Bacha Baa Botsa . . .
Nka Sebetsana Joang le ho Hleka-hlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali?
“Bashanyana ba letsa meloli le ho etsa melumo.”—Carla, Ireland.
“Banana ba ntetsetsa thelefono joalo-joalo. Ba leka ho suthisa motho moo a emeng teng.”—Jason, United States.
“O ne a lulela ho nthetsa letsoho le ho leka ho le tšoara.”—Yukiko, Japane.
“Banana ba bua lintho tse litšila ho ’na.”—Alexander, Ireland.
“Moshanyana e mong o ile a ’na a mpuela lintho tse itseng a buela holimo ka beseng ea sekolo. Hase hore o ne a batla ho intša le ’na. O ne a mpa a ntlhekefetsa.”—Rosilyn, United States.
HO SHEBA motho ka tsela ea lebonyo, “pabatso” e tsosang takatso ea botona kapa ea botšehali, mesoaso e litšila, ho phathatsa—hangata boitšoaro bo joalo ha bo sa ananeloe, ’me bo etsoa ka ho pheta-phetoa, bo tšoana le se bitsoang ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali. Le hoja ho le thata ho fumana lipalo tsa lefatše ka bophara, liphuputso li bontša hore boholo ba bacha ba ntseng ba kena sekolo United States bo bile le phihlelo ea hona.
Hantle-ntle ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali ke eng? Buka ea Coping With Sexual Harassment and Gender Bias, e ngotsoeng ke Dr. Victoria Shaw, e ho hlalosa e le “ho khathatsa motho e mong ka tsela e tsosang takatso ea botona kapa ea botšehali . . . E ka ba ka ketso (joaloka ho tšoara motho ka tsela e tsosang takatso), ka polelo (joaloka ho bua ntho e hlohlontšang litsebe ka ponahalo ea motho), kapa ka ho se bue.” Ka linako tse ling ho hleka-hleka ho kopanyelletsa ho etsa kōpo ea ho kopanela liphate.
Ho ka etsahala hore boholo ba tlhekefetso e teng sekolong e tsoa ho lithaka tsa hao. Leha ho le joalo, maemong a mang boitšoaro bo khopisang bo ’nile ba hlaha bathong ba baholo, ba kang matichere. Sehlooho se seng se neng se hlahile makasineng ea Redbook se fana ka maikutlo a hore palo e batlang e fokola ea matichere a fumanoeng a le molato oa ho hleka-hleka, “ho ka etsahala hore ebe ke karoloana feela ea palo ea ba hlileng ba leng molato.”
Basali—ka linako tse ling le banna—ba ne ba le tlas’a tšoaro e joalo esita le khale koana mehleng ea Bibele. (Genese 39:7; Ruthe 2:8, 9, 15) ’Me Bibele e ile ea bolela esale pele ntho ena e bohloko: “Ho tla ba le linako tse bohloko matsatsing a ho qetela. Batho e tla ba baithati, ba meharo, ba ithorisang le ba inahanang bobona; e tla ba ba rohakanang . . . ; ba tla hloka mosa, ba hloke mohau, e be baetselletsi, ba mabifi le ba bohale bo tšosang.” (2 Timothea 3:1-3, Today’s English Version) Ka hona, ho ka etsahala hore u kopane le boemo ba ho hlekoa-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali.
Pono ea Molimo
Ke ’nete hore hase bacha bohle ba tšoenngoang ke boitšoaro bo hlekefetsang ba ho tsosa takatso ea botona kapa ea botšehali. Ba bang ba ka ho nka e le ntho e qabolang—kapa e le fela ho rorisa ka tsela e phoqang. Phuputso e ’ngoe e tšosang ea United States e bontšitse hore har’a bahlaseluoa ba hleka-hlekiloeng ke ba batona kapa ba batšehali, karolo ea 75 lekholong e ile ea lumela hore le eona e kile ea hleka-hleka ba bang. Batho ba bang ba baholo ba ka ’na ba hlohlelletsa bothata bona ka ho khella fatše ho teba ha boitšoaro ba ho hlekefetsa bo tsosang takatso ea botona kapa ea botšehali, ba ho nka feela e le ho ithuta bophelo ha bongoana. Empa Molimo o ho talima joang?
Lentsoe la Molimo, Bibele, le nyatsa ka ho hlaka mekhoa eohle ea ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali. Re bolelloa hore re se ke ra “nyonyobela litokelo” tsa ba bang ka ho tlōla meeli ea boitšoaro ba botona le botšehali. (1 Bathesalonika 4:3-8) Ha e le hantle, ka ho khetheha bahlankana ba laeloa hore ba tšoare ‘basali ba bacha joaloka barali babo bona, ka tlhoeko eohle.’ (1 Timothea 5:1, 2) Ho feta moo, Bibele e nyatsa “mesoaso e nyonyehang.” (Baefese 5:3, 4) Ka hona, u na le tokelo ea ho ikutloa u halefile, u koatile, u ferekane le hona ho ikutloa u tlotlolotsoe ha u hleka-hlekoa!
Ke R’eng?
Joale u lokela ho itšoara joang ha motho a u khathatsa ka tsela ee? Ka linako tse ling karabelo e tetemang kapa e sa hlakang e ka etsa hore mohleka-hleki a leke le ho feta. Bibele e re bolella hore ha Josefa a ne a kōpuoa ke mosali oa mohiri oa hae hore a kopanele liphate le eena, ha aa ka a mo hlokomoloha feela. Ho e-na le hoo, ka tieo o ile a hanela boiteko bo sa hloekang boo a neng a bo etsa. (Genese 39:8, 9, 12) Kajeno, ho ba ba tiileng le ba tobileng e ntse e le tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho hanela tlhekefetso.
Ke ’nete hore motho ea u khathatsang e ka ’na eaba ha a na maikutlo a ho u khopisa. Se shebahalang e le ho hleka-hleka e ka ’na eaba ha e le hantle e mpa e le boiteko bo sa hlophuoang hantle bo lekang ho hapa tlhokomelo ea hao. Ka hona, u se ke ua nahana hore u lokela ho sebelisa mekhoa e seng metle hore u emise tsela eo u sa e rateng eo motho e mong a u tšoarang ka eona. Ho bua feela ntho e kang, ‘Ha ke rate moqoqo oa mofuta ona,’ kapa ‘Ke kōpa hore u se ke ua ntšoara,’ ho ka fetisa molaetsa. Ho sa tsotellehe hore na u beha taba joang, u se ke ua bebofatsa molaetsa oa hao. Che ea hao e be che! Andrea e monyenyane o re: “Haeba ba sa utloisise tlhahiso ea hao e mosa, u lokela ho ba bolella ka ho toba. Hangata u qetella u lokela ho etsa joalo.” ‘Ke re u khaotse!’ e tiileng e ka atleha.
Haeba boemo bo tota, u se ke ua leka ho sebetsa taba u le mong. Leka ho e bua le batsoali ba hao kapa batho ba bang ba baholo ba hōlileng tsebong. Ba ka ’na ba e-ba le litlhahiso tse atlehang tsa ho sebetsana le boemo. Ha tsohle li hlōlehile, ba ka ba ba nka ho hlokahala hore ba tsebise ba boholong sekolong. Le hoja seo se ka ’na sa u soabisa, se ka u sireletsa ho hlaseloeng ho tsoelang pele.
Ho Thibela ho Hleka-hlekoa
Taba ea pele, ho hlakile hore ho molemo ho qoba ho ba mohlaseluoa. Ke eng e ka thusang ntlheng ee? Andrea oa eletsa: “Le ka mohla u se ke ua fana ka boikutlo ba hore u na le thahasellonyana mothong ea itseng. Ba bang ba tla utloa ka eona ’me khatello e tla tsoela pele.” Tsela eo u aparang ka eona e ka phetha karolo e khōlō. Mara e monyenyane o re: “Ha ke apare joaloka bo-nkhono empa ke qoba liaparo tse lebisang tlhokomelo ’meleng oa ka.” Ho hana thahasello ea botona kapa ea botšehali, empa u apere liaparo tse phephetsang, ho hlahisa maikutlo a ferekanyang. Bibele e khothalletsa ho apara “ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.”—1 Timothea 2:9.
Khetho ea hao ea metsoalle le eona e ama tsela eo u tla tšoaroa ka eona. (Liproverbia 13:20) Rosilyn oa hlokomela: “Haeba banana ba bang sehlopheng ba rata tlhokomelo ea bashanyana, bashanyana ba ka ’na ba nahana hore banana bohle sehlopheng seo ba ikutloa ka tsela e tšoanang.” Carla o ile a bua se tšoanang: “Haeba u tloaelane le ba inehelang lipuong tse itseng kapa ba thabelang ho fuoa tlhokomelo, joale le uena u tla hleka-hlekoa.”
Bibele e re bolella ka moroetsana ea bitsoang Dina ea neng a tloaelane le banana ba Kanana—moo basali ba neng ba tsebahala ka boitšoaro bo hlephileng. Sena se ile sa etsa hore a hlaseloe ka likamano tsa botona le botšehali. (Genese 34:1, 2) Ka lebaka le utloahalang, Bibele e re: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale.” (Baefese 5:15) E, ho ‘tiea’ tabeng ea tsela eo u aparang ka eona, hore na u bua joang le hore na u tloaelane le bo-mang ho ka etsa ho hongata ho u sireletsa ho hleka-hlekoeng.
Leha ho le joalo, bakeng sa bacha ba Bakreste, tsela e sebetsang ka ho fetisisa ea ho thibela ho hleka-hlekoa ke ea ho bolella ba bang boemo ba hao ba bolumeli. Timon e mocha, eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova oa hopola: “Bana ba bang ba ne ba tseba hore ke Paki, ka hona, seo se ile sa emisa hoo e ka bang tlhekefetso eohle.” Andrea oa hlokomela: “Ho ba bolella hore u Paki ho etsa phapang e khōlō. Ba tla hlokomela hore u fapane le bona ka litsela tse ngata le hore o na le litekanyetso tse tiileng tsa boitšoaro.”—Matheu 5:15, 16.
Haeba U Hleka-hlekoa
Leha u ka leka joang, u ke ke ua pholoha ka ho feletseng batho ba se nang mekhoa e metle, ba hlekefetsang ba bang. Empa haeba u mohlaseluoa oa mohleka-hleki, ha ho na lebaka la hore u ikimetse ka molato—hafeela uena u ile ua itšoara joaloka Mokreste. (1 Petrose 3:16, 17) Haeba boemo bo u nyahamisa, fumana tšehetso ka ho bua le batsoali ba hao kapa batho ba hōlileng ka phuthehong ea Bokreste. Rosilyn oa lumela hore ho thata ho ikutloa u le motlotlo ha u hleka-hlekoa. O re: “Ho ba le botsoalle feela, motho eo u ka buisanang le eena, ho thusa haholo.” Hape, hopola hore “Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang.”—Pesaleme ea 145:18, 19.
Ho nka khato khahlanong le ho tšoaroa hampe ha ho bonolo, empa ke habohlokoa. Ka mohlala, nahana ka tlaleho ea Bibele ea moroetsana oa Shuneme. Le hoja a ne a hlile a sa hleka-hlekoe ka tsela eo lentsoe leo le utloisisoang ka eona kajeno, Solomone, morena ea neng a ruile a bile a le matla oa Juda, o ile a mo thahasella ka tsela e sa rateheng. Kaha o ne a ratana le mohlankana e mong, o ile a hana thahasello eo a neng a e fuoa. Ke ka hona a neng a ka re ka motlotlo, “Ke lerako.”—Sefela sa Lifela 8:4, 10.
Bontša matla a tšoanang a boitšoaro le boikemisetso. E-ba “lerako” haeba u thahaselloa ka tsela eo u sa e rateng. Etsa hore Bokreste ba hao bo hlake ho e mong le e mong ea u potileng. Ka ho etsa joalo, u ka lula u sa ‘tšoauoe phoso le ho hloka molato’ ’me oa ba le kholiseho ea hore u thabisitse Molimo.—Bafilippi 2:15.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Keletso e eketsehileng tabeng ea ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali e fanoe litokollong tsa Tsoha! ea June 8, 1996; ea September 8, 1995; le ea June 8, 1991.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ho etsa hore tumelo ea hao ea Bokreste e tsebahale e ka ba tšireletso
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
U ka ’na ua qoba ho hleka-hlekoa ka hore u se tloaelane le sehlopha sa batho ba fosahetseng