Leraba la Tlhalo
ANDREW le Ann e ne e le banyalani ba babatsehang. Ann e ne e le motho ea khutsitseng haholoanyane a bile a nahanisisa haholoanyane, empa ho khutsa ha hae ho bontšang thabo e ne e le botho bo bonahalang bo fapane ka ho felletseng le ba Andrew ea neng a e-na le botsoalle, a le matla a bile a qabola. Mahlo a Ann a ne a bontša ho ela ke thabo ha a e-na le eena. Motho e mong le e mong o ne a ka bona hore oa mo thahasella.
Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse supileng lenyalo la bona le ile la tsekoloha. Andrew o ile a fumana mosebetsi o mocha oo a neng a sebelisa nako ea hae e ngata ho oona. Ann o ile a nyatsa ho tšoareha ha hae ka ho fetisisa mosebetsing le ho fihla lapeng bosiu ka makhetlo a mangata. O ile a leka hore a “lule a tšoarehile ha monna oa hae a le sieo,” joalokaha a bolela, ka ho inehela ka ho felletseng mosebetsing oa hae. Empa ka mor’a nako e khutšoanyane Andrew o ne a e-tla lapeng a nkha joala, a hlalosa hore o ne a intšitse le metsoalle ea hae ea khoebo. Bothata ba hae ba ho noa bo ile ba mpefala, ’me qetellong Ann o ile a tloha lapeng. Andrew o ile a tepella maikutlo. Ka mor’a likhoeli tse seng kae feela, ba ile ba hlalana.
Ho ba bangata taba ena e ka ’na ea utloahala e le e tloaelehileng haholo. Joalokaha re se re bone, manane a tlhalo a eketsehile lefatšeng lohle. ’Me re kholisehile hore litlhalo tse ling li ke ke tsa qojoa kapa lia hlokahala. Bibele ha e hanele tlhalo ka ho felletseng, joalokaha ba bangata ba nahana. Litekanyetso tsa eona ke tse leka-lekaneng le tse utloahalang, tse lumellang tlhalo motheong oa bofebe (Mattheu 19:9); melao-motheo ea eona e boetse e lumella ho arohana ha banyalani tlas’a maemo a itseng a fetelletseng, a joaloka chapo e fetelletseng.a (Bona Mattheu 5:32; 1 Ba-Korinthe 7:10, 11.) Empa melao-motheo ena e ne e se lona lebaka la tlhalo ea Andrew le Ann.
Andrew le Ann e ne e le Bakreste ’me ba kile ba hlompha lenyalo joaloka le halalelang. Empa joaloka rōna bohle, ba phela lefatšeng le rutang molao o fapaneng haholo oa boitšoaro—oa hore lenyalo ke ntho e ka qhaloang ’me le ka qhaloa ka tlhalo. Selemo le selemo mohopolo ona o susumetsa banyalani ba likete hore ba hlalane ka mabaka a sa utloahaleng, ao eseng a Mangolo. ’Me ba bangata ba hlokomela—morao haholo—hore maikutlo a “morao-rao,” a “tsoetseng pele” mabapi le tlhalo a ba hohetse hore ba oele lerabeng.
Leraba? Ba bang ba ka ’na ba re leo ke ‘lentsoe le hlohlontšang litsebe.’ U ka ’na ua ikutloa joaloka ba bangata kajeno, hore tlhalo ke feela mokhoa o tsoetseng pele oa ho tsoa lenyalong le bosula. Empa na u hlokomela lehlakore le sa thabiseng la tlhalo? ’Me na u bone hore lefatše la kajeno le ka fetola mehopolo ea rōna mabapi le tlhalo ka tsela e bolotsana hakae—re sa hlokomele?
Khoheli ea ho Ikhotsofatsa
Tabeng ea Andrew le Ann, karolo ea takatso e ileng ea ba hohela hore ba hlalane ke tšepiso e ipiletsang ea ho ikhotsofatsa ka mosebetsi o atlehileng. Lenyalo la bona le ile la hlaseloa ke khopolo ea ‘mosebetsi pele.’ E ne e se lona la pele le joalo. Koranta ea Family Relations e ile ea hlokomela morao koana ka 1983: “Ho ikhotsofatsa ha botho ho fetohile molao-motheo o tataisang liketso tsa motho. Ka baka leo, kamano e haufi-ufi ea litho tse ngata tsa lelapa e fela kapele ’me le litlamo tsa lenyalo li tlas’a khatello e ntseng e eketseha.” Mosebetsi oa Andrew o mocha le tšepiso ea ’ona ea ho tsoela pele li ne li mo khahlile haholo. O ile a etsa mesebetsi e meng e eketsehileng ’me a kopanela meketjaneng ea boithabiso le metsoalle ea hae ka mor’a lihora tsa mosebetsi e le hore e ka mo hlompha le ho mo amohela haholoanyane. Ho sa le joalo, mosebetsi oa Ann o ile oa mo fa pono ea hore o tla atleha ha a ka ntšetsa thuto ea hae pele.
Ho lelekisa khoheli ea katleho ho bile le phello e habeli. Ea pele, ho ile ha bolela hore Andrew le Ann ba ne ba e-na le nako e fokolang ea ho ba hammoho. Ho joalokaha Ann a boletse: “Re ne re huleloa mahlakoreng a fapaneng. Kahoo re ne re se na nako ea ho buisana mantsiboea joalokaha re ne re tloaetse ho lula fatše le ho buisana ka litaba tsa rōna. O ne a itokisetsa letsatsi le latelang la mosebetsi, ’me ho ne ho etsahala se tšoanang ka ’na. Puisano e ile ea fela.”
Phello ea bobeli e ne e le e amanang le bomoea ba bona. Ka ho etelletsa mosebetsi oa bona pele, ba ne ba qhelela kamano ea bona le Molimo ka thōko ka nako eo ba neng ba hlile ba o hloka ka ho fetisisa. Lenaneo le kopanetsoeng la ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le ka be le ile la thusa Andrew ho hlōla bothata ba hae ba ho noa ’me la fa Ann matla a ho khomarela monna oa hae tekong ena e boima.
Kahoo, ho e-na le ho sebetsana le mathata a bona a lenyalo, ba ile ba qala ho bona tlhalo e le eona khetho e molemo, mohlomong ebile e le eona e ka ba lokollang khatellong eohle. Ka mor’a tlhalo, letsoalo la bona le molato le lihlong li ile tsa etsa hore ba tlohele ho phela bophelo ba moea ka ho felletseng. Ba ile ba khaotsa ho ipitsa Bakreste.
“Litsebi” li Thusa Banyalani ho Cheha Leraba
Ha banyalani ba bangata ba tobane le mathata a lenyalo, ba ea ho baeletsi ba lenyalo le basebeletsi ba ntlafatso ea bophelo ba sechaba kapa libukeng tse ngotsoeng ke batho ba joalo. Empa ka masoabi, “litsebi” tse ling tsa manyalo tsa kajeno li ipakile ho ba tse koetlisitsoeng hamolemo bakeng sa ho khothalletsa tlhalo ho feta ho boloka lenyalo le kopane. Lilemong tse mashome a itseng morao tjena boiteko ba “litsebi” khahlanong le lenyalo bo ’nile ba baka tšenyo e khōlō.
Ka mohlala, litsebi tsa kelello tse amehileng ka ho ntlafatsa bophelo ba sechaba Susan Gettleman le Janet Markowitz lia tletleba ho The Courage to Divorce: “Tumelo e sa utloahaleng ea hore batho ba hlalaneng ba ikhutse tokisetsong e molemo e bitsoang ‘bophelo bo tloaelehileng ba lelapa’ e ntse e tsoela pele.” Ba nyatsa “lithibelo tsa molao le litekanyetso tsa boitšoaro” tse khahlanong le tlhalo tse “thehiloeng holim’a melao-motheo ea bolumeli e simolohileng makholong a lilemo a fetileng.” Ba pheha khang ea hore tlhalo e tla ’ne e be teng ho fihlela “ho fela ha lenyalo butle-butle” ho etsa hore tlhalo e be e sa “hlokahaleng.” Ba buella buka ena ea bona ho babuelli ba molao, baahloli—le baruti!
‘Tlhalo hase ntho e mpe. Tlhalo ea lokolla. Ho ata ha tlhalo hase pontšo ea hore ho na le ho phoso sechabeng; ke pontšo ea hore ho na le ho phoso tokisetsong ea lenyalo.’ “Litsebi” tse ngata li ’nile tsa ruta pono eo, haholo-holo nakong e tsebahalang haholo ea phetoho mabapi le likamano tsa botona le botšehali e bileng teng lilemong tsa bo-1960 le bo-1970. Haufinyane haholo, litsebi tsa kelello le liithuti tse tsebahalang tsa motho le tikoloho eo a phelang ho eona li ’nile tsa nahana hore motho o “reretsoe esale pele”—ke ho iphetola ha lintho, e leng ho ikhanyetsang—hore a be le molekane ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse ’maloa. Ka mantsoe a mang, bofebe le litlhalo ke feela lintho tsa tlhaho.
Ho thata ho lekanyetsa hore na ke manyalo a mangata hakae a ’nileng a senngoa ke likhopolo tse joalo. Empa litsebi tse ling tse ngata li khothalletsa tlhalo ka litsela tse bolotsana haholoanyane. Ha Diane Medved a ntse a etsa phuputso bukeng ea hae The Case Against Divorce, o ile a fumana libuka tse 50 laebraring ea sebaka sa habo tseo haeba li ne li sa khothalletse tlhalo ka mokhoa o tobileng, bonyane li neng li ‘khothalletsa babali ba tsona ho hlalana ka ho e thoholetsa.’ Oa lemosa: “Libuka tsena li u kenya bophelong ba batho ba seng lenyalong habonolo le ho etsa liketso tsa bona le ho thoholetsa ‘tokoloho ea hao e ncha’ joaloka hoja ke . . . ’ona feela mokhoa oa ho fumana khotsofalo.”
Litšusumetso tse Ling
Ha e le hantle, ho na le litšusumetso tse ling tse ngata tse khothalletsang tlhalo ka ntle ho “litsebi” tse khelositsoeng. Mecha ea phatlalatso—thelevishene, libaesekopo, limakasine, libuka tsa lipale tsa lerato—hangata li ekelletsa sefefong se ntseng se tsoela pele sa phatlalatso e khahlanong le lenyalo. Ka linako tse ling mecha ea phatlalatso e fetisa melaetsa ea hore thabo e sa feleng, nyakallo, le khotsofalo li fumaneha ka ntle ho bophelo ba lenyalo bo tenang le bo bosula le hore qetellong ea mookoli ona o benyang oa bosoha le tokoloho ho na le molekane e mong, ea molemo ho feta eo u nang le eena lapeng.
Ho ba le pelaelonyana feela ka likhopolo tse joalo tse senyang ho ka ’na ha se ke ha u sireletsa ho tsona. Joalokaha Medved a bolela: “U bona baesekopo, ’me esita leha u le bohlale u tlas’a tšusumetso ea eona. U ke ke ua e qoba—pale ena le tšusumetso ea eona li bontšoa ka tsela eo ka eona li etsang hore u qenehele sebapali se ka sehloohong (monna ea ratanang le basali ba bangata?) Le ho hloea ea behoang molato bakeng sa bothata bo itseng (mosali ea sa laoleheng?). . . . Uena ka bouena u ka ’na ua se ke ua lumela hore seo u se bonang se lokile, empa tsebo feela ea hore ba bang ba lumela hore se lokile, e leng tsebo e eketsoang ka litsela tse ling tse ngata tse sebelisoang litloaelong tsa rōna, e felisa boikemisetso ba hao ba ho etsa se molemo le kholiseho.”
Boitšoaro ba batho bao re phelang har’a bona boa re susumetsa. Haeba ho joalo ka melaetsa e hasoang ke mecha ea phatlalatso, ho ka ba joalo haholoanyane hakaakang ka metsoalle eo re e khethang! Ka bohlale, Bibele ea re lemosa: “Le se ke la lahleha: litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Lenyalo le molemo ke o mong oa mekhoa e metle haholo. Re ka le senya haeba re ka tloaelana le ba sa hlompheng tokisetso ena. Banyalani ba bangata ba ’nile ba susumelletseha habonolo hore ba hlalane ka baka la ho bolella “metsoalle” e joalo mathata a bona a lenyalo—ka linako tse ling esita le bao ka bobona ba ileng ba khetha tlhalo e se nang motheo o utloahalang.
Ba bang ka baka la ho hloka phihlelo e lekaneng ba kōpa keletso ho babuelli ba molao ha lenyalo la bona le le tlas’a khatello. Ba lebala hore tsamaiso ea molao linaheng tse ngata ke mokhatlo o sebetsang ntle ho tšitiso o reretsoeng ho nolofatsa mekhoa ea ho fumana tlhalo. Ha e le hantle, babuelli ba molao ba fumana molemo ka ho sebetsana le litlhalo, eseng ho thusa banyalani hore ba lokise liphapang tsa bona.
Ho sa le joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Haeba babuelli bao bohle ba molao, basebeletsi ba ntlafatso ea bophelo ba sechaba, basebeletsi ba mecha ea phatlalatso, esita le metsoalle le batho bao motho a tsebanang le bona ba na le maikutlo a ho se tsotelle mabapi le tlhalo ba bile ba a khothalletsa, na ho ka ’na ha etsahala hore e be seo ba se bolelang ke ’nete?’ Na batho ba bangata hakaale ba ka etsa phoso tabeng ea bohlokoa hakaale? Ho hlokomela tse ling tsa liphello tsa tlhalo ho tla re thusa ho fumana karabelo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa, July 15, 1989, maqephe 8-9; May 15, 1988, maqephe 4-7; November 1, 1988, maqephe 22-3.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
“Litsebi” tse ling tsa manyalo li koetlisitsoe hamolemo bakeng sa ho khothalletsa tlhalo ho feta ho boloka lenyalo le kopane