Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 9/8 maq. 14-18
  • Lefu le Tsamaea ka Mapheo a Bobebe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefu le Tsamaea ka Mapheo a Bobebe
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Batla Sera ho Iketlileng
  • Thipitlo ea Malaria
  • Ntoa ea ho Hlōla
  • Lihlomo tse Ncha
  • Tlhaselo ea Boitšireletso ea Pono e Lokileng
  • Malaria e Boea Sekoele
  • Seo u lokelang ho se tseba ka Malaria
    Tsoha!—2015
  • Ho Khutlela Linthong Tsa Motheo Tse Loantšang Malaria
    Tsoha!—1997
  • Pheko e Ncha ea Malaria
    Tsoha!—1993
  • Ke Hobane’ng ha Maloetse a “Phekolehang” a Boea Sekoele?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 9/8 maq. 14-18

Lefu le Tsamaea ka Mapheo a Bobebe

Ka mongolli oa Tsoha! Nigeria

Hase ntoa e bang lihloohong tsa litaba; empa e bolaile batho ba limilione tse ngata. Hase ntoa e loanoang ka libomo le likulo; empa motheong oa masisa-pelo le bophelo bo lahlehileng, e feta tse loanoang ka tsona. Ntoeng ena, lefu le tla, eseng ka lipolokelo tse khōlō tsa libomo, empa ka mapheo a bonolo a monoang o motšehali.

KE BOSIU; lelapa le robetse. Monoang o fefohela ka kamoreng, mapheo a oona a otla ka makhetlo a 200 ho isa ho 500 ka motsotsoana. O nyoretsoe mali a motho. Ka bonolo, o lula letsohong la moshemane. Kaha boima ba oona ke ligrama tse 3/1 000, moshemane ha a sisinyehe. Joale o ntša tsenene e nang le meno a kang a sakha ntlheng e kang meutloa ea likarolo tsa molomo oa oona eo ka eona o hlabang letlalo la moshemane ka holim’a mothapo o monyenyane oa mali. Lipompo tse peli hloohong ea oona li hula mali a hae. Ka nako e tšoanang, likokoana-hloko tsa malaria li tsoa mekotlaneng ea mathe ea monoang ho kena tsamaisong ea mali ea moshemane. Kapele-pele tšebetso eo e felile; ha a utloe letho. Monoang oo oa fofa, o pipitletsoe ke mali a fetang boima ba ona hararo. Matsatsi a seng mangata hamorao, moshemane o kulela lefu. O tšoeroe ke malaria.

Ke pono e phetiloeng ka makhetlo a limilione tse likete. Phello e bile masisa-pelo le lefu ka tekanyo e khōlō. Ntle le pelaelo, malaria ke sera se khopo le se hlokang mohau sa moloko oa batho.

Ho Batla Sera ho Iketlileng

E ’ngoe ea litšibollo tsa bohlokoa ntoeng e khahlanong le malaria e ile ea etsoa, eseng ke litsebi tsa saense tse khōlō tsa Europe, empa ke ngaka e buoang ea Lebotho la Brithani e sebeletsang India. Litsebi tsa saense le lingaka tsa lekholo la bo19 la lilemo, tumellanong le menahano ea lilemo tse fetileng tse likete tse peli, li ne li hakanya hore batho ba tšoaroa ke lefu leo ka ho hema moea o nkhang hampe oa mekhoabo.a Ho fapana le hoo, Dr. Ronald Ross o ne a lumela hore lefu leo le fetisoa lipakeng tsa batho ke monoang. Esita le ka mor’a hore ho tsejoe hore malaria e ama likokoana-hloko tsamaisong ea mali ea motho, bafuputsi ba ile ba tsoela pele ho batla mehlala moeeng le metsing a mekhoabo. Khabareng, Ross o ile a batlisisa limpa tsa menoang.

Ha ho talingoa thepa ea khale ea laboratori eo a neng a lokela ho sebetsa ka eona, ho sheba limpa tsa menoang e ne e se ntho e bonolo. Ha a sebetsa, o ne a pupetsoa ke menoang e mengata, e ikemiselitseng, ho ea ka Ross, ho phetetsa “lefu la metsoalle ea eona.”

Qetellong, ka la 16 August, 1897, Ross o ile a sibolla, letlalong la mpa la monoang oa anopheles, lintho tse chitja tse neng li hōlile ka bosiu bo le bong. Likokoana-hloko tsa malaria!

A tletse thabo ea tlhōlo, Ross o ile a ngola bukaneng ea hae hore o ne a lokolotse lekunutu le neng le tla pholosa “banna ba bangata.” O ile a boela a ngola temana e tsoang bukeng ea Bibele ea Ba-Korinthe: “Oho lefu tsenene ea hao e kae? Tlhōlo ea hao Lebitla?”—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 15:55.

Thipitlo ea Malaria

Tšibollo ea Ross e ne e le bohato ba bohlokoa ntoeng e khahlanong le malaria, e neng e thusa ho bulela moloko oa batho tsela ea thibelo ea pele e khōlō khahlanong le lefu leo le likokoanyana tse le tsamaisang.

Ho pholletsa le boholo ba histori, ho lahleheloa ha moloko oa batho ho malaria ho bile hoholo ’me ha tšoarella nako e telele. Mongolo oa litšoantšo oa Egepeta le loli li paka polao ea malaria lilemo tse 1 500 pele Kreste a e-tla lefatšeng. E ile ea senya metse e meholo ea mabalane ea Greece ’me ea theola Alexandere e Moholo boholong ba hae. E ile ea qhaqha metse ea Roma ’me ea etsa hore ba ruileng ba fallele libakeng tse phahameng. Lintoeng tsa Bolumeli, Ntoeng ea Baahi ea Amerika, le lintoeng tse peli tsa lefatše, e ile ea bolaea banna ba fetang ba bolailoeng ke lintoa tse ngata tse khōlō.

Afrika malaria e thusitse hore Afrika Bophirimela e hape lebitso “Lebitla la Motho e Mosoeu.” Ha e le hantle, lefu leo le ile la sitisa ntoa ea tlhōlisano ea Europe ea ho hapa Afrika e le kolone hoo univesithi e ’ngoe ea Afrika Bophirimela e ileng ea bitsa monoang thatohatsi ea sechaba! Amerika Bohareng, malaria e ile ea thusa ho hlōla boiteko ba Mafora ba ho haha Kanale ea Panama. Amerika Boroa, kahong ea seporo sa Mamoré-Madeira, Brazil, ho ile ha boleloa hore malaria e bolaile motho sebakeng sa tšehetso e ’ngoe le e ’ngoe ea seporo e behiloeng.

Ntoa ea ho Hlōla

Boitšireletso khahlanong le monoang, empa ka ho sa tsejoeng e le khahlanong le malaria, bo pholletsa le lilemo tse likete. Lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., Baegepeta ba ne ba sebelisa oli ea sefate Balanites wilsoniana e le setebela menoang. Lilemo tse sekete hamorao, Herodotus o ile a ngola hore batšoasi ba lihlapi ba Egepeta ba ne ba thatela matanta a bona libetheng tsa bona bosiu e le hore likokoanyana tseo li se atamele. Lilemo tse makholo a 17 hamorao, Marco Polo o ile a tlaleha hore baahi ba ruileng ba India ba ne ba robala libetheng tse nang le likharetene tse sireletsang tse neng li ka koaloa bosiu.

Libakeng tse ling, banna ba ile ba sibolla meriana ea tlhaho e neng e na le melemo e meholo. Ka lilemo tse fetang 2 000, malaria Chaena e ’nile ea phekoloa hamolemo ka semela se bitsoang qinghaosu, pheko ea setlama e boetseng e sibollotsoe bocha lilemong tsa morao tjena. Amerika Boroa, Maindia a Peru a ne a sebelisa khoebō ea sefate sa cinchona. Lekholong la bo17 la lilemo, cinchona e ile ea fihla Europe, ’me ka 1820 litsoaki tsa meriana tse peli tsa Paris li ile tsa ntša ho eona motheo oa meriana o bitsoang quinine.

Lihlomo tse Ncha

Molemo oa quinine ho thibeleng le ho phekoleng malaria o ile oa ananeloa ka mor’a nako e telele, empa hang ha o ananeloa, e ile ea fetoha sethethefatsi se khothalletsoang ka lilemo tse lekholo. Eaba, qalong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, masole a Japane a hapa masimo a bohlokoa a cinchona a Bochabela bo Hōle. Khaello e khōlō ea quinine e ileng ea hlaha United States e le phello ea hoo e ile ea susumelletsa patlisiso e matla ea ho hlahisa sethethefatsi sa maiketsetso se khahlanong le malaria. Phello e ile ea e-ba chloroquine, sethethefatsi se neng se sireletsehile, se sebetsa haholo, ’me ho sa hloke chelete e ngata ho se hlahisa.

Kapele chloroquine e ile ea e-ba sehlomo sa sehlooho khahlanong le malaria. Ho ileng ha boela ha hlahisoa ka bo-1940 ke sebolaea-likokoanyana DDT, sebolai se matla sa menoang. DDT ha e bolaee menoang feela ka nako eo e hasoang ka eona empa hamorao ho salla ha eona maboteng a hasitsoeng ka eona ho bolaea likokoanyana.b

Tlhaselo ea Boitšireletso ea Pono e Lokileng

Ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, litsebi tsa saense li hlometse ka DDT le chloroquine li ile tsa hlophisa tlhaselo ea boitšireletso khahlanong le malaria le menoang. Ntoa eo e ne e lokela ho loanoa litikolohong tse peli—lithethefatsi li ne li tla sebelisetsoa ho bolaea likokoana-hloko tse ’meleng oa motho, ha ho hasa sebolaea-likokoanyana ho hoholo ho ne ho tla felisa menoang.

Pakane e ne e le tlhōlo e feletseng. Malaria e ne e lokela ho felisoa ka ho feletseng. Kapele-pele tlhaselong ena e ne e le Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (World Health Organization [WHO]) e sa tsoa thehoa, e ileng ea etsa lenaneo la pheliso sepheo sa eona se ka sehloohong. Boikemisetso bo ne bo tšehelitsoe ka chelete. Lipakeng tsa 1957 le 1967, lichaba li ile tsa sebelisa liranta tse limilione tse likete li 3,5 letšolong leo la lefatše lohle. Liphello tsa pele li ne li hlolla. Lefu leo le ile la timetsoa Europe, Amerika Leboea, Soviet Union, Australia, le linaheng tse ling tsa Amerika Boroa. Moprofesa L. J. Bruce-Chwatt, ea nang le phihlelo ea ho loantša malaria, o ile a hopola: “Ho ne ho ka ba thata kajeno ho hlalosa cheseho e khōlō eo khopolo ea timetso e ileng ea e hlahisa ho pholletsa le lefatše nakong ea matsatsi ao a katleho e khōlō.” Malaria e ne e thekesela! WHO e ne e ikotla sefuba: “Timetso ea malaria ke ntho ea sebele eo re ka e finyellang.”

Malaria e Boea Sekoele

Empa tlhōlo e ne e ke ke ea bonoa. Bongata ba menoang e ileng ea phonyoha polao ea lik’hemik’hale bo ile ba e-ba matla khahlanong le libolaea likokoanyana. DDT e ne e se e sa bo bolaee habonolo joaloka pele. Ka ho tšoanang, likokoana-hloko tsa malaria bathong li ile tsa e-ba matla khahlanong le chloroquine. Mathata ana le a mang a ile a fella ka liphetoho tse tšabehang linaheng tse ling moo tlhōlo e neng e bonahala e tiile. Ka mohlala, Sri Lanka moo ho neng ho nahanoa hore malaria e felisitsoe ka ho feletseng ka 1963, lilemo tse hlano feela hamorao e ile ea e-ba le seoa se ileng sa ama ba limilione.

Ka 1969 ho ne ho amohetsoe ka kakaretso hore malaria ke sera se ke keng sa timetsoa. Bakeng sa lentsoe “timetso,” lentsoe “taolo” le ile la qala ho sebelisoa. Ho boleloa eng ka “taolo”? Dr. Brian Doberstyn, hlooho ea lefapha la malaria la WHO, oa hlalosa: “Sohle seo re ka se etsang hona joale ke ho leka ho boloka mafu le ho utloa bohloko li le tekanyong e amohelehang.”

Mohlanka e mong oa WHO oa tletleba: “Ka mor’a boiteko ba ho timetsoa ha malaria bo entsoeng ka bo-1950 le tšebeliso ea DDT khahlanong le likokoanyana, machaba a khoehlisitse. Bofutsana, ho haella ha tlhophiso ea motheo, ho se angoe ke lithethefatsi le libolaea likokoanyana li bakile ho ata ha lefu leo. Ha e le hantle, re hlōtsoe ke lefu leo.”

Leha ho le joalo lebaka le leng ke hore lik’hamphani tsa meriana li khaolitse lipatlisiso tsa tsona. Setsebi se seng sa saense ea malaria se ile sa re: “Bothata ke hore ho hloka pokello ea chelete e ngata, empa ha ho phaello ’me khothatso ha e eo.” E, le hoja ho hapiloe lintoa tse ngata, ntoa khahlanong le malaria e sa le hōle le ho fela. Leha ho le joalo, Bibele e bua ka nako e haufi eo ka eona ‘ho seng motho ea ahileng ea tla re: Ke bohloko.’ (Esaia 33:24) Ho fihlela ka nako eo, bohloko le lefu li ntse li tla tsamaea ka mapheo a bobebe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe “malaria” le tsoa lentsoeng la Setaliana mala (bobe) aria (moea).

b DDT e ile ea fumanoa e le kotsi tikolohong ’me e thibetsoe kapa ho lekanyetsoa haholo linaheng tse 45.

[Lebokose le leqepheng la 15]

Monoang Khahlanong le Motho

E sokela ka ho toba ho ka etsang halofo ea moloko oa batho, linaha tse fetang tse lekholo, haholo-holo linaheng tse chesang tse mongobo. Afrika ka ho toba ke tšiea.

  Ho tsejoa menoang e palama lifofane ho tloha libakeng tse chesang tse mongobo ’me e tšoaelitse batho ba lulang haufi le libaka tsa machaba tsa ho emela lifofane.

Mahlatsipa a tšoaelitsoeng. E hlasela batho ba limilione tse 270 selemo le selemo, e bolaea ba ka bang limilione tse peli. E khopo ka ho khetheha ho basali ba immeng le bana, ka kakaretso e bolaea bacha ba babeli motsotso o mong le o mong.

E hlasela baeti ba libaka tse mofuthu le tse mongobo. Selemo le selemo ho tlalehoa mafu a 10 000 a “tsoang libakeng tse ling” a malaria Europe le a fetang 1 000 Amerika Leboea.

Maqheka. Monoang oa anopheles o motšehali o tšoaetsa batho haholo-holo bosiu. Malaria e boetse e fetisoa ka litšelo tsa mali le, ka tšohanyetso, ka linalete tse silafalitsoeng.

Ke lilemong tsa morao tjena feela moloko oa batho o bileng le tsebo le mokhoa oa ho itoanela khahlanong le eona. Ho sa tsotellehe boiteko bo kopanetsoeng ba linaha tse 105 tse lekang ho hlōla koluoa eo, moloko oa batho o hlōloa ke ntoa.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]

Itebele Khahlanong le ho Longoa ke Monoang

Robala u likalikelitse bethe ea hao ka letanta. Matanta a innoeng sebolaea-likokoanyana a molemohali.

Sebelisa tsamaiso ea ho laola mocheso le mohatsela bosiu haeba e fumaneha, kapa u robale likamoreng tse nang le lifensetere le menyako tse sirelelitsoeng. Haeba ho se na lisireletsi, lula u koetse menyako le lifensetere.

Ka mor’a hore letsatsi le likele, ho khothalletsoa hore u apare liaparo tse matsoho a matelele le marikhoe a matelele. Mebala e lefifi e hohela menoang.

Itlotse ka setebela likokoanyana likarolong tsa ’mele tse sa sireletsoang ke liaparo. Khetha setlolo se nang le diethyltoluamide (deet) kapa dimethyl phthalate.

Sebelisa linyanyatsi tse khahlanong le menoang, lintho tse nyanyatsang libolaea likokoanyana, kapa meharelo e bolaeang menoang.

Mohloli: Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

H. Armstrong Roberts

[Lebokose le leqepheng la 17]

“Ha ho na ‘Kulo ea Mohlolo’”

Le hoja tebello ea tlhōlo e feletseng e bonahala e le lerootho, ntoa khahlanong le malaria e tsoela pele. Sebokeng sa machaba sa malaria Brazzaville, Congo, ka October 1991, baemeli ba WHO ba ile ba ipiletsa hore ho khaotsoe “boikutlo bo tsoelang pele ba ho bolaea” ’me ba khothalletsa letšolo le lecha la lefatše la ho laola malaria. Boiteko bo joalo bo tla atleha hakae?

“Ha ho na ‘kulo ea mohlolo’ ea malaria,” ho boletse molaoli-kakaretso oa WHO Hiroshi Nakajima haufinyane. “Ka lebaka leo re tlameha ho e loantša litikolohong tse ngata.” Litikoloho tse tharo tsa ntoa tse phatlalalitsoeng haholo morao tjena ke tsena:

Liente. Litsebi tsa saense li ’nile tsa sebetsa ka lilemo li batla ente ea malaria, ’me ba phatlalatso nako le nako ba tlaleha “katleho” ea patlisiso. Ha e hatikela tšepo e sa lokelang, WHO e fana ka tlhokomeliso khahlanong le “thetso ea ho fumaneha ha ente ea malaria haufinyane.”

Bo bong ba mathata a ho hlahisa ente ke hore likokoana-hloko tsa malaria tse bathong li atlehile haholo ho phonyoheng boiteko ba ho li felisa ba tsamaiso ea tšireletso ea mafu ea batho. Esita le ka mor’a lilemo tse ngata tsa litlhaselo tse pheta-phetoang, batho ba hōlisa boitšireletso bo lekanyelitsoeng feela ba lefu leo. Dr. Hans Lobel, setsebi sa mafu a seoa sa Litsi tsa United States tsa Taolo ea Mafu tse Atlanta oa hlokomela: “Ha u hōlise boitšireletso ka mor’a litlhaselo tse seng kae feela. Kahoo [ka ho leka ho hlahisa ente] u leka ho etsa se molemonyana ho feta tlhaho.”

Lithethefatsi. Ka matla a ntseng a eketseha a likokoana-hloko tsa malaria lithethefatsing tse teng, WHO e buella moriana o mocha o bitsoang arteether, o entsoeng ka se montsoeng setlameng sa Chaena qinghaosu.* WHO e tšepa hore qinghaosu e ka ba mofuta o mocha oa lithethefatsi tsa tlhaho, tse ka ’nang tsa fumaneha bakeng sa sechaba sa lefatše nakong ea lilemo tse leshome.

Matanta a libethe. Ho ntseng ho sebetsa ke tšireletso ena ea lilemo tse likete tse peli khahlanong le menoang. Menoang ea malaria ka tloaelo e hlasela bosiu, ’me letanta le etsa hore e se atamele. Ho sebetsang haholoanyane ke matanta a innoeng ka har’a sebolaea-likokoanyana, se kang permethrin. Lipatlisiso tsa Afrika li bontša hore metsaneng eo matanta a libethe a innoeng a ileng a hlahisoa, mafu a malaria a theohile ka karolo ea 60 lekholong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

Qinghaosu ke ntho e nkiloeng mofuteng oa semela sa lengana, Artemisia annua.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

Na U ka Etela Linaheng tse Chesang tse Mongobo?

Haeba u rera ho etela sebakeng seo ho sona malaria e leng tšokelo, u lokela ho etsa se latelang:

1. E-ea ho ngaka ea hao kapa setsing sa liente.

2. Latela litaelo tseo u li fuoang hantle, ’me haeba u noa sethethefatsi se khahlanong le malaria, tsoela pele ho etsa joalo esita le libeke tse ’ne ka mor’a ho tloha sebakeng seo malaria e atileng ho sona.

3. Itšireletse khahlanong le ho longoa ke menoang.

4. Tseba lipontšo tsa malaria: feberu, ho tšoaroa ke hlooho, ho opa ha mesifa, ho hlatsa, le/kapa letšollo. Hopola hore malaria e ka hlahella le hoo e ka bang selemo ka mor’a hore u tlohe sebakeng seo malaria e atileng ho sona esita le haeba u sebelisitse lithethefatsi tse khahlanong le malaria.

5. Haeba u e-na le matšoao, bona ngaka. Malaria e ka mpefala kapele ’me e ka bolaea ka nako e ka tlaase ho lihora tse 48 ka mor’a hore matšoao a pele a hlahelle.

Mohloli: Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

H. Armstrong Roberts

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela