Bophelo bo Nang le Morero le Hoja ke le Thōko le ba Bang
KE HLAHILE ka January 1927, ka hlahela Málaga, Spain, ke le ngoana oa botšelela lelapeng le futsanehileng la Mak’hatholike la bana ba supileng. Ho tloha ka 1936 ho ea ho 1939, Ntoa ea Lehae ea Spain e ile ea senya naha ea rōna, ’me re ile ra baleha ka morero oa ho qoba libomo ’me ra phela ka lijo tse lekanyelitsoeng. Leha ho le joalo, ke ne ke le ngoana ea thabileng ea ratoang ho bina le ho ba har’a batho.
Leha ho le joalo, ke ne ke tšosoa ke ntho e le ’ngoe—tebello ea ho cha mollong oa lihele. Ho kokobetsa tšabo eo, ke ile ka ea setsing sa baitlami ha ke le lilemo li 12. Ka lilemo tse tharo tseo ke neng ke le moo, ke ile ka hloekisa methati ea ’mabole, ke rapela, ebe ke e hloekisa hape, empa ke ntse ke ikutloa hore ho na le ntho e haellang. Ka 1941, ke ile ka thaba ha ke tloha moo.
Ka mor’a lilemo tse ’maloa ke ile ka tloaelana le sebini se neng se nahana hore lentsoe la ka le ka hlahisa chelete, ’me sa nkhothaletsa hore ke ee thupelong ea ho bina le ho letsa piano. Ha Ntoa ea II ea Lefatše e fela ka 1945, ke ile ka ea Morocco, moo ke ileng ka qala ho bina ho li-nightclub tsa Casablanca le Tangier. Boo e ne e le bophelo bo thabisang bakeng sa mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20. Empa ka mor’a pontšo e ’ngoe le e ’ngoe, ke ne ke ea kerekeng bakeng sa ho kōpa Maria Mofereko hore a ntšoarele, ka tšepo ea hore mohlomong ke tla phonyoha lihele tse chesang.
Ka mor’a ho sebetsa ho li-nightclub ka lilemo tse robong, ke ile ka kopana le Leamerika le bitsoang Jack Abernathy. Ka nako eo o ne a sebetsa k’hamphaning ea likonteraka ea Amerika e leng Morocco. Re ile ra nyalana selemong sona seo, ’me ka khaotsa ho bina. Kapele ka mor’a moo re ile ra fallela Seville, Spain, moo re ile ra lula ho fihlela ka 1960. Eaba re fallela Lodi, California, U.S.A.—ho falla ho ileng ha lebisa phetohong e ’ngoe bophelong ba ka.
Ho Ithuta ka Jehova
Ka 1961 Lipaki tsa Jehova tse peli li ile tsa etela lehae la rōna ’me tsa siea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Hamorao li ile tsa ithaopela ho ithuta Bibele le ’na, ’me ka lumela. Ka hona, ke ile ka ithuta ka Molimo oa ’nete, Jehova, eo e leng Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato. (Pesaleme ea 83:18) E bile tokoloho e kaakang ha ke hlokomela hore ha ho na lihele tse chesang empa re na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng!—Pesaleme ea 37:9-11, 29; Tšenolo 21:3, 4.
Ngoan’eso Paquita, ea neng a lula haufi le rōna, le eena o ile a qala ho ithuta. Pele, ke ne ke tsuba, ke rata le meketjana. ’Me ke ne ke le bohale haholo! Empa ke ile ka etsa liphetoho, ’me ka October 17, 1962, ’na le Paquita re ile ra kolobetsoa Sacramento, California, re bontša boinehelo ba rōna bakeng sa ho sebeletsa Jehova.
Re ea Thailand ke Fapohela Spain
Kapele ka morao ho moo, k’hamphani ea likonteraka tsa kaho eo monna oa ka a neng a e sebeletsa e ile ea mo romela Thailand, ’me ka tsamaea le eena. Ha re le tseleng e eang moo ke ile ka etela Spain ’me ka khona ho arolelana litumelo tsa ka le litho tse ling tsa lelapa. Ngoetsi eso e bitsoang Pura e ile ea arabela ’me ea e-ba Paki.
Ka nako eo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe Spain. Ho ntse ho le joalo, re ile ra ea sebokeng sa sephiri se tšoareloang ka kamoreng e nyenyane, e nang le tafole e le ’ngoe ’me e se na litulo. Kaofela ha rōna re le 20 re ne re eme. Se ne se fapane hakaakang le liboka tsa rōna tsa California! Ho bona batho ba heso ba beha tokoloho ea bona kotsing e le hore ba ka bokana ho ile ha nkholisa hore liboka tsa Bokreste ke tsa bohlokoa, ke thuto e nakong eo ke e fumanang pele ke fihla Bangkok, Thailand.
Letsatsi leo re fihlileng ka lona Bangkok, Jack o ile a mpolella: “Haeba nka hlokomela hore ua paka, ke tla u siea.” Letsatsing le latelang o ile a tsamaea bakeng sa ho ea okamela mosebetsi oa kaho sebakeng sa mahaeng, kahoo ke ne ke setse ke le mong Bangkok e phetheselang le mosebeletsi oa ka tlung eo ke neng ke sitoa ho bua le eena. Ke ile ka sebelisa nako e ngata ke ithuta lingoliloeng tsa ka tsa Bibele ke li pheta-pheta.
Ka letsatsi le leng ka September 1963, ha ke khutlela hae, ke ile ka hlokomela para ea lieta tseo ke sa li tsebeng monyakong oa ntlo ea ka. Mosali e mong ea moriri o moputsoa o harelaneng o ne a nkemetse. Ke ile ka mo botsa: “Nka u thusa ka eng?”
O ile a re: “Ke moemeli oa Mokhatlo oa Watch Tower.”
Ke ile ka tlōlela holimo ke thabo, ka mo kopa ka matsoho le ho mo aka. Eva Hiebert e ne e le moromuoa ea tsoang Canada. Ho tloha letsatsing leo, Eva o ile a tla ka mehla, a tsamaea ka libese tse peli kapa tse tharo ho tla fihla ho ’na. Ke ne ke tšaba ho tsamaea ka libese tseo batho ba neng ba petetsana ka ho tsona ’me ba sa khone ho tsamaea ka bolokolohi, empa ho ne ho se mokhoa o mong oa ho tsamaea oo nka o sebelisang. Eva o ile a re: “Le ka mohla u ke ke ua sebeletsa Jehova haeba u sa tsamaee ka libese tseo.” Kahoo re ile ra buisana ka tsela eo ka eona re ka tsamaeang ka libese tseo ho ea libokeng.
Ke ne ke le leqe mabapi le ho paka, kaha ke ne ke sa tsebe puo ea moo. Ke ne ke itšoarella letsohong la Eva, basketeng ea hae, le moseng oa hae. O ile a re: “U ke ke ua sebeletsa Jehova ka tsela ena.”
Ke ile ka hana ka lentsoe le bontšang ho tletleba: “Empa ha ke tsebe puo ea mona.”
Eva o ile a mpha limakasine tse leshome ’me a tsamaea, a ntšiea bohareng ba ’maraka. Ke ile ka atamela mosali e mong oa Lechaena ka tsela e bontšang tšabo, ka ’montša limakasine tsena, ’me a li amohela!
Hamorao ke ile ka bososela ke thabo ka re: “Eva, ke tsamaisitse limakasine tsohle tse leshome.” O ile a re, “Jehova o rata batho ba tšoanang le uena. Tsoela pele.” Ke ile ka etsa joalo, ka ithuta ho lumelisana le batho ka Sethai ’me, tumellanong le moetlo oa sebaka seo, ke lula fatše. Ke ile ka ithuta le tsela ea ho ea libakeng tse fapaneng. ’Me monna oa ka o ile a itšoara joang ka see? Ka letsatsi le leng, ha Jack, ea neng a se a le bonolo mabapi le litumelo tsa ka, a e-na le baeti, o ile a ba bolella: “Tsamaeang le e’o bona sebaka le Pepita. O tseba sebaka sena hobane oa paka.”
Re Fetela Australia
Koetliso ea Eva e lerato empa e le matla e ile ea ntokisetsa ho lula ke le mafolo-folo tšebeletsong ea Jehova kabelong ea mosebetsi e latelang ea monna oa ka, ka leboea-bophirimela ho Australia. Re ile ra fihla bohareng ba 1965, ’me ke ile ka lula kampong ea bolulo ea basebetsi bohareng ba lehoatata moo k’hamphani ea Jack e neng e etsa seporo sa terene. Lijo li ne li romeloa ka sefofane, ’me ho ne ho chesa—tekanyo ea mocheso e le ka holimo ho 43 degrees Celsius. Ho ne ho na le malapa a 21 a tsoang Amerika Leboea a lulang kampong ena ea bolulo, kahoo ke ile ka qala ho a atamela ka molaetsa oa ’Muso. Hamorao, ha mosebetsi o ntse o tsoela pele seporong sa terene, re ile ra fallela harenyana ho lehoatata, moo ke ileng ka ba thōko le batho ba bang haholoanyane.
Pelenyana ke ne ke ngoletse ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Australia, ’me ke ile ka thaba hakaakang ha ke fumana lengolo le reng: “Lerato le mofuthu le litumeliso . . . Re tla u hopola le ho u rapella likhoeling tse tlang”! Lilemong tseo ke tsamaileng le monna oa ka likabelong tsa hae tsa mosebetsi ho ea libakeng tsa lefatše tse hōle, ke ile ka khothatsoa ke mangolo a joalo a tsoang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Ho a bala ho ile ha etsa hore ke fete linako tsa bolutu ka katleho ’me a nkhothatsa ho ea mosebetsing oa boboleli le hoja hangata ke ne ke le thōko le Lipaki tse ling.
Ofisi ea lekala e Australia e ile ea lokisetsa hore banyalani ba Lipaki ba nketele ka nako ea beke kampong ea bolulo. Tšebeletsong ea rōna re ile ra kopana le mosali ea thahasellang ea neng a lula hōle, kahoo ke ne ke tsamaea tikolohong e tletseng linoha le mekholutsoane habeli ka beke ha ke mo etela. Ha ke ntse ke tsamaea, ke ne ke phasoloha ke bina pina ea ’Muso: “Emang le Jehova/ Le mo thabeleng/ H’a na ho le lahla/ Le tiee ’neteng.” Re ile ra ithuta ka likhoeli tse 11.
Eaba ka mor’a hoo e ka bang selemo re le Melbourne, ke ile ka falla le monna oa ka ho ea kampong ea bolulo e haufi le toropo ea merafo ea Port Hedland, le eona, e ka leboea-bophirimela ho Australia. Ka mor’a matsatsi a mahlano, ho ne ho e-na le baeti. Lekala le ne le boleletse Lipaki hore ke hokae. Ka mor’a hore li tsamaee, ke ile ka tsoela pele ho tšoara liboka ke le mong, ke khanna Thuto ea Buka ea Phutheho, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, Seboka sa Tšebeletso, le Thuto ea Molula-Qhooa. Ka mor’a ho bina pina le ho bula ka thapelo, ke ne ke araba lipotso ebe ke koala ka pina le thapelo. Ho bala ba leng teng ha ho mohla e kileng ea ba bothata—ka mehla e ne e le motho a le mong ea bang teng. Leha ho le joalo, kemiso ena ea liboka tsa beke le beke, e ile ea nthusa lilemong tse ngata tseo ke neng ke sebeletsa Jehova ke le thōko le ba bang.
Re ea Bougainville
Ka 1969, ka mor’a ho fufuleloa ka lilemo tse ’nè Australia, monna oa ka o ile a abeloa ho sebeletsa e le foromane morerong oa ho haha tsela e eang morafong oa koporo lithabeng tse mongobo tsa sehleke-hleke sa Bougainville. Mantsiboea a mang motho e mong o ile a kokota monyako. Jack o ile a bula. O ile a re: “Ke Paki le mosali oa eona le bana ba bane.” Ba ne ba lula haufi le lebōpo. Ke ne ke ba etela hang ka beke le ho kopanela Thutong ea Molula-Qhooa e neng e tšoareloa sekolong sa sechaba.
Ka lekhetlo le leng Lipaki tse tharo tse tsoang Papua New Guinea li ile tsa nketela. Monna oa ka ka motlotlo o ile a bolella basebetsi-’moho le eena: “Hohle moo mosali oa ka a eang, metsoalle ea hae ea Lipaki e mo letetse.”
Re ea Afrika
Ka 1972 re ile ra fihla lehoatateng le Algeria, Afrika Leboea, moo k’hamphani ea Jack e neng e haha tsamaiso ea phepelo ea metsi. Morero ona e ne e lokela ho ba oa lilemo tse ’nè. Ke ile ka ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e Fora mabapi le mosebetsi oa ho bolela, ’me ba ile ba nkaraba: ‘U be hlokolosi. Mosebetsi oa rōna o thibetsoe moo.’ Mokhatlo o ile oa nthusa ho kopana le Lipaki tse peli tse seng li sa kopanele tšebeletsong, ’me re ile ra theha sehlopha sa thuto.
Joale, e mong oa baahisani ba ka ba kampong ea bolulo ea basebetsi, Cecilia, o ile a kula. Ke ile ka mo etela letsatsi le leng le le leng sepetlele, ke mo tlisetsa sopho, ’me ke lokisa bethe ea hae. Ha a khutlela lapeng ke ile ka tsoela pele ho ea libakeng tse fapaneng ho mo etsetsa lintho kapa ho mo latela tsona, ’me hape ke ile ka arolelana le eena tšepo ea ’Muso. Hoo ho ile ha lebisa thutong ea Bibele, ’me ka mor’a likhoeli tse robeli Cecilia o ile a re: “Ke batla ho kolobetsoa.” Empa a kolobetsoa hokae hona ke mang?
Re ile ra fumana lengolo le tsoang ofising ea lekala e Fora le bolelang hore Paki e bitsoang François e tla Algeria bakeng sa matsatsi a phomolo a makhutšoaane. Haeba re ne re ka mo tlisa motsaneng oa rōna oa lehoatata le ho mo khutlisetsa boema-fofaneng kapele, a ka etsa mosebetsi oa ho kolobetsa. Empa o ne a ke ke a lula lihora tse fetang 24.
Hang ha François a fihla, o ile a nkoa ka potlako ka koloi ’me a isoa lehoatateng. Mantsiboeeng ao, ntlong ea Cecilia, o ile a ntša pampitšana e nyenyane ea lintlha ka pokothong ea hempe ’me a fana ka puo e ntle. Ka meso ka May 18, 1974, o ile a kolobetsa Cecilia ka bateng ea ka ’me a tsamaea.
Bofelong ba 1975 ntoa e ile ea qhoma Algeria, ’me ’na le Jack ra lokela ho tloha ka potlako. Ke ile ka etela beng ka ’na Spain. Ka 1976, ke ile ka qala ho phutha thōtō bakeng sa ho ea kabelong e latelang ea Jack—kampo ea bolulo ea basebetsi e morung o lulang o le motala oa Suriname, Amerika Boroa.
Ha ke le Amerika Boroa
Kampo ea bolulo e ka boroa-bophirimela ho Suriname e ne e pota-potiloe ke limela tse tlokomang. Lipapakhaee tse lerata le litšoene tse thahasellang ho bona se etsahalang li ne li shebile malapa a macha a 15 a fihlang li le lifateng, ao bongata ba ’ona ke neng ke a tsebella mesebetsing e fetileng. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, malapa a basebetsi a mangata a ile a fihla, ho akareletsa le Cecilia ea ileng a kolobetsoa Algeria—e leng ’moleli-’moho le ’na!
Ha March 23, 1978, e atamela, re ile ra ipotsa hore na re tla keteka Sehopotso sa Lefu la Kreste joang. Kaha ho ne ho se lipalangoang tse eang motse-moholo, Paramaribo, ra rera ho se tšoarela ha ka. Mookameli oa kampo ea bolulo o ile a re lumella ho etsa likopi tse eketsehileng tsa leqephe le ka morao la Molula-Qhooa le tsebahatsang Sehopotso, ’me ra li aba ka ntlo le ntlo kampong ea bolulo. Ba 21 ba ile ba ba teng! Cecilia o ile a fana ka puo, ’me ka bala mangolo. Mantsiboeeng ao, le hoja re le thōko le ba bang, re ile ra ikutloa re kopane le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng oa lefatše lohle.
Nakong eo, lekala la Lipaki tsa Jehova le Suriname le ile la romela batho bakeng sa ho re tšehetsa—banyalani ba bacha ba baromuoa ba tsamaeang ka Land-Rover. Pele ba fihla, ke ne ke se ke ikutloa ke se na thuso kampong eo ea bolulo, empa baromuoa ba ile ba ntiisetsa: “Pepita, u mona ka morero.” Ka nako eo ke ne ke sa kholiseha, empa kapele ke ile ka utloisisa.
Ka letsatsi le leng nakong ea ketelo ea baromuoa, re ile ra hlahloba tsela e sa tsoa buloa ea krabole ’me ra thabela ho fumana metsana e itseng ea Maindia a Amerika hoo e ka bang lik’hilomithara tse 50 ho tloha kampong ea bolulo. Ho pakela Maindia ao a Arawak a nang le botsoalle ho ile ha fella ka lithuto tsa Bibele tse ngata. Kahoo ha baromuoa ba tsamaea, ’na le Cecilia re ile ra qala ho etela batho ba metsana eo habeli ka beke.
Re ne re tsoha hoseng ka hora ea bone, ’me ka hora ea bosupa re qala thuto ea rōna ea Bibele ea pele. Hoo e ka bang ka hora ea bohlano motšehare oa mantsiboea, re ne re le hae hape. Ka lilemo tse peli re ile ra khanna lithuto tse 30 beke le beke. Kapele bana ba motsana oo ba ile ba mpitsa Auntie Bibele! Qetellong ba bangata ba ile ba kolobetsoa, ’me lilemo tse ’maloa hamorao ba 182 ba ile ba ba teng kopanong ea potoloho motsaneng oo. Ka sebele, joalokaha metsoalle ea ka ea baromuoa e ratehang e ile ea bolela, re ne re le morung ona ka morero!
Re ea Papua New Guinea
Re ile ra tloha Suriname ka 1980, ’me selemong se latelang re ile ra romeloa Papua New Guinea. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng tsa thabo eo re bileng le eona le Lipaki tsa motse-moholo, Port Moresby, seroala-nkhoana se ile sa ntheola lehaeng la ka le latelang—kampo ea bolulo e holimo lithabeng moo k’hamphani ea Jack e neng e haha morafo oa gauda. Ho ne ho se litsela. Batho, thepa, le lijo li ne li tlisoa ka seroala-nkhoana. Sena e ne e le sebaka se ka thōko ka ho fetisisa seo nkileng ka phela ho sona. Hape ke ile ka ipotsa, Ke tla fumana batho bao ke tla bua le bona kae?
Batho ba leng kampong ea rōna ea bolulo ba ne ba ntsebella libakeng tseo re bileng ho tsona pele, ’me ho ne ho se ea batlang ho mamela. Leha ho le joalo, ka nako eo, k’hamphani e ile ea bula lebenkele la grocery. Basali ba tsoang libakeng tse hōle ba ne ba reka moo. Kapele ke ile ka ba e mong oa bareki ba rekang lebenkeleng leo khafetsa. Na see se ile sa sebetsa?
Ka letsatsi le leng ke ile ka qala moqoqo le mosali oa Papua. O ile a mpolella hore ke tichere. Ke ile ka re: “Aha, ke tichere le ’na.”
O ile a botsa: “U eona?”
“E, ke ruta Bibele.” Hang-hang o ile a amohela kōpo ea ka ea ho ithuta Bibele le eena. Hamorao, bareki ba grocery ba eketsehileng ba ile ba lumela ho etsa se tšoanang. Sebaka seo sa bolulo se haufi le morafo oa gauda se ile sa hlahisa lithuto tsa Bibele tse supileng—ka sebele ke morafo oa gauda oa moea!
Ka mor’a hore re qete lilemo tse tharo sehleke-hlekeng sena sa Pacific, mosebetsi o mocha o ile oa re romela sehleke-hlekeng sa Caribbean se bitsoang Grenada. Empa ka mor’a selemo le halofo, monna oa ka o ile a lokela ho khutlela United States ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo, kahoo ka 1986 ra lula Boise, Idaho.
Ho Sebetsa le Phutheho
Ka mor’a lilemo tseo tsohle tsa ho phela thōko le baena le bo-khaitseli ba ka ba Bakreste, joale ke ile ka lokela ho ithuta ho sebetsa hammoho le ba bang. Leha ho le joalo, baholo ba Bakreste le ba bang ba ile ba nthusa ka mamello. Kajeno, ke thabela ho ba teng libokeng le ho khanna lithuto tsa Bibele karolong ena ea lefatše.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling ha ke robile monakeli sebakeng se khutsitseng ’me hape ke ipona ke matha ka mor’a Eva Bangkok e phetheselang kapa ke phasoloha ke bina pina ea ’Muso ha ke tsamaea tseleng eane ea lehoatata Australia kapa ke etsa mosebetsi oa ho bolela har’a Maindia a Amerika a ikokobelitseng morung o lulang o le motala oa Suriname, kea bososela, ’me mahlo a ka a tlala likeleli tsa teboho bakeng sa tlhokomelo eo ke e fumaneng lilemong tseo tse ngata tsa ho sebeletsa Jehova ke le thōko le ba bang.—Joalokaha ho boletse Josefa ‘Pepita’ Abernathy.
[Litšoantšo tse leqepheng la 22]
Ke thusitse ba bangata Papua New Guinea hore ba tsebe Jehova
Ke ruta Lentsoe la Molimo Suriname
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ke bina le liithuti tsa ka tsa Bibele tsa Maspanish Melbourne
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Hona joale ke sebeletsa le phutheho Idaho