsi e khōloanyane e sa tla.
Bafu le ba Ntseng ba Shoa
Seoa sa lefu le tšenyo se ntse se haola likarolong tse ngata tse ka boroa tsa Sahara e Afrika. Tlaleho ea haufinyane ea makasine oa saense, Nature e re: “Litsi tse ling tsa AIDS litoropong joale ke sesosa se seholo sa mafu a batho ba baholo le bana.” Motseng o mong oa Afrika, baprista ba thatafalloa ho sebetsana ka katleho le manane a phahamang a mapato a amanang le AIDS ao ba lokelang ho a tsamaisa.
Ka October 1991 lihlooho tsa mebuso ea Linaha tsa Selekane tse ileng tsa kopana Harare, Zimbabwe, li ile tsa fuoa lethathamo la lihlooho tse buang ka AIDS Afrika. Ho ile ha senoloa hore karolo e pakeng tsa 50 le 80 lekholong ea libethe tsohle tsa sepetlele linaheng tse ling tsa Afrika hona joale li ne li robalitse bakuli ba AIDS. Mabapi le Uganda e amehehileng haholo, setsebi sa AIDS Dr. Stan Houston o senola hore AIDS e se e bolaile batho ba bangata Uganda ho feta ba bolailoeng lilemong tse 15 tse fetileng tsa ntoa ea baahi naheng eo.
Ho hong ho boetseng ho tšosang ke seo lingaka le bo-rasaense ba se fumaneng Abidjan, Côte d’Ivoire. Nakong ea likhoeli tse ’maloa ho ile ha hlahlojoa litopo tsohle tse leng moshareng ea metse e meholo e ’meli. Phello? Makasine oa Science o neng o tšoere tlaleho eo o senotse hore AIDS e fumanoe e le eona “sesosa se seholo sa lefu” har’a banna Abidjan. Makasine ona o phaella ka ho bolela hore lipalo-palo tse qotsitsoeng “mohlomong li bontšitse khakanyo e tlaase ea mafu a bakiloeng ke kokoana-hloko ea HIV [Human Immunodeficiency Virus].”
Esita le WHO (World Health Organization [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle]), o laolang ho jaleha ha mafu lefatšeng lohle, o lumela hore sena e mpa e le linyane feela. Ho latela makasine oa New Scientist, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle “o kholisehile hore linaheng tse ngata tsa Afrika Bochabela le Bohareng li tlalehile feela hoo e ka bang karolo ea leshome ea liketsahalo tsa AIDS . . . Litlaleho tsena ha lia fella hape ha lia nepahala hobane tsebo ea ho hlokomela batho ba nang le lefu lena e sa ntse e fokola.”
Tšoaetso e E-so’ng ho Hlahelle
Ntho e ’ngoe e tšosang ka AIDS ke nako e telele ea tšoaetso e tlang pele ho matšoao a sebele a AIDS. Motho ea tšoaelitsoeng ke AIDS a ka lula a na le kokoana-hloko ea HIV e bolaeang ’meleng oa hae ho isa lilemong tse leshome. A ka ’na a bonahala le ho ikutloa a phetse hantle. Ka ntle le haeba mohlaseluoa a ile a hlahlojoa ka morero oa ho bona hore na ha a na lefu lena ’meleng oa hae, ha ho mohla a tla ke a tsebe hore o tobane le bohloko bo bolaeang—ho fihlela mohla matšoao a bohloko a itlhahisang! Ke karolo ena ea sechaba e bonahalang e phetse hantle, empa e se e tšoaelitsoe, e jalang AIDS e sa tsebe.
Litlhahlobo tsa tšoaetso ea kokoana-hloko ea HIV li senola hore bohloko bona bo bolaeang bo jele setsi hona joale Afrika. Ka mohlala, makasine oa African Affairs o bontša hore “karolo e nang le baahi ba bangata e haufi le Lake Victoria . . . e na le lenane le phahameng la kokoana-hloko ea [HIV] . . . , ho tloha ho karolo e pakeng tsa 10 le 18 lekholong ea batho ba baholo bao ho nahanoang hore bonyane ba kotsing e fokolang ea ho tšoaetsoa ho ea ho karolo ea 67 lekholong ea ba nang le balekane ba bangata.” Ka ho tšoanang, makasine oa Nature o hakanya hore “ka kakaretso ho banna, tšoaetso e ile ea ata butle-butle ho tloha ka 1984, ’me e ile ea finyella karolong ea 20 ho isa ho ea 30 lekholong metseng ea litoropo e tšoaelitsoeng haholo.” Nahana ka seo—hoo e batlang e le karolo ea boraro ea batho ba baholo e tla shoa nakong ea lilemo tse leshome!
Mebuso le baeta-pele bao ka nako e ’ngoe ba kileng ba ba lesisitheho ho senola ho pharalla ha seoa sa AIDS joale ba hlokomela ka ho felletseng ho tšosa ha seoa sena. Mopresidente oa mehleng oa Afrika o kile a bua ka ho loantša AIDS—ka mor’a hore mor’a hae a bolaoe ke eona. Haufinyane moeta-pele e mong o ile a hlokomelisa hore ho ne ho e-na le batho ba 500 000 ba tšoaelitsoeng ke kokoana-hloko ea HIV naheng ea hae. Bongata ba batho bana bo ne bo sa tsebe hore bo ne bo kulela lefu le hore bo ntse bo jala lefu lena ka boitšoaro ba bona bo bobe ba botona le botšehali.
“Ba Bolelleng se Etsahetseng Mona”
Ha palo ea batho ba tšoaelitsoeng ke kokoana-hloko ea HIV e ntse e phahama butle-butle, lenane la batho ba kulang ka sekhahla le ho shoa le tla eketseha ka potlako. Ka baka la phello ea boitšoaro ba bona, ba tla siea masisa-pelo le mahlomola a mangata. Meeling ea Uganda le Tanzania e hlasetsoeng ke AIDS, sena se ile sa etsahala ho Khamlua ea lilemo li 59. Ho tloha ka 1987 o ile a boloka bana ba hae le litloholo tse 11—kaofela ha bona e ne e le bahlaseluoa ba AIDS. A ferekantsoe ke mahlomola ao o ile a meketsa: “Bolellang lefatše ka tlokotsi ea ka. Ba bolelleng se etsahetseng mona.”
Ka baka la mekhoa eo AIDS e jalehang ka eona, se etsahalletseng Khamlua, Afrika se sokela hore se ka etsahala le likarolong tse ling tsa lefatše. U ka ’na ua re: ‘Empa ke hobane’ng ha Afrika e le eona e hlahelletseng hakaale ka masisa-pelo a batho le mahlomola?’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
Linaheng tse ling tse tsoetseng pele moruong, “ho ea bofelong ba 1993, AIDS e tla ba eona sesosa se seholo ka ho fetisisa sa mafu.”—The World Today, England