Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 11/1 maq. 4-6
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhatlo oa Khotso
  • Ho Fela ha Lintoa Tsohle
  • Mofehli e Moholo oa Ntoa
  • Ka Mor’a Tlokotsi
  • Senokoane se Hlohlelletsang Ntoa le Mahlomola
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Kamoo re Tsebang ka Teng Hore re Phela “Mehleng ea Qetello”
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Ntoa
    Tsoha!—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 11/1 maq. 4-6

Ntoa e Tla Felisa Lintoa

SEFOFA-SEBAKENG se seholohali sa Jeremane se ne se fofa ka bosona mokhanni a le sieo bosiu sepaka-pakeng. Se ne se khutlela hae ka mor’a ho hlasela London, ’me ha se feta holim’a motse oa Essex, ho ile ha lihoa liqhomane. Se seng sa tsona sa bolaea mooki ea neng a le phomolong ea mosebetsi a e-tsoa ntoeng Fora.

Ena ke ketsahalo e fokolang feela ea Ntoa ea I ea Lefatše, empa e ne e bolela ho hoholo. E ne e le mohlala oa kamoo lekholo la bo20 la lilemo le boneng keketseho e khōlō ea libetsa le mabala a ntoa, ho fapana le ho qala nako eo ka eona motho a neng ‘a ke ke a hlola a ithuta ho loana.’ (Esaia 2:2-4) Ka lilemo tse likete, lintoa li ne li ’nile tsa loaneloa lefatšeng le holim’a leoatle. Empa Ntoeng ea I ea Lefatše, ho loana ho ile ha pharalla ho fihla sebakeng le ho fihla ka tlas’a leoatle. Ka baka leo, batho ba sa loaneng ba neng ba le makholo-kholo a lik’hilomithara ho tloha mabaleng a ntoa ba ile ba bolaoa ke liqhomane, ’me likepe tse ngata li ile tsa tebisetsoa botlaaseng ba leoatle ke likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi tse sa bonoeng.

Ka sebele, ntoeng eo ea pele ea lefatše e tšabehang masole a limillione tse 8 a ile a shoa, ’me batho ba sa loaneng bao ho hakanngoang hore ba ka ba limillione tse 12 ba ile ba bolaoa ke lintho tse akareletsang bofuma le ho hloka bolulo. Ho latela rahistori H. A. L. Fisher, “mahlomola a Ntoa e Khōlō [Ntoa ea I ea Lefatše] ke hore e loannoe pakeng tsa lichaba tse tsoetseng pele ka ho fetisisa Europe ho tsekoa ntho eo ho seng batho ba bangata ba nang le kelello ba ka e utloisisang.” Ho lokafatsa polao eo e tšabehang, e ile ea bitsoa “ntoa e tla felisa lintoa.” Empa ka potlako polelo eo e ile ea qala ho utloahala e se na ’nete.

Mokhatlo oa Khotso

Hang ha ho phatlalatsoa khotso ka 1918, moloko oa batho o saretsoeng oa batla hore ho nkoe mehato ho tiisa hore ntoa e joalo e se hlole e e-ba teng hape. Ka hona, Selekane sa Lichaba se ile sa hlaha ka 1919. Empa Selekane seo se ile sa hlōleha haholo. Ka 1939 lefatše la boela la kena ntoeng ea lefatše—ntoa e ileng ea e-ba mpe le ho feta ea pele.

Ntoeng ea II ea Lefatše, metse e mengata e ile ea ripitloa hore e sale e le lithōle, bophelo ba batho ba sa loaneng ba fetoha ntho e sisimosang. Joale ka 1945 libomo tsa athomo tsa liheloa holim’a Hiroshima le Nagasaki, tsa kenya batho mehleng ea nuclear. Maru ao a tšabehang a ileng a nyoloha metseng eo e ’meli ea Majapane ’me a e koahela e ne e le lilelekela tsa tšokelo e ’nileng ea leketla holim’a batho ho tloha ka nako eo.

Leha ho le joalo, esita le pele liqhomane tseo li e-oa, ho ne ho se ho ntse ho etsoa litokisetso tsa ho hloma mokhatlo o kang Selekane sa Lichaba se neng se se se le sieo. Phello e bile Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, oo ha e le hantle o neng o e-na le sepheo se tšoanang le sa o bileng teng pele ho oona: e leng sepheo sa ho boloka khotso ea lefatše. O finyelletse eng? Koana, ha hoa ka ha e-ba le ntoa ea lefatše ho tloha ka 1945, empa ho bile le lintoa tse nyenyane tse ngata tseo ho tsona ho shoeleng batho ba limillione.

Na see se bolela hore ha ho mohla batho ba tla bona phethahatso ea seo Molimo o se tšepisitseng ka Esaia hore batho ‘ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana’? Che. Hona ho bolela feela hore sena se ke ke sa tlisoa ke motho. Bibele, e bitsoang ‘leseli tseleng ea rōna,’ ke eona buka e tšoereng tšepiso eo e bululetsoeng. Hape ke Bibele e bontšang hore ha ho e mong ha e se Molimo ka booona ea tla qetella a felisitse lintoa tsohle.—Pesaleme ea 119:105.

Ho Fela ha Lintoa Tsohle

Joalokaha ho boletsoe sehloohong se ka pele, ho ne ho e-na le sehlopha se seng lekholong la pele la lilemo se ileng sa thea mokhatlo oa machaba oa bana ba motho seo ho sona e neng e se ntho e ka nahanoang hore setho se seng se ka loantša moena oa sona kapa khaitseli ea sona. Mokhatlo ona e ne e le phutheho ea Bokreste, eo ka mokhoa oa sebele litho tsa eona li neng li ‘teile lisabole tsa tsona ho li etsa mehoma.’ Kajeno, le hoja batho ka kakaretso ba sitoa ho etsa tsoelo-pele ho feliseng ntoa, ho sa ntsane ho e-na le sehlopha sa batho ba finyelletseng pakane ena e tsotehang. Ke bo-mang?

Lilemong tsa pele ho 1914, sehlopha sena se senyenyane se ne se tšepile Bibele. Kahoo, ba ne ba tseba hore boiteko ba batho ba ho felisa ntoa bo ne bo ke ke ba atleha. Ho tsoa ho seo ba ithutileng sona ka Bibeleng, ba ile ba tseba hore selemo sa 1914 e ne e tla ba phetoho e khōlō historing ea batho, ’me ka lilemo tse 40 ba ile ba lemosa ka sena. Ho paka boprofeta ba Bibele e le ’nete, selemo sa 1914 e ile ea e-ba qaleho ea nako e ileng ea tšoauoa ka bofuma, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše ’moho le lintoa. (Mattheu 24:3, 7, 8; Luka 21:10, 11) Mabapi le Ntoa ea I ea Lefatše, rahistori James Cameron o ngotse: “Ka 1914 lefatše, kamoo le neng le tsebjoa le bile le amoheloa kateng ka nako eo, le ile la fela.”

Pele ntoa eo e fela, seoa se tšabehang sa flu se ile sa hlasela qitikoe eohle ’me sa bolaea batho ba limillione tse 20—lenane le fetang palo ea masole a shoeleng ntoeng eo ka boeona ha e mennoe habeli. Ho tloha ka nako eo, mafu a kang kankere, le AIDS morao tjena, a ’nile a tšosa batho.

Joale hlokomela boprofeta bo bong ba Bibele: “’Me lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.” (Mattheu 24:12) Na see sea phethahatsoa? Ka sebele ho joalo! Letsatsi le leng le le leng, mecha ea phatlalatso e pepesa bokhopo lefatšeng ka bophara: lipolao, ho hlaseloa ha batho, le ho hlokofatsoa ’meleng ho hong ho itseng. Ho feta moo, polelo ea bopolotiki e ileng ea etsoa esale pele mabapi le Ntoa ea II ea Lefatše ke hore e ne e tla tlisa “tokoloho tšabong.” Ho fapana le hoo, ka nepo Bibele e ’nile ea bolela esale pele hore batho ba ne “ba tla felloa ke matla ka baka la tšabo le tebello ea lintho tse tla tla holim’a lefatše le ahiloeng.” (Luka 21:26, NW) Hape lipolelo tsa batho tsa boprofeta li ne li fosahetse, empa mantsoe a Molimo a boprofeta e ne e le ’nete.

Mofehli e Moholo oa Ntoa

Mofehli oa ntoa ke motho ea hlohlelletsang ntoa. Bo-ralipolotiki, baruti, esita le bo-rakhoebo ba phethile karolo ena. Empa mofehli e moholo ka ho fetisisa oa ntoa hase e mong ha e se Satane Diabolose, eo ka Mangolong a bitsoang “molimo oa lefatše lena.”—2 Ba-Korinthe 4:4.

Satane o ile a fetohela Jehova Molimo lilemong tse likete tse fetileng, ’me hamorao a eka lekhotla la mangeloi hore le ikopanye le eena. Empa ka 1914 nako ea hae e ile ea fela. Bibele e re bolella hore: “Joale ntoa ea e-ba teng leholimong, Mikaele le mangeloi a hae a loantša drakone. Drakone ea loana, e e-na le mangeloi a eona; empa ha ba ka ba hlōla, ’me ha ba ka ba hlola ba e-na le litulo leholimong. ’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona.”—Tšenolo 12:7-9.

Sena se hlalosa hore na ke hobane’ng ha lefatše e bile sebaka se kotsi hakana ho tloha ka 1914. Bibele e boletse esale pele hore na phello ea ho liheloa ha Satane e ne e tla ba efe: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng . . . hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšenolo 12:12) Nako eo e khutšoanyane hakae? Jesu o itse: “Moloko ona [o bonang liketsahalo tse qalileng ka 1914] o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.” (Mattheu 24:34) Lintho life? Litlokotsi tsohle le mofere-fere tseo Jesu a neng a li profetile bakeng sa mehla ea rōna.

Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ho sa tsotellehe ho hlōleha ho phethahetseng ha Selekane sa Lichaba le boemo bo teng ba ho sitoa ho etsa letho boo Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o leng ho bona, lichaba li ne li ntse li se na ho tlohela boiteko ba tsona ba ho tlisa khotso. Ka sebele, nako e tla tla eo ka eona li tla nahana hore li atlehile. Ho tla ba le mohoo o moholo oa “khotso le tšireletseho,” empa sena se tla lateloa ke “timetso ea tšohanyetso” ea lefatše lena le silafetseng. Kaha batho ba ntse ba le lefifing, phetoho ena ea liketsahalo e tla ba hlaha lesumatha, e tla tla “joaloka lesholu bosiu.”—1 Ba-Thessalonika 5:2, 3, NW.

See se tla re lebisa ho eng? Ntoeng eo e hlileng e leng “ntoa e tla felisa lintoa”: ntoa ea Harmagedone, eo ka Bibeleng e bitsoang “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” Sena se tla bolela timetso ea likarolo tsohle tse khopo tsa lefatše le batšehetsi ba tsona. “Ba bolotsana ba tla felisoa.” (Tšenolo 16:14-16; Pesaleme ea 37:9) Qetellong, Satane, mofehli e moholo oa ntoa, o tla koalloa sebakeng seo ho sona a ke keng a hlola a susumetsa batho. Qetellong, le eena o tla felisoa.—Tšenolo 20:1-3, 7-10.

Leha ho le joalo, hlokomela hore ena ha e na ho ba ntoa ea timetso e etsoang ka ho se nahane ka polao e se nang kelello ea ba se nang molato le ba molato ka ho tšoana. Ho tla ba le baphonyohi, ’me bana e tla ba ‘ba sebeletsang Molimo motšehare le bosiu.’ E, ba tlohelang ho ithuta ntoa esita le hona joale ’me ba latela litsela tsa khotso tsa Mokreste oa ’nete ba tla phonyoha ntoa ena ea ho qetela, e khōlō. Na e tla ba ba bangata? Bibele e ba bitsa “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.”—Tšenolo 7:9, 14, 15.

Ka Mor’a Tlokotsi

Baa ba tla ikutloa ba lopolohile hakaakang! Bakeng sa mebuso e mengata ea bochaba, ho tla ba le ’muso o le mong feela: ’Muso oa Molimo. (Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10) Bakeng sa batho ba ikhohomosang le ba ipatlelang litulo, ba bonolo ba tla rua lefatše ’me “ba iketle khotsong e kholo.” (Pesaleme ea 37:10, 11) “Molimo ka sebele . . . o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, esita le mahlomola, kapa lillo, kapa bohlōkō.” (Tšenolo 21:3, 4, TLP) Jehova o tla be a “felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.” Lisabole li tla teoa hore e be mehoma, marumo e be lisekele, ’me ‘ba ke ke ba hlola ba ithuta ho loana.’—Pesaleme ea 46:8, 9; Esaia 2:4.

Na u ke ke ua thabela ho phela lefatšeng le joalo? Ke ’nete hore ua rata! Koana, ho na le monyetla o joalo. Bohato ba pele ke ho ithuta Lentsoe la Molimo, Bibele, ’me u ikholise hore tšepo ena ke ea ’nete le hore e na le motheo o utloahalang. Joale, u fumane ka Bibeleng hore na thato ea Molimo ho uena ke efe hona joale ’me u sebetse tumellanong le hoo. Ke ’nete hore ho ithuta ho hloka boiteko, empa hoo hoa tšoaneleha. Jesu o boletse hore tsebo eo u e fumanang, haeba u e sebelisa ka nepo, e tla bolela “bophelo bo sa feleng.” (Johanne 17:3) Na ho na le eng kapa eng ea bohlokoa ho feta hoo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela