Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 11/8 maq. 12-18
  • Lefatše le Lecha le Khotsofatsang Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le Lecha le Khotsofatsang Bohle
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litharollo Tse Sebetsang ka Nako e le ’Ngoe
  • Mathata a Mang a Tla Lokisoa
  • Hase Tšepiso e ke Keng ea Phethahala
  • Lefatše le Lecha le Tla u Khotsofatsa
  • Puso
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Qetello ea Ntoa
    Tsoha!—1999
Tsoha!—1992
g92 11/8 maq. 12-18

Lefatše le Lecha le Khotsofatsang Bohle

LE HOJA ho le thata ho lumela sena, ha e le hantle lefatše le lecha le haufi. Le tla fihla ka nako e loketseng ho pholosa lefatše la rōna pele matla a lona a ho ntšetsa bophelo pele a fela ka ho felletseng. Lefatše lena le lecha le tla felisa likotsi tsohle tse sokelang ho ba teng ha batho. Le tla etsa sena joang?

Ka mor’a ho bua ka boemo bo mahlonoko ka ho fetisisa ba lefatše, lilemong tse fetileng rahistori Arnold J. Toynbee o ile a botsa: “Ke eng seo re lokelang ho se etsa hore re bolokehe?” Ha a araba potso ena ea hae o ile a re: “Lipolotiking, re lokela ho thea tsamaiso ea motheo ea tšebelisano ea puso ea lefatše.”

Leha ho le joalo, hoja ho na le “tsamaiso ea motheo ea tšebelisano,” lefatše le lecha le tlang e ke ke ea ba la ‘lipolotiki.’ Le ke ke la akarelletsa puso ea sechaba ka sechaba kapa khopolo leha e le efe ea batho ea lipolotiki. Lefatše lena le lecha le tla finyella lipakane tsa lona hobane le tla busoa ke ’muso o le mong. Ka mehato e makatsang le e latellanang, puso ena ea lefatše lohle ka potlako e tla felisa mathata ’ohle a tobaneng le batho kajeno. Joang? Ka ho felisa lisosa tsa mathata ana le litšitiso tseo hangata li senyang boiteko ba ho a lokisa.

Ke joang seo se tla ke se finyelloe ka tsela ea sebele? Na e tla be e ntse e se batho ba sa phethahalang ba busang, bona ba ileng ba ipaka ba le mekhoa e mebe ba bile ba hlōleha ho rarolla mathata a batho? Ak’u nahane hore ho ne ho tla ba joang haeba ho ne ho na le babusi ba phethahetseng ba puso ea lefatše lena ba nahanang ka lithahasello tsa bafo ba bona ka tsela e hlokang boithati. Nahana kamoo mathata a neng a tla rarolloa ka teng.

Litharollo Tse Sebetsang ka Nako e le ’Ngoe

Nakong ea puso ea lefatše lohle ea babusi ba phethahetseng, ho ke ke ha hlola ho hlokahala hore sechaba se seng le se seng se be le mofuta oa sona o khethehileng oa puso. Baeta-pele, manģosa le bo-ralipolotiki ba bang ba ke ke ba hlola ba ba le matla a ho laola lichaba tse ngata le merabe ea batho. Ho ke ke ha hlokahala hore metse-meholo e mengata ea libaka tse itseng le ea lichaba, hammoho le mehaho ea teng le matlo a bahlanka ba ’muso li be teng. Sena se tla bolela ho fela ha ho hlokomela mehaho e joalo e turang hammoho le litšenyehelo tsa maeto a bahlanka ba ’muso ba eang libokeng tsa likomiti le tsa sechaba le lipokanong tsa bahlanka ba ’muso ba phahameng. Ntho e ’ngoe e tla beng e felile ke sehlopha sa basebetsi ba ’muso se etsang melao se senyang chelete, hammoho le bathusi ba sona ba bangata, bangoli, litlelereke le melao e mengata-ngata e jang nako e khinang tsoelo-pele.

Khotso e tla fetoha ntho ea sebele hobane bochaba bo arolang batho bo tla be bo felile, bo tla be bo nketsoe sebaka ke bobusi ba lefatše lohle bo nang le bonngoe. Makhotla a sesole, mabotho a metsing le likepe tsa ’ona tsa ntoa, masole a moeeng hammoho le libetsa tsohle tsa ’ona, bahlanka ba phahameng ba sesole le ba tlaasana, ba ke ke ba hlola ba hlokahala bakeng sa ho sireletsa bobusi ba sechaba se seng le se seng. Litsamaiso leha e le life tsa ho hloela linaha tse ling ka lekunutu li ke ke tsa hlola li hlokahala. Tlas’a puso ea lefatše lohle e nang le babusi ba phethahetseng, ho ke ke ha hlola ho ba le limmaraka tseo ho tsona lintho li rekisoang ka bolokolohi kapa tseo ho tsona ho rekisoang lintho tse sa lumelloang ka molao e leng moo libetsa li ka rekoang teng kapa tsa rekisoa; ho ke ke ha hlola ho e-ba le libaka tseo lichaba tse peli kapa tse eketsehileng tse loantšanang li lakatsang ho li laola. Batho ba lefatše lohle e tla ba baena ba leng bonngoeng bo ke keng ba aroloa. Kahoo, bochaba bo tla fela.

Nahana ka melemo e ’maloa e tla tsoela batho molemo tlas’a puso e le ’ngoe e kopaneng e nang le babusi ba phethahetseng. Bo-rakhoebo ba matla, ba kang baetsi ba libetsa, ba ke ke ba ba le tsela ea ho susumetsa bo-ralipolotiki e le hore ba ka tsoela pele ho etsa le ho rekisa libetsa tsa bona tse senyang. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le batho ba bohlale ba etsang hore bahlanka ba ’muso ba khopamise melao e itseng kapa melaoana e amang lithahasello tsa sebaka seo; ho ke ke ha hlola ho e-ba le pherekano mafapheng a ’muso a khethehileng a nang le merero e hanyetsanang, a sebelisang chelete e ngata mererong e se nang molemo e tsoelang batho ba seng bakae feela molemo; ha ho sa tla ba le tšitiso ea litharollo tsa mathata a tšilafalo e etsoang ka mabaka a boithati a khoebo (ho boloka phaello e phahame); ho ke ke ha felisoa melao e sireletsang mefuta e itseng ea liphoofolo e leng kotsing ea ho felisoa ka baka la thahasello e khethehileng ea ho fumana melemo e itseng ea botho.

Mathata a Mang a Tla Lokisoa

’Muso o joalo o phethahetseng oa lefatše o ke ke oa mamella ho hloka toka. Ha o busa, o tla tiisa hore liketso tsa tlōlo ea molao li sebetsoa ka tsela e loketseng le e nang le toka. Kahoo, baahi ba tla lokoloha tšabong ea hore babolai ba kotsi ba eketsehileng ba ka tsoela pele ho bolaea batho hape.

Ho thoe’ng ka tsamaiso e hlophisitsoeng ea tlōlo ea molao e aparetseng lefatše lohle le thekiso ea lithethefatsi e matla? ’Muso oa lefatše o phethahetseng o tla felisa lintho tsena ka ho felletseng. Melao e sireletsang batlōli ba molao e ke ke ea hlola e ba tšireletseho bakeng sa batlōli ba joalo ba molao ba lichaba tsohle. Tšebeliso e bohlale ea karolo ea melao ea sebaka se itseng e nang le meelelo e ’meli le likamano tsa lipolotiki tse nang le tšusumetso tse etsoang ke batlōli bana ba molao e tla ba lintho tsa nako e fetileng. Ketso e le ’ngoe ea ho felisa tlōlo ea molao le eona e tla lokolla lefatše mathateng a mang a sechaba a kang ho bapala papali ea chelete, lintoa tsa likenke, libuka tsa bootsoa, bofebe le bomokolara. Ke tokisetso ea moruo e molemo hakaakang le e lokileng!

E, mathata ’ohle a rarahaneng a utloisang bohloko a qakileng litsebi tsa kajeno tse bohlale ka ho fetisisa a tla rarolloa ka ho felletseng lefatšeng leo le lecha. Bothata ka bong bo tla lokisoa ka ho felletseng lefatšeng le lecha. Bo bong le bo bong bo tla lokisoa ka ho sa feleng—ntle ho pelaelo. Meloko e tlang e ke ke ea hlola e hlokofatsoa ke lintho tsena hape.

Hase Tšepiso e ke Keng ea Phethahala

Mohlomong u ka botsa: ‘Empa babusi ba phethahetseng joalo ba tla busa lefatše le lecha ba tla tsoa kae?’ ’Mōpi oa motho ke eena ea tla nehelana ka bona! Na see se utloahala e se ’nete? Nahana: Haeba uena u ne u na le matla a ho etsa joalo, na u ne u ke ke oa felisa maemo ’ohle a bakang tsieleho e kaale lefatšeng? Ka sebele u ne u tla etsa joalo! Na re lokela ho nahana hore ’Mōpi oa rōna a ke ke a etsa se tšoanang?

Ha e le hantle, ’Mōpi oa rōna ea lerato o rerile ho tlisa lefatše le lecha, ’me tsela eo a tla le tlisa ka eona ke ka ’muso oa lefatše o lokileng. Sena ke seo Mora oa hae, Jesu Kreste, a ileng a se ruta batho hore ba se rapelle ka mantsoe ana: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:10.

’Muso oo ke oa sebele, ’muso oa lefatše. Morena oa oona, Jesu Kreste, “o tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le ho nka nōkeng ho isa lipheletsong tsa lefatše.” (Pesaleme ea 72:8) Haufinyane o tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka joalokaha Lentsoe la Molimo le tšepisa ha le re: “Empa mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso [’muso oo ho oona ho tla busa Morena oa Molimo, Jesu Kreste] o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela [e leng teng hona joale], empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

Kaha ’muso ona oa lefatše o tla be o hlomamisitsoe ke Molimo oa leholimo, o tla tsamaisoa ke babusi ba phahametseng batho, o tla finyella lintho tsohle tse molemo tseo babusi ba batho ba hlōlehang ho li etsa. Bibele e hlalosa ’muso oa Molimo joaloka puso ea leholimo e tla ba le Morena, Jesu Kreste, a thusoa ke sehlopha sa batho ba moea ba 144 000. Babusi bana kaofela e tla ba batho ba tšepahalang ba bontšitseng botšepehi bo phethahetseng bophelong ba bona lefatšeng pele ba tsosetsoa bophelong ba leholimo. Kaofela ha bona ba tla ba boemong bo botle ba ho sebeletsa molemo oa batho hobane ba latsoitse litlhoko tsa batho ha ba sa ntse ba phela mona lefatšeng.—Tšenolo 14:1-3.

Nahana ka mathata ao sena se tla a felisa. Ka baka la boemo ba ho se shoe, babusi bana ba moea ba ke ke ba khehlemana kapa ba shoa. (1 Ba-Korinthe 15:50, 53) Ba ke ke ba silafatsoa ke liteko tse reretsoeng hore ba sothe toka kapa ho bontša leeme ka baka la ho fuoa limpho. Etsoe ke mpho efe ea lekunutu e ka fuoang motho oa moea ea ke keng a shoa? Na ke chelete, lebokose le kentseng libotlolo tsa joala bo turang, leeto la ho etela sehleke-hlekeng se leng naheng e ’ngoe kapa litekete tsa ho ea pontšong e itseng kapa moketeng oa ’mino? Lintho tsena tse bonahalang e ka ba liteko ho batho ba nama le mali empa eseng ho libōpuoa tsena tsa moea. Kahoo batho ba busoang ke babusi bana ba ke ke ba utloisoa bohloko ke bolotsana bo jeleng setsi hakana mebusong ea kajeno.

Lefatše le Lecha le Tla u Khotsofatsa

Na u motho ea seng a hōlile? Nahana ka tsebo eohle le phihlelo tseo u bileng le tsona ka lilemo tse ngata. Empa na u hlokometse hore le hoja kelello ea hao kapa matla a ho nahana li ka ’na tsa sebetsa hantle, matla a hao a ’mele a ntse a fokotseha butle-butle? ’Mele oa hao ha u sa arabela litaelong tse fanoang ke kelello ea hao joaloka pele. E, lebelo leo u nahanang ka lona le leo u arabelang maemong a sa tloaelehang le ntse le theoha, matla a hao le mamello lia fokotseha. Matla a hao a ho bona le ho utloa a ntse a fokotseha le mesifa ea hao e tsoela pele ho fokola ka ho eketsehileng ha mahlaba a ntse a u hlasela khafetsa.

Empa ak’u leke ho nahana ka bohlale bo fumanoeng ka lilemo tse ngata ’meleng o mocha esita le o molemo ho feta oo u bileng le ’ona ha u le lilemong tsa bo-20—e, matla a hao a ’mele a lekana le a kelello ea hao. Nahana ka lintho tse ngata tseo u ka li etsang ka ’mele oa hao o phetseng hantle! Ka ’mele o boemong bo botle joalo ba ho arabela kelellong e hōlileng, u tla thabela mosebetsi o mong le o mong oo o u etsang. Phihlelo ea hao e tla etsa hore u khone ho etsa lintho ka tsela e nepahetseng haholoanyane, e leng se tla phaella khotsofalong ea hao. Haeba u motho e mocha, nahana ka thabo ea ho lula o na le matla a bocha ha u ntse u fumana bohlale, tsebo le phihlelo ka ho sa feleng.

Joale, nka mohato ona o tsoelang pele, ’me u nahane ka bo-mphato le metsoalle, lithaka le beng ka uena le se le le boemong bo tšoanang. Nahana ka seo kaofela le neng le tla se finyella mosebetsing oa matsoho, oa kaho kapa oa ho loha. Sena e ne e tla ba tebello e babatsehang hakaakang ho batho ba nang le litalenta joaloka ba etsang litšoantšo, libini, baqapi ba lintho, batho ba khabisang mabala, ba sebetsang lirapaneng tsa meroho le litsebi tsa limela! Mesebetsi ea bona e tla ba e hlollang. Ho etsoa ha litšoantšo tse ferefiloeng hantle, mahae, lirapa tsa meroho, lirapa tsa boikhathollo—e, ho etsoa ha liletsa tse ntle tsa ’mino le tsebo ea ho li sebelisa, ke mesebetsi e seng mekae feela e hlollang.

Pakane e ’ngoe ea ’muso ona oa lefatše le lecha ke ho khutlisetsa moloko oa batho ’meleng o phethahetseng. Pono ea hao, matla a ho utloa le litho tse ling tsa kutlo li tla sebetsa ka ho felletseng. Ka nako e telele hakae? Haeba ’muso oa motho o ne o ka fana ka phekolo e u tiisetsang hore tšebetso eohle ea ’mele oa hao e tla nchafala ka karolo ea 50 lekholong ka selemo ka tefello e tlaase, na u ne u ke ke ua thahasella ho fumana phekolo eo? ’Muso ona oa lefatše le lecha o fana ka tiiso e phethahetseng ea nchafalo e felletseng ka ntle ho tefo—eseng ka nako ea selemo se le seng kapa tse hlano kapa tse 50, empa ka ho sa feleng.

U se iphapanyetse tebello ena e babatsehang joaloka ntho e ke keng ea etsahala kaha e tla fela e thabeloe ke batho lefatšeng lona lena. Maqepheng a 15 ho ea ho 18 hlokomela mahlohonolo a mang ao ba ratang Molimo ba tla a thabela.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15-18]

Seo Lefatše le Lecha le Tla se Tlisa

Ho Fela ha Tlōlo ea Molao le Pefo

“Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše.”—Liproverbia 2:22.

Ho Felisoa ha Ntoa

“Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4.

Ho tla ba le Lintho tse Ngata tse Molemo Hore Bohle ba ka li ja

“Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

Matlo a Matle le Mosebetsi o Thabisang Bakeng sa Batho Bohle

“Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona . . . Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona.”—Esaia 65:21, 22.

Khotso Pakeng tsa Batho le Liphoofolo

“Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane, . . . li sotetsoe ke moshanyana.”—Esaia 11:6.

Ho Kula, Botsofali Kapa Lefu ha li sa Tla ba Teng

“Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.

Ho Tsosoa ha Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng

“Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu]; ’me ba tla tsoa ho ’ona.”—Johanne 5:28, 29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela