Ho Fana—Na ho Lebeletsoe?
E KA ’na eaba u tseba hantle hore ho fana ka limpho hangata ho laoloa ke tloaelo. Meetlong e mengata, ho na le liketsahalo tseo ho tsona ho lebelletsoeng limpho. Limpho tsa mofuta o joalo li ka ’na tsa etsoa e le letšoao la ho hlompha kapa pontšo ea lerato. Boholo ba tsona ha ho mohla bo sebelisoang ke ea li amohetseng; ba bang ba thusa ho tlatsa litlhoko tsa sebele ’me ba ananeloa ka ho tebileng.
Ha ngoana a hlahile Denmark, metsoalle le beng ka motho eo ba tla mo etela ’me ba tle le limpho tseo ba tšepang hore li tla ba molemo ho lesea. Linaheng tse ling, metsoalle e ka ba ea etsa moketjana oo ho oona limpho tsa mofuta o joalo li fanoang e le ho bontša tebello ea tsoalo.
Mabakeng a mangata, liketsahalo tseo ho tsona limpho li lebeletsoeng ke taba ea selemo le selemo. Le hoja mekete e joalo e ne e sa tloaeleha har’a Bakreste ba pele, e se e atile haholo har’a boholo ba ba ipitsang Bakreste le ho bao e seng Bakreste ka ho tšoanang. Meetlong e meng tloaelo ea ho fana ka limpho tsa letsatsi la tsoalo e ka ’na ea nyamela butle ha ngoana a ntse a hōla, empa moetlo oa Magerike molao oa oona o fapane. Greece, tlhokomelo e khōlō e lebisoa matsatsing a tsoalo. Ba boetse ba fa motho limpho ka “letsatsi la lebitso” la hae. Hoo ho bolela eng? Ha e le hantle, moetlo oa bolumeli o matahanya letsatsi le leng le le leng la selemo le “mohalaleli” ea itseng ka ho fapana ha bona, ’me batho ba bangata ba reeletsoe ka “bahalaleli.” Ha letsatsi la “mohalaleli” ea itseng le fihla, ba reeletsoeng ka eena ba fumana limpho.
Ho phaella meketeng ea matsatsi a tsoalo a bana ba bona, Makorea a na le letsatsi la phomolo ea sechaba le bitsoang Letsatsi la Bana. Ke nako eo malapa a intšang ka eona ’me bana ba fuoa limpho ho sa tsotellehe hore na ba hlahile letsatsing leo kapa che. Makorea a boetse a na le Letsatsi la Batsoali, leo ka lona bana ba fang batsoali ba bona limpho, le Letsatsi la Matichere, leo ka lona bana ba hlomphang matichere a bona le ho a fa limpho. Ho latela tloaelo ea Makorea, ha motho a e-ba lilemo tse 60, ho ba le phathi e khōlō. Ba lelapa le metsoalle baa kopana ho lakaletsa motho eo bophelo bo bolelele le thabo, ’me limpho li neoa eo ea hōlileng ho fihlela boemong boo.
Lechato ke ketsahalo e ’ngoe eo ho eona tloaelo e tummeng e hlokang hore ho fanoe ka limpho. Ha balekane ba babeli ba nyalana Kenya, lelapa la habo monyali le lebelletsoe ho fana ka mpho ho la habo monyaluoa. Bamemuoa le bona ba tlisa limpho. Haeba monyaluoa le monyali ba latela melao ea moetlo, ba tla lula sethaleng, ha bamemuoa ba ntse ba ba tlisetsa limpho tsa bona. Ha mpho ka ’ngoe e nehelanoa, ho tla tsebisoa hore “Semanya-manyane o tliselitse banyalani mpho.” Bongata ba ba fanang bo ka utloa bohloko bo boholo haeba bo sa fuoe tlhokomelo e joalo.
Har’a batho ba Lebanon, ha e mong a kena lenyalong, metsoalle le baahisani, esita le batho ba sa tsebeng banyalani bao hantle, ba tla le limpho matsatsinyana ka mor’a lechato. Ho tloha bongoaneng, ba rutoa hore ho fana ka limpho ke boikarabelo, joaloka ho lefa sekoloto. Monna e mong oa Lebanon o ile a re: “Haeba u sa ho etse, ha u ikutloe u le motlotlo. Ke tloaelo.”
Leha ho le joalo, liketsahalong tsena tsohle tseo ho tsona ho fana ho lebeletsoeng, Keresemese ke e hlahelletseng linaheng tse ngata. Na ha ho joalo moo u phelang teng? Morao-rao tjena ka 1990, ho ile ha hakanyetsoa hore Maamerika ka selemo a sebelisa lidolara tse ka holimo ho limilione tse likete tse 40 (liranta tse limilione tse likete tse 145) limphong tsa Keresemese. Japane, letsatsi leo la phomolo le boetse le ketekoa ka cheseho e khōlō ke Mabuddha le Mashinto, ’me mefuta e sa tšoaneng ea ho keteka e-ea fumanoa Europe, Amerika Boroa, le likarolong tse ling tsa Afrika.
Keresemese ke nako eo batho ba lebelletseng ho thaba ka eona, empa ha ho be joalo ho ba bangata. ’Me batho ba bangata ba fumana hore morusu o mabenkeleng ha ho rekoa limpho ’moho le ho tšoenyeha ka ho lefa likoloto tseo ba nang le tsona ho koahela metsotsoana ea thabo eo ba nang le eona.
Leha ho le joalo, Bibele e re bolella hore ho na le thabo ho faneng. Ka sebele e teng, e itšetlehile ka moea oo ho fanoang ka oona.—Liketso 20:35.