Ho Hleka-hlekoa ke ba Batona Kapa ba Batšehali—Bothata ba Lefatše ka Bophara
MOSEBETSI o ne o fetohile phihlelo e tšosang ho mongoli e monyenyane ea bitsoang Rena Weeks. Ke ’nete hore feme ea molao e neng e mo hirile e ne e e-na le lebitso le tummeng le liofisi linaheng tse fetang 24. Empa ho ea kamoo a bolelang kateng, o ne a sebeletsa monna ea neng a sa khaotse ho mo hena-hena le ho mo tšoara-tšoara. Litlhaselo tsena tse tlotlollang li ne li tsoakoa le puo e litšila, e buellang boitšoaro bo bobe.
Lilemong tse fetileng, basali ba neng ba le boemong bo kang bona ba ne ba se na mohloli oa ho fumana thuso—ntle le hore mohlomong ba tlohele mosebetsi. ‘Polelo ea mosali khahlanong le ea monna’ e ne e tla ba ntho e qhaloang ke baokameli. ’Me esita le ba neng ba e-na le tšekamelo ea ho lumela se boleloang ke mosali tabeng eo, mohlomong ba ne ba nyenyefatsa bothata boo ka ho re, ‘Phoso ke efe hona moo?’ Empa linako li fetohile. Rena Weeks o ile a etsa ho fetang feela hore a halefe le ho tlohela mosebetsi. O ile a qosa.
Lekhotla la boahloli la United States le ile la mo putsa ka $50 000 (R181 500) e le matšeliso bakeng sa ho tsieleha maikutlong, hammoho le $225 000 (R817 000) e le kahlolo ea eo pele e neng e le mookameli oa hae. Joale ha le nka bohato bo ileng ba hapa tlhokomelo ea likhoebo le lifeme tsa molao lefatšeng lohle, lekhotla la boahloli le ile la laela feme ea molao ho lefa chelete e ngata haholo ea lidolara tse limilione tse 6,9 (liranta tse limilione tse 25) e le kahlolo ea ho hlōleha ho lokisa bothata boo!
Ho qosa ha Weeks ho hang hase mokhelo. Qoso ea haufinyane tjena e ne e ama letoto la mabenkele a sechaba (United States) a rekisang thepa ka linyehlisetso. Mohiruoa ea bitsoang Peggy Kimzey o ile a bolela hore motsamaisi oa hae o ne a buile lipolelo tse ngata tse litšila tsa botona le botšehali ho eena. Ka 1993, Peggy Kimzey o ile a itokolla mosebetsing oa hae ’me a qosa. O ile a putsoa ka $35 000 (R127 000) bakeng sa ho tlotlolloa le ho hlokofatsoa kelellong hammoho le $1 (R3,60) ea tšoantšetso bakeng sa ho lahleheloa ke meputso. Lekhotla la boahloli le ile la boela la etsa qeto ea hore eo pele e neng e le mohiri oa hae o ne a entse tikoloho ea mosebetsi e tletseng bora ka ho mamella tlheka-tlheko. Kahlolo ea e-ba efe? Lidolara tse limilione tse 50 (liranta tse limilione tse 180) e le kahlolo!
Makasine ea Men’s Health e re: “Liketsahalo tsa ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali li ’nile tsa eketseha joaloka baktheria. Ka 1990, EEOC [Equal Employment Opportunity Commission] e ile ea sebetsana le litletlebo tse joalo tse 6127; selemong se fetileng [ka 1993] kakaretso ea selemo le selemo e ile ea batla e imena habeli ka ho fihla ho 11 908.”
Tšebeliso e Mpe ea Matla
Le hoja meputso e phahameng ka mokhoa o makatsang ea makhotla a boahloli e hlahella ka pele-pele litabeng, ’nete ke hore ke liketsahalo tse fokolang tse hlileng li lebisoang lekhotleng la molao. Bahlaseluoa ba bangata ba utloa bohloko ba ho tlotloloha ba ntse ba khutsitse—ba ipehile kotsing papaling ea tšebeliso e mpe ea matla le litšoso e bapaloang liofising, literateng, libeseng, lik’haontareng tsa lijo tsa motšehare le lifekthering. Ka linako tse ling, ho ba le khatello e tobileng ea ho ba le likamano tsa botona le botšehali. Leha ho le joalo, hangata, tlheka-tlheko e akarelletsa liketso tse bohlale, empa e le tse khopisang ka mokhoa o hlabisang lihlong: ho tšoaroa-tšoaroa ka tsela e sa amoheleheng kapa e sa lokelang, lipolelo tse litšila, ho sheba motho ka ho mo lakatsa.
Ke ’nete hore ba bang ba hana ho bitsa boitšoaro bo joalo tlheka-tlheko, ba beha mabaka a hore e mpa feela e le boiteko bo fosahetseng ba banna ba bang ba ho hapa tlhokomelo ea ba batšehali. Empa ba bangata, joaloka sengoli Martha Langelan, ba hana boiteko bo joalo ba ho emela boitšoaro bo khopisang. Oa ngola: “Hase lefereho le bohlasoa, kapa lefereho le se nang mekhoa, kapa lefereho la bosoasoi, kapa lefereho le ‘utloisisoang hampe.’ Ha hoa rereloa ho ipiletsa ho basali; ke boitšoaro bo sebeletsang morero o mong ka ho feletseng. Joaloka peto, ho hleka-hlekoa ke ba batona ho reretsoe ho hatella basali, e seng ho ba hohela. . . . [Ke] ponahatso ea matla.” E, hangata tšoaro e mpe joalo e mpa feela e le mokhoa o mong o sehlōhō oo ka oona ‘motho a ’nileng a busa motho e mong ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9, NW; bapisa le Moeklesia 4:1.
Hangata basali ha ba arabele ka thabo ho hleka-hlekoeng ke ba batona, empa ba arabela ka maikutlo a sa tšoaneng ho tloha ho a ho nyonya le ho halefa ho ea ho a khatello ea maikutlo le ho tlotloloha. Mohlaseluoa e mong oa hopola: “Boemo boo bo ile ba nkharasoanya. Ke ile ka felloa ke tšepo, ke kholiseho, ke boitlhompho, le ke litaba-tabelo tsa ka tsa mosebetsi. Botho ba ka bo ile ba fetoha ka ho feletseng. Ke ne ke le motho ea lulang a thabile. Ke ile ka fetoha motho ea hlonameng, ea itšehlang thajana le ea lihlong.” ’Me ha motho ea hleka-hlekang e le mohiri kapa motho e mong ea laelang, ho hleka-hlekoa ho bonahala ho le hobe ka ho khethehileng.
Kahoo, hase ho makatsang hore ebe makhotla a qalile ho otla bafosi le ho tšelisa bahlaseluoa. Kaha Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le ile la hlalosa tšoaro e joalo e mpe e le tlōlo ea molao ea litokelo tsa sechaba, bahiri ba ’nile ba nkoa ba jara boikarabelo ba molao ba ho boloka tikoloho ea mosebetsi e se nang “bora kapa khopiso.”
Lik’hamphani tse mamellang ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali li ka ’na tsa e-ba boimeng ba bahiruoa ba nang le moea o tlaase oa tšebetso, ho lofa haholo, ho se tsoe tema le lenane le phahameng la ba tlohelang mosebetsi—ho se ho sa thoe letho ka koluoa ea lichelete haeba bahlaseluoa ba bang ba etsa qeto ea ho qosa.
Ho Atile Hakae?
Hantle-ntle ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali ho atile hakae? Lipatlisiso li bontša hore United States palo e fetang halofo ea basali ba sebetsang e ile ea thulana le hona. Ka hona buka e ’ngoe ea bolela: “Ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali ke bothata bo jeleng setsi. Ho etsahalla basali ba etsang mosebetsi o mong le o mong ho tloha ho ea fepang mabenkeleng a lijo ho ea ho motsamaisi oa khoebo e khōlō. Ho etsahala boemong bo bong le bo bong ba lihlopha tsa baokameli le mofuteng o mong le o mong oa khoebo le indasteri.” Leha ho le joalo, ho hang bothata bona hase ba United States feela. Buka ea Shockwaves: The Global Impact of Sexual Harassment, e ngotsoeng ke Susan L. Webb, e qotsa lipalo-palo tse latelang:a
CANADA: “Patlisiso e ’ngoe e ile ea bontša hore basali ba 4 ho ba 10 ba tlalehile hore ba hleka-hlekiloe ke ba batona mosebetsing.”
JAPAN: “Patlisiso e entsoeng ka August 1991 e ile ea bontša hore karolo ea 70 lekholong ea basali ba ileng ba arabela [patlisisong] ba bile le phihlelo” ea ho hleka-hlekoa mosebetsing. “Ba etsang karolo ea 90 lekholong ba ile ba bolela hore ba ile ba hleka-hlekoa ke ba batona ha ba e-ea leha ba khutla mosebetsing.”
AUSTRIA: “Patlisiso e entsoeng ka 1986 e ile ea bontša hore ke hoo e batlang e le karolo ea 31 lekholong ea basali ba tlalehileng liketsahalo tse tebileng tsa ho hleka-hlekoa.”
FORA: “Ka 1991 patlisiso . . . e ile ea fumana hore karolo ea 21 lekholong ea basali ba 1300 bao ho ileng ha buisanoa le bona ba ile ba bolela hore ka bobona ba ne ba bile le phihlelo ea ho hleka-hlekoa ke ba batona.”
NETHERLANDS: Phuputso e ile ea bontša hore “karolo ea 58 lekholong ea basali ba ileng ba arabela [patlisisong] ba ile ba bolela hore ka bobona ba ne ba bile le phihlelo ea ho hleka-hlekoa ke ba batona.”
Pontšo ea Linako
Ka ho hlakileng, tlhekefetso le ho hleka-hlekoa mosebetsing hase lintho tse ncha. Basali—ka linako tse ling banna—ba ne ba e-ba tlas’a tšoaro e mpe joalo esita le khale koana mehleng ea Bibele. (Genese 39:7, 8; Ruthe 2:8, 9, 15) Empa boitšoaro bo bobe joalo bo bonahala bo atile ka ho khethehileng kajeno. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Taba ea pele ke hore lilemong tsa morao tjena basali ba kene mesebetsing ka lipalo tse ngata haholo. Ka hona basali ba eketsehileng ba pepeselitsoe maemong ao ho ’ona ho hleka-hlekoa ho joalo ho ka etsahalang. Leha ho le joalo, hoo e leng habohlokoa le ho feta ke seo Bibele e ileng ea se profeta khale koana: “Hopola sena! Ho tla ba le linako tse thata matsatsing a ho qetela. Batho e tla ba baithati, ba meharo, ba ikhohomosang, le ba inahanang bobona feela; ba tla rohakana . . . ; ba tla hloka mosa, ba hloke mohau, e be baetselletsi, ba be mabifi, le ho ba bohale.” (2 Timothea 3:1-3, Today’s English Version) Ho ata ha ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali ke bopaki bo le bong feela bo boholo ba hore mantsoe ana aa phethahala kajeno. Ho thahasellisang, sehlooho se seng ho makasine ea Men’s Health se hlokomelisa hore “keketseho ea lipelaelo tsa ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali e ’nile ea tsamaisana le ho fokotseha ho makatsang ha mekhoa e metle ka kakaretso. Mekhoa e mebe e hohle.”
Ho ata ha ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali ho boetse ho bonahatsa “boitšoaro bo bocha,” bo ileng ba pharalla le lefatše lilemong tsa bo-1960. Ho senngoa ha meeli ea boitšoaro ea boholo-holo ho ’nile ha tsamaisana le ho se natse litokelo le maikutlo a ba bang ka mokhoa o tšosang. Ho sa tsotellehe hore na sesosa sa hona ke sefe, ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali ke boemo ba sebele bo utloisang bohloko mosebetsing. Ke’ng seo banna le basali ba ka se etsang ho itšireletsa? Na ho sa tla ke ho be le nako eo ka eona ho hleka-hlekoa ho tlang ho ba sieo mosebetsing?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipalo-palo li atisa ho fapana, kaha bafuputsi ba sebelisa mekhoa e fapaneng ea ho batlisisa le litlhaloso tse fapaneng tsa ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Ho Hleka-hlekoa Ke Ba Batona Kapa Ba Batšehali—Tšōmo Khahlanong Le ’nete
Tšōmo: Ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali ho tlalehoa ka tsela e feteletseng haholo. E mpa feela e le feshene e ’ngoe, phello ea phatlalatso e feteletseng le bohlanya ba litsi tsa phatlalatso.
’Nete: Ka kakaretso, mosali o lahleheloa ke ho hongata ’me o fumana ho fokolang ka ho tlaleha tlhaselo. Ka sebele, ke karolo e fokolang feela ea basali (karolo ea 22 lekholong ho ea ka patlisiso e ’ngoe) ba hlileng ba bolellang motho leha e le ofe hore ba ile ba hleka-hlekoa. Tšabo, lihlong, ho ipeha molato, pherekano le ho se tsebe litokelo tsa bona tsa molao li etsa hore basali ba bangata ba le nyaee le kolobe. Ka hona litsebi tse ngata li lumela hore bothata bona bo tlalehoa hanyenyane ka ho fetisisa!
Tšōmo: Basali ba bangata ba thabela ho hlokomeloa. Ba bolelang hore ba ile ba hleka-hlekoa e mpa feela e le ba amehang maikutlo ka ho feteletseng.
’Nete: Lipatlisiso li bontša ka ho tsoelang pele hore basali ba khopisoa ke tšoaro e joalo e mpe. Patlisisong e ’ngoe, “basali ba fetang karolo ea bohlano ba boletse hore ba ile ba utloa e le ntho e nyonyehang ’me ba ka etsang karolo ea boraro ba boletse hore ba ne ba halefile.” Ba bang ba ile ba tlaleha maikutlo a ho tšoenyeha, a ho utloa bohloko le a ho tepella maikutlo.
Tšōmo: Banna ba ntse ba hlaseloa haholo joaloka basali.
’Nete: Babatlisisi ba National Association of Working Women (United States) ba tlaleha hore “liketsahalo tsa ho hleka-hlekoa tse hakanyetsoang ho karolo ea 90 lekholong li amana le banna ba ileng ba hleka-hleka basali, karolo ea 9 lekholong e le ba bong bo tšoanang . . . , ’me karolo ea 1 lekholong feela e amana le basali ba ileng ba hleka-hleka banna.”
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho hleka-hlekoa ke ba batona kapa ba batšehali hase ha likamano tsa botona le botšehali feela