Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 6/8 maq. 9-29
  • Phello E Bohloko Ea Ho Ntša Limpa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phello E Bohloko Ea Ho Ntša Limpa
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo ’Mè a Ikutloang ka Teng
  • Kamoo Lesea le E-s’o Hlahe le Ikutloang ka Teng
  • Kamoo Ngaka e Ikutloang ka Teng
  • Ho Ntša Mpa—Lefatše le Arohane
    Tsoha!—1987
  • Ho Ntša Mpa—Hase Tharollo e se Nang Mathata
    Tsoha!—2009
  • Ho Ntša Mpa—Ho Baka Tšenyehelo e Kae?
    Tsoha!—1987
  • Ho Ntša Mpa—Na ke Tharollo?
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 6/8 maq. 9-29

Phello E Bohloko Ea Ho Ntša Limpa

MASEA a e-song ho hlahe a limillione tse 50 ho isa ho tse 60 a shoa selemo le selemo ka baka la ho ntša mpa. Na u utloisisa lenane leo? Ho tšoana le ho timetsa baahi bohle ba lekanang le ba Lihleke-hleke tsa Hawaii beke e ’ngoe le e ’ngoe!

Ho thata ho fumana manane a nepahetseng hobane mebuso e mengata ha e boloke litlaleho tse hlokolosi tsa ho ntšoa ha limpa. Moo ho ntša mpa ho thibetsoeng kapa e leng tlōlo ea molao, lingaka li ka nahanela feela ka mokhoa o kotsi. Empa ponahalo ea lefatše lohle ka ho ntša mpa e tjena:

United States, ho ntša mpa ke mokhoa oa bobeli o moholo oa ho buuoa o lateloang ke ho ntša litemetoane. Selemo le selemo ho ntšoa limpa tse fetang limillione tse 1,5. Ka ho hlakileng, boholo ba lenane lena la basali ba ntšang limpa—ba bane ho ba bahlano, ha baa nyaloa. Basali ba sa nyaloang ba ntša limpa ka makhetlo a mabeli joalokaha ba ne ba tla beleha, ha ka kakaretso basali ba nyetsoeng ba beleha ka makhetlo a leshome joalokaha ba ne ba tla ntša mpa.

Amerika Bohareng le Boroa—moo boholo e leng Mak’hatholike—melao ea ho ntša mpa e thata ka ho fetisisa lefatšeng. Leha ho le joalo, ho ntša mpa ho sa lumelloeng ka molao ho jele setsi ’me ho baka likotsi tse tebileng bophelong bo botle ba basali. Ka mohlala, basali ba Brazil ba ntšitse limpa tse ka bang limillione tse ’nè selemong se fetileng. Basali ba fetang 400 000 ba ile ba tlameha ho batla thuso ea bongaka ka baka la mathata a ileng a hlaha. Latin America hoo e ka bang mpa e le ’ngoe ho tse ’nè ea ntšoa.

Ho tšela Atlantic ho tla kontinenteng ea Afrika, melao ea teng e boetse e thatafetse. Likotsi le mafu ke lintho tse tloaelehileng, haholo-holo har’a basali ba futsanehileng ba batlang thuso ea lingaka tseo e seng tsa molao.

Hohle Bochabela bo Hare, linaha tse ngata li na le melao e thata e ngotsoeng, empa ho ntse ho le joalo, ho ntša mpa ho sa ntse ho batloa ka ho pharaletseng ’me ho etsoa ke basali ba khonang ho lefella litšenyehelo tse phahameng.

Boholo ba Europe e ka Bophirima bo lumella ho ntša mpa, ’me Scandinavia ke eona e itlhommeng pele. Mokhatlo oa Bophelo bo Botle oa Sechaba oa Brithane o bolokile tlaleho ea ho ntša limpa ha e sa le ho lumelloa ka molao ka 1967. O hlokometse ho ipheta ka makhetlo a mabeli ha manane a ho ntša limpa hammoho le keketseho ea bana ba matšeo, mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, botekatse le lintho tse ngata tse sitisang ho hlaha ha masea a phetseng hantle.

Hona joale ho na le liphetoho tse ngata Europe Bochabela ’me ho joalo le ka melao ea ho ntša mpa moo. Ho seo pele e neng e le Soviet Union, ho ntšoa ha limpa ho lekanyetsoa ho limillione tse 11 selemo le selemo, ’me ke lenane le phahameng ka ho fetisisa lefatšeng lohle. Ka baka la ho haella ha lithibela-pelehi le maemo a fokolang a moruo, mosali feela ea tloaelehileng sebakeng seo a ka ntša mpa ka makhetlo a tšeletseng ho isa ho a robong bophelong ba hae.

Ho pholletsa le Europe Bochabela ka kakaretso tloaelo ke ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Mohlala o hlahelletseng ke Romania moo ’muso oa nakong e fetileng ka mafolo-folo o neng o thibela ho ntša mpa le ho hanela tšebeliso ea lithibela-pelehi bakeng sa ho khothaletsa ho eketseha ha lenane la batho. Basali ba ne ba qobelloa hore bonyane ba be le bana ba bane, ’me ka 1988, litsi tsa tlhokomelo ea likhutsana tsa Romania li ne li tletse bana ba lahliloeng. Ha e sa le ’muso o mocha ho tloha ka 1989 o felisa lithibelo tsena tsa ho ntša mpa, bana ba bararo ho ba bang le ba bang ba bane baa bolaoa, e leng karolelano e phahameng ka ho fetisisa Europe.

Asia le eona e na le lenane le phahameng ka ho fetisisa la ho ntša limpa. Rephabliki ea Sechaba ea Chaena ka mokhoa oa eona o khothaletsang lelapa ho ba le ngoana a le mong le ho ntša mpa ho tlamang, e na le lenane le phahameng ka ho fetisisa la ho ntša limpa, e tlalehile ho ntša limpa tse limillione tse 14 ka selemo. Japane basali ba khabisa liemahale tse nyenyane tse entsoeng ka lejoe ka lesela le lintho tsa ho bapalisa bana ho ikhopotsa bana ba bona ba shoeleng. Sechaba se laba-labela ho fumana lipilisi tse thibelang pelehi ’me ho ntša mpa ke mokhoa o moholo oa thero ea lelapa.

Hohle Asia, haholo-holo India, theknoloji ea meriana e bakile qaka e khōlō bakeng sa mekhatlo e buellang litokelo tsa basali. Mekhoa e kang amniocentesis le ho sebelisa ultrasound e ka sebelisoa ho bolela e sa le pele bong ba lesea mehatong ea pele ea kemolo. Ke khale meetlo ea Bochabela e nka ho ba le bara ho le bohlokoa haholo ho feta ho ba le barali. Kahoo moo mekhoa e bolelang e sa le pele ka bong ba lesea le ho ntša mpa e fumaneha habonolo, masea a banana a e-song ho hlahe a bolaoa ka manane a maholo, e leng se etsang hore karolelano ea bashemane/banana ba belehoang e se ke ea lekana. Hona joale mokhatlo o buellang litokelo tsa basali o iphumana o le boemong bo ferekaneng, o buella tokelo ea mosali ea ho ntša mpa ha lesea le e-song ho hlahe e le ngoanana.

Kamoo ’Mè a Ikutloang ka Teng

Joaloka likhato tse ling tsa bongaka, ho ntša mpa ho tsamaisana le likotsi tse itseng le bohloko. Nakong ea kemolo molomo oa pōpelo o koetsoe ka matla ho boloka lesea le sireletsehile. Ho sarolloa ha molomo oa pōpelo le ho kenya lintho ho bohloko haholo. Ho mongoa ha lesea le e-song ho hlahe le ka pōpelong ka mofuta o itseng oa sepeiti ho ka nka metsotso e 30 kapa ho feta, ’me nakong eo basali ba bang ba ka utloa bohloko bo fokolang feela ho isa ho bo matla haholo le lihlabi. Ho ntša mpa ka saline ho potlakisa ho beleha ’me ka linako tse ling ho etsoa ka thuso ea prostaglandin e leng motsoako o susumetsang ho beleha. Ho honyela ha mesifa ho ka tšoarella lihora tse ngata kapa ha nka matsatsi ’me ho bohloko haholo le ho lematsa maikutlo.

Mathata a latelang a ho ntša mpa a kopanyeletsa ho tsoa mali, ho lemala kapa ho taboha ha molomo oa pōpelo, ho taboha ha eona, mahloele, tsela ea ho arabela lithethefatsing tse robatsang, ho tsitsipana, feberu, mohatsela le ho hlatsa. Kotsi ea ho tšoaetsoa e khōlō haholo-holo haeba likaroloana tse itseng tsa lesea kapa placenta li salla ka pōpelong. Ho se tsoe ha mpa ka ho feletseng ho tloaelehile ’me joale ho ka hlokahala ho buuoa bakeng sa ho ntša likaroloana tse saletseng tse putang kapa hona ho ntša pōpelo eohle. Liphuputso tse entsoeng ke ’muso United States, Brithane le eo pele e neng e le Czechoslovakia li bontša hore ho ntša mpa ho tla eketsa menyetla ea ho hloka thari, mathata a hore lehe le lule ka har’a litselana tsa pōpelo, ho senyeheloa, ho beleha pele ho nako le kholofalo nakong ea ho beleha.

Eo e kileng ea eba ngaka e khōlō e buoang ea United States, C. Everett Koop o hlokometse hore ha ho motho ea entseng “phuputso ka karabelo ea maikutlo kapa ho ikutloa molato ha mosali ea ntšitseng mpa ’me hona joale ka matla a tsitlallela ho ba le ngoana eo a ke keng a hlola a e-ba le eena.”

Liphuputso tsa ho ntša mpa taolong ea tsona li ne li lokela ho kopanyeletsa lihlopha tsa Bakreste ba bacha ba hloekileng boitšoarong bao e ntseng e le likharebe ka baka la ho hlompha bophelo le melao ea Molimo. Liphuputso tse joalo li ne li tla fumana hore bacha bana ba thabela likamano tse ntle haholoanyane, boikutlo bo boholoanyane ba ho itlhompha le khotso ea ka ho sa feleng ea kelello.

Kamoo Lesea le E-s’o Hlahe le Ikutloang ka Teng

Lesea le e-song ho hlahe le ikutloa joang ho lula ka mokhoa o sireletsehileng ka pōpelong ea ’mè oa lona e futhumetseng ebe ka tšohanyetso le hlaseloa ka mabifi ka matla a bolaeang? Re ka inahanela sena kaha pale ena e ke ke ea phetoa ke lesea leo.

Boholo ba ho ntšoa ha limpa bo etsahala libekeng tsa pele tse 12 bophelo bo qalile. Bohatong bona lesea le lenyenyane le ka pōpelong le qala ho phefumoloha le ho koenya ’me pelo ea lona ea otla. Le tseba ho sotha menoana ea lona, ho etsa feisi, ho fetoha ka har’a boliba ba metsi boo le leng ka har’a bona—le ho utloa bohloko.

Masea a mangata a ntseng a le ka pōpelong a pongoa likoto ebe a monngoa ka vacuum tube e nang le ntlha e bohale le ho tšeloa ka botlolong. Mokhoa ona o bitsoa vacuum aspiration. Mokhoa ona o matla oa ho monya (o leng matla ka makhetlo a 29 ho feta vacuum cleaner e sebelisoang lapeng) o poma ’mele ona o monyenyane likotoana. Masea a mang a e-song ho hlahe a bolaoa ka mokhoa ona hore ho sarolloe molomo oa pōpelo moo ho kengoang thipa e kang loop e falang lera la pōpelo ’me ka ho etsa joalo e pome lesea likotoana.

Masea a e-song ho hlahe a nang le libeke tse fetang 16 a ka bolaoa ka ho ntša mpa ka saline kapa letsoai. Nalete e telele e hlaba mokotlana oa metsi oo lesea le keneng ka har’a oona ho monya metsi ao e be ho tšeloa motsoako oa metsi a letsoai. Ha lesea le ntse le koenya le ho phefumoloha, matšoafo a lona a manyenyane a tlala motsoako ona o chefu, le loanela ho phela le ho tsokutleha ka matla. Chefu e chesa karolo e ka holimo ea letlalo ’me e le tlohela le sa koaheloa ke letho le ho sosobana. Boko ba lona bo ka qala ho tsoa mali. Lefu le bohloko le ka latela nakong ea lihora le hoja ho beleha ho ka qalisa nakong ea letsatsi kapa hamoraonyana, ho hlaha lesea le phelang empa le shoa.

Haeba lesea le se le hōlile haholo hore le ka bolaoa ka mekhoa ena, ho na le khetho e le ’ngoe feela e salang—ho buuoa ho etsoang ka morero o fapaneng oa ho bolaea ho e-na le ho pholosa bophelo. Pōpelo ea ’mè ea buuoa ebe ho ntšoa lesea le phelang. Mohlomong le ka boela la lla. Empa le tloheloa hore le shoe. Masea a mang a bolaoa ka boomo ka ho bipetsoa, a khamisoa metsi kapa le ho bolaoa ka litsela tse ling.

Kamoo Ngaka e Ikutloang ka Teng

Ka lilemo tse mashome lingaka li amohetse melemo ea bohlokoa e boletsoeng kanong ea Hippocrates, moo karolo e ’ngoe e reng: “Ha ho motho eo ke tla mo neha sethethefatsi se bolaeang, esita le haeba ke phehelloa ka matla, kapa hona ho eletsa motho hore a noe sethethefatsi se bolaeang, ’me ha ho mosali eo ke tla mo neha moriana o chefu [o ka ntšang mpa], empa ke tla etsa mosebetsi oa ka oa ho phekola ka tsela e hlokang molato le e hlomphehang.”

Ke litekanyetso life tsa boitšoaro tse amohelehang tseo lingaka tse bolaeang bophelo bo ka pōpelong li tobanang le tsona? Dr. George Flesh o li hlalosa ka tsela ena: “Limpa tseo ke li ntšitseng ka lekhetlo la pele, joaloka setsebi le moahi ea nang le phihlelo, ha lia mpakela khatello ea maikutlo ho hang. . . . Ho ngongoreha ha ka ho qalile ka mor’a ho ntša limpa tse makholo. . . . Ke hobane’ng ha ke ile ka fetoha? Ha ke sa qala ka mosebetsi oa ka, banyalani ba ile ba fihla ho ’na ’me ba kōpa ho ntša mpa. Ka baka la hobane molomo oa pōpelo ea mokuli o ne o hana ho saroloha, ke ile ka hlōleha ho o sarolla bakeng sa ho ntša mpa. Ke ile ka mo kōpa hore a khutle nakong ea beke ha molomo oa pōpelo o le bonolo haholoanyane. Banyalani ba ile ba khutlela ho ’na ’me ba bolela hore ba fetotse monahano oa bona. Ke ile ka ba thusa ho belehisa ngoana oa bona likhoeli tse supileng hamorao.

“Lilemo hamorao ke ile ka bapala le Jeffrey e monyenyane letangoaneng la ho sesa esita le sehlopheng sa papali ea thenese moo batsoali ba hae e neng e le litho. O ne a thabile ebile a le motle. Ke ile ka tšoha ho nahana hore tšitiso e nyenyane ea saense ke eona e nthibetseng ho timetsa bophelo ba Jeffrey bo neng bo tla tsoela pele. . . . Ke lumela hore ho poma lesea le hōlang ka pōpelong likoto ka mabifi, ka baka la kōpo ea ’mè, ke mosebetsi o sehlōhō oo sechaba se sa lokelang ho o lumella.”

Mooki ea ileng a thusa ho ntša mpa o boletse ka mosebetsi oa hae kliniking ea ho ntša mpa: “O mong oa mosebetsi oa rōna e ne le ho bala likarolo tsa masea a bolailoeng. . . . Haeba ngoanana a khutlela hae a ntse a e-na le likaroloana tsa lesea tse saletseng ka pōpelong, ho ka ba le mathata a tebileng. Ke ne ke hlahlobisisa likarolo tseo ka hloko ho tiisa hore ho ne ho na le matsoho a mabeli, maoto a mabeli, ’mele le hlooho. . . . Ke na le bana ba bane. . . . Ho bile le khohlano e khōlō mahareng a bophelo ba mosebetsi oa ka le bophelo ba ka tseo nke keng ka li kopanya. . . . Ho ntša mpa ke mosebetsi o thata.”

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Asia moo bana ba bashemane e le bona ba ratoang, lingaka li bolaea masea a likete-kete a banana a e-song ho hlahe

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo: Jean-Luc Bitton/Sipa Press

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Moqolotsi oa litaba lipontšong tse khahlanong le ho ntša mpa o nka litšoantšo tsa lesea le libeke li 20 le ntšitsoeng pōpelong ka molao

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo: Nina Berman/Sipa Press

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Lipontšo tse buellang ho ntša mpa Washington, D.C., U.S.A.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo: Rose Marston/Sipa Press

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

United States, basali ba bane ho ba bahlano ba batlang ho ntša limpa ha ba nyaloa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela