Qaka Ea Ho Ntša Mpa—Na Lipolao tse Limillione tse 60 ke Tharollo?
NNGOANANA ea lilemo li 15 o ferekane, o tšohile ebile oa lla ha a bona mohlankana oa hae a tsamaea a tenehile. O mo bitsa leoatla hobane a imme. Ngoanana o ne a nahana hore baa ratana.
Mosali oa nyahama ha a hlokomela hore o imme ngoana oa botšelela. Monna oa hae ha a sebetse, ’me bana ba robala ka tlala mantsiboea a mang le a mang. Joale, ba tla hlokomela ngoana e mong hape joang?
Mosali ea apereng hantle o ile a hlalosetsa ngaka ea hae: “Ke ne ke sa lebella ho ima nakong e mpe hakaana.” O ne a sa tsoa fumana degree ea boenjiniere ’me o ne a tla qala ka mosebetsi oa hae o mocha. Monna oa hae o tšoarehile ka ho feletseng mosebetsing oa hae oa ho ba ’muelli oa molao. Ba tla fumana nako ea lesea kae?
Tsela ea batho bana ea bophelo e fapane ’me ba talimane le bothata bo fapaneng empa ba khetha tharollo e tšoanang: ho ntša mpa.
Lilemong tsena tse leshome ho ntša mpa ke e ’ngoe ea likhang tse mabifi ka ho fetisa e hotetsang hlaha lipuisanong tsa lipolotiki, kahisano, bongaka le bolumeli. United States, batho ba sa lumelleng hore mpa e ntšoe ka molao ba etsa mekoloko ea boipelaetso mabapi le litokelo tsa masea a e-song ho hlahe. Batho ba lumellang ho ntša mpa ka molao ba hlompha tokoloho le tokelo ea mosali ea molao ea ho iketsetsa qeto ea hore na o batla ho ntša mpa kapa che. Batho ba sa lumelleng hore mpa e ntšoe ka molao ba qothisana lehlokoa le batho ba lumellang ho ntša mpa ka molao likhethong, makhotleng a molao, likerekeng esita le literateng.
Batho ba limillione ba e-song ho etse qeto ba iphumana ba tšoasehile ntoeng ena, ebile ba qobelleha ho lumellana le liphehisano tse matla tsa lehlakore ka leng. Litlhaloso tsa “batho ba sa lumelleng hore mpa e ntšoe ka molao” le “batho ba lumellang ho ntša mpa ka molao” li ile tsa khethoa ka hlokolosi ho hapa ba ntseng ba tsila-tsila. Mehleng ena moo tokoloho e ratoang ka ho feteletseng, ke mang ea sa batleng ho etsa khetho? Empa hape, ke mang ea khethang bophelo? Lihlopha tsa batho ba sa lumelleng hore mpa e ntšoe ka molao li tšoantšetsa sena ka ntho eo ho fanyehoang libaki ho eona bakeng sa ho bontša ho shoa ha basali ba hatelletsoeng ba ntšang limpa ka mokhoa o kotsi le oo e seng oa molao. Batho ba buellang hore ho ntša mpa ho lumelloe ka molao bona ba hlahisa libotlolo tse kentseng masea a e-song ho hlahe e le khopotso e bohloko ea masea a limillione a bolailoeng a e-s’o hlahe.
Tlokotsi ena e sehlōhō ea polao e hlalositsoe ka ho hlakileng ke Laurence H. Tribe bukeng Abortion: The Clash of Absolutes. “Batho ba bangata ba bolelang hore lesea le ka pōpelong ke motho oa sebele, ba le nkang e le la bohlokoa bo boholo, ha ba tsotelle mosali ea le immeng le mathata a hae a botho. . . . Ba bang ba bangata ba nahanang ka mosali oa moimana le ’mele oa hae, ba ipelaetsang ka tokelo ea hae ea ho laola phello ea se tla mo hlahela, ha ba nahane ka lesea le e-song ho hlahe leo mosali a le immeng ’me ba sa le nke e le ntho ea sebele e ka beng e filoe monyetla oa ho phela.”
Le hoja ntoa ena ea boitšoaro e ntse e tsoela pele ho loana, selemong sena ho tla be ho ntšitsoe limpa tse limillione tse 50 ho isa ho tse 60 ha batho ba ntse ba phehisana khang hore na ke litokelo tsa mang tseo e leng tsa bohlokoa.
Uena u eme hokae tabeng ee e khathatsang maikutlo? U ne u ka arabela lipotso tsee tsa motheo joang: Na ke tokelo ea motheo ea mosali ho iketsetsa qeto? Na ho ntša mpa hoa lokafatsoa tlas’a maemo leha e le afe? Bophelo bo qalisa neng? Potso ea bohlokoa eo hangata e sa botsoeng ke hore: ’Mōpi oa bophelo le ho beleha bana o talima ho ntša mpa joang?
Ho ntša mpa ho na le histori ea nako e telele. Greece ea boholo-holo le Roma, ho ntša mpa e ne e le ntho e tloaelehileng. Mehleng e Bohareng le Mehleng ea Nchafatso Europe, ho ntša mpa ho ne ho lumelloa ho fihlela ha ’mè a utloa hore ho na le bophelo ka pōpelong. Ka baka la seoa sa likamano tsa botona le botšehali ho bile le liphello—likemaro tse limillione tse sa batloeng.
Lilemo tsa bo-1960 li ile tsa tšoaea ho eketseha ha mekhatlo e buellang litokelo tsa basali, e bolelang hore ho beleha ke tokelo ea mosali ea motheo. Ba bang ba tšehetsa maikutlo a ho ntša mpa haeba mosali e le mohlaseluoa oa peto kapa ea bileng le likamano tsa botona le botšehali le motho ea amanang le eena haufi-ufi kapa ha bophelo bo botle ba ’mè bo le kotsing. Theknoloji ea bongaka e entse hore ho be bonolo ho sheba ka pōpelong bakeng sa ho hlokomela esale pele haeba ho ka ba le likotsi tse itseng nakong ea peleho esita le bong ba lesea. Limpa li ntšoa motheong oa ponelo-pele e lerootho ea ngaka. Basali ba ka holimo ho lilemo tse 40 ba ka ’na ba tšoenyeha ka bana ba ka hlahang ba holofetse.
Linaheng tse ngata tse thefutsoeng ke bofutsana basali ba bangata ba sa fumaneng lithibela-pelehi ba ikutloa hore ba ke ke ba khona ho fepa bana ba eketsehileng. ’Me ha ho etsoa tlhaloso e batsi ho tšeloa meeli ea batho ba lumellang ho ntša mpa ka molao, baimana ba bang ba khetha ho ntša mpa hobane ba ikutloa hore eo e ne e se nako e loketseng ea ho ima kapa ba sa rate bong ba lesea leo.
Ho phehisana khang ho mabifi qhoebeshanong ena ho amana le potso ea hore na bophelo bo qala neng. Batho ba ’maloa ba belaela ka hore na sele ea lehe le nontšitsoeng e hlile ea phela. Potso ke hore, e phela joaloka eng? Na lehe le nontšitsoeng ke litšutšu feela? Kapa na ke motho? Na tholoana ea sefate sa eike ke sefate? Joale, na lesea le ka pōpelong ke motho? Na le na le litokelo tsa batho? Qhoebeshano ena ea mantsoe ke e sa feleng. Ke ho makatsang hakaakang hore sepetleleng se tšoanang, lingaka li ka sebetsa ka thata ho pholosa bophelo ba ngoana ea hlahileng pele ho nako ’me leha ho le joalo ka nako e tšoanang li bolaee lesea le ka pōpelong le nang le nako e tšoanang! Molao o ka ba lumella ho bolaea lesea le ka pōpelong, empa ke ho bolaea haeba lesea le le kantle ho pōpelo.
Boipelaetso bo matla hore ho ntša mpa ho lumelloe ka molao ho tsoa “mokhatlong o ikemetseng oa litokelo tsa basali” ba sa khoneng ho fumana mekhoa ea ho thibela pelehi bakeng sa ho thibela ho ima. Ba ipelaetsa ka matla ka se bitsoang litokelo tsa ho ba le bana, ha bonneteng ba se ba sebelisitse matla a bona a ho ima le ho beleha. Seo ba hlileng ba se batlang ke tokelo ea ho etsolla tokelo ea ho beleha. Na ke ho itokafatsa? “Ke ’mele oa ka!” Empa na ka sebele ho joalo?
Abortion—A Citizens’ Guide to the Issues e bolela hore libekeng tsa pele tse 12 tsa ho ima, “ho bonolo haholo ho tlosa linama tse nyenyane tse bonolo tsa ’mele tse mokeli-keli.” Na ka ho loketseng ho ntša mpa ho ka nkoa e le “ho tlosa khoabi ea linama tse bonolo tsa ’mele” kapa “ho felisa sehlahisoa sa ho ima”? Kapa na lipolelo tsena tse utloahalang hamonate li reretsoe ho etsa hore linnete tse bohloko li utloahale hamonate le ho kokobetsa matsoalo a khathatsehileng?
Khoabi eo ea linama tse bonolo e sa batloeng e ea hōla, ke bophelo bo feletseng, e na le lenane le feletseng la li-chromosome. Joaloka pale e hlalosang lintho e sa le pele, li fana ka makolopetso ’ohle ka sebōpeho sa motho ka mong. Mofuputsi ea tsebahalang le moprofesa oa saense ea phekolo ea lesea le ka pōpelong A. W. Liley oa hlalosa: “Ha ho moo bophelong re ka tšehetsang pono ea hore lesea le ka pōpelong e mpa e le feela karolo ea ’mè. Ho latela liphatsa tsa lefutso, ’mè le ngoana ke batho ba babeli ba fapaneng nakong ea kemolo.”
Boitšoaro bo Hlokang Boikarabelo
Leha ho le joalo, ka baka la ho ntša mpa habonolo feela, ba bangata ba ikutloa ba sa tlameha ho itlhokomela khahlanong le ho ima ho sa batloeng. Ba khetha ho ntša mpa e le mokhoa o sireletsehileng oa ho felisa “ho ima ho sa reroang” leha e le hofe ho ka ’nang ha etsahala.
Lipalo-palo li bontša hore bacha e-ba bahlankana kapa baroetsana kapele haholo lekholong lena la lilemo. Kahoo, bana ba seng ba hōlile ba ka ima. Na ba rutiloe boikarabelo bo boima bo tsamaisanang le tokelo eo? Mocha ea tloaelehileng oa Amerika o lahleheloa ke bohlankana ba hae kapa boroetsana ha a le lilemo li 16, ’me mocha a le mong ho ba bahlano o lahleheloa ke bona pele a ba lilemo li 13. Karolo ea boraro ea banna le basali ba leng lenyalong e ’nile ea tsoela pele ho ratana le balekane ba bang kapa e entse joalo nakong e fetileng. Mekhoa ea ho ntša mpa e hohela batšehetsi ba thahasellang har’a batho ba boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Ka baka la kōpo ea ho lumella botekatse ka molao bakeng sa ho thibela ho ja setsi ha AIDS, ho lumelloa ho ntša mpa ka molao mohlomong ho sireletsehile haholoanyane ponong ea meriana, empa ho entse ho hongata haholo ho baka tikoloho e nonneng moo mafu a boitšoaro bo bobe a ka hōlang habonolo.
Na ke Bahlaseluoa ba Pefo Kapa ba Maemo?
Ka ho thahasellisang, liphuputso li bontša hore ho ima ho bakoang ke ho betoa ke seoelo ho etsahalang. Phuputsong e ’ngoe ea liketsahalo tsa ho betoa tse 3 500 Minneapolis, U.S.A., ha lia bontša ketsahalo leha e le ’ngoe ea ho ima. Ho limpa tse 86 000 tse ileng tsa ntšoa naheng eo pele e neng e le Czechoslovakia, tse 22 feela e ne e le tsa ho betoa. Kahoo, ke karolo e nyenyane feela ea ba batlang ho ntša mpa ba etsang joalo ka baka la ho betoa kapa ho ba le likamano tsa botona le botšehali le motho eo ba amanang le eena haufi-ufi.
Ho thoe’ng ka ponelo-pele ea hore masea a tla belehoa a holofetse ka tsela e ke keng ea lokisoa? Lingaka tse ling ha li hlokomela hore ho tla ba le ho holofala ho itseng, li potlakela ho khothaletsa ho ntša mpa. Na li kholisehile ka botlalo ka phuputso e joalo? Batsoali ba bangata ba ka tiisa hore ponelo-pele e joalo e tšosang e ka ’na ea se be ’nete ’me ba na le bana ba thabileng, le ba phetseng hantle ho tiisa seo. Ba bang ba nang le bana ba nkoang ba holofetse ba thabetse hore le bona ke batsoali. Ka sebele, karolo e le ’ngoe feela lekholong ea ba batlang ho ntša mpa United States e etsa joalo hobane e boleletsoe hore lesea le e-song ho hlahe mohlomong e ka ’na eaba le holofetse.
Leha ho le joalo, nako eo u e qetang u bala sehlooho sena ka eona, ho se ho shoele masea a e-song ho hlahe a makholo. Sena se etsahala hokae? Liphello eba life bophelong ba batho ba amehang?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
’Mè: “Ke ’mele oa ka!”
Lesea: “Che! Ke ’mele oa ka!”