Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ho se Mohla ke Etsang Ntho e Molemo ka ho Lekaneng?
“Ke fumane ho le thata ho khahlisa ntate oa ka ha ke qala ho mo sebeletsa. Ke ne ke le lilemo li 15 feela, ’me mosebetsi o ne o se bonolo; ha ke etsa phoso, o ne a ntšoaea liphoso.”—Randy.
“’Mè oa ka e ne eka lefokisi la sepolesa—ka mehla a batla moo ke hlōlehang teng. Le pele ke fumana nako ea ho qeta mesebetsi ea ka ea lapeng, o tla hlahloba mosebetsi oa ka, a batla liphoso.”—Craig.
“Ka mehla batsoali ba ka ba ne ba bua haholo ka ntho e itseng. Ba ile ba re ke fela ke hlōleha ho hlophisa bophelo ba ka. Sekolong, lapeng, phuthehong—ba ne ba sa khaotse ho bua haholo.”—James.
NA KA linako tse ling ho bonahala joalokaha eka ha ho mohla u etsang ntho e molemo ka ho lekaneng ho khahlisa batsoali ba hao? Na ka mehla u ikutloa eka motsamao o mong le o mong oa hao o talimiloe ka ihlo le nchocho, hore ka mehla u shebiloe, u tšoauoa liphoso nako le nako, empa ho se mohla u fetang tlhahlobo? Haeba ho joalo, u ka ’na ua ikutloa u phela boemong boo batsoali ba sa lumelleng eng kapa eng.
Boemo ba hao hase bo sa tloaelehang. Dr. Joyce L. Vedral oa hlokomela: “Ho latela bacha ba bangata ba lilemo tse ka tlaase ho 20, batsoali baa tletleba. . . . Ba bua ba sa phetse ka lintho tsohle ho tloha ho bolokeng kamore ea hao e le makhethe ho isa ho lahleng lithōle, ho tloha ho sebeliseng kamore ea ho hlapela ho isa tseleng eo u aparang ka eona, ho tloha khethong ea hao ea metsoalle ho isa lintlheng tsa hao tsa sekolo le mosebetsi oa sekolo o etsoang lapeng.” Le hoja hona ka ho utloahalang ho ka ’na ha u halefisa ka linako tse ling, ha ho hlokahale hore ebe ke ntho e mpe. Empa e le ka tlhaho hore batsoali ba laee le ho lokisa liphoso tsa bana ba bona; ke tsela e ’ngoe eo ba ba bontšang lerato la bona. Joalokaha Bibele e bontša, ntate o khalemela “mora oa hae ea ratoang.”—Liproverbia 3:12.
Joale haeba ho se mohla u kileng ua khalemeloa ke batsoali ba hao, na u ne u ke ke ua ipotsa haeba ba u tsotella? (Liproverbia 13:24; bapisa le Ba-Heberu 12:8.) Joale, u ka leboha hore u na le batsoali ba tsotellang ka ho lekaneng hore ba u khaleme! Ho feta moo, u mocha ’me u na le phihlelo e fokolang; ka linako tse ling khalemelo ea tšoaneleha. Ka ntle ho tataiso, habonolo u ka hlōloa ke “litakatso tsa bocha.”—2 Timothea 2:22.
Hlokomela a mang a mathata ao litakatso tseo li ka a bakelang bacha. Mongoli Clayton Barbeau o re: “Ke lefatše le kotsi bakeng sa bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20: hora e ’ngoe le e ’ngoe, motho e mocha o shoa ho soahlamaneng ha koloi ho amanang le ho noa lino tse tahang; ho hakanngoa hore bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba likete tse 12 baa ipolaea selemo ka seng; banana ba millione ba ima selemo ka seng; bana ba limillione tse tharo kajeno ke makhoba a tahi; maloetse a fetisoang ka likamano tsa botona le botšehali a hohle.” (How to Raise Parents) Ha ho makatse ha batsoali ba hao ba tiile ka ho u khalemela ka mehla! Joalokaha Bibele e bolela, “ea bohlale a utloe, ’me o tla eketsa tsebo . . . ba maoatla ba nyelisa bohlale le thuto.”—Liproverbia 1:5, 7; bapisa le Liproverbia 10:17.
Lebaka Leo e Utloisang Bohloko
Leha ho le joalo, “taeo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; ea mo llisa.” (Ba-Heberu 12:11) Hona ho joalo haholo-holo ha u le mocha. Ho feta moo, botho ba hao ha bo e-s’o tiee ka ho feletseng; u sa ntse u hōla ’me u iphumana hore na ka sebele u mang. Kahoo ho tšoauoa liphoso—esita leha ho nahannoe hantle ’me ho fanoa ka tsela e mosa—ho ka baka ho halefa. Buka How to Survive Your Adolescent’s Adolescence e phetha ka hore bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba na le “tekanyo e phahameng ka ho fetisisa ea ho utloa bohloko ho tšoauoeng liphoso.” Joalokaha mocha e mong a bolela, “ho tšoauoa liphoso ho nkutloisa bohloko.”
Empa ha ho hlaha ho batsoali ba hao, bohloko bo ka teba haholo. Bukeng ea hae Helping Your Teenager Deal With Stress, Dr. Bettie Youngs o re hopotsa hore ke ka ho “amoheloa kapa ho se amoheloe ke ba bang” mocha “a hlaolelang pono ea boitlhompho le ho ba oa bohlokoa joaloka motho.” Leha ho le joalo, batsoali ba tlatsetsa ka ho fetisisa ho thuseng mocha ho ba le boitlhompho bona. Kahoo ha motsoali a u khalemela kapa a tletleba ka tsela eo u entseng ntho e itseng, ho ka sithabetsa, ha u utloisa bohloko.
Esita leha ho joalo, na u lokela ho phetha ka hore ha ho mohla u etsang ntho e molemo ka ho lekaneng? Kapa hore u ea hlōlehang ka ho feletseng feela hobane batsoali ba hao ba u bontšitse liphoso tsa hao tse ’maloa? Ha e le hantle, batho bohle ka bomalimabe ba haelloa ke ho finyella phetheho. (Ba-Roma 3:23) ’Me ho etsa liphoso ke karolo ea ho ithuta. (Bapisa le Jobo 6:24.) Bothata ke hore, batsoali ba hao ha ba bue ha u etsa ntho e itseng hantle—’me mohlomong ba bua haholo ha u etsa phoso! Hona ho utloisa bohloko, empa ha ho bolele hore u ea hlōlehang ka ho feletseng. Ithute ho amohela ho tšoauoa liphoso ho utloahalang u sa tšoenyehe, u sa ho nyenyefatse leha e le ho sitiseha maikutlo.—Bapisa le Ba-Heberu 12:5.
Ho Tšoauoa Liphoso ho sa Lokang
Ho thoe’ng haeba ho tšoauoa liphoso e le ho sa lokang? Batsoali ba bang ba behela bana ba bona litekanyetso tse phahameng haholo ka ho sa utloahaleng. Ba ka halefisa bana ba bona ka ho tletleba ka mehla ka lintho tse nyenyane tseo eseng tsa bohlokoa. ’Me batsoali ba nang le mabaka a utloahalang a ho tletleba ba ka tšoaea liphoso ka tsela e bohale, le e nyenyefatsang. Dr. Bettie Youngs o re “ho bitsa ngoana ka mabitso a somang, ho bua haholo, ho soma, ho hlabisa lihlong, ho nyatsa, le ho tšosa” ha batsoali ke “mecha e sa haheng ea puisano, . . . e khellang fatše ho itšepa le boikutlo ba ho ba bohlokoa ba ngoana.”
Ha monna ea lokileng Jobo a ne a hlaseloa ka ho tšoauoa liphoso ho hongata ho sa lokang, o ile a re: “Le tla ’ne le hlokofatse moea oa ka, le ho nthuhakanya ka lipolelo tsa lōna ho isa kae?” (Jobo 19:2) Ka tsela e tšoanang, ho nyenyefatsoa ke motsoali ka mehla kapa ho lekanngoa ka litekanyetso tse phahameng ka ho sa utloahaleng ho ka halefisa mocha, ha mo etsa hore a ‘nyahame pelo.’ (Ba-Kolosse 3:21) Buka Coping With Teenage Depression, ea Kathleen McCoy, e bolela hore “ho hlōleha ho finyella litebello tse phahameng tsa batsoali ho ka baka ho lahleha ho tebileng ha boitlhompho le khatello e bakoang ke ho sitiseha ha maikutlo ho mocha ea hōlang.”
Ka sebele, ho tšoauoa liphoso ho joalo ho seng hotle hangata ho baka potoloho ea bothata bo sa khaotseng: Batsoali ba hao ba u tšoaea liphoso. U arabela ka ho inyatsa. Hobane u inyatsa, u sekamela ho etseng liphoso ha batsoali ba hao ba re u etse ntho e itseng. Phello? Ho tšoauoa liphoso ho eketsehileng!
Ho Susumetsang ho Tšoaea Liphoso
U ka felisa joang potoloho ena e sa haheng? Pele, leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba ikutloa ka tsela eo. Na kannete ho tletleba ha bona kapa ho tšoaea liphoso ka mehla ho na le lonya? Ho ka etsahala hore ha ho joalo. Dr. Joyce L. Vedral oa botsa: “Ke hobane’ng ba tletleba? Ba tletleba hobane ho se motho ea mamelang, kapa bonyane ha ho motho ea lumelang hore u mametse. Ha ba ntse ba ikutloa hore baa hlokomolohuoa, ba tla tsoela pele ho tletleba.” Joale, na kannete u fa batsoali ba hao bopaki ba hore ua arabela litletlebong tsa bona? Kapa u hana ho ela hloko mantsoe a bona? Haeba ho joalo, u se makale haeba ho fumana liphoso ho e-ba khafetsa haholo—’me ho le matla! Leha ho le joalo, na ho ka khaotsa haeba u mpa u sebelisa mantsoe a ho Liproverbia 19:20? Temana eo e baleha tjena: “Mamela keletso, u amohele taeo, u tle u hlalefe isao.”
Ka linako tse ling motsoali o tšoaea liphoso haholo, eseng hobane ho na le phoso e ’ngoe e khethehileng eo u e entseng, empa feela hobane a le boikutlong bo seng monate. Na ’mè oa hao o bile le letsatsi le thata mosebetsing? Joale a ka ’na a sekamela ho bueng le uena ka tsela e sa khahliseng hobane kamore ea hao e bonahala e se makhethe. Na ntate oa hao o halefile le ho ferekana ka baka la chelete ea lelapa e sa lekaneng? Joale, ka ho se elelloe a ka bua le uena a sa nahana a “hlaba joale ka tsenene.” (Liproverbia 12:18) Ke ’nete hore hona ha hoa loka. Empa “bohle re khopjoa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa khopjoe lipuong, eo ke monna ea phethehileng.” (Jakobo 3:2) Kahoo haeba ’Mè kapa Ntate ba bonahala ba le khatellong kapa ba sitisehile, ntho e bohlale eo u ka e etsang ke ho leka ho itšoara ka hloko le ho qoba ho baka ho tšoauoa liphoso.
Joaloka batho ba sa phethahalang, batsoali le bona ba ka ba le maikutlo a ho se khotsofale. Ho hlōleha ha hao ho ka ba etsa hore ba ikutloe joalokaha eka bona ba hlōlehile! Dr. Vedral oa hlalosa: “U ka tlisa lapeng tlaleho e mpe ea mosebetsi oa sekolo, ’me mohlomong ntate oa hao a ka re, ‘Helang, na u sethoto? Ke na le latha-latha ea ngoana.’ Ha e le hantle, ntate oa hao ha a nahane hore u latha-latha. Seo a se buang ha e le hantle ke sena, ‘Ke tšoha hore ha ke etse mosebetsi oa ka ho u khothaletsa hore u ithute.’”
Ho tšaba ho joalo ho ka susumetsa batsoali ho beha litekanyetso tse phahameng ka ho sa utloahaleng. Mocha e mong ea bitsoang Jason o ile a tletleba: “Ha ho mohla ke ileng ka etsa ntho e lekaneng. Haeba ke haraka mahlaku a oeleng, Ntate o batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha ke sa ka ka hloekisa karache ha ke qeta. Haeba ke fumana lintlha tse ‘ka tlaase ho A’ sekolong, batsoali ba ka ba batla ho tseba hore na ke hobane’ng e ne e se ‘A’ ’me ba mpolelle hore ke ea hlōlehang.” Empa moeletsi oa sekolo o ile a bua le batsoali ba Jason ’me a sibolla hona: “Litebello tsa bona tse phahameng ka ho fetisisa bakeng sa mora oa bona li ne li bontša maikutlo a bona a ho se khotsofale le ho soaba ha bona ka likhetho tsa bona tsa mosebetsi le boemo ba bona ba lichelete.”—Coping With Teenage Depression.
Boemo leha e ka ba bofe lapeng la heno, mohlomong u ka utloisisa hamolemonyana hore na ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba bonahala ba tšoaea liphoso ka linako tse ling. Empa ke litsela life tse ling tse ka thusang ho sebetsana le ho fumana liphoso ha batsoali? Na ho na le litsela tsa ho rua molemo ho tšoaeeng liphoso ha bona? Ho tla buisanoa ka lipotso tsena sehloohong se latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ha motsoali a tletleba ka tsela eo u etsang ntho e itseng ka eona, ho ka utloisa bohloko haholo