Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 12/8 maq. 11-17
  • Nka Sebetsana Joang le ho Tšoauoa Liphoso ke Batsoali ba ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana Joang le ho Tšoauoa Liphoso ke Batsoali ba ka?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela e Fosahetseng
  • Bohlokoa ba ho Mamela
  • Ho Ipoloka U Khutsitse Tlas’a Khatello
  • Ho Nka Khato
  • Nka Etsa Joang Haeba ke Nyatsuoa?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ho se Mohla ke Etsang Ntho e Molemo ka ho Lekaneng?
    Tsoha!—1992
  • Na U Hloile ho Tšoauoa Liphoso?
    Tsoha!—1991
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 12/8 maq. 11-17

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Sebetsana Joang le ho Tšoauoa Liphoso ke Batsoali ba ka?

“BATSOALI ba bangata ba lumela hore tsela e molemohali ea ho thusa bana ba bona ho ntlafatsa ke ka ho ba tšoaea liphoso moo ba fosang teng.” Ho ngotse joalo Clayton Barbeau bukeng ea hae How to Raise Parents.

Ha ho pelaelo ka hona, haeba u le motho e mocha, mohlomong batsoali ba hao ba u khalemela hoo e ka bang ka mehla ho tšoana le ka tsela eo u fepuoang ka eona. Le hoja hona ho ka halefisa haholo ka linako tse ling, ha ho hlokahale hore ho tšoauoa liphoso ho joalo e be ntho e mpe.a Kaofela ha rōna re hloka ho khalemela nako le nako; ho tšoauoa liphoso ho hahang ho ka thusa, ha ruisa molemo.

Ka lehlakoreng le leng, batsoali e ka ba ba feteletsang ka ho sa utloahaleng ka linako tse ling, ba tletlebela bana ba bona ho fihlela ba nyahama. (Ba-Kolosse 3:21) Kapa ba ka ’na ba lumella maikutlo a bona ho ba laola ’me ka mehla ba omanye le ho tlotlolla bana ba bona ka baka la liphoso tse nyenyane. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mokhoa o sebelisoang ho tšoaea liphoso, u ka rua molemo ho sena. Leha ho le joalo, batsoali ba hao ba u nahanela se molemo. Joalokaha Bibele e ile ea bua khale, “maoma a etsoang ke motsoalle a tšepeha.” (Liproverbia 27:6) Ke ’nete hore ho fumanoa liphoso ho ka utloisa bohloko ka ho teba hobane batsoali ba hao ba haufi haholo le uena. Empa haeba u ithuta ho arabela ka bohlale ho tšoauoeng liphoso, u ka nyenyefatsa bohloko ’me ua eketsa molemo.

Tsela e Fosahetseng

Nahana ka phihlelo ea Stephanie e mocha: “Ha ’mè oa ka a fihla lapeng a tsoa mosebetsing,” Stephanie oa re bolella, “o ile a qala ho tletleba ka taba ea hore ha ke e-s’o hloekise ntlo kapa ho lahla lithōle. O ile a re, ‘Ha ho letho leo u le etsang hantle mona lapeng, empa ha ho tluoa ho tsamaeleng mabaka a hao, hoo u ho etsa hantle.’ Ke ile ka re, ‘Ha ho tluoa ho tletlebeng, hoo u ho etsa hantle.’ O ile a qala ho nkomanya a hoeletsa ’me ke ile ka tloha moo ka koala monyako oa kamore ea ka hore ke se ke ka utloa lentsoe la hae. O ile a kena a befile, a hoeletsa hore ke ne ke tlil’o fumana kotlo.”—My Parents Are Driving Me Crazy, ea Dr. Joyce L. Vedral.

Na taba ena e utloahala e tšoana le ea hao? Joale u tseba kamoo ho utloisang bohloko ka teng ho bolelloa hore “ha ho letho leo u le etsang hantle.” Leha ho le joalo, Stephanie o ile a finyella eng ka ho halefela ’mè oa hae? Ho qoaketsana, ho hoeletsa, kapa ho fetohela ho ka hlahisa litšoaneleho tse sa khahliseng ho motsoali. Ke khotsofalo e nyenyane hakaakang e fumanoeng ka ho hlahisa maikutlo a hao a ho halefa ao a leng manyenyane ha a bapisoa le kotlo eo ka tieo e neng e tla latela. Ho phaella moo, mocha oa Mokreste ea buang ka ho se hlomphe le motsoali o tla hlaheloa ke kotsi e itseng ea moea—’me a be kotsing ea ho se khahlise Molimo.—Liproverbia 30:17; Ba-Efese 6:1, 2.

Mohlomong ’mè oa Stephanie ha aa ka a sebetsana le litaba ka tsela e molemohali. Empa na ho ne ho se tekanyo e nyenyane ea ’nete tletlebong ea hae ka Stephanie? Kahoo ka ho hanela ho tšoauoa phoso, Stephanie o ile a ithatafaletsa bophelo empa hape o ile a lahleheloa ke monyetla oa ho etsa ntlafatso e hlokahalang.

Bohlokoa ba ho Mamela

Bibele e fana ka keletso ena: “Mamela keletso, u amohele taeo, u tle u hlalefe isao.” (Liproverbia 19:20) E, felisa takatso ea ho itokafatsa, ho qoaketsana, kapa ho khutlisetsa ho tšoaea liphoso ho itseng ha hao, ’me u tsepamise monahano ho seo ha e le hantle se buuoang. Makasine oa ʼTeen o ho beha ka tsela ena: “Mamela ho tšoauoa liphoso ka kelello ’me eseng ka maikutlo a hao.”

Ho etsa joalo ho thusa hore u qobe ho hōlisa kapa ho feteletsa seo motsoali oa hao a se bolelang. Na motsoali oa hao kannete o u bitsa ea se nang molemo kapa ea hlōlehang ka ho feletseng, kapa na o mpa a re u entse mosebetsi o bohlasoa oa ho penta karache kapa ho hloekisa setofo? Haeba e le ’nete ka ho penta karache kapa ho hloekisa setofo, ke hobane’ng ha u arabela ka ho feteletsa lintho? Bibele e re: “Ha ho motho lefatšeng ea etsang se nepahetseng ka nako tsohle ’me ho se mohla a etsang phoso.” (Moeklesia 7:20, Today’s English Version) ’Me esita le haeba u ile ua hlōleha mosebetsing o itseng ka ho khetheha, ha ho bolele hore u ea hlōlehang likarolong tsohle tsa bophelo. Kahoo ikhopotse hore ho na le likarolo tseo u nang le matla le bokhabane ho tsona.

Ho Ipoloka U Khutsitse Tlas’a Khatello

Ntate e mong o ile a ipolela: “Nako tsohle ha a etsa ntho e bothoto, ke re, ‘Sethoto sena.’” Ho thoe’ng haeba ka ho tšoanang batsoali ba hao ba fetohela ho u bitseng ka mabitso a somang kapa tlhekefetso e ’ngoe ea puo? Pele, laola maikutlo a hao! “Ea itšoarang lipuong o tseba hlalefo, ’me ea pelo e ikhutselitseng o na le kutloisiso.”—Liproverbia 17:27.

U se tsepamise mohopolo ho se bonahalang se se na toka se boleloang; hoo ho tla u halefisa haholo. Ho e-na le hoo, tsepamisa mohopolo likarolong tseo u hlokang ho ntlafatsa ho tsona. Ikhopotse hore batsoali ba hao baa u rata ’me mohlomong ha ba na lonya. (Ntate ea qotsitsoeng ka holimo o ile a lumela: “Ha kea lokela hore ebe ke ’mitsa sethoto ka nako tsohle. Haufinyane o tla ho lumela.”) Lumela hore ba mpa ba bua joalo kahobane ba khathetse kapa ba le khatellong ea mosebetsi. “Bohlale ba motho bo tsoala mamello, ho iphapanyetsa liphoso ke eona tlotla ea hae.”—Liproverbia 19:11, BPN.b

Leha ho iphetetsa ho sa tšoanela, u ka khona ho fokotsa bohale tlhaselong ea puo. Ka mohlala, leka ho beha mantsoe a motsoali oa hao ka tsela e ’ngoe, u a tobisa bothateng. Haeba ntate oa hao a u bitsa sethoto hobane a sa rate tsela eo u tlotsitseng polishe ka eona koloing ea lelapa, leka ho arabela: “Ha ua thaba hobane ke sa etsa mosebetsi o motle oa ho polisha koloi.” Kapa mohlomong u ka lumellana le ho tšoauoa phoso hoo. (“U nepile Ntate. Ke ne ke lokela hore ebe ke entse mosebetsi o molemonyana.”) Kapa leka ho botsa bakeng sa litsela tse tobileng tsa ho ntlafatsa. Liproverbia 15:1 e re: “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale, empa polelo e hlabang ea bo leotsa.”

Na u sa hopola Moahloli Gideone? Bibele e re o ile a etella sechaba sa Iseraele pele tlhōlong e makatsang ea sechaba sa lira sa Midiane. Joale Gideone o ile a romela baromuoa molokong o moholo oa Efraime ’me a ba kōpa hore ba thibele ho baleha ha Bamidiane ba hlōtsoeng. Baefraime ba ile ba arabela, ba tšoara mahosana a mabeli a Midiane. Empa banna ba moloko oo ba ikhohomosang ba ile ba ‘tsekisa Gideone haholo!’ Ba ne ba khopisehile hore ba ne ba sa mengoa ho nka karolo ntoeng pelenyana.—Baahloli 8:1.

Ho hlakile hore tlhaselo ena ea mantsoe e ne e se na motheo ho hang. ’Me haeba Gideone e ne e le mofuta oa motho ea arabelang lintho kapele, o ne a ka ’na a omanya Baefraime ka ho halefa—’me ho qalehe ntoa ea lehae. Ho e-na le hoo, o ile a araba: “Homme mosebetsi ke entse ofe o ka bapisoang le oa lōna na? Ha ke re, ho khoahlapisa ha Efraime ho fetisa kotulo ea merara ea Ebiezere na?” (Baahloli 8:2) Karabo ea Gideone e ne e bolela hore Baefraime ba phethile ho fetang hoo Gideone ka boeena a ho entseng ka ho tšoara mahosana a Bamidiane. Ka hona, karabo ea Gideone e khutsitseng le e ikokobelitseng e ile ea suthisa ho tšoauoa phoso ho sa lokang ’me ea boloka khotso.

Thuto ke efe? Qoba ho arabela ka ho feteletsa lintho ha batsoali ba hao ba u tšoaea phoso. Ho lula u khutsitse ho ka u thibela ho bua kapa ho etsa ntho eo hamorao u tla e soabela.—Bapisa le Moeklesia 10:4.

Ho Nka Khato

Leha ho le joalo, mantsoe a mosa ha aa lekana. Nka khato! Hopola, “bohlale bo tsoang holimo bo . . . ikemiselitse ho mamela.” (Jakobo 3:17, NW) Qala ho hloekisa kamore, ho polisha koloi, ho kuta moriri oa hao, ho fumana liaparo tse fapaneng, kapa ho etsa liphetoho leha e ka ba life tseo batsoali ba hao ba batlang hore u li etse. Ena ke tsela e molemo ea ho emisa ho fumana liphoso ho eketsehileng.

Ka lehlakoreng le leng, mohlomong ka ho tšepahala ha u lumellane le ho tšoauoa phoso. Leha ho le joalo, esita le batsoali ba molemohali hase ba sa foseng. Empa ho fapana le ho leka ho rarolla litaba ka marata, letela “nako e nepahetseng,” ’me joale u bue le batsoali ba hao. (Liproverbia 15:23, NW) “Bohlale bo ho ba rerisanang,” ho bolela Liproverbia 13:10. (NW) Bolela litletlebo tsa hao ka tsela e khutsitseng, ea motho ea hōlileng, u fa batsoali ba hao mabaka a tobileng a hore na ke hobane’ng u sa lumellane le bona. Mohlomong u ka ba phehella ho bona lintho ka pono ea hao. Haeba ho se joalo, ho tla hlokahala hore u mpe u ikokobeletse taolo ea bona joaloka batsoali.—Liproverbia 6:20.

Leha ho le joalo, ho beha ha taeo ea bona ho ka u tsoela molemo qetellong. E, esita le motho ea phethahetseng Jesu “o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng.” (Ba-Heberu 5:8) Le uena ka ho tšoanang u na le lithuto tse ngata tsa bohlokoa tseo u tla ithutang tsona. U se u ntse u lokela ho sebetsana le ho tšoauoa liphoso ho tsoang ho matichere. Nakong e tlang, u ka lokela ho sebetsana le bahiri ba hao. Ithute hona joale ho amohela ho tšoauoa liphoso.

Mohlomong hamorao u tla ananela pono ea batsoali ba hao. Monna e mocha ea bitsoang James o re ka batsoali ba hae: “Ba ne ba tiile ho ’na ha ho tluoa likarolong tse joaloka sekolo, phutheho, le mesebetsi ea lapeng. Ka nako tse ling ke ne ke sitoa le ho phomola! Empa ha ke se ke hōlile, ke ile ka utloisisa hore ho etsa hantle haholo ho hloka boikitlaetso bo matla.” Na hoo e ne e se thuto e tšoanelang ho ithutoa? ’Me le uena u tla ithuta thuto ea bohlokoa ka ho tšoanang haeba u ithuta ho amohela ho tšoauoa liphoso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Ke Hobane’ng ho se Mohla ke Etsang Ntho e Molemo ka ho Lekaneng?” tokollong ena.

b Ha re bue ka tlhekefetso ea puo kapa tlhekefetso ea ’meleng ea motsoali eo ho hlakileng hore o na le mathata a maikutlo kapa o na le mathata a bokhoba ba tahi kapa ho sebelisa lithethefatsi hampe. Ba joalo ba ka hloka thuso ea bongaka.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Hangata ho meketsa, ho qoaketsana, kapa ho itokafatsa ho hlahisa litšoaneleho tse sa khahliseng ho motsoali

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ho kōpa motsoali oa hao lintlha tse tobileng tsa kamoo u ka ntlafatsang ho ka tlosa bohloko ba ho tšoauoa liphoso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela