Lenyalo—Lebaka Leo ba Bangata ba Tsoang ho Lona
HA RE talima tlhalo Hong Kong, moo meetlo ea Bochabela le ea Bophirimela e sebelisoang ka ho tšoana, Asia Magazine ea hlokomela: “Ho haella ha puisano, ho se tšepahale, mathata a likamano tsa botona le botšehali le ho se tšoanelane ke mabaka ao hangata a bakang khohlano ea lenyalo ho banyalani ba Machaena le ba Bophirimela.” Boemo boa tšoana libakeng tse ling lefatšeng.
Banna le basali ba nang le tsela ea ho nahana ea ho beha mosebetsi ka pele ba potlakela ho tela malapa a bona bakeng sa mosebetsi oa bona. Ka hona, phello ke ho thibeloa ha puisano ea lelapa. A khathetse ka mor’a letsatsi la mosebetsi, monna o ameha ka ho bala koranta. Junichi le mosali oa hae ba ne ba e-na le libaka tsa ho jela tse tharo ’me ba sebetsa ho tloha ka hora ea borobeli hoseng ho fihlela ka hora ea leshome bosiu libakeng tse fapaneng. Junichi oa lumela: “Ho ne ho se puisano ho hang pakeng tsa rōna joaloka monna le mosali.” Ho haella hona ha puisano ho ile ha lebisa mathateng a tebileng a lenyalo.
Lebaka le leng le lebisang ho senyeheng ha litlamo tsa lenyalo ke pono ea batho ea likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo. Likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo li se li tloaelehile hoo banna ba etsang karolo ea 20 lekholong le basali ba etsang karolo ea 8 lekholong ba ileng ba arabela patlisisong e entsoeng Japane ba ileng ba lumela hore ba bile le likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho likamano le molekane a le mong oa lenyalo selemong se fetileng. Ho tloaelehile ho bona mosali ea sebetsang Japane a intša le banna ba bang ho e-na le monna oa hae. O bontša thahasello ea nakoana ho banna ba bangata, o ipolella hore, “Haeba monna oa ka a ka tseba, ke tla mo hlala.” Mokhatlo oa batho kajeno o etsa eka ha o bone likamano tse joalo.
Mokhatlo ona oa kajeno oa batho o khothalletsa boikutlo ba ’na pele, kahoo monna le mosali ba inahanela bobona, ’me hona ho lebisa tabeng ea ho se tšoanelane, e leng ho hong ho bakang tlhalo. Kiyoko o re: “Ho tloha qalong lenyalo la rōna le ne le sa tiea kahoo re ne re ka arohana nako e ’ngoe le e ’ngoe. Hang feela ha re qeta ho nyalana, monna oa ka o ile a mpolella hore ke be roboto ’me ke etse feela seo ke neng ke se bolelloa. Ha lintho li ne li mo tsamaela hantle, ho ne ho se hobe haholo, empa ha ho ne ho le boima, o ne a ke ke a lumela liphoso tsa hae ’me o ne a beha batho ba bang molato oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Le ’na ke ne ke le molato, kaha ke ne ke fetohela bolaoli ba hae. Ke ne ke fumana ho le boima haholo ho mamela monna oa ka ha a ne a sa sebelise toka.”
Mabaka a mang a tlhalo ke pefo le botahoa, mathata a lichelete, mathata le ba habo monna kapa ba habo mosali, le tlhekefetso ea kelello.
Lebaka la Tlhalo ke Lefe?
Ho sa tsotellehe hore mabaka a tlhalo a fapane hakae, ho na le ntho e ’ngoe e susumetsang keketseho ea eona ea lefatše lohle. Le hoja Bochabela bo beha molato tšusumetsong ea mokhatlo oa batho ba Bophirimela bakeng sa mathata a bona, ho amoheloa ha tlhalo Bophirimela ke ntho e jang setsi morao tjena. Ha e le hantle, tlhalo United States e ile ea imena hararo ’me Brithani ea imena hane lilemong tse mashome a seng makae feela tse fetileng. Andrew J. Cherlin oa The Urban Institute (mokhatlo oa patlisiso o fuputsang mathata a mokhatlo oa batho le moruo United States), le hoja a lumela hore mabaka a ho eketseha ha tlhalo ha a utloisisoe ka ho feletseng, o thathamisa “ho eketseha ha ho ikemela ha basali moruong” le “ho fetoha ha boikutlo ba mokhatlo oa batho ka kakaretso” li le har’a mabaka a bakang tloaelo ena.
Bakeng sa basali United States, hammoho le ba linaheng tse ling tse ruileng, ho nyaloa le ho sebetsa ka ntle ho lelapa la bona ho se ho tloaelehile. Leha ho le joalo, karolo ea monna mesebetsing ea ka tlung e eketseha hanyenyane. Ha ho makatse hore basali ba bang baa korotla: “Seo mosali e mong le e mong ea sebetsang a se hlokang ka ho fetisisa ke motho ea tla etsa mosebetsi oa mosali!”
Leha basali ba sebetsa ka thata ba hlatsoa liaparo, ba hloekisa, ba pheha lijo, hape ba hlokomela bana, United States, buka The Changing American Family and Public Policy e re, “banna ba bangata ba thabela nako eo ba e qetang ba ‘robile monakeli.’” Batho ba ithutang ka boitšoaro ba batho ba re hona ho etsahala lefatšeng lohle. Japane ke ho tloaelehileng ho bona banna ba intša ho ea thabela botsoalle ka mor’a mosebetsi. Ba bolela hore ke tlhokahalo bakeng sa likamano tse ntle tsa batho sebakeng sa bona sa mosebetsi, ha ba hlokomoloha likamano tse ntle tsa batho lelapeng. Kaha banna, ho ea ka tsela ea bona ea ho nahana, ba fepa malapa, basali le bana ba lokela ho se tletlebe. Leha ho le joalo, kaha basali ba eketsehileng baa sebetsa, ho nahana ho joalo ho bonahala e le feela ho ikemela.
Lebaka le leng le leholo le tlatsetsang ho hlōleheng ha lenyalo ke “ho fetoha ha boikutlo ba mokhatlo oa batho ka kakaretso” kapa, joalokaha Journal of Marriage and the Family e bolela, “ho fetoha monahanong oa ho ba teng ka ho sa feleng ha lenyalo.” Ho banyaluoa le banyali ba bo-1990, kano ea neano ea lenyalo ea “ho fihlela lefu le re arohanya” ha e sa bolela hoo ho hang. Ba lula e le malala-a-laotsoe ho fumana molekane ea molemonyana. Haeba ke kamoo batho ba qetang ho nyalana ba talimang tlamo ea bona, e tla tiea hakae?
Liphetoho tsena mokhatlong oa batho ho hang ha li makatse liithuti tsa Bibele. Buka ena e bululetsoeng e bontša hore ho tloha ka 1914 re ntse re phela “matsatsing a ho qetela,” ao e leng “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Batho ke “baithati, . . . ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe.” (2 Timothea 3:1-3, NW) Kahoo ho batho ba ithatang ho feta balekane ba bona, ba sa tšepahaleng ho balekane ba bona ba lenyalo, ’me ba ke ke ba ba le tumellano leha e ka ba efe lenyalong la bona, tlhalo e ba eona feela tharollo mathateng a lenyalo la bona.
Na ke Monyako o Lebisang Bophelong bo Thabileng Haholoanyane?
Mabakeng a mangata, tlhalo e ipakile e se monyako o lebisang thabong.a Ka mor’a lilemo tse 15 tsa patlisiso ea banyalani ba 60 ba hlalaneng, mofuputsi oa bophelo bo botle ba kelello Judith Wallerstein o re: “Tlhalo ea thetsa. Molaong ke ketsahalo e le ’ngoe, empa kelellong ke tatellano—ka linako tse ling tatellano e sa feleng—ea liketsahalo, libaka tse ncha le likamano tse fetohang haholo tse etsahalang ka nako e telele.” Lithuto tsa hae li bontša hore kotara ea basali le karolo ea bohlano ea banna e ne e e-s’o khutlisetse bophelo ba eona tseleng e tloaelehileng ea bophelo ka mor’a lilemo tse leshome tsa tlhalo.
Ba hlaheloang ke kotsi haholo ke bana ba tlhalo. Patlisisong e tšoanang, Wallerstein o fumane hore hoo e ka bang ho bana bohle ba amehang, tlhalo e baka “liphello tse matla le tse sa lebelloang ka ho feletseng.” Bana ba bang ba hatellang maikutlo leha e ka ba afe a fosahetseng a tlhalo ea batsoali ba bona kapele ba ka fumana maikutlo a joalo a hlahella hape morao bophelong ba bona ha ba batla molekane oa lenyalo.
Sena ha se bolele hore batho bohle ba hlasetsoeng ke tlhalo ba ke ke ba fumana thabo, kaha ba bang baa e fumana. Ho bona, ho hlaha botho bo fetotsoeng, hangata ka lebaka la ho fetoha ha ba pele. Ka mohlala, hang ha pherekano e bakoang ke tlhalo le masisa-pelo a latelang le lipelaelo ka bohlokoa ba botho li fela, molekane ea se nang molato a ka feta ketsahalong ena e le motho ea matla haholoanyane, ea tletseng bophelo haholoanyane, motho ea hlaphohetsoeng.
Mosali e mong eo monna oa hae a ileng a mo tlohela bakeng sa mosali e mong o hlalosa hore ka mor’a hore bohloko le ho halefa li qale ho fela, “u fumana hore u fetohile ka hare. Maikutlo a hao a fetohile. U ke ke ua ba motho eo u neng u le eena pele.” Oa eletsa: “Nka nako ea ho itseba hape joaloka motho ka bomong. Ka kakaretso lenyalong balekane ba nolofatsa lintho tseo ba li ratang le litakatso tsa bona ho nahanela litakatso tsa motho e mong, empa ka mor’a tlhalo, nako ea hlokahala ea ho tseba hore joale lintho tseo u li ratang le tseo u sa li rateng ke life. Haeba u hatella maikutlo a hao, u a hatella a le teng. Ka letsatsi le leng a tla khutla, ’me u tla lokela ho tobana le ’ona. Kahoo ho molemo ho tobana le maikutlo a hao ’me u sebetsane le ’ona.”
Ka baka la ho elelloa ka ho eketsehileng mathata ao tlhalo e a bakang, ha e sa ba khetho e hohelang haholo. Makasine oa Time o tlaleha hore baeletsi ba ’maloa ba eketsehang joale ba khothalletsa banyalani ba nang le mathata ka ho re: “Le se hlalane.” David Elkind oa Univesithi ea Tufts o ngotse: “Ho hlala ho tšoana hanyenyane le ho robeha leoto u le leetong la ho thella lehloeng: Ho sa tsotellehe hore ke batho ba bangata hakae sebakeng sa bolulo sa moo ba robehang maoto, leoto la hao le robehileng le tla ’ne le be bohloko ka ho tšoanang.”
Tlhalo hase tsela e bonolo ea ho tsoa mathateng a lenyalo. Joale, tsela e molemonyana ea ho rarolla liphapang tsa lenyalo ke efe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tlhalo ea molao kapa ho arohana ka molao ho ka fana ka tekanyo e itseng ea tšireletseho ho hlekefetsoeng ho feteletseng kapa ho hana ho fepa ha ka boomo.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Hangata banyalani kajeno ba hlōleha ho buisana