Bacha Baa Botsa. . .
Ho Hleka-hlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali—Nka Itšireletsa Joang?
ANITA ea lilemo li 16 ke motho ea mafolo-folo le ea bososelang habonolo. Leha ho le joalo, o sosobanya sefahleho ha a hlalosa ka liketsahalo tsa morao tjena tsa moo a kenang sekolo teng. O-oa hopola: “Moshemane e mong ea ratoang haholo o ile a nqobella phasejeng ’me a qala ho mphopholetsa ka mokhoa o sa lokelang. O ne a ile a atleha ho etsa sena bananeng ba bang ba bangata—ba ne ba thabela tlhokomelo eo a neng a ba neha eona, empa ’na ke ne ke sa e thabele! Ho mo kōpa ha ka ka tsela e bonolo hore a khaotse ho mphopholetsa ha hoa ka ha sebetsa. O ne a sa nahane hore ke hlile ke tiile ka seo ke se bolelang.”
Ka sebele bothata ba Anita bo tloaelehile. Ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali ho bonahala ho ne ho tloaelehile mehleng ea Bibele. (Bapisa le Ruthe 2:8, 9, 15.) ’Me ho atile ka mokhoa o tšosang kajeno. Ngoanana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o re: “Banna ba bang mosebetsing ba ne ba bua lipolelo tse hlabisang lihlong ka ’mele oa ka.” Empa hangata ho hleka-hlekoa ho akarelletsa ho fetang feela ho bua ka mantsoe. O-oa eketsa: “Ba bang ba ne ba leka ho mphopholetsa kapa ho ntšoara-tšoara.” Ngoanana ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang René o ile a bolella Tsoha! ho re: “Ho hleka-hlekoa ho bile hobe hoo ke ileng ka tlameha ho tlohela mosebetsi.”
Phuputso e ’ngoe ea morao tjena e tlalehile hore karolo ea 81 lekholong ea liithuti tse lihlopheng tsa 6 ho isa ho 9 e boletse hore e kile ea hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali bonyane hanngoe. U.S.News & World Report e-ea tlaleha: “Ho bao, karolo ea 65 lekholong ea banana le karolo ea 42 lekholong ea bashemane e boletse hore e kile ea phopholetsoa, ea tšoaroa-tšoaroa kapa ea petetsoa ka tsela e ka lebisang litabeng tsa botona le botšehali.” E, bashemane hammoho le banana ke bona ba shebiloeng. Ho joalokaha motsoali oa moshemane e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 a hopola: “Ke ’nile ka makatsoa ke sebete seo banana ba nang le sona sekolong seo mora a se kenang. Ho tloha nakong eo a ka bang lilemo li 12, re nile ra amohela lifono tse kenang li sa khaotse, limemo tsa ho laetsana, likhothaletso tse litšila tsa likamano tsa botona le botšehali—le lintho tse ling tse joalo.”
Ho bonolo ho nka habobebe feela boitšoaro bona bo khopisang. Mocha e mong o ile a hlokomela: “Ka linako tse ling ho etsoa ka mokhoa oa bosoasoi.” Empa hase mosoaso ho Bakreste! Baa tseba hore hangata ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali ke boiteko ba ho qeka motho ho mo isa boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali, e leng ntho eo Jehova Molimo a e nyatsang. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le laela hore basali ba bacha ba tšoaroe “ka hloeko eohle.” (1 Timothea 5:2) Hape le hanela “mesoaso e mebe.” (Ba-Efese 5:3, 4) Ka lebaka leo bacha ba Bakreste ha baa lokela ho lumella ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali! Potso ke hore, U ka itšireletsa joang ho qoba ho ba phofu ea hona? Ha re ke re bueng ka mehato ea ho ho thibela.
Litsela Tsa ho Qoba ho Hleka-hlekoa
Hlaolela botumo ba boitšoaro ba Bokreste. Jesu o khothalelitse hore: “Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo.” (Mattheu 5:16) Ho abelana seo u se lumelang le bao u kenang sekolo le bona le bao u sebetsang le bona ke tsela e ’ngoe ea ho etsa sena. Ha u tsejoa u le e mong ea nang le tumelo e tiileng le ea nang le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro, hase habonolo u ka bang mohlaseluoa oa tlheka-tlheko.
Hlokomela tsela eo u aparang le ho itlhopha ka eona. Mehleng ea Bibele moaparo o itseng o ne o khetholla mosali e le oa boitšoaro bo bobe. (Bapisa le Liproverbia 7:10.) Hoa tšoana le kajeno, lifeshene tse tsosang litakatso li ka ’na tsa u etsa ea ratoang lithakeng tsa hao, empa li ka fana ka maikutlo a fosahetseng ka uena. U ka ’na ua iphumana u hapile tlhokomelo ea mofuta o fosahetseng oa batho ba bong bo fapaneng. Bothata bo tšoanang bo ka hlahella haeba ngoanana a sebelisa litlolo ka tsela e etsang hore a bonahale a le moholo ho feta kamoo a leng kateng. Keletso ea Bibele ke hore u ‘apare seaparo se lokelang, u itlhophe ka boitlhompho le ka tšabo.’—1 Timothea 2:9.
Khetha metsoalle ea hao ka hloko. (Liproverbia 13:20) Etsoe, batho ba tla u ahlola ho latela metsoalle ea hao. ’Me haeba metsoalle ea hao e tsejoa ka ho qeta nako e ngata e bua ka batho ba bong bo fapaneng le ba bona, batho ba ka ’na ba ba le khopolo e fosahetseng le ka uena.—Bapisa le Genese 34:1, 2.
Qoba ho bapala ka maikutlo a lerato. Ke ’nete hore ha ho letho le phoso ka ho ba le botsoalle, leha ho le joalo, ho shebela motho ruri le ho mo phopholetsa ho ka ’na ha utloisisoa ka tsela e fosahetseng ke motho oa bong bo fapaneng le uena. Ha ho hlokahale hore u phopholetse motho e mong e le hore u tsoele pele ka puisano. Sebelisa Molao oa Khauta ’me u tšoare motho oa bong bo fapaneng le uena ka tsela eo u batlang hore u tšoaroe ka eona—ka tlhoeko le ka tlhompho. (Mattheu 7:12) Qoba ho leka ho hapa tlhokomelo ea batho ba bong bo fapaneng le uena bakeng sa boithabiso feela tjee. Ho etsa joalo hase feela ho hloka mosa le ho khelosa empa ho kotsi. Bibele ho Liproverbia 6:27 e-ea botsa: “Ana motho a ka ikokhella mollo sefubeng, liaparo tsa hae li sa che na?”
Haeba U Hlaseloa
Ke ’nete hore esita le haeba tse ling tsa liphetoho moaparong oa hao, boitlhophong kapa boitšoarong e le tse loketseng, ba bang ha ba na tokelo ea ho u phatha-phathatsa kapa ho u etsetsa likhothaletso tse litšila tsa likamano tsa botona le botšehali. ’Me esita le bacha ba bang ba ’nileng ba beha mohlala ka ponahalo le boitšoaro ba ’nile ba hlaseloa. Ke eng seo u ka se etsang haeba sena se u etsahalla? Tse ling tsa litlhahiso ke tsena.
Hana u tiile. Ke ho tsebahalang hore batho ba bang ba ee ba bolele hore ha ba batle liketso tse lebisang likamanong tsa botona le botšehali empa haele hantle ba hlile ba li amohela. Ka hona bahlaseli ba ka ’na ba nahana hore ho hana ha hao ho qea-qeang ho hlile ho bolela ho amohela—kapa bonyane hore mohlomong—ho fihlela u bile u ba kholisitse ka tsela e ’ngoe. Keletso ea Jesu ea hore che ea hao e be che e hlile ea sebetsa tabeng ena. (Mattheu 5:37) Tlohela ho keketeha kapa oa ho etsa eka ke papali. Leha e le hona ho lumella hore boemo ba hao ba ’mele, molumo oa lentsoe, kapa ponahalo ea sefahleho hore e hanyetsane le mantsoe a hao.
Bontša bohale. Hangata ba hlekefetsang ka likamano tsa botona le botšehali ba itšetleha ka ho hloka boikemisetso ba ho ba thibela ha bahlaseluoa ba bona. Leha ho le joalo, mehleng ea Bibele basali ba Baiseraele ba ne ba fuoe tokelo, ha e le hantle tlamo, ea ho hanela tlhaselo ka likamano tsa botona le botšehali. (Deuteronoma 22:23, 24) Ka ho tšoanang le kajeno, Mokreste ha aa lokela ho ikutloa hore ho phopholetsoa kapa ho pholloa ka tsela e sa lokelang ke tabanyana feela e fokolang. Ho fosahetse, ke tlhaselo ea seriti sa hao u le motho hape u le Mokreste. Ha u-ua lokela ho e amohela ntle le boiteko ba ho e thibela! Bibele e-ea khothaletsa: “Hloeang ho hobe”!—Ba-Roma 12:9.
Tsela e ’ngoe e sebetsang haholo bakeng sa ho emisa boitšoaro bona bo bobe ke ka ho bontša bohale le ka ho tlotlolla ea batlang ho u hleka-hleka; mohlomong a ka khaotsa. Hopola phihlelo ea Anita, ea boletsoeng qalong. Ho kōpa ha hae mohlaseli oa hae ka tsela e bonolo hore a khaotse ho mo phopholetsa ha hoa ka ha sebetsa. Anita o-oa re bolella: “Ke ile ka tlameha ho mo tlotlolla ka pel’a metsoalle ea hae ka ho hoeletsa ke mo bolella hore a SE KE a mphopholetsa ka tsela e joalo!” Phello e bile efe? “Metsoalle ea hae kaofela ea mo tšeha. O ile a hloka botsoalle ka nakoana, empa matsatsi a se makae hamorao, a kōpa tšoarelo ka boitšoaro ba hae ’me hamorao o bile a ntšireletsa ha motho e mong a leka ho nkhathatsa.”
Haeba mantsoe a sa sebetse, mohlomong ho ka hlokahala hore u tsamaee—kapa esita le ho matha—ho balehela thōko le tlhaselo. ’Me haeba monyetla oa ho baleha o le sieo, u na le tokelo ea ho sebelisa mekhoa leha e le efe ea ho itšireletsa tlheka-tlhekong. Ngoanana e mong oa Mokreste o e behile ka mantsoe a tobileng ka tsela ena: “Ha moshemane a leka ho ntšoara, ke mo otla ka setebele ka matla ’ohle a ka ’me ke ntan’o baleha!” Ke ’nete hore sena hase bolele hore enoa ea hleka-hlekang o tla khaotsa ho leka hape. Ka hona ho ka ’na ha hlokahala hore u kōpe thuso e itseng.
Bolella motho e mong. Adrienne ea lilemo li 16 o-oa lumela: “Ke seo qetellong ke ileng ka tlameha ho se etsa. Ka kōpa batsoali ba ka keletso ka boemo boo moshemane eo ke neng ke nahana hore ke motsoalle ea molemo a neng a sa batle ho khaohana le ’na. Ha ke ntse ke eketsa ho mo hanela le eena a eketsa ho phehella, feela joalokaha eka ke papali.” Batsoali ba Adrienne ba ne ba e-na le keletso e sebetsang e ileng ea mo thusa hore a sebetsane le bothata ba hae ka katleho.
Batsoali ba hao le bona ba ka u thusa ho sebetsana le liphello tsa boikutlo tse ka ’nang tsa tlisoa ke tlhaselo, joalo ka masoabi, tšabo kapa lihlong. Ba ka u tiisetsa hore tlhaselo e ne e se ka lebaka la phoso ea hao. Hape ba ka ba ba nka mehato e tla u thusa ho u sireletsa nakong e tlang.
Ka mohlala, ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ho molemo ho tsebisa tichere ea hao kapa batsamaisi ba sekolo ka bothata ba hao. Likolo tse ngata United States li nka litletlebo ka mokhoa o tebileng haholo ’me li na le melao e qaqileng ea tsamaiso bakeng sa ho sebetsana le ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali har’a liithuti.
Ke ’nete hore hase batsamaisi bohle ba likolo ba nang le kutloelo-bohloko e joalo. Earlisha ea lilemo li 14 o re: “Moo ke kenang sekolo teng, ka linako tse ling matichere aa re hlapaola ’me a itšoara ka tsela e mpe ho feta bana. Ha u tsebe hore na u retelehele hokae bakeng sa thuso.” Kahoo hase ho makatsang hore ha a tlaleha ka ho hleka-hlekoa ha hae, o ile a qosoa ka hore o ameha maikutlong ka tsela e feteletseng. Leha ho le joalo, Earlisha ha aa ka a tela. O ile a ikopanya le banana ba bang ba tšeletseng ba kileng ba petetsoa le ho pholloa ke eena moshemane eo. O re: “Ho ile ha hloka hore ka botšelela ba rōna re kholise mosuoe-hlooho hore bothata bo hlile bo teng.” Qetellong, a atleha ho thibela boitšoaro boo bo fosahetseng.
Retelehela ho Molimo bakeng sa tšehetso. Haeba ka linako tse ling ha u le sekolong u ee u ikutloe eka u tšoasitsoe lemeneng la litau, hopola hore Jehova Molimo o ile a sireletsa moprofeta Daniele lemeneng la sebele la litau. (Daniele 6:16-22) Le uena Jehova a ka u thusa. O utloisisa likhatello tseo u talimaneng le tsona sekolong. ’Me haeba boemo bo ntse bo thatafala, u ka bitsa ho eena bakeng sa thuso—ua hoeletsa haeba ho hlokahala! Se ke ua tšaba kapa ua hlajoa ke lihlong ho tsejoa u le e mong oa bahlanka ba Molimo oa ’nete. Bibele e tšepisa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova hore: “O sirela meea ea bakhethoa ba hae, o ba namolela matsohong a ba bolotsana.”—Pesaleme ea 97:10.
Sena ha se fane ka tiiso ea tokollo ka mokhoa oa mohlolo. U lokela ho etsa sohle seo u ka se etsang ho itšireletsa. Latela melao-motheo ea Bibele. E-ba ea itekanetseng puong ea hao le ponahalong. E-ba seli ha u sebetsana le batho ba bong bo fapaneng. Ka ho etsa joalo, u tla etsa ho hongata ho itšireletsa khahlanong le ho hleka-hlekoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Se ke oa qea-qea ha u hanela likeko tse sa lokelang; che ea hao ha e be che!
Haeba ka mor’a ho bala makasine ona u na le lipotso leha e life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine ona. (Bona leqephe la 5.)