Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 2/1 maq. 5-7
  • Senokoane se Hlohlelletsang Ntoa le Mahlomola

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Senokoane se Hlohlelletsang Ntoa le Mahlomola
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • PONTŠO EA MATSATSI A HO QETELA
  • HO QHAQHA MESEBETSI EA DIABOLOSE
  • Bapalami Ba Bane ba Lipere-ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Bapalami ba Bane ba Lipere Baa Khemisa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Banna ba Lipere ba Tšenolo—Kamoo ho Palama hoa Bona ho U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 2/1 maq. 5-7

SEHLOOHO SE KA NTLE | NTOA E ILENG EA FETOLA LEFATŠE

Senokoane se Hlohlelletsang Ntoa le Mahlomola

Ka la 11 November, 1918, Ntoa ea Pele ea Lefatše e ile ea fela. Likhoebo li ile tsa koaloa ’me batho ba ne ba tantša literateng. Empa thabo eo ha ea ka ea tšoarella. Ho ile ha e-ba le seoa se seng—se ileng sa bolaea batho ho feta lithunya ’me se ile sa latela nakoana ka mor’a ntoa ea lefatše.

Seoa se bolaeang se neng se tsejoa e le mokakallane oa Spain se ile sa hlasela masole a neng a le Fora ka June 1918. Ho e-s’o ee kae ho ile ha hlaka hore boloetse bona boa bolaea. Ka mohlala, ka likhoeli tse ’maloa bo ile ba bolaea masole a mangata a Maamerika a neng a le Fora ho feta a ileng a bolaoa ke ba lireng. Feberu ena e ile ea namela lefatšeng ka bophara kaha e ile ea jaleha ha masole a khutlela linaheng tsa habo ’ona ka mor’a ntoa.

Ka mor’a hore ntoa e lale ho ile ha e-ba le tlala le mathata a moruo. Ha ntoa e fela ka 1918, batho ba bangata ba Europe ba ile ba bolaoa ke tlala. Selemong sa 1923, chelete ea Jeremane e ile ea felloa ke matla haholo. Lilemo tse tšeletseng hamorao, moruo oa lefatše lohle o ile oa putlama. Qetellong ka 1939, ntoa ea bobeli ea lefatše e ile ea qala—ka tsela e itseng e ile ea ntšetsa pele ntoa ea pele ea lefatše. Ke eng e bakileng likoluoa tseo?

PONTŠO EA MATSATSI A HO QETELA

Boprofeta ba Bibele boa re bolella hore na ke hobane’ng ha liketsahalo tse itseng tsa histori li etsahala ’me haholo-holo bo re bolella ka Ntoa ea Pele ea Lefatše. Jesu Kreste o ile a bua esale pele ka nako eo ‘sechaba se neng se tla tsohela sechaba matla’ le eo ka eona likhaello tsa lijo le mafu a seoa li neng li tla aparela lefatše. (Matheu 24:3, 7; Luka 21:10, 11) O ile a bolella barutuoa ba hae hore litlokotsi tse joalo e ne e tla ba pontšo ea matsatsi a ho qetela. Lintlha tse eketsehileng li fumaneha bukeng ea Tšenolo, e amahanyang bomalimabe bo lefatšeng le ntoa e leholimong.—Sheba lebokose le reng “Ntoa Lefatšeng le Ntoa Leholimong.”

Buka eona eo ea Bibele e bua ka bapalami ba bane ba lipere, bao ka linako tse ling ba bitsoang bapalami ba bane ba lipere tsa Tšenolo. Ba bararo ba bapalami bana ba tšoantšetsa likoluoa tse tšoanang le tseo Jesu a ileng a bolela esale pele hore li tla ba teng—e leng ntoa, tlala le mafu a seoa. (Sheba lebokose le reng “Na Kannete Bapalami ba Bane ba Lipere ba Ntse ba Kaletse?”) Ho hlakile hore mahlomola a ntseng a tsoela pele a qalile ka ntoa ea pele ea lefatše. Hape Bibele e senola hore Satane ke eena ea qhololitseng ntoa eo. (1 Johanne 5:19) Na o tla ke a felloe ke matla?

Buka ea Tšenolo e re tiisetsa hore Satane “o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Ke kahoo a halefileng hakana a bileng a bakang bomalimabe bo bokaale mona lefatšeng. Leha ho le joalo, mathata ao re a bonang a bontša hore nako ea Satane e ea fela.

HO QHAQHA MESEBETSI EA DIABOLOSE

Ka sebele Ntoa ea Pele ea Lefatše e ile ea fetola lefatše. E ile ea etsa hore batho bohle ba kene ntoeng, ea etsa hore batho ba fetohele mebuso le hore ba se ke ba tšepa baeta-pele ba bona. Hape e fana ka bopaki bo hlakileng ba hore Satane o ile a lelekoa leholimong. (Tšenolo 12:9) ’Musi enoa ea sa bonahaleng oa lefatše o ile a itšoara joaloka mohatelli ea sehlōhō ea tsebang hore o saletsoe ke nako e khutšoaane. Ha nako eo e fela, mathata a bakiloeng ke Ntoa ea Pele ea Lefatše a tla fela.

Kaha boprofeta ba Bibele bo re behile leseling, u na le lebaka la ho tšepa hore haufinyane Jesu Kreste, Morena oa rōna ea leholimong o tla “qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Batho ba limilione ba se ba ntse ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tle. Na uena u ua o rapella? Ka lebaka la ’Muso oo, qetellong batho ba tšepahalang ba tla bona thato ea Molimo e etsoa lefatšeng, eseng ea Satane. (Matheu 6:9, 10) Tlas’a ’Muso oa Molimo, ho ke ke ha hlola ho e-ba le ntoa ea lefatše kapa ntoa leha e le efe! (Pesaleme ea 46:9) Ithute ka ’Muso oo ’me u letele nako eo ka eona ho tla rena khotso lefatšeng lohle!—Esaia 9:6, 7.

Ntoa Lefatšeng le Ntoa Leholimong

Lilemo tse ka bang 1900 pele ho qhoma Ntoa ea Pele ea Lefatše, Satane o ile a leka ho fa Jesu “mebuso eohle ea lefatše.” (Matheu 4:8, 9) Jesu o ile a e hana ’me hamorao o ile a bitsa Diabolose “’musi oa lefatše.” (Johanne 14:30) Ho ekelletsa moo, moapostola Johanne o ile a ngola hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”—1 Johanne 5:19.

Kaha Satane Diabolose o na le matla a makaalo lefatšeng, ke ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore o bile le seabo ntoeng ea pele ea lefatše le linthong tse ileng tsa etsahala ka mor’a eona. Kahoo re ka lebella hore buka ea Tšenolo e amahanye Satane le tlokotsi e bileng teng lefatšeng haesale ho tloha ka 1914. Mona re tla tšohla liketsahalo tse seng kae tse hlalositsoeng ho Tšenolo khaolo ea 12:

  • Temana ea 7 Ntoa ea qhoma leholimong pakeng tsa Mikaele (Jesu Kreste) le drakone (Satane).

  • Temana ea 9 Diabolose, ea “khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,” o liheloa tlaase lefatšeng.

  • Temana ea 12 “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”

Tatellano ea liketsahalo tsa Bibele le tsa lefatše e bontša hore ntoa ena ea leholimong e ile ea qhoma ka mor’a hore ’Muso oa Molimo o thehoe leholimong ka 1914.a Ka hona, ho qhoma ha ntoa lefatšeng le ntoa leholimong ho etsahetse ka sona selemo seo se ikhethang.

a Sheba khaolo ea 8 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

Na Kannete Bapalami ba Bane ba Lipere ba Ntse ba Kaletse?

Pere e tšoeu le mopalami oa eona eo e leng morena leholimong

Pere e tšoeu, eo mopalami oa eona e leng morena leholimong. Morena Jesu Kreste, ke eena ea palamang molemong oa ho loka. (Pesaleme ea 45:4) Ntho ea pele eo a ileng a e etsa e ile ea e-ba ho tlosa Satane le bademona ba hae leholimong.—Tšenolo 6:2; 12:9.

Pere e ’mala oa mollo le masole a ntoeng

Pere e ’mala oa mollo, eo mopalami oa eona a nang le matla a ho ‘tlosa khotso lefatšeng.’ (Tšenolo 6:4) Haesale ho tloha ka 1914, lintoa e le kobo-anela. Lilemo tse 21 feela ka mor’a hore Ntoa ea Pele ea Lefatše e lale, ho ile ha qhoma ntoa ea bobeli ea lefatše ’me ho ile ha shoa batho ba bangata le ho feta. Ho hakanngoa hore ho ile ha shoa batho ba limilione tse 60 Ntoeng ea Bobeli ea Lefatše. Haesale ho tloha ka 1945, ho ’nile ha e-ba le lintoa linaheng tse ling, le tsona li ne li ntse li le sehlōhō. Bo-rahistori ba bang ba hakanya hore batho ba ka holimo ho limilione tse lekholo ba ’nile ba shoa ka lebaka la lintoa ho tloha lilemong tsa bo-1900.

Pere e ntšo le bana ba bangata ba bolaoang ke tlala

Pere e ntšo, eo mopalami oa eona a tšoereng sekala se tšoantšetsang tlala letsohong. (Tšenolo 6:5, 6) Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, batho ba ka bang 750 000 ba ile ba bolaoa ke tlala Jeremane kaha mabotho a Selekane a ile a thibela thepa hore e kene naheng. Ka 1921 batho ba limilione tse peli Russia ba ile ba shoa ka lebaka la tlala ’me ho ile ha etsahala se tšoanang le linaheng tse ling. Ho hakanngoa hore lilemong tsa bo-1900 ho ile ha shoa batho ba limilione tse 70 ka lebaka la tlala. Selemo le selemo, bana ba lilemo tse ka tlaase ho tse hlano ba ka holimo ho limilione tse tharo ba ntse ba shoa ka lebaka la lijo tse haelloang ke phepo.

Pere e botala bo bosehla le batho ba kulang

Pere e botala bo bosehla, eo mopalami oa eona a tlisang lefu la seoa le bolaeang. (Tšenolo 6:8) Seoa sa pele se seholo sa lilemong tsa bo-1900 e ne e le mokakallane oa Spain. Lipalo-palo ha li tšoane, empa ho hakanngoa hore mokakallane oo o ile oa bolaea batho ba ka bang limilione tse 50. Buka ea Man and Microbes e re: “Seoa sena e ne e le se seng sa likoluoa tse khōlō ka ho fetisisa historing. Esita le seoa sa ho ruruha litšoelesa ha sea ka sa bolaea ba bangata ka potlako hakaalo.” Sekholopane, malaria le lefuba ke a mang a mafu a tšoaetsanoang a ileng a bolaea batho ba makholo a limilione lilemong tsa bo-1900.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela