Lintlha Tse ’Nè Tseo le Lokelang ho li Tseba ka Tlhalo
Ka mor’a hore ba hlahlobe tšenyo, beng ba ntlo ba ka khetha ho e heletsa kapa ho e tsosolosa.
NA LENYALO la lōna le boemong bo tšoanang? Mohlomong molekane oa hao o u tsoile tlaase kapa ha le sa thabile lenyalong la lōna ka lebaka la ho lula le qabana. Haeba ho joalo, u ka ’na ua ipolella hore, ‘Ha re sa ratana’ kapa ‘Ha rea etsetsoa ho phela hammoho’ kapa ‘Re ne re sa tsebe seo re se etsang ha re nyalana.’ U ka ba ua nahana hore, ‘Mohlomong re lokela ho hlalana.’
Pele u potlakela ho etsa qeto ea ho qhala lenyalo, ak’u nahane. Hase kamehla tlhalo e felisang matšoenyeho bophelong. Hangata e mpa feela e nkela mathata a mang sebaka ka a mang. Bukeng ea hae e bitsoang The Good Enough Teen, Dr. Brad Sachs o lemosa ka ho re: “Banyalani ba batlang ho arohana ba nahana hore litaba li tla ba tsamaela hantle haholo ha ba hlalane—ba nahana hore hang feela ho qhoebeshana ha bona ho tla be ho feletse ruri, ba sale ba phela ba khatholohile, ba le khutsong le monateng. Empa seo ke ho nahana ntho eo ho leng thata hore e ka etsahala feela joaloka ho nahana hore ho na le lenyalo le phethahetseng.” Kahoo, ke habohlokoa hore motho a be le tsebo e feletseng ’me a nahane taba ea tlhalo ka kelello e hlaphohetsoeng.
Seo Bibele e se Buang ka Tlhalo
Bibele ha e nke tlhalo e le taba e nyenyane. E bolela hore Jehova Molimo o nka e le bolotsana le ho bontša lehloeo ha motho a hlala molekane oa hae ka mabaka a sa utloahaleng, mohlomong e le ka sepheo sa hore a nyalane le e mong. (Malakia 2:13-16) Lenyalo ke tlamo ea ka ho sa feleng. (Matheu 19:6) Banyalani ba bangata ba arohaneng ka mabaka a sa utloahaleng ba ka be ba ile ba phema seo haeba ba ne ba ile ba tšoarelana.—Matheu 18:21, 22.
Ka nako e tšoanang, Bibele e lumela hore motho a ka hlala le ho kena lenyalong hape ka lebaka le le leng—e leng ha molekane e mong a kopanetse liphate le motho eo a sa nyalanang le eena. (Matheu 19:9) Kahoo, haeba u tseba hore molekane oa hao ha aa tšepahala, u na le tokelo ea ho qhala lenyalo. Batho ba bang ha baa lokela ho u qobella hore u amohele maikutlo a bona, ebile hase morero oa sehlooho sena ho u bolella hore na u etse’ng. Qetellong, ke uena ea tla tobana le liphello tsa seo; kahoo, ke uena ea lokelang ho iketsetsa qeto.—Bagalata 6:5.
Leha ho le joalo, Bibele e re: “Ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Kahoo, esita le haeba u e-na le mabaka a lumellanang le Mangolo a hore u hlale, u lokela ho nahana ka ho teba ka hore na mohato oo o tla akarelletsa eng. (1 Bakorinthe 6:12) David oa Brithani o re: “Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore ba lokela ho etsa qeto kapele. Empa kaha kea tseba hore na ho hlala ho joang, ke lumela hore motho o lokela ho ipha nako ea ho nahanisisa lintho hantle.”a
A re tšohle lintlha tse ’nè tsa bohlokoa tseo u lokelang ho nahana ka tsona. Ha re ntse re li tšohla, ka kōpo hlokomela hore ha ho le ea mong oa batho ba hlalileng bao ho qotsitsoeng mantsoe a bona ba reng ba entse qeto e fosahetseng. Leha ho le joalo, seo ba se buileng se totobatsa a mang a mathata ao hangata a hlahang likhoeli kapa esita le lilemo ka mor’a hore ba hlale.
1 Bothata ba Lichelete
Daniella oa Italy, o ne a nyetsoe ka lilemo tse 12 ha a fumana hore monna oa hae o ratana le mosebetsi-’moho le eena. Daniella o re: “Ha ke tseba ka taba ena, mosali eo o ne a se a e-na le likhoeli tse tšeletseng e le moimana.”
Ka mor’a ho qeta nako e itseng ba arohane, Daniella o ile a etsa qeto ea ho mo hlala. O re: “Ke ile ka leka ho sireletsa lenyalo la rōna, empa monna oa ka a ’na a tsoela pele a sa tšepahale.” Daniella o lumela hore o entse qeto e nepahetseng. Leha ho le joalo, o re: “Hang ka mor’a hore re arohane, boemo ba ka ba lichelete bo ile ba mpefala haholo. Ka linako tse ling ke ne ke robala ke sa ja. Ke ne ke inoella lebese feela.”
Maria oa Spain, o ile a tobana le bothata bo tšoanang. O re: “Monna eo ke mo hlalileng ha a re thuse ka chelete ho hang, ’me ke tlameha ho sebetsa ka thata haholo ho lefella likoloto tseo a li entseng. Hape ke ile ka tlameha ho tloha ntlong e mabothobotho ’me ka ea foleteng e nyenyane e neng e le sebakeng se kotsi.”
Joalokaha liphihlelo tsena li bontša, ha lenyalo le qhalana, seo se atisa ho bakela basali mathata a tebileng a lichelete. Ha e le hantle, phuputso e entsoeng ka lilemo tse supileng Europe e bontšitse hore chelete e kenang ea banna e ile ea eketseha ka karolo ea 11 lekholong ka mor’a tlhalo, ’me ea basali ea theoha ka karolo ea 17 lekholong. Mieke Jansen ea neng a eteletse phuputso eo pele o re: “Basali ba bang ba thatafalloa ke lintho, kaha ba lokela ho hlokomela bana, ho batla mosebetsi esita le ho sebetsana le boemo bo sithabetsang maikutlo ba tlhalo.” Daily Telegraph ea London e tlalehile hore ho latela babuelli ba bang ba molao, mabaka a kang ao a etsa hore “batho ba be lesisitheho ha ba nahana ka tlhalo.”
Se ka ’nang sa etsahala: Haeba u hlala, chelete eo u e fumanang e ka ’na ea fokotseha. Mohlomong u ka ba ua tlameha ho falla. Haeba lekhotla le u fa tokelo ea ho hōlisa bana, u ka ’na ua thatafalloa ho iphelisa le ho hlokomela litlhoko tsa bana ka tsela e loketseng.—1 Timothea 5:8.
2 Mathata a ho Hōlisa Bana
Mosali e mong oa Brithani ea bitsoang Jane o re: “Ke ile ka ferekana maikutlo haholo ha ke tseba hore monna oa ka ha a tšepahale. Ntho e ’ngoe e ileng ea ntšithabetsa ke ha ke nahana hore o fela a khethile ho re siea.” Jane o ile a hlala monna oa hae. O ntse a lumela hore o entse qeto e nepahetseng, empa o re: “Bothata bo bong boo ke ileng ka tobana le bona ke ba ho phetha boikarabelo ba ho ba ’mè le ntate ka lapeng. Ke ne ke tlameha ho etsa liqeto tsohle.”
Ho ile ha etsahala se tšoanang ka ’mè e mong oa Spain ea bitsoang Graciela, ea ileng a hlala monna oa hae. O re: “Ke ile ka fuoa tokelo ea molao ea ho hōlisa mora oa ka ea lilemo li 16. Empa bana ba tobana le mathata ha ba le lilemong tsa bocha, ’me ke ne ke sa itokisetsa ho hōlisa mora oa ka ke le mong. Ke ne ke qeta bosiu le motšehare ke lla. Ke utloa eka ke hlōleha ho phetha boikarabelo ba ka ba ho ba ’mè.”
Ba kopanetseng tokelo ea molao ea ho hōlisa bana ba ka ’na ba tobana le bothata bo bong hape—ba ho tlameha ho buisana le batho bao ba hlalaneng le bona ka lintho tse amang maikutlo tse kang linako tseo ngoana a ka etelang e mong ka tsona, ho hlokomela ngoana ka chelete le ho mo khalemela. ’Mè e mong oa United States ea hlalileng, ea bitsoang Christine o re: “Ha ho bonolo hore u sebelisane le motho eo le hlalaneng le eena. Ho na le lintho tse ngata tse amang maikutlo ’me haeba u se hlokolosi u ka qetella u sebelisa ngoana hore u fumane lintho tseo u li batlang.”
Se ka ’nang sa etsahala: U ka ’na ua se ke ua thabela tokisetso ea ho hōlisa ngoana eo lekhotla le e entseng. Haeba le kopanetse tokelo ea molao ea ho hōlisa ngoana, motho eo le hlalaneng le eena a ka ’na a se ke a bontša ho nahanela ka tsela eo u e thabelang, linthong tse boletsoeng ka holimo tse akarelletsang linako tseo ngoana a ka etelang e mong ka tsona, ho mo hlokomela ka lichelete le tse ling tse joalo.
3 Kamoo Tlhalo e ka U Amang Kateng
Mosali oa Mark oa Brithani o ile a tsoa monna oa hae tlaase ka makhetlo a ’maloa. O re: “Lekhetlong la bobeli, ke ne ke sitoa ho mamella taba ea hore a ka ’na a ntsoa tlaase hape.” Mark o ile a hlala mosali oa hae, empa a hlokomela hore o ntse a mo rata. O re: “Ha batho ba mo bua hampe ba nahana hore baa nthusa, empa ha ho joalo. Lerato ha le fele ka ho panya ha leihlo.”
David eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae pejana, le eena o ile a ferekana ha a fumana hore mosali oa hae o ratana le monna e mong. O re: “Ho hang ke ne ke sa lumele. Ke ne ke batla ho qeta bophelo bohle ba ka ke lula le eena le bana ba rōna.” David o ile a etsa qeto ea ho mo hlala, empa seo se entse hore a ipotse hore na o tla etsahalloa ke eng ka moso. O re: “Kea ipotsa hore na ho ka ba le motho ea hlileng a nthatang, kapa mohlomong ke tla etsahalloa ke se tšoanang haeba ke nyala hape. Ha ho sa le bonolo hore ke tšepe motho.”
Haeba u hlalane le molekane oa hao, ke ntho e utloahalang ho lebella hore u tla ba le maikutlo a sa tšoaneng. Ka lehlakoreng le leng, u ntse u ka ’na ua ikutloa u rata motho enoa eo pele le neng le le nama e le ’ngoe. (Genese 2:24) Empa ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua halefisoa ke se etsahetseng. Graciela eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae pejana, o re: “Esita le ka mor’a lilemo tse ’maloa, u ntse u ikutloa u ferekane, u tlotlolotsoe ’me u se na mang-oe! U hopola lintho tse ngata tseo le neng le li thabela lenyalong la lōna, ’me ua nahana: ‘O ne a atisa ho mpolella hore a ke ke a phela ntle le ’na. Na o ne a nthetsa nako ee kaofela? Ke hobane’ng ha ke etsahalletsoe ke see?’”
Se ka ’nang sa etsahala: U ka ’na ua lula u halefile ’me u hlonamisitsoe ke tsela eo molekane oa hao a u tšoereng hampe ka eona. Ka linako tse ling, u ka ’na ua jeoa ke bolutu haholo.—Liproverbia 14:29; 18:1.
4 Kamoo Tlhalo e ka Amang Bana Kateng
Ntate e mong oa Spain ea hlalileng ea bitsoang José, o re: “Ke ile ka utloa bohloko haholo. Ntho e ileng ea nkutloisa bohloko ka ho fetisisa ke ha ke fumana hore mosali oa ka o ratana le soare sa ka. E ne eka nka shoa.” José o ile a hlokomela hore bashemane ba hae ba babeli—ea lilemo li peli le ea lilemo li ’nè—le bona ba anngoe ke lintho tseo ’mè oa bona a li entseng. O re: “Ba ne ba sa utloisise se etsahalang ba bile ba thatafalloa ho se amohela. Ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ’mè oa bona a lula le monna oa rakhali’a bona le hore na ke hobane’ng ha ke ne ke ba nkile ke se ke lula le khaitseli’a ka le ’Mè. Ha ke tlameha ho ea kae-kae, ba ne ba re, ‘U tla khutla neng?’ kapa ba re, ‘Ntate, u se ke ua re siea!’”
Hangata batho baa lebala hore ha ba hlalana bana e ba mahlatsipa. Empa ke’ng seo batsoali ka bobeli ba ka se etsang haeba ba sa phelisane ka khotso? Boemong bo joalo, na ka sebele tlhalo “e molemong oa bana”? Lilemong tsa morao tjena, maikutlo ao a ’nile a hanyetsoa—haholo ha banyalani ba se na mathata a tebileng hakaalo. Buka e bitsoang The Unexpected Legacy of Divorce e re: “Banyalani ba bangata ba qabeletsoeng manyalong a se nang thabo baa makala ha ba hlokomela hore bana ba bona ba batla ba khotsofetse. Ha ba na taba le hore na ’Mè le Ntate baa sebelisana kapa che, hafeela lelapa le ntse le le ’moho ho lokile.”
Ke ’nete hore hangata bana baa elelloa ha batsoali ba qabane, ’me tsitsipano e bang teng pakeng tsa banyalani e ka ama bana hampe kelellong le maikutlong. Leha ho le joalo, e ka ba phoso ho nahana hore tlhalo e tla tsoela bana molemo. Bukeng ea bona e bitsoang The Case for Marriage, Linda J. Waite le Maggie Gallagher ba re: “Ho bonahala tokisetso ea lenyalo e thusa batsoali hore ba khalemele bana ka tsela e tsitsitseng le e leka-lekaneng eo bana ba e amohelang, esita le haeba banyalani ba e-na le mathata.”
Se ka ’nang sa etsahala: Tlhalo e ka ama bana hampe, haholo-holo ha u sa ba khothalletse hore ba be le kamano e ntle le motho eo le hlalaneng le eena.—Sheba lebokose le reng “Ke Qabeletsoe.”
Sehloohong sena ho tšohliloe lintlha tse ’nè tseo u lokelang ho nahanisisa ka tsona haeba u ntse u lohotha ho hlala. Joalokaha ho boletsoe pejana, haeba molekane oa hao a sa tšepahala, ke uena ea lokelang ho etsa qeto. Ho sa tsotellehe hore na u etsa qeto efe, u lokela ho ela hloko liphello tsa eona. Tseba mathata ao u tla tobana le ’ona ’me u itokisetse ho sebetsana le ’ona.
Ka mor’a ho nahanisisa ka taba ena, u ka ’na ua bona ho le molemo hore u leke ho ntlafatsa lenyalo la lōna. Empa na ehlile seo se ka etsahala?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.
[Lebokose le leqepheng la 6]
“TOKELO EA MANTLHA EA NGOANA E MONG LE E MONG”
“Ha ke le lilemo li hlano, Ntate o ile a ratana le mongoli oa hae ka nakoana ’me batsoali ba ka ba ile ba hlalana. Tabeng ea ho ntlhokomela, ka bobeli ba ile ba nketsetsa sohle ‘se loketseng’ seo mehleng eo ho neng ho nkoa hore ke bohlale. Ba ile ba nkholisa hore le hoja ba se ba sa ratane empa ba ntse ba nthata, ’me ka mor’a hore Ntate a fallele foleteng e karolong e ’ngoe ea motse, ka bobeli ba ile ba tsoela pele ho ntlhokomela ka lintho tseo ke li hlokang nameng.
“Lilemo tse peli hamorao ’Mè o ile a nyaloa hape, ’me ra fallela naheng e ’ngoe. Ka mor’a moo, ke ne ke bona Ntate hang ka mor’a lilemo tse seng kae. Ke mo bone hanngoe feela lilemong tse robong tse fetileng. Ha a tsebe lintho tse ngata tse nketsahaletseng ha ke ntse ke hōla, ebile ha a tsebe bana ba ka ba bararo—e leng litloholo tsa hae—haese feela lintho tseo ke ’nileng ka mo bolella tsona ha ke mo ngolla le ha ke mo romela lifoto. Le bona ba fetiloe ke monyetla oa hore ba tsebe ntate-moholo oa bona.
“Le hoja ha ke hōla batsoali ba ka ba ne ba hlalane, ke ne ke se na maqeba a bonahalang. Empa ka hare teng ke ne ke loantšana le maikutlo a tšabehang a khalefo, ho sithabela le ho ikutloa ke sa sireletseha le hoja ke ne ke sa tsebe lebaka. Ke ne ke sa tšepe banna ho hang. Ke hōtse ke sa ba tšepe ho fihlela ha ke le lilemo tse ka holimo ho 30 ha motsoalle e mong oa ka ea hōlileng tsebong a nthusa hore ke hlokomele sesosa sa lehloeo la ka ’me ka qala ho etsa boiteko ba ho ntlafatsa tabeng eo.
“Ho hlalana ha batsoali ba ka ho ile ha nkamoha tokelo ea mantlha ea ngoana e mong le e mong—e leng ho ikutloa a sireletsehile a bile a bolokehile. Lefatše ke sebaka se se nang botsoalle se bileng se tšosang, empa ke nka hore lelapa ke sebaka se sireletsehileng, seo ngoana a ka ikutloang a hlokometsoe a bile a phutholohile ho sona. Ha u thuha bonngoe ba lelapa, joale lebota le le sirelelitseng le ea putlama.”—Diane.
[Lebokose le leqepheng la 7]
“KE QABELETSOE”
“Batsoali ba ka ba ile ba hlalana ha ke le lilemo li 12. Ka tsela e itseng, ke ile ka imoloha. Ho ile ha e-ba le khotso le khutso ka lapeng, kaha ke ne ke se ke sa ba mamele ha ba loana. Leha ho le joalo, maikutlo a ka a ne a loantšana.
“Ka mor’a hore batsoali ba ka ba hlalane, ke ne ke batla ho sebelisana hantle le bona ka bobeli ’me ke ne ke leka ka matla hore ke se ke ka sekamela ka ho e mong. Empa ho sa tsotellehe seo ke neng ke se etsa, kamehla ke ne ke utloa eka ke qabeletsoe. Ntate o ne a re o nahana hore ’Mè o tla etsa hore ke mo fetohele. Kahoo, nako le nako ke ne ke tlameha ho mo kholisa hore ’Mè o ne a sa leke ho ntšusumetsa hampe. ’Mè le eena o ne a tšoenyehile haholo. O ile a re o tšoha hore ke mamela lintho tse mpe tseo Ntate a mpolellang tsona ka eena. Ke ile ka fihla boemong boo ke neng ke nka hore ha ho kamoo nka buisanang le bona kateng ka lintho tse etsahalang bophelong ba ka kaha ke ne ke sa batle ho ba utloisa bohloko. Kahoo, bonneteng ho tloha ha ke le lilemo li 12, ha ho motho eo ke ileng ka mo bolella kamoo ke ikutloang kateng ka ho hlalana ha batsoali ba ka.”—Sandra.