Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 6/8 leq. 31
  • Bophelo—Mpho e Lokelang ho Nkoa e le ea Bohlokoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo—Mpho e Lokelang ho Nkoa e le ea Bohlokoa
  • Tsoha!—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Bibele e Re’ng ka ho Ntša Mpa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho fa Bana Seo ba se Hlokang
    Tsoha!—2004
  • Ho Ima ha Bacha—Ke Eng Seo Ngoanana a Lokelang ho se Etsa?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 6/8 leq. 31

Bophelo—Mpho e Lokelang ho Nkoa e le ea Bohlokoa

HA JEHOVA Molimo a neha lelapa la batho tokelo ea ho beleha bana, ebile mpho ea bohlokoa hakaakang! Lesea le letle le tla fihla hore le amoheloe ke matsoho a banyalani ba thabileng ba ratanang ’me ba se ba loketse ho hlokomela lesea lena leo e leng sehlahisoa sa lenyalo la bona. Lelapa lena le emetsoe ke thabo ha bophelo ba lesea bo qalisa.

Empa sebe sa Adama le Eva se tliselitse masea a belehoang ke moloko oa batho liphello tse bohloko. Ka baka la sebe, ’mè oa rōna oa pele o ile a fuoa bomalimabe ba ho utloa bohloko le mahlaba ha a beleha bana. Tikoloho ea boetsalibe eo bana ba bona ba hlahetseng ho eona e entse hore ho beleha bana e be phephetso e tšosang. Kahoo, ha se ho makatsang lefatšeng la kajeno le rarahaneng hore hangata ho ima ngoana ha se ntho e thabisang. Leha ho le joalo, pono ea ’Mōpi ke efe ka lesea le e-song ho hlahe? Na pono ea ’Mōpi ka lesea le e-song ho hlahe e fetohile hammoho le melao ea boitšoaro? Che. Pono ea hae le kameho bakeng sa masea a e-song ho hlahe ha ea fetoha.

Mangolo a bolela ka ho hlakileng hore ka har’a ’mè ho hōla motho ea khethehileng. Bophelo bo qalisa nakong ea kemolo. Ho belehoa lefatšeng ho mpa ho bontša feela ngoana eo Molimo o seng o mo bone. Ezekiele o bua ka “ngoana e mong le mong oa letsibolo.” (Ezekiele 20:26, NW) Jobo o buile ka “menyako ea pōpelo ea ’mè oa ka” ’me o bitsa ho senyeheloa “bana ba sa kang ba bona leseli.”—Jobo 3:10, 16, NW.

Hlokomela ho tsotella ha Jehova Molimo ho lerato bakeng sa bophelo bona ha bo ntse bo hōla ka pōpelong. O ile a re ho Jeremia: “Ke u tsebile ke e-so ho u bōpe mpeng ea ’m’ao; u e-so ho tsoe popelong, ke u khethile.” (Jeremia 1:5) Davida o itse: “Masapo a ka ha aa ka a pateha ho uena ha ke ntse ke bōptjoa sephiring, ha ke ntse ke lohuoa likarolong tse ka tlaase-tlaase tsa lefatše. Mahlo a hao a bone esita le qaleho ea pōpeho ea ka.” (Pesaleme ea 139:15, 16, NW) Jobo o bitsa Molimo ‘Ea nketsang ka pōpelong,’ ea ileng a tsoela pele ho ‘re etsa pōpelong ea mosali.’—Jobo 31:15.

Ho thoe’ng ka kameho ea Molimo ka ’mè eo e leng moimana ea hlokang tšepo ea sa batleng ngoana? Ho batho bohle, ’Mōpi o nka boikarabelo ba ho ba le bana e le bo tebileng haholo. Haeba ’mè oa moimana a iphumana a le maemong a thata, na ka baka la ho hlompha litlhoko tsa bomolimo, Molimo o ke ke oa hlohonolofatsa qeto ea hae? Ka ho nepahetseng motsoali a ka tlameha ho rapella thuso ea Molimo hore a belehe ngoana ea thabileng. Maqepheng a Lentsoe la hae, Molimo o se a re nehile keletso e molemo ka ho fetisisa mabapi le ho hōlisa bana. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba lelapa ho tla hlahisa liphello tse molemo. Thabo le meputso ea ho hōlisa bana ba bomolimo ho feta ho intša sehlabelo leha e le hofe ho etsoang ’me motsoali e mong le e mong ea motlōtlō a ka netefatsa sena.

Na Jehova o talima lintho ka tsela e fapaneng haeba ngoana eo e le sehlahisoa sa peto kapa ho ba le likamano le motho eo le amanang haufi-ufi? Le hoja ketso eo e ne e le khahlanong le ’mè e ne e le tlōlo ea molao, lesea lona ha le na molato. Ho felisa bophelo ba lona ho ne ho tla mpefatsa boemo ba pefo ka bo bong. Ka sebele Jehova o hlokomela maqeba a bohloko a maikutlo ao bahlaseluoa ba joalo ba a utloang ’me a ka thusa ’mè le ngoana ho mamella liphello tsa ketsahalo e joalo ka katleho ka tsela e leka-lekaneng.

Ho thoe’ng haeba ngaka e hlokomelisa mosali oa moimana hore ngoana eo a mo immeng o tla beha bophelo ba hae kotsing? Dr. Alan Guttmacher o itse: “Kajeno ho bonolo ho eo e batlang e le mokuli e mong le e mong hore a qete ho beleha a ntse a phela, ntle le haeba a na le bohloko bo ka bolaeang bo kang kankere kapa leukemia, ’me haeba ho joalo, ho ntša mpa ho ke ke ha pholosa bophelo.” The Encyclopedia Americana e re: “Kaha basali ba bangata ba ka qeta ho beleha ba ntse ba phela esita le ha ba e-na le mathata a tebileng a meriana, ke ho ntša limpa ho fokolang haholo ho tlamehang ho etsoa bakeng sa ho sireletsa bophelo bo botle ba ’mè. Boholo ba limpa tse ntšuoang ke ho qoba ho ba le ngoana.” Maemo a joalo ke seoelo a hlahang. Leha ho le joalo, haeba ka sebele maemo a joalo a hlaha nakong ea ho beleha, joale batsoali ba lokela ho khetha mahareng a bophelo ba ’mè le ba lesea. Ke qeto ea bona.

Na ke ho makatsang hore ebe ’Mōpi oa bophelo o re behetse litekanyetso tse hlakileng ka ho sebelisa matla a rōna a ho beleha bana? Mahlong a hae, ho beleha ngoana eo u sa ikemisetsang ho mo hlokomela ke sebe feela joalokaha ho bolaea e le sebe.

Kholiseha hore khang ea hore na ho ntša mpa ho nepahetse kapa ho fosahetse e tla tsoela pele ho fihlela tsamaiso ena e fela. Empa ho ’Mōpi oa bophelo, Jehova Molimo, esita le ba nkang melao ea hae e le bohlokoa, ha ho khang ea letho. Bophelo ke ntho ea bohlokoa—ke mpho e lokelang ho hlokomeloa le ho baballoa ho tloha qalong.

Haeba ka mor’a ho bala makasine oona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine oona. (Bona leqephe 5.)

[Lebokose le leqepheng la 31]

Ho Talima ho Ntša Mpa ka Tsela ea Molimo

HO THOE’NG ka ngoanana e mocha ea imang ngoana oa matšeo ’me ho hang a sa ikemisetsa ho ba ’mè? Na o lokela ho lumelloa ho beleha ngoana eo? Boikutlo ba Molimo ka lesea leo ha boa fetoha hobane feela ’mè oa lona a sa ka a itšoara ka tsela e bohlale le ho itšoara hampe. Ka sebele ho hlaha ha ngoana ho ka thusa ’mè oa lona ho hlokomela liphello tsa tlhaho tsa boitšoaro ba hae bo bobe le ho hatella bohlale ba melao ea Molimo. Ho pata bopaki ba phello ea ketso ea hae ea boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ho ka mo siea le bohloko ba ho ikutloa a le molato kapa hona ho mo khothaletsa ho etsa liketso tse eketsehileng tsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali.

Haeba ho se na ntate ea thusang ho jara moroalo, ho hōlisa ngoana ho ke ke ha e-ba bonolo. Empa kamano e matla le Ntate oa rōna oa leholimo ho ka neha ’mè matla a boitšoaro le a maikutlo, tšehetso le tataiso tsa ho etsa joalo. O boetse o nehelane ka phutheho ea Bokreste bakeng sa ho thusa ho fokotsa moroalo oa motsoali a le mong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela