Tsoha! E Thusa ho Pholosa Lesea le E-song ho Tsoaloe
● Mosali e mong oa Mexico ea bitsoang Anita o ne a e-na le bana ba bararo ’me a lebeletse e mong.a O ile a bolella monna oa hae hore ha a batle ngoana e mong le hore o tla etsa ntho leha e le efe ho ntša mpa eo. O ile a ba a re o tla ipolaea! Ka nako eo, Anita o ne a ithuta Bibele le e mong oa Lipaki Tsa Jehova empa a sa tsoele pele hakaalo. O re: “Ke ne ke le motho ea ikhohomosang.”
Paki e neng e ithuta le Anita e ile ea mo hlalosetsa melao-motheo ea Bibele e amehang. Ka mohlala, e ile ea mo bontša hore bophelo ba ngoana ea e-s’o tsoaloe boa halalela mahlong a Molimo. Iseraeleng ea boholo-holo, haeba motho a ne a lematsa mosali oa moimana ebe mosali eo kapa ngoana oa hae ea e-song ho tsoaloe oa shoa, Molao oa Molimo o ne o laela hore motho eo a nkoe e le ’molai. (Exoda 21:22, 23)b Empa Anita o ne a sa utloe seo Paki eo e se hlalosang. O ne a se a qetile le pelo ea hae.
Anita o re: “Motho e mong o ile a mpolella hore haeba ke entoa ka sethethefatsi se itseng, se ne se tla etsa hore ke senyeheloe. Kahoo ke ile ka reka sethethefatsi seo ’me ka kōpa motsoalle e mong oa ka hore a nkente ka sona. O ile a nkenta, empa ha se ke ha etsahala letho. Hamorao ke ile ka hlokomela hore o ne a sa batle ho kenya letsoho ketsong eo e mpe, kahoo ka sephiri, o ile a nkenta ka metsi a hloekileng ho e-na le ho sebelisa sethethefatsi seo.”
Leha ho le joalo, Anita o ile a ’na a phehella. Ha a le likhoeli tse ’nè e le moimana, o ile a fumana ngaka e ileng ea lumela hore e tla ntša mpa eo. Matsatsi a tšeletseng pele ho letsatsi leo a neng a tla ntša mpa ka lona, Paki eo e ile ea fa Anita makasine ea Tsoha! ea November 8, 1980, e nang le sehlooho se reng, “Tlaleho ea ka Mehla ea Lesea le E-song ho Tsoaloe.” “Tlaleho” eo e ile ea phetha ka ho re: “Kajeno ’mè oa mpolaea.” Mantsoe ao a ile a tšosa Anita haholo, ’me a qeta lihora a lla. O re: “Qetellong sehlooho seo se ile sa mpula mahlo.”
Anita o ile a ba le ngoana ea phetseng hantle oa ngoananyana. Anita o re: “Kajeno ke na le tokelo ea ho tseba Jehova, eo ke mo ratang ka pelo ea ka eohle.” O boetse o ruta morali oa hae Lentsoe la Molimo, e le hore le eena a tle a rate Jehova. Ha e le hantle, morali oa hae o lumela a sa qeaqee hore ke ka thuso ea Molimo a ntseng a phela—hobane ke eena Mohloli oa bophelo le hore lithuto tse ka Lentsoeng la hae, tse tšohliloeng makasineng eo ea Tsoha! li mo pholositse.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso la hae le fetotsoe.
b Mantsoe a sebelisitsoeng puong ea pele a akarelletsa ho shoa ha ’mè kapa ha ngoana.