Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 1/8 maq. 10-12
  • Ntho e ’Ngoe e Molemo ho Feta ho Fana ka Limpho tsa Keresemese

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntho e ’Ngoe e Molemo ho Feta ho Fana ka Limpho tsa Keresemese
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mpho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa
  • Ho Fana ka Thabo ho Khotsofatsang
  • Litlhohonolofatso tsa ho Fana ka Thabo
  • Na ho Fana ka Limpho tsa Keresemese ho na le Kelello?
    Tsoha!—1993
  • Ho Fana—Na ho Lebeletsoe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Fana ka Limpho ka Keresemese—Nako ea Thabo kapa Khatello ea Maikutlo?
    Tsoha!—1987
  • “’Nete e Tla le Lokolla”!
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 1/8 maq. 10-12

Ntho e ’Ngoe e Molemo ho Feta ho Fana ka Limpho tsa Keresemese

“CHRISTOPHER ea lilemo li tšeletseng o ile a mpolella hore sena se ne se tšoana le ntho e tloaelehileng lefatšeng, hore ka Keresemese ‘ha a fumane letho.’ Empa o ne a bua a sa bontše masoabi leha a le manyenyane. Alexander ea lilemo li 8 o ile a bua mantsoe a tšoanang: ‘Re Lipaki tsa Jehova.’”

Kahoo koranta ea Jeremane Kölner Stadt-Anzeiger e ile ea qala ho ngola sehlooho se buang ka lelapa leo se bolelang hore “le hlokomoloha Keresemese hobane e se letsatsi la tsoalo ea Jesu le hobane e na le motso oa bohetene.” Empa na Christopher le Alexander ha baa lokela ho utloeloa bohloko? Le hanyenyane, kaha, joalokaha sehlooho seo se bontšitse, liraka tsa lintho tsa ho bapalisa bana tsa bashemane bana ha li fane ka bopaki leha e le bofe ba ho hlokomolohuoa ke batsoali.

Leha ho le joalo, batsoali ba bang ba bileng teng lipuisanong tsa batsoali le matichere Jeremane e ka boroa ba ile ba tiisa hore ho hlōleha ha Lipaki tsa Jehova ho neha bana ba tsona limpho tsa Keresemese ho ba etsa hore ba ikutloe ba sa sireletseha. Leha ho le joalo, sena hase ’nete joalokaha tichere ea bona e hlokometse. Tichere e boletse hore “bana ba Lipaki tsa Jehova ba bua ka bolokolohi, ke ba itekanetseng hantle, ’me ba tseba ho hlalosa tumelo ea bona ka botlalo, e leng ntho e ’ngoe eo bana ba bang ba hlōlehang ho e etsa.”

Ka sebele, malapa a likete tse mashome lefatšeng lohle a entse hore ho fana ka limpho tsa Keresemese ho nkeloe sebaka ke ntho e ’ngoe e molemonyana, ’me ba etsa boiteko bo matla ba ho fa bana ba bona limpho selemo sohle. Sena se ipakile e le mohloli oa thabo ho bohle.

Molemo o mong ke hore sena se fella ka linako tse ngata tse monate har’a selemo, ’me bana ba ka ananela mpho e tsoang ho motho ka mong haholoanyane. Molemo o mong ke hore bana baa tseba hore ke batsoali ba bona ba ba nehang limpho tsena ka lerato, ’me kananelo ea bana e ea ho batsoali ba bona. Batsoali ha ba sebelise chelete e ngata le boiteko hore kananelo ea bana ba bona e lebisoe ho Santa Claus ea inahaneloang kapa hore e be ba hlokang teboho, ’me ba ikutloe hore ke boikarabelo ba Santa ho ba tlisetsa limpho tseo ba sa lokelang ho leboha bakeng sa ho li fuoa.

Mpho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa

Hangata Dominik ea lilemo li leshome le Tina ea lilemo li tšeletseng, ba fumana limpho tse nyenyane tseo ba neng ba sa lebella ho li fumana ho batsoali ba bona—sekotoana sa chokolete holim’a libethe tsa bona, pene kapa buka ea ho ngolla lintlha eo ba ka e sebelisang sekolong kapa sebapalisoa se loketseng se tla etsa hore ba lule ba tšoarehile likhoeling tsa mariha. Empa ke’ng seo ba se ananelang ka ho fetisisa? Batsoali ba bona baa arabela: “Ke ha re qeta nako e itseng hammoho le bona—ka mohlala, re bapala lehloeng.”

Batsoali ba bangata bao e leng Lipaki tsa Jehova baa lumela. Edelgard oa hlalosa: “Lefatšeng lena le ferekaneng, nako ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo nka e nehang bana ba ka.” Bana le bona baa lumela! Ursula o bolela hore bana ba hae ba nka nako eo e ngata eo ba e qetileng hammoho boithabisong ba lelapa e le “mpho ea bohlokoa ho feta limpho tsohle.” Esita le molula-setulo oa mokhatlo oa matichere oa Jeremane o sa tsoa bolela hore limpho tse ntle ka ho fetisisa tsa Keresemese tseo batsoali ba ka li nehang bana ba bona ke nako le mamello.

Ntle ho pelaelo, ho iketsa sehlabelo—nako ea hao, kameho le tlhokomelo—ebang ke ho litho tsa lelapa la motho kapa ho metsoalle ea hae, ka sebele ke mpho ea bohlokoa bo boholo ka ho fetisisa. Ho hlakile hore limpho tse joalo ha lia lokela ho lekanyetsoa matsatsing a itseng a selemo feela.

Ho Fana ka Thabo ho Khotsofatsang

Nahana ka mehlala ea Lipaki tsa Jehova tse kopanelang nthong e molemonyana ho feta ho fana ka limpho tsa Keresemese. Wilfried le Inge ba Jeremane ba itse: “Ka kakaretso re fana ka limpho neng kapa neng ha re susumeletseha ho etsa joalo le hoja re rera ho fana ka tse khōloanyane.” Ka ho tšoanang, Dieter le Debora ba etsa boiteko bo tiileng ba ho fa mora oa bona e monyenyane limpho selemo sohle. Ba hlalosa hore “boholo ba mpho kapa bohlokoa ba eona li tla boemong ba bobeli, ’me limpho tse khōlō kapa tse turang li amoheloa ka seoelo.”

Bana ba bangata ba lebeletse ho fuoa limpho nakong ea Keresemese, kahoo ba lahleheloa ke monyetla oa ho fumana lintho tse tlang ka tšohanyetso. Helga o bolela hore “bana [ba hae] ba thaba haholoanyane ha ba fumana limpho tseo ba sa li lebellang ho feta ha ba li amohela ka nako eo ba li lebelletseng ka eona.” Natascha, ngoanana ea lilemo li 15 o lumela hore “ho thabisa haholoanyane ho amohela mpho e tlang ka tšohanyetso e tsoang pelong ho feta e fanoang ka nako e behiloeng hobane e le ntho e tloaelehileng.”

Ka ho tšoanang, ke habohlokoa ho falimehela mofuta oa limpho oo bana ba o thabelang. Mabapi le sena, Fortunato, eo le eena a lulang Jeremane oa tlaleha: “Limpho tseo re li fang bana boholo ke tseo bana ba boletseng hore ba ka rata ho ba le tsona. Empa re leka ho ba neha tsona ka nako eo ba sa li lebellang. U tla bona thabo ea bona!”

Hape batsoali ba hlokometse hore ho neha bana mpho ha ba kula ho ba tsosa molota. Ba bang ba neha bana limpho pele ho matsatsi a phomolo ea sekolo ho thusa ho boloka bana ba tšoarehile. Ka mohlala, pele ho matsatsi a phomolo, Stefan o ile a fuoa microscope. Ntate oa hae oa tlaleha: “Sena se ile sa mo makatsa kaha a ne a sa o lebella, ’me o ile a tlōla-tlōla ke thabo.” Ka sebele, ho fana ka limpho ho etsoang ka ho rata, eseng ka ho qobelloa ho tlisetsa ea fanang le ea amohelang thabo e khōlō.

Ke ’nete hore bana le bona ba na le takatso ea bona. Jörg le Ursula baa hlalosa: “Ha morali oa rōna a re bolella seo a se batlang, re buisana le eena ka sona. Na seo a se batlang se loketse? Na ntho eo e loketse lilemo tsa hae? Na e na le sebaka ka tlung? Haeba re ke ke ra khotsofatsa takatso ea hae hang-hang, bonyane re e hopola le ho leka ho lumellana le eona hamorao nakong e loketseng.” Ka sebele, ke bohlale ho se bokotse bana ka ho khotsofatsa takatso ea bona e ’ngoe le e ’ngoe, e leng se tlang ho ba amoha thabo eo ho amohela limpho ho ka e tlisang.

Batsoali ba fanang ba kenya bana ba bona moea o tla bonahatsoa ka thabo. Sebastian ea lilemo li leshome o re: “Ha ke emele matsatsi a phomolo hore ke thabise batsoali ba ka kapa banab’eso. Ho hlokahala hore ke be le maikutlo a molemo le ho ba le lisente li se kae ka mokotlaneng.”

Malapa a Lipaki tsa Jehova a fumana hore limpho tsa mofuta o mong li molemo ho feta ho fana ka limpho tsa Keresemese. Tsena ke maeto e lokiselitsoeng esale pele kapa ho intša mohlomong ho ea serapeng sa liphoofolo sebakeng sa polokelo ea lintho tsa khale, lipontšong kapa libakeng tsa mahae. Ka sebele limpho tsena ke tse rutang le tse thabisang ho bacha.

Litlhohonolofatso tsa ho Fana ka Thabo

Ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ea ho fana, re tla qoba khatello le pherekano tse tsamaeang le ho fana ka limpho tsa Keresemese. ’Me hopola, ho fana ka nako ea rōna le matla bakeng sa ho haha ba bang kelellong le moeeng ke mpho ea bohlokoa ho feta ho fana ka limpho tsa lintho tse bonahalang. Ho fana ka limpho hona ho molemo ka ho fetisisa ho matlafatsa likamano tsa malapa, ho tiisa setsoalle ’me ho tlisa thabo ea sebele selemo sohle eseng ho motho ea amohelang feela empa ka ho khethehileng ho mofani.—Liketso 20:35.

Kahoo ho fapana le mokhoa o tloaelehileng o qobellang oa ho fana ka limpho nakong ea Keresemese selemong sena, ke hobane’ng ha u sa leke katamelo e fapaneng? Ke hobane’ng ha u sa leke tsela e molemonyana?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]

Empa na Bana ba ke ke ba e Hloloheloa?

Rebecca ea lilemo li 16 o re: “Ha ke hloloheloe Keresemese kaha ke fumana limpho selemo sohle. Ke thabela mpho e tlang ke sa e lebella haholo ho feta eo motho a iqobellang ho fana ka eona.”

Tina ea lilemo li 12 o re: “Ka sebele ke thabela ho fumana limpho tse loketseng, empa eseng ka nako e behiloeng, empa ka nako leha e le efe har’a selemo—hape eseng limpho tseo ke tla li leboha empa ha e le hantle ke sa li batle.”

Birgit ea lilemo li 15 o re: “Limpho tsohle tseo u ka li fumanang hase tsa bohlokoa haeba ho na le mathata ka lapeng. Ke kahoo re etsang lintho tse ngata hammoho joaloka lelapa.”

Janosch ea lilemo li 12 o re: “Rōna bana re rata batsoali ba rōna esita leha ba sa re fe limpho leha e le life. Lerato la bona ka bolona ke mpho e khōlō.”

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Mpho e ntle—nako ea hao!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela