Na Tlhalo e Lokela ho Lumelloa?
KA PHUPTJANE 1986 Rephabliking ea Ireland bakhethi ba ile ba khetha ka karolelano ea 3 ho 2 ho tšehetsa ho thibela tlhalo ha bona. Sena se ile sa etsa hore Rephabliki e sale e le eona feela naha Europe Bophirimela eo tlhalo e ntseng e le tlōlo ea molao.
Ka ho totobetseng, ho sa tsotellehe leqhubu la maikutlo a bulehileng le monahano o bulehileng, pono ea batho ba bangata tsekong e hlasetsoeng ka maikutlo ea tlhalo e ntse e susumetsoa haholo-holo ke semelo sa bona. Morabe, thuto, le maemo a batho kaofela li nka karolo. Empa linthong tsohle, bolumeli, kapa ho haella ha bona, bo sala e le bona feela tšusumetso ea bohlokoa ka ho fetisisa.
Pono ea hau ka tlhalo ke efe? Haeba banyalani ba utloa ba sulafalloa ke ho lula hammoho ’me ho hlakile hore ha ba tšoanelane, na ba lokela ho lumelloa ho felisa masoabi a bona ka hore ba hlalane? U ne u tla arabela potso ee joang? Ha bohlokoa ka ho fetisisa, karabelo ea hau u ne u tla e thea holim’a eng?
Lipono tse Fapaneng le tse Loantšanang
Ho ba limillione ba ntseng ba tšoarelletse litekanyetsong tsa Roma e K’hatholike, ho hang tlhalo ha e eo. The Catholic Encyclopedia ea hlalosa: “Lenyalong la Bokreste, tlhalo e ke ke ea e-ba teng ho hang [ka tokelo ea ho nyala hape], haholo-holo kamor’a hore lenyalo le tiisoe ka ho kopanela liphate.” Leha ho le joalo, Kereke ea Roma e K’hatholike e fana ka tumello ea ho hlakola lenyalo tlas’a maemo a itseng, ’me mokhoa ona o sebelisoa libakeng tse ngata. Ka mohlala, ka ’Mesa 1986 The Denver Post e ile ea tlaleha: “Mak’hatholike a moo a kōpa ho hlakoloa ha manyalo a mangata hoo diocese ea moareka-bishopo e Denver e senyang [R500 000] ho basebetsi ba eketsehileng le computer e le hore e ka laola mosebetsi o boima.” Tlaleho e ile ea tsoela pele ho bolela hore “ka hare ho diocese ea moareka-bishopo e Denver, ho na le pokello ea mosebetsi oa lilemo tse tharo o sa phethoang oa taba ea ho hlakoloa ha manyalo a 700.”
Maprostanta mekhatlong e makholo-kholo ea bolumeli ho pota lefatše a talimane le letoto le lelelele la melao le melaoana ea kereke holim’a tlhalo. Leha ho le joalo, ka kakaretso Maprostanta a boholong a lumella tlhalo feela ka mabaka a tebileng. Empa se nkoang se tebile se ka fapana haholo kerekeng e ’ngoe ho e ’ngoe. Litlōlo tse kang bofebe, bokhopo, le ho ngalla ruri lia amoheloa ka kakaretso, empa ho hang ha se tsona feela. Mekhatlo e meng ea bolumeli hona joale e na le mekete le litšebeletso tsa tlhalo ka lipina le lithapelo joaloka machatong. Moketeng o mong o joalo, The New York Times ea tlaleha, “likano tsa lenyalo lia etsolloa. Banyalani ba nehelana ka lireng tsa bona tsa lechato ho moruti. Tšebeletso e qetella ka phatlalatso e etsoang ke moruti ea hore lenyalo le felile, ’me banyalani ba tšoarana ka matsoho.”
Bajode ba na le moetlo o neng o tiisoe ke makhotla a bolumeli. Melao ea baruti ba Bajode e lumella tlhalo e etsoang ka tumellano ke ba babeli ba nyalaneng kapa e etsoang ka mabaka a ho se phethahale ha ’mele kapa boitšoaro bo ke keng ba mamelloa. Leha ho le joalo, tlhalo e nkoa e le ea molao, hafeela monna a fana ka lengolo la tlhalo, ’me sena e ka ba mohloli oa qabang. Ka baka la boiphetetso banna ba bang ba hana ho fana ka lengolo lena, kapa ba le sebelisa e le monyetla oa ho fumana ntho e ’ngoe e itseng. “Bothata bona bo siile likete tsa basali ba Bajode ba ineetseng bolumeling boemong bo bohloko ba ho lahleheloa ke bolokolohi ba lenyalo,” ho boletse Mopresidente oa New York City Council Andrew Stein pitsong eo ho neng ho phuthehile baeta-pele ba bolumeli, babuelli ba molao, le ba bang. Ntle ho lengolo lena, ho nyaloa hape ha mosali ho nkoa e se ha molao, ’me ngoana ofe le ofe ea hlahang o hlalosoa e le oa matšeo, Naheng ea Iseraele ea kajeno.
Ha e le bakeng sa bao e seng balumeli le ba latolang boteng ba Molimo, ba nahanang hore ba hlile ba boloka molao oa naha, tseko e ntse e hlile e se bonolo. Lebaka ke hobane molao oa tlhalo o fapana ka linaha esita le sebakeng se seng ho se seng ka har’a naha e le ’ngoe. Ramolao e mong o thathamisa mabaka a ka bang 50 ao ka ’ona tlhalo ea molao e ka etsoang likarolong tse fapa-fapaneng tsa United States. Ana a akarelletsa “boitšoaro bo feteletseng le bokhopo,” “ho hloka tumellano e utloahalang ea ho boloka lenyalo le tsitsitse,” le “ho hana ha mosali ho fallela le monna seterekeng sena.” Mehleng ea morao tjena, esita le patlisiso ea morao-rao ea se hlileng se nepahetseng le se fosahetseng e hlakotsoe ke seo ka ho tloaelehileng ho thoeng ke tlhalo e se nang molato.
E Ntse e le Boemo bo Ferekanyang
Le hoja e mengata ea melao le melaoana ena e fapaneng le e loantšanang ka tlhalo ho boleloa hore e theiloe Bibeleng, na e se e atlehile ho tiisa molao-motheo oa lenyalo kapa na e tliselitse batho thabo e eketsehileng? Ho phahama ha tlhalano—ho qhalana ha lenyalo le le leng ho a mang le a mang a mabeli linaheng tse ling—ho fana ka karabelo e hlakileng. E seng feela hore melao ena e hlōlehile ho matlafatsa tlamahano ea lenyalo empa e boetse e tlatselitse mahlomoleng le matšoenyehong a bophelo ba ba limillione.
Ha ho hlahlojoa sena, ke ha bohlokoa bakeng sa bao ba amehileng ka ’nete ka ho etsa se nepahetseng ho fumana hore na Bibele e hlile e reng tabeng ena.