Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 12/8 maq. 18-20
  • Patsi—Na Bokamoso ba Eona bo Felisoa Joalokaha Eka Boa Chesoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Patsi—Na Bokamoso ba Eona bo Felisoa Joalokaha Eka Boa Chesoa?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ho na le Khaello?
  • Phello ho Batho
  • Se Etsoang
  • Litebello tsa Nako e Tlang
  • Lefatše le se Nang Meru—Na ke Seo Bokamoso bo Tla ba Sona?
    Tsoha!—1987
  • Bothata ba ho Fepa Baahi ba Litoropong
    Tsoha!—2005
  • Batšoaruoa ba Bofutsana
    Tsoha!—1998
  • Ho Hlahlobisisa Botle ba Khale-khale ba Lehong
    Tsoha!—1998
Tsoha!—1992
g92 12/8 maq. 18-20

Patsi—Na Bokamoso ba Eona bo Felisoa Joalokaha Eka Boa Chesoa?

Ka mongolli oa Tsoha! Nigeria

LETSATSI lea likela ’me le etsa leholimo la Afrika le be lefubelu. Sampa o phehela monna oa hae le bana ba bona reisi. O tšela metsi a tsoang emereng ka har’a pitsa ea aluminium e ntšofalitsoeng ke mosi. Ka tlaase ho pitsa ho tuka mollo o monyenyane, o besitsoeng ka likoqo tse tharo.

Haufinyane ho bokeletsoe patsi e eketsehileng. Sampa o e reka ho banna ba e laelang ka literaka lithabeng. Patsi ke ea bohlokoa. Ka ntle ho patsi ho ke ke ha ba le mollo. Ka ntle ho mollo u ke ke ua pheha reisi.

Mora e moholo oa Sampa o re: “Ha re se na patsi, ha re je.” O supa mahae a barui thabeng. “Matlong ao, ho na le motlakase. Ho na le litofo tsa motlakase le tsa gase.” O retelehela mollong, a sihletsa mahetla ’me a re: “Rōna re sebelisa patsi.”

Tabeng ena, ba bangata ba boemong bo tšoanang le ba lelapa la Sampa. Ho batho ba bang le ba bang ba bane linaheng tse futsanehileng, ba bararo ba itšetlehile ka patsi e le mohloli oa libeso bakeng sa ho pheha le ho futhumetsa. Empa ho na le khaello e khōlō haholo ea patsi.

Ho latela FAO (UN Food and Agriculture Organization [Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lijo le Temo]), tekanyo ea tlokotsi ea patsi e khōlō haholo. Hoo e ka bang batho ba limillione tse sekete linaheng tse futsanehileng ba tobane le khaello ea patsi. Haeba boemo ba hona joale bo tsoela pele, habonolo feela palo ena e ka imena habeli ho feleng ha lekholo lena la lilemo. Moemeli oa FAO o ile a re: “Ha ho thuse letho ho fa ba lapileng ba lefatše lijo haeba ba haelloa ke lintho tseo ba tla li pheha ka tsona.”

Ke Hobane’ng ho na le Khaello?

Ho tloha nakong tsa pele-pele, batho ba ’nile ba sebelisa patsi e le libeso. Lebaka? Ho bonolo ho sebelisa patsi. Ha u hloke lisebelisoa tsa chelete e ngata kapa theknoloji e rarahaneng ho e bokella. Haeba patsi e sa sebelisoe hampe, phepelo e ka bolokoa ka ho lema lifate tse ncha. Ho pheha le ho futhumetsa ka patsi ha ho hloke litofo le lihithara. ’Me patsi ha e lefelloe ’me e fumaneha sefateng se haufinyane. Ke feela lilemong tse makholo a mabeli tse fetileng ha lichaba tse ruileng tsa lefatše li fetohela libesong tse ling, joaloka gase, mashala, le oli. Tse ling tsohle li ’nile tsa sebelisa patsi.

Litsebi tse ling li bolela hore sesosa sa bothata kajeno ke khōlo ea baahi e makatsang. Ha batho ba eketseha ka palo, meru ea rengoa ho eketsa bolulo, ho eketsa naha ea temo, le ho fana ka lehong bakeng sa lifeme tse khōlō hammoho le libeso. Ho fela ha meru ka potlako ho etsahala hoo e ka bang naha e ’ngoe le e ’ngoe e tsoelang pele. Amerika Leboea le Europe li ile tsa ba boemong bo joalo.

Empa baahi ba lefatše kajeno ba eketseha ka lebelo le tšosang. Hona joale, ho na le batho ba ka bang limillione tse likete tse hlano le halofo lefatšeng lohle. Linaheng tse futsanehileng, baahi ba eketseha ka palo e imenang habeli lilemong tse ling le tse ling tse 20 ho ea ho tse 30. Joalokaha palo ea batho e eketseha, le tlhoko ea patsi ea eketseha. Ho joalokaha eka baahi ba fetohile sebata se seholo, se jang moru se nang le takatso e sa khotsofaleng ea lijo, sebata se ntseng se ba seholo ’me se lapa letsatsi le leng le le leng. Ka hona, phepelo ea patsi e sebelisoa le pele e ka khutlisetsoa. Ho latela FAO, batho ba limillione tse fetang lekholo linaheng tse 26 ha ba sa khona ho fumana patsi e lekaneng ho hlokomela esita le litlhoko tsa bona tsa motheo.

Leha ho le joalo, hase bohle ba phelang linaheng tse nang le khaello e khōlō ba amehang ka ho lekana. Ba nang le chelete ea ho etsa joalo ba mpa ba fetohela libesong tse ling, joaloka parafini kapa gase e meqongoaneng ea tšepe. Tlokotsi ea patsi ke tlokotsi ea ba futsanehileng, ba eketsehang ka palo.

Phello ho Batho

Lilemong tsa morao theko ea patsi e ile ea imena habeli, hararo, ’me libakeng tse ling hane. Kajeno, litheko li tsoela pele ho eketseha ha libaka tsa meru tse potolohileng litoropo li felisoa. Litoropo tse ngata Asia le Afrika joale li potolohiloe ke libaka tseo meru e leng lekhatheng la ho felisoa ka ho feletseng. Litoropo tse ling li tlameha ho tlisa patsi ho tsoa bohōleng ba lik’hilomithara tse 160.

Litheko tse eketsehang li phaella boimeng ba bao ba seng ba futsanehile haholo. Litlhahlobo li bontšitse hore likarolong tsa Amerika Bohareng le Afrika Bophirimela, malapa a basebeletsi a lefa karolo ea 30 lekholong ea moputso oa bona bakeng sa patsi. Ntho tse ling tsohle—lijo, liaparo, bolulo, lipalangoang, thuto—li tlameha ho lefelloa ka e setseng. Ho bona polelo ea hore “se kenang ka tlaase ho pitsa se theko e phahameng ho feta se kenang ka hare ho pitsa” ke ’nete.

Ba etsa joang ho sebetsana le boemo? Moo patsi e sa fumaneheng kapa e hlokang chelete e ngata, batho ba fokotsa palo ea lijo tse phehoang tseo ba li jang. Ba reka lijo tsa theko e tlaase kapa lijo tse nyenyane, ho fellang ka lijo tse sa itekanelang. Hape ba pheha lijo tsa bona hanyenyane. Likokoana-hloko ha li bolaoe, ’me ’mele o amohela lihaha-’mele tse fokolang. Ba hlōleha ho belisa metsi ao ba a noang. Ba thonaka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka chesoang.

Batho ba limillione ba retelehela libesong tsa boleng bo tlaase, joaloka seteroi, mahlaka, kapa lisu. Moo patsi e leng ea theko e boima ’me lisu li sa rekoe, ka ho utloahalang chelete e bolokoa ka ho kenya lisu mollong ho e-na le ho li tšollela masimong. Hangata ha ho letho le ka etsoang. Empa phello ke hore mobu ha o fumane moiteli oa bohlokoa o nontšang. Ka mor’a nako mobu o felloa ke matla a ho beha ’me oa oma.

Le hoja ba phelang libakeng tsa mahae hangata ba sa lefelle patsi ea bona, ho se fumanehe kapele ha eona ho phaella haholo nakong e sebelisetsoang ho roalla patsi. Likarolong tsa Amerika Boroa, basali ba qeta karolo ea 10 lekholong ea letsatsi ba roalla patsi. Linaheng tse ling tsa Afrika, patsi e roaletsoeng letsatsi lohle e sebelisoa matsatsi a mararo feela. Ka linako tse ling malapa a abela ngoana a le mong boikarabelo ba ho sebetsa nako e tletseng a thonaka libeso.

Joalokaha ho etsahala hangata, tikoloho ea mahaeng e etsoa sehlabelo sa litlhoko tsa toropo. Patsi e rengoa le ho rekisoa kapele ho feta kamoo e hōlang ka teng. Kahoo phepelo ea fokotseha, ’me malapa a fallela litoropong kapa a qeta nako e ngata a roalla patsi.

Ka hona, batho ba limillione ba qeta nako e eketsehileng le chelete ba sebeletsa litlhoko tsa bona tsa motheo tsa libeso. Na ho na le ho hong ho fapaneng? Bakeng sa ba futsanehileng ho bolela ho ja hanyenyane, ho hatsela, le ho lula ka ntle ho leseli bosiu.

Se Etsoang

Lilemo tse ’maloa tse fetileng ho teba ha tlokotsi ea patsi ho ile ha qala ho eloa hloko ke lefatše lohle. Banka ea Lefatše le mekhatlo e meng e ile ea fa litšebeletso tsa ho hōlisa meru chelete. Le hoja litšebeletso tsena li ne li sa atleha kaofela, ho hongata ho ile ha ithutoa. Phihlelo e ile ea bontša hore tharollo ea tlokotsi ea patsi hase feela taba ea ho jala lifate tse eketsehileng. Bothata bo bong e ne e le hore batho ba rerang ba ne ba hlōleha ho nahanela maikutlo a batho ba sebaka seo ka nako tse ling. Ka hona, naheng e ’ngoe ea Afrika Bophirimela, baahi ba ile ba senya lifate tse nyenyane hobane li ne li jetsoe makhulong a tloaelehileng.

Bothata bo bong e ne e le hore ho etsa moru ka ho jala lifate ke ntho e nkang nako e telele. Ho ka nka lilemo tse 25 pele lifate li khona ho hlahisa patsi motheong oa ho ipoloka. Hona ho bolela ho lieha pakeng tsa ho kenya chelete hore e eketsehe le ho fumana phaello. Hape ho bolela hore ho jala ha ho etse letho ho khotsofatsa tlhoko ea hona joale.

Litšebeletso tsa ho khutlisa meru ka ho jala lifate li ntse li etsoa linaheng tse ngata. Empa na li tla khotsofatsa litlhoko tsa nako e tlang? Litsebi tsa meru li re che. Lifate li rengoa kapele ho feta kamoo li khutlisetsoang ka teng. Mofuputsi oa Mokhatlo oa Worldwatch oa ngola: “Ka bomalimabe, thato ea lipolotiki le tlamo ea ho sebelisa lintho tse hlokahalang ho felisa potoloho e bakoang ke ho senngoa ha meru lia fokola Linaheng tse Futsanehileng tse libakeng tse chesang. Hona joale, ke feela [hekthara] e le ’ngoe ea lifate e jaloang bakeng sa [lihekthara] tse ling le tse ling tse leshome tse senngoang. Lekhalo le leholo haholo Afrika, moo tekanyo ea lifate tse rengoang e leng mashome a mabeli le metso e robong ho se le seng se jaloang. Ho finyella litlhoko tsa patsi e lekantsoeng bakeng sa Linaha tse Futsanehileng ka [selemo] sa 2000 ho tla hloka keketseho e imenneng ha leshome le metso e meraro morerong oa ho jala lifate hona joale bakeng sa tšebeliso eo eseng ea lifeme tse khōlō.”

Litebello tsa Nako e Tlang

Kajeno batho ba bangata ba tšepahalang ba amehile ka mafolo-folo ho lekeng ho rarolla bothata ba khaello ea patsi. Leha ho le joalo, litekanyo tsa bona tsa nako e tlang hangata li lerootho. Bafuputsi ba mokhatlo oa Earthscan ba ngotse sena bukeng ea bona Fuelwood—The Energy Crisis That Won’t Go Away: “Boiteko bohle ba [ho felisa tlokotsi ea patsi] bo kopantsoe bo ke ke ba fokotsa ka ho feletseng boima boo ho se fumanehe ha libeso le ho phahama ha litheko tsa patsi ho tlang ho bo bakela mafutsana.” Buka e rutang ea FAO The Fuelwood Crisis and Population—Africa e re: Boiteko leha e ka ba bofe ba ho rarolla bothata bo tla ba le monyetla o fokolang oa katleho ntle le haeba ho laoloa keketseho ea baahi.” Leha ho le joalo, eona buka eo e bontša hore baahi ba tla tsoela pele ba eketseha “hobane batsoali ba ka moso ba bangata ho feta batsoali ba kajeno. Batsoali ba ka moso ba se ba tsoetsoe.”

Ho fapaneng le liponelo-pele tse joalo tse sa thabiseng, boprofeta ba Bibele bo bontša ka ho hlaka hore Molimo ea Matla ’Ohle o rerile ho khutlisetsa lefatše lena Paradeiseng e feletseng. (Luka 23:43) Mathata a rarahaneng a amanang le patsi, baahi, le bofutsana ha a phahamela matla a hae hore a ka a rarolla.—Esaia 65:17-25.

Na bokamoso ba eona bo felisoa joalokaha eka boa chesoa? Le hanyenyane! Haufinyana ho tla phethahatsoa boprofeta bo amanang le ’Mōpi oa rōna ea lerato: “U fuparolla seatla sa hao, u kholisa tse utloang kaofela.”—Pesaleme ea 145:16.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

‘Ha ho na molemo ho fana ka lijo haeba ba haelloa ke lintho tseo ba tla li pheha ka tsona’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela