Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 11/8 leq. 15
  • Pheko e Ncha ea Malaria

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pheko e Ncha ea Malaria
  • Tsoha!—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefu le Tsamaea ka Mapheo a Bobebe
    Tsoha!—1994
  • Ho Khutlela Linthong Tsa Motheo Tse Loantšang Malaria
    Tsoha!—1997
  • Seo u lokelang ho se tseba ka Malaria
    Tsoha!—2015
  • Ke Hobane’ng ha Maloetse a “Phekolehang” a Boea Sekoele?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 11/8 leq. 15

Pheko e Ncha ea Malaria

JOALOKAHA ho tlalehiloe ho Awake! ea May 8, 1993, lefu la malaria le boea sekoele e le seoa sa lefatše. The New York Times  (March 23, 1993) e ile ea tlaleha hore “selemong se fetileng, Brazil e tlalehile bakuli ba 560 000 ba lefu la malaria.” Selemo le selemo baahi ba Brazil ba 8 000 ba bolaoa ke lefu la malaria. Hona joale mofuputsi oa Colombia, Dr. Manuel Elkin Patarroyo, o hlahile ka pheko e fapaneng—motsoako oa ho enta o iketselitsoeng oa lik’hemik’hale o jang lisente tse 90 feela bakeng sa ho enta ka makhetlo a mararo. Dr. Patarroyo o itse: “Theko ea oona e ka tlaase ho ea Coca-Cola [Colombia].” Ho tla fihlela joale e ipakile e atleha hoo e ka bang karolo ea 67 lekholong ea bakuli ba phekotsoeng. Le hoja e se pheko e feletseng ea lefu la malaria le bolaeang, ho bonahala e le mohato o moholo ntoeng ea ho phekola malaria.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela