Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/10 leq. 10
  • Letlalo la Shaka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letlalo la Shaka
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lishaka li Maqakabetsing
    Tsoha!—2007
  • Shark Bay—Lebōpo le Hlollang ka Botle la Leoatle
    Tsoha!—2007
  • Liphoofolo Tsa Litonanahali Tse Bolibeng ba Leoatle
    Tsoha!—2009
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 2/10 leq. 10

Letlalo la Shaka

Na le Entsoe?

● Ha motho a shebile letlalo la shaka, le bonahala eka le boreleli. Empa haeba ho sireletsehile hore u e tšoare, u tla utloa hore ha e le hantle letlalo la shaka le khorofo joaloka sandpaper, ha u tsamaisa letsoho ho tloha mohatleng ho ea hloohong.a

Ak’u nahane: Makhekhebu a manyenyane a etsang hore letlalo la shaka le be khorofo a e thusa ka litsela tse peli. Ea pele, a laola metsi ka tsela e etsang hore shaka e sese habonolo. Ea bobeli, makhekhebu ao aa sisinyeha ha shaka e sesa, ’me seo se sitisa likokoana-hloko hore li hahele letlalong la eona.

Tsela eo letlalo la shaka le leng ka eona e ka sebelisoa linthong tse ngata. Ka mohlala, bo-rasaense ba entse seaparo sa ho sesa se entsoeng ka lesela le kang letlalo la shaka ka holimo, ’me se eketsa lebelo leo motho a sesang ka lona ka hoo e ka bang karolo ea boraro lekholong. Ba lumela hore ho ka etsoa se tšoanang ho hlahisa likoloi le likepe tse lebelo le ho feta.

Bafuputsi ba boetse ba batla litsela tsa ho etsa pente e tla khona ho itlhoekisa joaloka letlalo la shaka, e tla thibela liphoofotsoana ho itšoarella likepeng ’me e se ke ea silafatsa tikoloho, ho e-na le ho sebelisa lipente tse chefo tse entsoeng ka tšepe. Lintho tse ling tseo ba ka li etsang li akarelletsa lihlahisoa le lisebelisoa tsa bongaka tse tla fokotsa monyetla oa hore motho a be kotsing ea ho tšoaetsoa mafu ha a le sepetlele.

U nahana’ng ka see? Na letlalo la shaka—le etsang hore e sese habonolo le bileng le itlhoekisang—le bile teng ka tšohanyetso? Kapa na le entsoe?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Letlalo la eona ha le utloahale le le khorofo ha u tsamaisa letsoho ho tloha hloohong ho ea mohatleng.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Makhekhebu a hōlisitsoeng a letlalo la shaka

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 10]

Scales: © Eye of Science/Photo Researchers, Inc.; shark: © Image Source/age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela