Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 8/8 maq. 20-22
  • Ke Hobane’ng ha Kamehla e le Molato oa ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Kamehla e le Molato oa ka?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo Batsoali ba U Jarisang Molato ka Lona
  • Malapa a Aparetsoeng ke Likhathatso
  • Ho Sebetsana le Leeme la ho Jarisoa Molato
  • Nka Khaotsa ho Lula ke Jarisoa Molato Joang?
    Tsoha!—1997
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 8/8 maq. 20-22

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha Kamehla e le Molato oa ka?

“Ntate oa ka o kulisoa ke lintho tse itseng ’me o tlameha ho sebetsa le batho ba tsubang. Ka linako tse ling o fihla lapeng a tenehile haholo. O tla lahla lintho ha a qeta a re ke ’na ea li lahlileng. Ha ke mo bolella hore ke eena ea li lahlileng, oa nkhalefela ’me o mpolella hore ke ne ke sa lokela ho mo tšoaea phoso.”—Mocha e mong oa ngoanana.

NA KA linako tse ling u ikutloa eka u ea jarisoang melato eohle lapeng? Na ho bonahala eka ho sa tsotellehe hore na ke’ng se phoso, molato o jarisoa uena? Joy ea lilemo li 14 o bona eka ho joalo. O lula lapeng la motsoali a le mong ’me hangata o hlokomela khaitselie le moen’ae. Joy oa tletleba: “Ke ee be ke le mokatong o ka tlaase ha ba qala ho loana. Ba itlhokisa likelello ’me ha ba inahane, empa Ntate ha a fihla lapeng, o nkomanyetsa hore ke ne ke le sieo ka moo ho ba namola.”

Haeba batsoali ba hao ba re u ntetesuoa, u botsoa, kapa u hloka boikarabelo kapa ba sebelisa mabitso leha e le afe a senolang mefokolo ea hao e tebileng, ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala eka ba lebeletse hore u hlōlehe. Lelapa labo Ramon le ile la mo bitsa moprofesa oa metouto—e leng lebitso la bosoasoi leo a neng a le hloile hampe. Ka ho tšoanang u ka ’na ua hloea lebitso la bosoasoi kapa le senolang bofokoli ba hao, esita le haeba le bitsoa ka ho reneketsa. Ho e-na le ho u susumelletsa hore u ntlafatse, lebitso le somang le ka ’na la tiisa boikutlo ba hore kamehla u jarisoa molato.

Ho jarisoa molato ho ka ba bohloko ka ho khetheha haeba ho bonahala eka ho bakoa ke leeme le itseng. Mocha e mong ea bitsoang Frankie o re: “Ke ngoana ea mahareng, ’me kamehla e ba ’na ’mutla oa lintjeng.” Ho ka ’na ha bonahala eka banab’eno ba lula ba sa fose empa hore uena u jarisoa molato ha phoso e qala e hlaha feela.

Lebaka Leo Batsoali ba U Jarisang Molato ka Lona

Ka tlhaho ke ho utloahalang hore batsoali ba khalemele bana ba bona ha ba fosa. Ha e le hantle, ho fana ka khalemelo e molemo le e nepahetseng ke e ’ngoe ea litsela tseo ka tsona batsoali ba tšabang Molimo ba hōlisang bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Leha ho le joalo, ka linako tse ling esita le batsoali ba molemo ka ho fetisisa ba ka ’na ba halefa kapa ba potlakela ho etsa liqeto tse fosahetseng. Hopola ketsahalo e ileng ea etsahala ha Jesu e sa le ngoana. Ketsahalong ena Jesu o ne a nyametse. Ho ile ha fumaneha hore o ne a le tempeleng ea Molimo, a bua ka Bibele. Leha ho le joalo, ha batsoali ba hae ba mo fumana, ’mè oa hae o ile a botsa: “Ngoana, ke hobane’ng ha u ile ua re etsa tjee? Ke mona ntate oa hao le ’na ka ho ba mahlomoleng kelellong re ’nile ra u batla.”—Luka 2:48.

Kaha Jesu o ne a phethahetse, ho ne ho se na lebaka la ho tšoha hore o ne a ka kopanela boitšoarong ba botlokotsebe. Empa joaloka batsoali ba bang bohle ba lerato, ’mè oa hae o ile a ikutloa a ikarabella ho ngoana oa hae ’me a nka khato e matla, mohlomong a tšohile hore boiketlo ba hae bo kotsing. Ka mokhoa o tšoanang, batsoali ba hao ba ka ’na ba u halefela ka linako tse ling, eseng hobane ba leka ho u sotla kapa ho u hlokofatsa, empa hobane ba hlile ba u tsotella.

Hape, hlokomela hore re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Batsoali ba hao ba tlas’a khatello e khōlō ea ho sebetsa le ho hlokomela lelapa leno, ’me sena se ka ’na sa ama tsela eo ba u tšoarang ka eona. (Bapisa le Moeklesia 7:7.) Mosebetsi e mong oa mafu a kelello o hlokometse: “Malapeng a mang, ha ho hlahile tlokotsi, batsoali ba ka ’na ba felloa ke mamello ’me ba potlakela ho etsa liqeto le hoja ka tloaelo e le batho ba tsitsitseng.”

Ka ho khetheha batsoali ba se nang balekane ba ka ’na ba sekamela ho ntšetsa litsietsi tsa bona ho bana ba bona, hobane feela ba hloka balekane bao ba ka tšohlang lintho le bona. Ke ’nete hore ho jarisoa litsietsi tsa motsoali ha ho monate. Lucy ea lilemo li 17 o re: “Haeba ke entse ntho ’me ke lokela ho fumana kotlo, ho lokile. Empa haeba ke fumana kotlo hobane ’Mè a sa thaba, moo teng toka ha e eo.”

Leeme ke sesosa se seng hape. Le hoja ka tloaelo motsoali a rata bana bohle ba hae, ke ho tloaelehileng hore a be haufi le ngoana e mong ka tsela e khethehileng.a (Bapisa le Genese 37:3.) Ho ikutloa u le ea ratoang hanyenyane ho feta bana ba bang ho bohloko ka bohona. Empa haeba ho bonahala eka litlhoko tsa hao lia hlokomolohuoa kapa hore khafetsa u jarisoa molato oa lintho tse entsoeng ke banab’eno, ntle ho pelaelo lehloeo le ba teng. Roxanne e mocha o re: “Ke na le moena ea bitsoang Darren. Ke lengeloinyana la ’Mè. . . . Kamehla o ntjarisa molato, ha ho mohla e leng Darren.”

Malapa a Aparetsoeng ke Likhathatso

Malapeng a tsitsitseng ho jarisoa molato ka leeme ho ka ’na ha etsahala seoelo. Empa malapeng a aparetsoeng ke likhathatso e ka ’na ea e-ba tloaelo e tsoelang pele hore batsoali ba jarise ngoana molato, ba mo hlabise lihlong ’me ba mo tlotlolle. Ka linako tse ling ho jarisa ngoana molato ho bile ho tsamaea le “lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang.”—Baefese 4:31.

Na mocha a ka jarisoa molato ka ho tlakoloha ho joalo ha motsoali? Ke ’nete hore mora kapa morali ea sa mameleng e ka ba “masisa-pelo” ho motsoali. (Liproverbia 17:25, BPN) Leha ho le joalo, ke ho batsoali moo Bibele e reng: “Le se ke la ba ba halefisang [ha e le hantle, “la qholotsa khalefo ho”] bana ba lōna.” (Baefese 6:4) Joaloka Bakreste ba bang bohle, motsoali o lokela ho sebelisa boitšoaro, a ‘lule a ithibile bobeng.’ (2 Timothea 2:24) Kahoo ha motsoali a hlōleha ho itšoara, a ke ke a beha molato mefokolong ea ngoana.

Mantsoe a hlabang e ka ’na ea e-ba pontšo ea hore motsoali o na le bothata ba khatello ea maikutlo, ho tepella maikutlo kapa boikutlo ba ho se itšepe. A ka boetse a bontša ho ba le mathata a kang a khatello ea lenyalo kapa a bokhoba ba tahi. Ho ea ka mohloli o mong, bana bao batsoali ba bona ba lemaletseng tahi hangata ba lula ba jarisoa melato ena kaofela. “Ha ho letho leo ba le etsang le nepahetseng. Ba ka ’na ba bitsoa ‘tseketseke tooe,’ ‘ntho e mpe ena,’ ‘moikhabi enoa,’ joalo-joalo. Kahoo litho tse ling tsa lelapa li ba le pono ea hore ngoana eo (kapa bana bao) ke ‘bothata’ bo tsebahalang ’me tsa itebatsa litsietsi le mathata a tsona ka eena.”

Ho Sebetsana le Leeme la ho Jarisoa Molato

Dr. Kathleen McCoy o re: “Ho reha mabitso, ho nyenyefatsa le ho nyatsa botho [ba] ngoana . . . e ka ’na ea e-ba sesosa se seng sa boikutlo ba ho se itšepe, ho tepella maikutlo le ho hloka puisano bacheng.” Kapa joalokaha Bibele ka boeona e beha taba, ho halefisoa ho ka ‘khentša’ bana ’me ha etsa hore ba ‘nyahame.’ (Bakolose 3:21) U ka ’na ua qala ho inahana u le ea hlōlehileng ka ho se nang thuso. Hape u ka ’na ua hōlisa maikutlo a fosahetseng ka batsoali ba hao. U ka ’na ua etsa qeto ea hore ha ho letho leo u ka le etsang ho ba khahlisa le hore ha ho lebaka la hore u leke ho ba khahlisa. Khalefo le lehloeo li ka ba teng, tsa etsa hore u hane khalemelo leha e le efe—esita leha ho tšoauoa phoso ho le molemo.—Bapisa le Liproverbia 5:12.

U ka sebetsana le hona ka katleho joang? Ho hongata ho tla itšetleha ka boemo boo u leng ho bona ka ho khetheha. Ke hobane’ng ha u sa iphe nako ’me u bo hlahlobe ka botšepehi? Ka mohlala, na e hlile ke ’nete hore kamehla u jarisoa molato? Kapa e mpa e le hore batsoali ba hao ba sekamela ho ba ba bohale ka linako tse itseng ’me ba bue ntho e fosahetseng? Bibele e re “kaofela re khoptjoa hangata,” ’me sena se akarelletsa batsoali. (Jakobo 3:2) Kahoo esita le haeba batsoali ba hao ba itšoara ka tsela e feteletseng ka linako tse itseng, na le uena u lokela ho itšoara ka tsela e feteletseng? Keletso ea Bibele ho Bakolose 3:13 e ka ’na ea sebetsa hamolemo: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.”

Ho ipeha boemong ba batsoali ba hao ho ka u thusa ho etsa sena. Liproverbia 19:11 e re: “Maele a motho a mo etsa ea sebete; khanya ea hae ke ho mamella ho siteloa ke ba bang.” Haeba ntate oa hao a bonahala a khopiseha habonolo ka tsela e sa tloaelehang ha a fihla lapeng a e-tsoa mosebetsing ’me a u jarisa molato oa ntho eo u sa e etsang, na ho hlokahala hore u etse khang ka seo? Ho hlokomela hore mohlomong o ferekane ’me o khathetse ho ka ’na ha u thusa hore u ‘mamelle ho siteloa ke eena.’

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho jarisoa molato ho leeme e se feela ha khalefo ea nako e itseng empa e le ha kamehla ’me ho sa khaotse? Sehlooho se tlang se tla tšohla litsela tsa ho ntlafatsa boemo ba hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ho le Thata ho Phelisana le Banab’eso?” tokollong ea rōna ea August 8, 1987.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ke ho loketseng hore motsoali a fane ka khalemelo e loketseng ha ho hlokahala

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela