Tlhalo—Litholoana tsa Eona tse Babang
BABUELLI ba molao kapa metsoalle kapa mecha ea phatlalatso kapa “litsebi” li ke ke tsa utloisoa bohloko ke liphello tsa tlhalo. Ke banyalani ba hlalanang—le bana ba bona—ba tla utloa bohloko qetellong.a Ho fapana le ho tlisa tokoloho, tlhalo e ka ’na ea ba le liphello tse bosula ka ho fetisisa.
Ho The Case Against Divorce, Diane Medved o lumela hore qalong o ne a rerile ho ngola buka e neng e sa tl’o “nka lehlakore tabeng tsa boitšoaro” mabapi le tlhalo. Leha ho le joalo, o ile a ikutloa a tlamehile ho fetola maikutlo a hae. Hobane’ng? Oa ngola: “Phuputsong ea ka ke ile ka hlokomela ka mokhoa o bonolo hore tlhalo le liphello tsa eona ke lintho tse senyang ka ho felletseng—’meleng, kelellong, le moeeng—hore maemong a mangata ka ho fetisisa, ‘tharollo’ eo e e tlisang e bohloko ho feta ‘boemo bo sa thabiseng’ ba lenyalo.”
Ann, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, oa lumela: “Ke ne ke nahana hore tlhalo e tla ntlisetsa tokoloho. Ke ile ka nahana hore haeba feela ke ne nka tsoa lenyalong lena, joale LINTHO LI TLA LOKA. Empa pele ho tlhalo, bonyane ho utloa bohloko maikutlong ho ile ha nketsa hore ke ikutloe hore kea phela. Ka mor’a hore re hlalane, ke ne ke ikutloa eka ha ke phele ho hang. Boikutlo ba hore ha ke na thuso bo ile ba etsa hore ke ikutloe eka ke shoele. E ne e le boemo bo bobe haholo. Ke sitoa ho hlalosa hore na ke ne ke ikutloa ke se na thuso hakae.” Ka mor’a tlhalo, litšepiso tsa lefeela tsa tokoloho le thabo li ile tsa nyamela ’me tsa fetoha boemo ba sebele bo hlokisang tšepo ba ho tsoela pele ho phela letsatsi le leng le le leng.
’Nete e totobetseng ke hore esita leha ho e-na le mabaka a molao bakeng sa tlhalo, liphello tsa eona li ka ba bohloko ’me tsa nka nako e telele. Kahoo mang le mang ea nahanang ka ho nka bohato bo matla hakaalo e ka ba bohlale hore a ele hloko keletso ea Jesu pele: ‘Bala litšenyehelo.’ (Luka 14:28) Tse ling tsa litšenyehelo le liphello tse tobileng le tse bohloko tsa tlhalo ke life?
Liphello tsa Eona Maikutlong le Boitšoarong
Phuputso ea morao tjena e hatisitsoeng ho Journal of Marriage and the Family e ile ea bontša hore tlhalo e amana le ho se thabe le ho tepella maikutlo. Ho na le monyetla o moholoanyane oa hore batho ba hlalaneng ba tepelle maikutlo, ’me ba hlalaneng ka makhetlo a ’maloa ba na le monyetla oa ho tepella maikutlo khafetsa. Setsebi sa tulisano Lenore Weitzman, bukeng ea hae The Divorce Revolution, o hlokomela hore batho ba hlalaneng le ba arohaneng ba kena ka bongata lipetleleng tsa mafu a kelello; hape bongata ba bona boa kula, bo shoa pele ho nako, bo bile boa ipolaea.
Phuputsong eo a ileng a e etsa bathong ba 200, Medved o ile a fumana hore tlhalo e ile ea siea banna le basali ba ferekane maikutlo ka nako e ka etsang lilemo tse supileng ka karolelano, ba bang ka mashome a lilemo. O ile a fumana hore ntho e le ’ngoe eo tlhalo e sa kang ea e ama, ke boitšoaro bo bobe bo ileng ba etsa hore banyalani ba hlalane. Kahoo ha ho makatse hore ebe manyalo a bobeli a na le monyetla o moholoanyane oa ho qhalana ho feta a pele!
Ho fapana le ho ntlafatsa boitšoaro, hangata tlhalo e ba le liphello tse senyang boitšoarong. Bafuputsi ba hlokometse hore ka mor’a tlhalo, banna le basali ba bangata ka nako e khutšoanyane ba kena mofuteng o itseng oa bohlankana kapa boroetsana ka lekhetlo la bobeli. Ba latsoa tokoloho eo ba e fumaneng bocha ka hore ba phehelle ho ratana le motho enoa le eane ka morero oa ho phahamisa boikutlo ba bona ba ho itlhompha bo ntseng bo theoha kapa ho itlosa bolutu. Empa ho laetsana ho etsoang ka morero o joalo oa boithati ho ka isa boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali, bo nang le letoto le lelelele la liphello tse kotsi. ’Me e ka ba ho sithabetsang haholo le ho ntšang bana kotsi ha ba bona batsoali ba bona ba etsa lintho tse joalo.
Leha ho le joalo, hangata banyalani ba hlalanang ba se ba ntse ba lumellana le ho tšehetsa phatlalatso ea lefatše ea hore litlhoko tsa bona le lintho tseo ba amehileng ka tsona li tla pele bophelong. Kahoo, ba thatafatsa lipelo tsa bona mabapi le bohloko boo ba tla beng ba bo bakela batho ba haufi-ufi le bona—bana ba bona, batsoali ba bona, metsoalle ea bona. Ba bang baa lebala hore Molimo le oona o ka utloa bohloko pelong ha re hlokomoloha litekanyetso tsa oona. (Bapisa le Pesaleme ea 78:40, 41; Malakia 2:16.) Hape tlhalo e ka ba mpe haholo-holo ha e baka lintoa tse amang molao tabeng ea tlhokomelo ea bana le kabo ea thepa.
Bothata ba Chelete
Lenore Weitzman o ile a boela a etsa qeto ea hore tlhalo e bakela basali ba United States “bothata ba chelete.” Ka karolelano, e fokotsa halofo ea chelete eo ba e sebelisang linthong tse hlokahalang joaloka lijo, bolulo, le ho futhumatsa matlo. O ile a hlokomela hore boemo ba bona ba bophelo bo theohile ka tsela e tšosang ka tekanyo ea 73 lekholong ka mor’a tlhalo!
O ne a lebelletse hore melao ea kajeno ea tlhalo, e “tsoetseng pele” e tla sireletsa basali. Ho e-na le hoo, o ile a fumana hore basali ba bolela hore ba ikutloa ba hloka tšepo le ho ikutloa ba se na thuso ka mor’a tlhalo. Ba bolela kamoo ka tšohanyetso ba ileng ba tlameha ho retelehela mananeong a thuso ea sechaba, tokisetsong ea liphallelo tse tsoang ’musong, matlong a batho ba se nang mahae, le matlong a lijo a fang batho ba hlokang lijo tsa boleng bo tlaase. Basali ba etsang karolo ea 70 lekholong bao a ileng a buisana le bona ba ile ba tlaleha hore ba lula ba khathatsehile ka linako tsohle ka ho iphelisa. Ba bang ba ikutloa ba na le tšabo, ba ferekane maikutlo, ebile e le pulumo ea seema-osi le bana ba bona, ba se na nako ea ho ikhutsa.
Mohlankana e mong eo re tla ’mitsa Tom, eo batsoali ba hae ba ileng ba hlalana ha a le lilemo li robeli, oa hopola: “Ka mor’a hore Ntate a tsamaee, re ’nile ra ba le lijo, empa ka tšohanyetso feela, re ile ra hula ka thata haholo. Re ne re sa khone ho reka liaparo tse ncha. ’Mè o ne a tlameha ho re rokela lihempe kaofela. Ha ke sheba litšoantšo tsa rōna tsa ha re sa le bana, ke litšoantšo tsa batho ba hlomohileng bao ho bonahalang eka baa kula.”
Kaha basali ba bangata ba fuoa bana hore ba ba hlokomele ’me bo-ntate ba bangata ba hlōleha ho lefa chelete ea ho hlokomela bana eo lekhotla le ba laelang ho e lefa—eo leha ho le joalo hangata e leng nyenyane haholo—ho ka etsahala hore tlhalo e futsanehise basali ho feta banna. Ho sa le joalo, tlhalo e ka ’na ea se ke ea hla ea ruisa banna. Buka Divorced Fathers e bolela hore halofo ea moputso oa monna oa selemo le selemo e sebelisoa bakeng sa ho lefa litšenyehelo tsa molao feela. Tlhalo e boetse e senya maikutlo a banna le bo-ntate. Ba bangata ba utloisoa bohloko ke ho theoleloa boemong ba baeti feela bophelong ba bana ba bona.
Lebela Lenyalo la Hao!
Kahoo, ha ho makatse ho hlokomela hore phuputsong ea batho ba hlalaneng ka nako e ka etsang selemo se le seng, banna/bo-ntate ba 81 lekholong le basali/bo-mè ba 97 lekholong ba ile ba lumela hore e ka ’na eaba tlhalo e bile phoso le hore ba ka be ba ile ba leka ka matla a eketsehileng ho etsa hore lenyalo la bona le atlehe. “Litsebi” tse eketsehileng le tsona li ikhula ka ho nyahama maikutlo ka ho hlokomoloha lintlha tsa bohlokoa mabapi le lenyalo ao li kileng tsa a tšehetsa. Los Angeles Times haufinyane e ile ea bolela: “Ka mor’a lilemo tse fetang 25 tsa ho hlokomela liphello, basebeletsi ba bangata ba ntlafatso ea bophelo ba sechaba . . . ba sebetsa ka thata haholoanyane ho boloka manyalo a kopane.”
Ho hlakile hore ho ikhula ho bonolo bakeng sa “litsebi.” Ha e le hantle, sohle seo ho hlokahalang hore li se etse ke ho re, “Re soabile! Hle!” ’me li qale ho bolela molaetsa o mocha. Ha ho bonolo hakaalo ho batho ba likete ba ileng ba latela keletso ea tsona. Ho sa le joalo, bahlaseluoa ba tlhalo ba ka ithuta lithuto tsa bohlokoa phihlelong ea bona e bohloko, joaloka e bontšitsoeng ka mantsoe a makhutšoanyane ho Pesaleme ea 146:3, 4: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.”
Metsoalle, basebeletsi ba ntlafatso ea bophelo ba sechaba, babuelli ba molao, kapa basebeletsi ba mecha ea phatlalatso ke batho feela ba sa phethahalang. Kahoo ha re hloka keletso tabeng ea lenyalo, ke hobane’ng ha re itšetleha ka ho felletseng ka bona? Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo haholoanyane ho retelehela pele ho Jehova Molimo, Moqapi oa lenyalo? Melao-motheo ea hae ha e fetoloe ke maikutlo a “litsebi” a sa tsitsang. E ’nile ea lula e le ’nete ka likete tsa lilemo ’me ea sebetsa kajeno.
Andrew le Ann ba ile ba qala ho hlokomela sena ka mor’a nako e itseng ba hlalane. Ba ile ba bona hore tlhalo ea bona e bile phoso e mpe haholo. Leha ho le joalo, hoa hlolla hore ebe e ne e se morao haholo bakeng sa bona. Ba ile ba boela ba kopana ’me ba nyalana hape. Ba ile ba qala ho fetola mohopolo oa bona. Andrew oa hopola: “Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke se na boitšoaro, ’me ke ne ke hloka thuso. Ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse ’maloa, ke ile ka rapella taba ena. Ke ne ke batla ho etsa se nepahetseng; kahoo ke ne ke lokela ho tlohela ho etsa seo ke neng ke se etsa ’me ke lahle liketso tsohle tseo ke ithutileng tsona lefatšeng. Ke ne ke se ke sa li batle ho hang.”
Ann oa lumela: “Lebaka leo joale re leng hammoho, ka mor’a nako eo e tšosang, ke hobane bobeli ba rōna re ne re hlile re batla ho ba ba lokileng ho Jehova. ’Me re ne re hlile re batla hore lenyalo la rōna le atlehe.” Hoo ha ho bolele hore ho bile bonolo ho tloha ka nako eo. “Hona joale re lebela kamano ea rōna ka mehla, joaloka ntja e lebelang. ’Me haeba e mong oa rōna a na le boikutlo ba hore e-ea senyeha, re buisana ka taba eo.”
Hona joale Andrew le Ann ba hōlisa bana ba babeli ba thabileng. O sebeletsa joaloka mohlanka ea sebeletsang phuthehong ea Lipaki tsa Jehova. Ho hlakile hore boemo ba lenyalo la bona hase bo phethahetseng ka ho felletseng. Ha ho lenyalo leo le ka mohla e ka bang le phethahetseng lefatšeng lena la khale. Le ne le ka phethahala joang athe le kopanya batho ba babeli ba sa phethahalang? Ke ka baka leo Bibele e re hlokomelisang hore ho tloha nakong eo sebe se neng se kena lefatšeng, lenyalo le ’nile la tlisa “matšoenyeho nameng” ka tekanyo e itseng. (1 Ba-Korinthe 7:28) Kahoo, ho kena lenyalong ha hoa lokela ho nkoa habobebe; e mong le e mong ea nahanang ho kena lenyalong ke hantle hore a nke nako e ngata a ithuta molekane oa hae oa ka moso. ’Me hang ha ho kenoe ho lona, hangata lenyalo le na le molemo o lekanang le boiteko bo etsoang ho lona.
Leha ho le joalo, ho hlakile hore tlhalo le eona ha ea lokela ho nkoa habobebe. Nakong eo re nahanang hore tlhalo ea hlokahala kapa e ke ke ea qojoa, ka sebele Molimo o ka re fa thuso eo re e hlokang bakeng sa ho mamella linako tse thata tse ka ’nang tsa e latela. Empa haeba re latela tšekamelo ea lefatše mabapi le ho ba le pono ea ho hlompholla tokisetso e halalelang ea lenyalo, ke mang ea tla re sireletsa liphellong tsa bobe bo joalo? Kahoo lebela lenyalo la hao. Ho e-na le ho le tlohella ha lintho li sa tsamaee hantle, ikemisetse ho rarolla mathata. Leka ho lokisa mathata a lenyalo la hao ho e-na le ho le senya. Talima Lentsoeng la Molimo bakeng sa likarabo tse sebetsang mabapi le mathata a lenyalo.b Likarabo li teng. ’Me lia sebetsa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo mabapi le liphello tsa tlhalo baneng, bona tokollo ea May 8, 1991, ea Tsoha!
b Bona Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible & Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Lebela lenyalo la hao ka ho sebelisa nako e itseng bakeng sa ho etsa lintho hammoho joaloka lelapa