Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 5/8 maq. 30-31
  • Ho na le Tšepo Efe ea ho Felisoa ha Ntoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho na le Tšepo Efe ea ho Felisoa ha Ntoa?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepo ea Bohata
  • Batho ba Phethahatsang Tšepiso ea Molimo
  • Kamoo Ntoa e Tla Felisoa ka Teng
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ntoa
    Tsoha!—2017
  • Khotso—Ntho ea Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Haufinyane—Lefatše le se Nang Ntoa!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 5/8 maq. 30-31

Ho na le Tšepo Efe ea ho Felisoa ha Ntoa?

NTOA EA I EA LEFATŠE e loanneng ho tloha ka 1914 ho fihlela ka 1918 e ile ea bitsoa ntoa e neng e tla felisa lintoa tsohle. Empa ho tloha nakong eo ho se ho bile le lintoa tse fetang 200, ho kopanyeletsa le ea hona joale e khōlō ka ho fetisisa—Ntoa ea II ea Lefatše.

Ka ho hlakileng, boiteko ba batho ba ho felisa ntoa bo hlōlehile ka ho feletseng. Ha se ho makatsang ha batho ba bangata ba re, “Na ho tla ’ne ho be le lintoa ka mehla”? Na ke seo u se lumelang?

Ho theoa ha Machaba a Kopaneng ka 1945 ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše ho ne ho reretsoe ho fa batho ba khathalitsoeng ke ntoa tšepo ea lefatše le se nang ntoa. Tšepo eo e bontšoa ke mongolo o leboteng la mohaho oa Machaba a Kopaneng Motseng oa New York, o balehang tjena: BA TLA TEA LIPHEHLA TSA BONA TSA NTOA MEHOMA. ’ME MARUMO A BONA BA A TEE LISEKELE: SECHABA SE SENG SE KE KE SA HLOLA SE FUTUHELA SECHABA SE SENG KA LERUMO. HA BA SA TLA HLOLA BA ITHUTA HO LOANA.

Ka masoabi, ka baka la bahlohlelletsi ba ntoa, lichaba li ile tsa soma tšepo ena e ntle ea khotso. Leha ho le joalo, mantsoe ana a tla phethahatsoa! Ho joalo hobane a builoe ke Mohloli o phahameng haholoanyane ho feta batho ba sa phethahalang lilemong tse 2 500 tse fetileng. Mantsoe ana a emela tšepiso e entsoeng ke Molimo o Matla ’Ohle.—Esaia 2:4.

Tšepo ea Bohata

Batho ba bangata ba ile ba talima likerekeng bakeng sa ho thusa ho bōpa lefatše le se nang ntoa. Empa ha e le hantle, likereke li ipakile ho ba matla a maholo a histori a bakang likarohano le lintoa. Ka mohlala, Frank P. Crozier, moofisiri e moholo oa Brithani nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, o ile a re: “Likereke tsa Bokreste ke tsona tse ka sehloohong tse khothaletsang tšollo ea mali eo re nang le eona ’me re li sebelisitse ka bolokolohi.”

Kahoo, ke habohlokoa hore re khetholle mahareng a Bokreste ba ’nete le ba bohata. Jesu o re thusitse ho etsa joalo ka ho fana ka molao ona o bonolo: “Le tla ba hlokomela ka litholoana tsa bona.” (Mattheu 7:16, NW) Mantsoe kapa seo motho a ipolelang hore oa se lumela hase ea lekana. Ho hlakisa sena, Steve Whysall, moqolotsi oa litaba oa Vancouver Sun, o ile a hlokomela: “Hase batho bohle ba apereng li-overall tse tala tse tletseng oli bao e leng balokisi ba makoloi, esita le hoja ba bonahala joalokaha eka ke bona, . . . esita le ha ba ka re ‘Re balokisi ba makoloi.’”

Ha Whysall a sebelisa papiso ena ho Bokreste o itse: “Hangata o utloa batho ba bua kamoo sena kapa sela se entsoeng ka lebitso la Bokreste ’me ke ntho e mpe hakaakang e ileng ea etsoa. E, ha e le hantle, ebile ntho e mpe haholo. . . . Empa ha e le hantle, ke mang ea boletseng hore ke Bakreste ba entseng lintho tseo tse mpe?

“Mohlomong u re ke likereke tse khōlō tse bolelang joalo. Bonneteng, ke mang ea boletseng hore likereke tse khōlō ke tsa Bokreste?

“Kahoo mopapa o ile a hlohonolofatsa Mussolini, ’me ho na le bopaki ba bapapa ba bang ba entseng lintho tse hlabisang lihlong nakong e fetileng. Kahoo ke mang ea boletseng hore e ne e le Bakreste?

“Na u nahana hore motho eo e leng mopapa e tlameha ho ba Mokreste? Hobane feela motho a re ‘Ke Mokreste’ ha ho bolele hore e hlile ke eena—joalokaha motho ea ipolelang hore ke molokisi oa makoloi e ka ’na ea se be eena.

“Esita le Bibele e hlokomelisa Bakreste ka batho ba ikhakanyang eka ke Bakreste . . . Ha ho Mokreste ea ka loantšang Mokreste e mong—ho tla tšoana leha motho a itoantša.

“Bakreste ba ’nete ke baena le likhaitseli ho Jesu Kreste. . . . Ha ho le ka mohla o le mong ba utloisang ba bang bohloko ka boomo.”

Kahoo ho hlokahala hore re sebelise molao-motheo oa Jesu le ho bona litholoana tse hlahisitsoeng ke likereke. Empa ke litholoana tsa mofuta ofe? Bibele e supa tse ling tsa litholoana tsena ka ho khethehileng ka ho re: “Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo. Hobane taba eo le e utloileng, e sa le ho qaleng, ke hore re ratane, ’me re se ke ra ba joa1o ka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ngoan’abo.”—1 Johanne 3:10-12.

Ho e-na le ho khothaletsa motho ho rata ngoanab’o, likereke li tšehelitse esita le ho khothaletsa ho bolaea ngoaneno ntoeng. Kahoo likereke li fetohile lisebelisoa tsa Satane Diabolose hantle feela joaloka malumeli a boholo-holo a Baegepeta, Baasyria, Bababylona le Baroma. Jesu Kreste o ile a bitsa Satane “morena oa lefatše lena” ’me a bua tjena ka balateli ba Hae ba ’nete: “Hase karolo ea lefatše‚ feela joalokaha le ’na ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 12:31; 17:16, NW; 2 Ba-Korinthe 4:4) Leha ho le joalo, likereke li ikentse karolo e khōlō ea lefatše lena.

Ka ho hlakileng, Molimo ha a sebelise likereke ho phethahatsa morero oa hae oa ho bōpa lefatše le se nang ntoa. Ho sa tsotellehe seo baruti ba bolumeli kapa baemeli ba bang ba kereke ba se bolelang, Molimo ha a nke lehlakore lintoeng tsa lichaba.

Tšepiso ea Molimo ea ho felisa ntoa e tla phethahatsoa joang? Na ho na le batho leha e le bafe ba tehileng lisabole tsa bona mehoma? Ka sebele ba teng ba entseng joalo.

Batho ba Phethahatsang Tšepiso ea Molimo

Rahistori oa kereke ea tsebahalang C. J. Cadoux o ile a hlokomela: “Bakreste ba pele ba ne ba lumela Jesu . . . Ba ile ba amahanya bolumeli ba bona haufi-ufi le khotso; ba ile ba seolla ntoa ka matla bakeng sa tšollo ea mali eo e neng e ameha ho eona; ba ile ba sebelisa boprofeta ba Testamente ea Khale bo boletseng esale pele ka ho fetola libetsa tsa ntoa lisebelisoa tsa temo ho bona ka bobona.”—Esaia 2:4.

Empa ho thoe’ng ka kajeno? Na ho na le batho ba lumelang Jesu le mantsoe a hae ’me ba ratana e le kannete? Ha e le hantle, na ba tehile libetsa tsa bona mehoma? Encyclopedia Canadiana ea hlokomela: “Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ke ho tsosolosa le ho hloma Bokreste ba pele bo neng bo sebelisoa ke Jesu le barutuoa ba hae lekholong la pele le la bobeli la lilemo la mehla ea rōna. . . . Bohle ke baena.”

Kahoo, tumellanong le taelo ea Kreste ea ho ratana, Lipaki tsa Jehova li hana ho hloea kapa ho bolaea bana ba bo tsona, esita le hoja e ka ba litho tsa morabe o mong kapa sechaba se seng. (Johanne 13:34, 35) Martin Niemöller, moeta-pele oa Prostanta Jeremane o ile a hlokomela hore “ho theosa le lilemo, ka mehla [likereke] li ile tsa lumela ho hlohonolofatsa ntoa, masole le libetsa ’me ka tsela eo e seng ea Bokreste li ile tsa rapella ho timetsoa ha lira tsa eona.” Leha ho le joalo, ka ho fapaneng, o ile a re Lipaki “tse makholo-kholo le tse likete-kete li ile tsa ea likampong tsa mahloriso le ho shoa hobane li ne li hana ho ea ntoeng ’me li ne li hana ho nka sethunya bakeng sa ho lematsa kapa ho bolaea batho.”

E, ho fapana le batho ba malumeli a mang, ka sebele Lipaki tsa Jehova li tehile lisabole tsa tsona mehoma. Ka ho lula ‘e se karolo ea lefatše,’ joalokaha Kreste a laetse, ka sebele li fapane le malumeli a mang. (Johanne 15:19) St. Anthony’s Messenger ea Roma e K’hatholike e ile ea hlokomela: “Lipaki tsa Jehova ha se karolo ea ‘mokhatlo oa batho’ ’me ha li ikarabelle tabeng efe kapa efe ea ho hlohonolofatsa ’muso oa lefatše o etsang qeto leha e le efe eo o e ratang.”

Kahoo na tšepiso ea Molimo mabapi le ho felisa libetsa e hlokomeloa hona joale ka baka la batho ka bomong ba limillione tse seng kae ba tsoang lichabeng tsohle ba tehileng libetsa tsa bona mehoma? Le hanyenyane! Tšepiso ea Molimo e tla phethahatsoa ka tekanyo e khōloanyane le ka tsela e hlollang.

Kamoo Ntoa e Tla Felisoa ka Teng

’Mōpi, Jehova Molimo, o tla felisa ntoa ka ho felisa libetsa tsohle tsa ntoa le bohle ba ikarabellang ka tsona. Mopesaleme oa Bibele o ile a memela babali ho nahana ka tebello ena e hlollang. O ile a ngola: “Tlong, le bohe liketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatše kateng. O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 46:8, 9) Ke tsebiso e makatsang le e hlollang hakaakang!

Na tšepiso ea lefatše le se nang ntoa ke e ke keng ea lumeloa? Batho ba sa lumeleng ba ka nahana joalo. Esita le rahistori oa sesole Gillett Griswold o ne a nahana joalo. Empa o ile a ipha nako ho hlahloba bopaki ka hloko. Ka baka leo, o ile a inoesa ka nkho hore Bibele e fela e tšepahala. O ile a hlokomela hore boprofeta ba Bibele mabapi le liketsahalo tsa pele tsa histori ka ntle le ho fosa, li ile tsa phethahala ka nako e loketseng. Sena se ile sa mo neha lebaka la ho lumela hore liketsahalo tseo ho profetiloeng hore li sa ntse li tla phethahala li tla etsahala ka nako ea tsona e nepahetseng.

Ka mohlala, nahana kamoo liketsahalo tse khōlō tse etsahalang hona joale li lumellanang hantle ka teng le liketsahalo tseo Bibele e boletseng ka tsona esale pele hore li ne li tla tšoaea mehla ea bofelo ea tsamaiso ena ea lintho. (Mattheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5) Sena se bolela hore joale re phela nakong eo ’Muso oa Molimo o tlang ka eona bakeng sa ho phethahatsa thapelo eo Jesu a e rutileng balateli ba hae, e reng: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:9, 10.

Re ka lebella hore ’Muso oa Molimo o tle ka tsela efe? Mabapi le sena boprofeta ba Bibele bo re: “Empa mehleng ea marena ao [e leng, mebuso e busang hona joale], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa [’Muso oa Molimo] oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

E, ’Muso oa Molimo o tla tla ka tsela e hlollang ho felisa mebuso eohle joalokaha ho tšoantšelitsoe ke Moroallo oa lefatše lohle oa mehleng ea Noe oo ho ileng ha boleloa ka oona esale pele. (Mattheu 24:36-39; 1 Johanne 2:17) Ka lebaka la timetso e haufi ea mebuso eohle ea joale, esita le timetso ea malumeli a e tšehetsang, ke habohlokoa hore motho ka mong a hlahlobe boemo ba hae. Na re tla ikitlaetsa ka matla ho ithuta ka Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, ebe joale re etsa seo ba se hlokang ho rōna? (Johanne 17:3) Na re tla ratana, re hane ho ntša batho ba bang kotsi, ’me ka ho etsa joalo re bontše hore re tehile lisabole tsa rōna mehoma?

Haeba re lumela hore ntoa ke ntho e hlokang kelello le hore u lakatsa ho phela mona lefatšeng ha khotso e rena hohle, ikopanye le Lipaki tsa Jehova. Li tla thabela ho u thusa ho ithuta ka ho eketsehileng kamoo kapele ntoa e ke keng ea hlola e e-ba teng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo.

[Lebokose le leqepheng la 31]

Leano la Himmler ka Lipaki tsa Jehova

HEINRICH HIMMLER e ne e le hlooho ea ma-SS a Nazi kapa Molebeli ea Koetlisitsoeng, ’me nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše e ne e le monna ea leng boemong ba bobeli ea matla ka ho fetisisa Jeremane ea batlileng a atamela Adolf Hitler. Le hoja Himmler a ne a hloile Lipaki tsa Jehova ka baka la ho hana ha tsona ho nka karolo mererong ea Nazi ea tlhōlo ea lefatše, o ile a li hlompha. Ho le leng la mangolo a hae a eang ho mohlanka e moholo oa Gestapo Ernst Kaltenbrunner, Himmler o ile a ngola:

“Boitsebiso bo bong le se hlokometsoeng haufinyane tjena li entse hore ke o tsebise lintlha tseo ke ratang ho o hlokomelisa ka tsona. Ena ke taba e amang Lipaki tsa Jehova. . . . Re tla busa Russia joang le ho e etsa naha e nang le khotso ha . . . re tla be re hlōtse likarolo tse khōlō tsa naha ea eona? . . . Mefuta eohle ea bolumeli le mekha e sa nkeng libetsa ka baka la bolumeli e tlameha ho tšehetsoa . . . , ’me mokha o hlahelletseng ke oa litumelo tsa Lipaki tsa Jehova. Hoa tsebahala hore li tla re tsoela molemo: Ka ntle le ’nete ea hore li hana tšebeletso ea sesole le ntho leha e le efe e amanang le ntoa . . . , li tšepahala ka mokhoa o sa kholoeheng, hase matahoa, ha li tsube; ke basebetsi ba sa sekisetseng le ba tšepahalang ka mokhoa o khethehileng. Seo li se buang sea tšepahala. Tsena ke litšobotsi tse molemo ka ho fetisisa . . . , le tse ratehang.”

Che, le ka mohla Himmler o ne a ke ke a phehella Lipaki hore li sebeletse Manazi. O ne a sa ipatlele litšobotsi tsa ho rata khotso tsa Lipaki bakeng sa hae kapa batho ba hae, empa o ne a batla hore litšobotsi tsena tse ratehang li amoheloe ke Marussia. Sena se ne se tla a etsa batho ba ratang khotso, se a etse hore a tehe lisabole tsa oona mehoma.

Haeba ka mor’a ho bala makasine oona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine oona. (Bona leqephe 5.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela