Na Lenyalo la Lōna le ka Sireletsoa?
Beng ba ntlo baa hlokomela hore ntlo ea bona e boemong bo bobe, empa ba entse qeto ea ho e tsosolosa.
NA LE ka rata ho etsa se tšoanang lenyalong la lōna? Haeba ho joalo, le ka qala hokae? Lekang ho sebelisa litlhahiso tse latelang.
1 Etsang qeto.
Lumellana le molekane oa hao hore le tla sebetsa hammoho ho tsosolosa khotso lenyalong la lōna. Lekang ho ngola liqeto tsa lōna fatše. Haeba ka bobeli le ikemiselitse ho sireletsa lenyalo la lōna, le tla etsa seo le le ’moho.—Moeklesia 4:9, 10.
2 Qollang bothata.
Ke’ng e bakileng pherekano lenyalong la lōna? Ngola polelo e le ’ngoe ’me u hlalose seo u nahanang hore sea haella kapa seo u lakatsang eka se ka fetoha lenyalong la lōna. (Baefese 4:22-24) Ka ho utloahalang, bothata boo u bo qolotseng bo ka ’na ba fapana le boo molekane oa hao a bo hlokometseng.
3 Ipeheleng seo le batlang ho se finyella.
Le ka rata hore le be le finyelletse eng lenyalong la lōna ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ho tloha joale? Ke lintho life tseo ka ho khetheha le ka ratang ho bona li ntlafala? Ngolang lintho tseo le batlang ho li finyella. Ha le e-na le pono e hlakileng mabapi le se hlokahalang lenyalong la lōna, ho tla ba bonolo hore le finyelle sepheo sa lōna.—1 Bakorinthe 9:26.
4 Sebelisang keletso ea Bibele.
Hang ha le se le hlokometse bothata ba lōna ’me le qollotse lintho tseo le lokelang ho li etsa ho ntlafatsa lenyalo la lōna, batlang keletso Bibeleng. Melao-motheo ea eona ea sebetsa kamehla ’me e molemo. (Esaia 48:17; 2 Timothea 3:17) Ka mohlala, Bibele e khothalletsa uena le molekane oa hao hore le tšoarelane. Ha e le hantle, Bibele e re “ho hlokomoloha tlōlo ke botle.”—Liproverbia 19:11; Baefese 4:32.
Esita le haeba qalong ho bonahala eka le hamela letanteng, le se ke la tela! Buka e bitsoang The Case for Marriage e tlaleha liphello tse khothatsang tsa phuputso e ’ngoe, e re: “Phuputsong eo, ntho e makatsang ke hore banyalani ba etsang karolo ea 86 lekholong ba neng ba sa thaba empa ba ile ba lula lenyalong, ba fumane hore ka mor’a lilemo tse hlano ba ne ba thabile haholoanyane manyalong a bona.” Esita le banyalani ba neng ba nka hore ho hang ha baa thaba, boemo ba bona bo ile ba fetoha.
Le lōna le ka ’na la etsahalloa ke ntho e tšoanang. Bahatisi ba makasine ena, e leng Lipaki Tsa Jehova, ba fumane hore Bibele e fana ka melao-motheo e thusang banyalani. Ka mohlala, lintho lia ntlafala manyalong a mangata ha banyalani ba bontšana mosa le qenehelo e bonolo ’me ba tšoarelana ka bolokolohi. Basali ba ithutile bohlokoa ba ho bontša “moea o thōtseng le o bonolo,” ’me banna ba hlokometse melemo e tlisoang ke ho se halefele basali ba bona ka matla.—1 Petrose 3:4; Bakolose 3:19.
Melao-motheo ea Mangolo ea sebetsa hobane Mongoli oa Bibele, Jehova Molimo, ke eena ea thehileng tokisetso ea lenyalo. Ke hobane’ng ha le sa kōpe Lipaki Tsa Jehova hore li le fe boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo Bibele e ka le thusang kateng lenyalong la lōna?a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le hore li thuse malapa, Lipaki Tsa Jehova li hatisitse buka e maqephe a 192, e nang le sehlooho se reng Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, ngolla bahatisi ba eona atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.